Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Tšenolo 20:5 e bolela hore “ha e le bafu ba bang, ha ba ka ba tsoha, lilemo tse sekete tseo li e-so ho phethehe.” Na hona ho tia etsahaia pele ho teko ea ho qeteia kapa kamorao ho moo?
Polelo ena ka ho totobetseng e sebetsa nakong ea ha batho ba finyelletse phetheho bofelong ba Lilemo tse sekete, empa pele Satane a lokolloa sekoting ’me a tlisetsa batho teko ea makhaola khang.
Taba e potolohileng Tšenolo 20:5 e bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng bao Molimo o ba tsosetsang ho ba majalefa le Kreste. (Ba-Roma 8:17) Bana ba tla ‘tla bophelong ’me ba buse joaloka marena le Kreste ka lilemo tse sekete.’ (Tšenolo 20:4) Hoba e hlakise ntlha ena, empa pele e bua hape ka babusi bana, Tšenolo 20:5 e kenya tlhaloso ka ba tla phela lefatšeng, e re: “Ha e le bafu ba bang, ha ba ka ba tsoha, lilemo tse sekete tseo li e-so ho phethehe.”
Ba hlileng ba shoeleng ’me ba tla tsosoa lefatšeng lilemong tse sekete e tla be e ntse e le batho ba sa phethahalang. Hape, ba pholohang ntoa ea Molimo ba ke ke ba etsoa ba phethahetseng le ba hlokang sebe hang-hang. Ha ba tsoela pele ba tšepahala lilemong tse sekete ba tla pholoha lefatšeng ka ho totobetseng ba tla ’ne ba lebe phethehong. Kahoo, hafeela batho ka mahlofo ka bobeli ba s’o lokolohe sebeng se futsitsoeng, ka kutloisiso eitseng ba ntse ba ‘shoele’ ’me kahoo (ha ba phele ka mokhoa o feletseng) mahlong a Molimo.—Luka 9:60; Ba-Efese 2:1.
Hore na batho ba tsositsoe, ba pholohile ‘mahlomola a maholo’ kapa ba tsoetsoe lilemong tse sekete, litebello tsa bona e ka ba tse khanyang. (Tšenolo 7:14) Haeba ba tšepahala ho Molimo ’me ba amohela melemo ea topollo ea Kreste, qetellong ea lilemo tse sekete ba ke ke ba hlola ba hlokofala tlas’a sebe le ho se phethehe; ‘lefu le futsitsoeng le ke ke la hlola le busa’ holim’a bona. (Ba-Roma 5:14) Ho fapana le moo, ba tla be ba fihlile phethehong ea botho, ba le boemong boo Adama le Eva ba neng ba le ho bona pele ba etsa sebe.
Kahoo, qetellong ea lilemo tse sekete batho ba sebeletsang Molimo lefatšeng, “bafu ba bang,” ba tla be ba ‘finyelletse phetheho ea botho.’ Jesu ka katleho o tla tseba ho neelana ho Ntat’ae moloko oa batho ba phethahetseng. (1 Ba-Korinthe 15:28; Tšenolo 20:14) Joalokaha Tšenolo 20:7-10 e bontša, Satane o tla lokolloa bakeng sa teko ea makhaola khang ho batho. Ba ipakahatsang ba tšepahala ho Jehova tlas’a teko eo ba tla tšoanelehela bophelo bo sa feleng ba botho Paradeiseng.