Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/1 maq. 3-5
  • Na Mehla ea Rōna e-ea Ikhetha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mehla ea Rōna e-ea Ikhetha?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšilafatso
  • Sepenya sa Baahi
  • Lihlomo
  • Tšilafalo—E Bakoa ke Mang?
    Tsoha!—1990
  • Ho Fuputsa Lisosa Tsa Tšilafalo
    Tsoha!—1988
  • Liphello Tse Bolaeang Tsa Tšilafalo
    Tsoha!—1988
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/1 maq. 3-5

Na Mehla ea Rōna e-ea Ikhetha?

HA A hlalosa boemo ba hona joale ba lefatše, setsebi sa moruo sa Amerika Peter F. Drucker se itse: “Ha ho ea hlokang ho bolelloa hore mehla ea rōna ke ea tlokotsi e se nang moeli. Ha ho ea hlokang ho bolelloa hore potso e khōlō eo re talimaneng le eona mabapi le bokamoso ba motho hase hore na e tla ba bofe, empa hore na o tla ba le bona.”

A mang a mathata a etsang hore batho ba bangata ba ipotse hore na e be motho o na le bokamoso ke afe? Ke likotsi life tse khethollang nako ea rōna melokong e fetileng?

Tšilafatso

Moea metseng e mengata e meholo o kotsi bophelong. Maoatle, matša le linōka li silafalitsoe ke litšila tsa mesebetsi e meholo, li senya lihlapi tseo re li jang. Lera la moea o sireletsang (ozone) le kotsing ke meea e litšila. Ke ka lebaka le utloahalang tšilafalo e nahantšang machaba ka matla. Seboka sa Mokhatlo oa Tšebelisano Moruong le Tsoelopeleng (OECD) se tlalehiloe koranteng ea Sefora Le Monde: “Ho tloha ka 1965 ho ea ho 1975 sebaka se potolohileng se bile kotsing e khōlō. Le haeba kholiso ea moruo e ka theola ho eketseha ha mesebetsi e meholo, tikoloho ea tlhaho e tla ’ne e senyehe lilemong tse tlang haeba ho sa tiisoe mokhoa oa ho e sireletsa.”

Ba bang ba bolela hore tšilafalo hase letho le lecha. Haeba hoo ke ’nete, ke hobane’ng ha liemahale tse ileng tsa ema ka likete-kete tsa lilemo li se li le kotsing ka tšohanyetso? “Tsatsi le leng le le leng moea o silafetseng oa Athene o atleha ho senya seo Maturkey a hlōtsoeng ho se senya ka lilemo tse 400 ba ahile Greece. Butle-butle ’mabole o ntse o jeha.”—Paris Le Figaro.

Sepenya sa Baahi

Ho na le mabaka a mang a thatafatsang boemo lefatšeng ka bophara. Koranta ea Fora ea thuto ea mahlale e tsoang ka khoeli Science et Vie (Thuto ea Mahlale le Bophelo) e buile sena ka ho eketseha ka baahi le ho atoloha ha mahoatata: “Baahi ba lefatše ba tla eketseha ho tloha ho libillione tse ne ho isa ho tse tšeletseng ka selemo sa 2000, ha mobu o ka lengoang mohlomong o tla fokotseha ka 30 lekholong ka nako eona eo, ka baka la ho imetsoa ka temo le metse e meholo. Tšobotsi e tlang ka nako e le ’ngoe ea liphetoho tsena e lokisa tsela bakeng sa boemo bo kotsi haholo.”

Ke ’nete, keketseho ea baahi e theohile linaheng tse ling tsa Bophirima le Linaheng tse sa tsoelang pele. Empa, ho latela litsebi, baahi ba bangata ba tla ’ne ba tsoele pele bonyane ho isa bohareng ba lekholo le latelang la lilemo, hobane linaheng tse ngata keketseho e eketseha ho ea pele ’me e tla ’ne e eketsehe. Boholo ba linaha tse tsoelang pele ke tse ling tsa linaha tse nang le baahi ba bangata haholo ba lefatše. Baahi ba penyaneng ke le leng la matšoao a hlileng a khethollang mehla ea rōna.

Lihlomo

Mohlomong u hlokometse hore ba bangata ba matsoalong ke tlhōlisano ea lihlomo. Maeurope a limillione ha a monate ke ho phela haufi le moo lihlomo tsa lichaba tsa Bochabela li leng teng kapa ho ba le lihlomo tsa U.S. naheng ea bona. Empa ho sa tsotellehe hore na u phela hokae lefatšeng ho na le lebaka la ho ameha ka lihlomo tse kotsi tsa athomiki. Ho feta moo, litsebi tse ling li nka tse ling tsa lihlomo tsena e le boemo bo bocha bo tšosang. Boikutlo ba ho se sireletsehe bo hlahisoang ke lihlomo tsena bo ka ’na ba etsa hore sechaba se seng se nke hore ho molemo hore e be sona se hlaselang pele.

Ipotse: Na meloko ea pele e ne e e-na le matla a makaalo ho timetsa boholo ba baahi ba lefatše ka metsotsoana feela? Kapa na oo ke mokhoa o khethollang mehla ea rōna?

Likotsi tse kang tseo re tsoa li bolela li hlahisa boitšoaro bo sa tšoaneng, haholo linaheng tse nang le mesebetsi e meholo. Baahi ba bang ba qapa likomiti tse loantšang tšilafatso; ba bang ba batla ho itšireletsa ka mekhoa eohle ka ho itlhomella, ba haha libaka tsa boitšireletso kapa mohlomong ba bile ba ipata libakeng tse thōko. Ha e hlalosa ka boemo bona ba ho qetela, International Herald Tribune e re: “Lihlotšoana tse ntseng li eketseha tsa Maamerika lia itlhomella le ho ithuta ho bolaea hobane li kholisehile hore taolo har’a baahi e ea oa le hore ba tla tlameha ho itšokolela hore na ba pholoha joang.” Batho ka bomong ba linaheng tse ling, le bona ba ikoetlisa ka lihlomo—banna hammoho le basali.

Empa ho na le kotsi ea mofuta o mong e bileng e leng thata haholoanyane ho e balehela kapa ho e sebetsa—ho oa ha moruo. Ho na le ba baloang ka limillione ba se nang mosebetsi lichabeng tsa Bophirima, ha lichaba tsa Bochabela tsona li e-na le mathata a mang a moruo. Na ha u bone liphello tsa pherekano ea moruo moo u phelang teng? Qetellong ea 1980 eo e neng e le tona-kholo ea France Raymond Barre o buile tjena ka moruo oa lefatše: “Ke tlokotsi ea lefatše. Hase ntho ea nakoana kapa e sa tebang, empa ke ea nako e telele le e tebileng.” Setsebi sa moruo Samuel Pisar o itse: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e pakela le ho tiisa ’nete ea hore re lintšing tsa ho oa bocha. Mathata a rōna ha ho moo a amanang teng le ao a lilemong tse fetileng tse 40, ’me hona ho mpa ho phahamisa matsoalo a rōna.” Kahoo u ka retelehela hokae mehleng ee e ikhethileng hakaale?

Khale Jesu Kreste o buile ka nako eo ka eona ho neng ho tla bonahala ‘ho tsieleha ha lichaba li sa tsebe moo li tsoang le teng’ har’a lintho tse ling. (Luka 21:25) Re talimane le liketsahalo tsena tse sa tšoaneng, re tlameha ho lumela hore mantsoe a hae a lumellana le mehla ea rōna, mehla e ntseng e ikhetha ho ea pele. Leha ho le joalo, haeba Jesu o ne a hlile a bua ka mehla ea rōna, e re lemosa eng? Na lintho tsee tsohle li supa hore phetoho e khōlō e haufi? Sehlooho se latelang se tla u thusa ho arabela lipotso tsena.

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Tšilafatso

Sepenya sa baahi

Lihlomo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela