Ho Ikapesa ka Lerato
1. Ntho eo re ka ikapesang ka eona ke efe, hona teko e khōlō ea eona e tla tla neng?
KAHA lerato ke ‘tlamo e phethahetseng ea kopano,’ ke tšoaneleho ea bohlokoa haholo eo re lokelang ho ikapesa ka eona ntle ho boikaketso. Re tlameha ho iponahatsa ka lona ka mehla ka tieo eohle. Hase seaparo seo motho a ka ’nang a ikhakanya ka sona. Ho re eletsa kajeno, ho bolokiloe mantsoe ana a bululetsoeng: “Lerato a le ke le hloke boikaketso, . . . Tloaelanang hamonate ka lerato la boena.” (Ba-Roma 12:9, 10) Teko e khōlō ea bonnete ba lerato la rōna, hore na ke ‘tlamo ea kopano,’ ke hona e tlang—haufinyane nakong e tlang.
2. Na lerato le fumaneha ho se letho le tlang pele ho moo?
2 Joale, hona joale, ke nako e loketseng ea hore re hlaolele lerato leo. Mehato eohle e isang ho fumaneng tšoaneleho eo e lokela ho nkoa hona joale. Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a phethelang khothaletso ea hae ea lintho tse sa tšoaneng tseo barutuoa ba ineetseng ba ba ba kolobetsoa ba Jesu Kreste ho hlokahalang hore ba li etse, a re: ‘Ka holim’a tseo tsohle, le apare lerato, hobane ke tlamo e phethahetseng ea kopano.’ (Ba-Kolosse 3:14, NW) E be joale ‘tseo tsohle’ tseo re lokelang ho ikapesa ka tsona ntle ho lerato ke life?
Ho Hlōla Mabaka a Arolang
3. Ho ea ka Ba-Kolosse 3:9-13, ho hlokahala ho nkoe mehato efe ho finyella lerato?
3 Morao koana mehleng ea moapostola Pauluse le Johanne ho ne ho e-na le litšobotsi, kapa lintlha tse neng li ka sebeletsa e le mabaka a karohano. Empa tseo e neng e kile ea e-ba mabaka a utloahalang, li ne li tlameha ho hlokomolohuoa joale, li lekanyetsoe bocha hore na ke tsa bohlokoa hakae le hore na li matla hakae. Bakreste e ne e le phutheho e le ’ngoe kaofela, motso o le mong o sebelisanang tlas’a Hlooho e le ’ngoe ea moea, Jesu Kreste. Metheo eohle e arohanyang ea nama e ne e lokela ho behelloa kathoko. Lintlha tse kopanyang tsa moea li ne li tlameha ho etelletsoa pele. Tumellanong le sena, moapostola Pauluse a tsoela pele a re: “Le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae; ’me le apare motho e mocha, ea nchafallang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mopileng. Mona, ha ho mo-Gerike, leha e le mo-Jode, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le mo-Scytha, leha e le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle. Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello; le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna.”—Ba-Kolosse 3:9-13.
4. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala ho sebelisana hantle phuthehong ea lekholo la pele la lilemo, ’me lintho tse ling li ne li ka ’na tsa hlokomolohuoa motheong oa eng?
4 Ka ho se tšoane hona hohle ho boletsoeng ka holimo ka baka la sechaba, bolumeli, boemo bophelong, litšobotsi tsa morabe le lebala tseo motho a leng tsona, ho ne ho e-na le mathata a ho sebelisana hantle ka phuthehong. Ho ne ho hlokahala kutloisisano le ho bula menyetla bakeng sa ba bang. Hobane, le hoja lintho tseo mohlomong e ne e le tsa bohlokoa ho batho ba nama, ho hang e ne se letho ho Molimo le Mora oa oona Jesu Kreste, ea ileng a shoela batho bohle ka nako eo ho se tšoane hona hohle ho neng ho phahame ’me ho tšoarelletse. Ha e le hantle, batho ba nahanang ka matla mohlomong ba ne ba iphapanyetsa lintho tsena ka botho feela. Mohlomong ho etsa joalo e ne e bile e le mokhoa o motle, mokhoa oa botho. Empa mohlomong lerato le hloekileng le le se nang boikhabi, lona le le sieo.
5. Lipaki tsa Jehova li lokela ho tlolisa lintho life tse tloaelehileng har’a batho tse arolang tseo li lokelang ho li hlokomoloha, ’me kahoo li bontša hore li kopanong le mang?
5 Ka lebaka leo rōna balateli ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Ea tetseng bophelo ba hae lebitsong la batho bohle re tlameha ho etsa lintho ka mokhoa o phahametseng se tloaelehileng feela, re tlameha ho khannoa ke lerato le tiileng le le se nang boithahasello e le tholoana ea moea oa Jehova Molimo. Tholoana ena e batla molemo le moeno oa ba bang. Hoa thabisa ho tlatsetsa boiketlong ba ba bang ba moea le thabong ea bona. Ho bontša hore re kopanong le Molimo, eo e leng boleng ba lerato. Lerato lena le na le matla a hulang. Tumellanong le sena 1 Johanne 4:19 e re: “Rea mo rata, kahobane e le eena ea re ratileng pele.”
6. Litho tsa ‘mohlape o le mong’ li hohelana ka eng, ’me tholoana ea moea oa Molimo ha e-ea theoa ho eng?
6 Ka baka leo, ha mekha e sa tšoaneng e etsang ‘mohlape o le mong’ tlas’a ‘molisa a le mong’ e bontša ho ratana, ho e bokella hammoho ka matla, ’me ho nyahamisa tšusumetso e arolang ea semelo se sa tšoaneng sa litho tsa ‘mohlape o le mong.’ Li hohelana ka baka la ho ikapesa ka ‘botho bo bocha.’ Kaofela li na le ‘moea o le mong’ o tsoang ho Mohloli o le mong o halalelang, Molimo, le O fang bohle bophelo. Tholoana e khathollang pelo ea moea oa hae ke lerato, e seng le theiloeng likamanong tsa botona le botšehali kapa takatso ea boikhabi e matla, empa le theiloeng kananelong e tlohang botebong ba pelo ea litšoaneleho tse kang tsa Molimo tsa ‘botho bo bocha.’ Ke lona feela le sebetsang joaloka ‘tlamo e phethahetseng ea kopano,’ e bolokang tumellano le tšebelisano.
Ho Kopana Bakeng sa Mosebetsi o Khethehileng
7. Ho ile ha hlokahala eng ka lehlakoreng la Lipaki tsa Jehova ho tloha ka 1914, ’me hona e le lebitsong la mosebetsi ofe?
7 Ha nako e se e ile hakana ‘ho feleng ha lefatše’ ho tloha ka 1914, ho hlokahala bohato bo kopaneng ka lehlakoreng la Lipaki tsa Jehova, tseo e seng karolo ea lefatše lena. Ke tlamo ho tsona ho fana ka bopaki lefatšeng lohle ka tsoelo pele ea bohlokoa ka ho fetisisa paleng eohle ea batho. (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) Boemo bo tlameha ho nka tšobotsi e totobetseng eo moaposotla Pauluse a e bolelang hore e ne e hlokomeleha mehleng ea hae. Ha a hlokomelisa ka sena ho Ba-Kolosse 1:23, o itse: “Le sa lahle tšepo ea Evangeli eo le e utloileng, e leng eona e boleletsoeng babopuoa bohle ba tlas’a leholimo; eo ’na, Pauluse, ke entsoeng mohlanka oa eona.” ’Me joale, lōna bahlanka bohle ba Evangeli kajeno ho thoe’ng ka boboleli bo etsoang popong eohle ba Evangeli e boloketsoeng nako ea rōna ea bohlokoa?
8. Rōna kajeno re bona ha ho phethahatsoa pono efe e bontšitsoeng Johanne ho Tšenolo 14:6-12?
8 Rōna kajeno re bona ho phethahala ha pono e ileng ea neoa moapostola Johanne, eo a e hlalosang ho Tšenolo 14:6-12 ka mantsoe ana: “Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle; la re ka lentsoe le phahamileng: Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi. Lengeloi la bobeli la latela, le re: O oele, o oele, Babylona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona. Lengeloi la boraro la latela a mabeli ao, la re ka lentsoe le leholo: Ekare ha motho a rapela sebata le setšoantšo sa sona, a nka le letšoao la sona phatleng ea hae, kapa letsohong la hae, le eena o tla noa veine ea bohale ba Molimo e tšetsoeng, e sa tsoakoa, senoelong sa khalefo ea oona, ’me o tla hlokofatsoa mollong le sebaboleng pontšeng ea mangeloi a halalelang le ea Konyana. Mosi oa hlokofalo ea bona o nyoloha ka mehla le mehla, ’me barapeli ba sebata le ba setšoantšo sa sona ba ke ke ba e-ba le phomolo bosiu le motšehare, leha e le ba amohetseng letšoao le lebitso la sona. Ke moo ho tla bonahala mamello ea bahalaleli, e leng ba bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ea bona ho Jesu.”
9. Ke neng ha Lipaki tsa Jehova li bona ho phethahatsoa ha pono ea moapostola Johanne, ’me ke hobane’ng ha joale li ne li lokolohile ho bolela evangeli hohle?
9 Na masala a tlotsitsoeng a neng tšoantšetsoa ka moapostola Johanne a bone ho kang lengeloi leo kajeno le fofang mahareng a leholimo ka “evangeli ea ka mehla le mehla” e neng e tla boleloa ho baahi bohle ba lefatše, e, ho sechaba se seng le se seng, le morabe, le puo le batho ba mefuta eohle? E, ho tloha selemo selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919 ho ea pele. Ke ka nako eo moo boprofeta ba thomo ba Jesu bo ho Mattheu 24:14 bo ileng ba qala ho phethahatsoa. Na masala a pholohileng ka nako eo a ne a e-na le “evangeli ea ka mehla le mehla” eo a ka e bolellang pōpo eohle e tlas’a leholimo? E, ka sebele. A ne a ka bolela litaba tse molemo tsa hore ’muso oa Molimo ka Kreste o hlomiloe maholimong bofelong ba mehla ea Balichaba ka 1914. Hona e bile litaba tse molemo hakaakang ho masala a Baiseraele ba moea ho tsebisoa ke liphetoho tsa kamorao ho ntoa hore Babylona e moholo ea ikhethang ka ho a hatella o oele, a felloa ke matla holim’a Lipaki tsa Jehova! Joale a ne a lokolohile ho bolela karolo ena e ka sehloohong ea litaba tse molemo ho batho bohle ba botlamuoeng ba bolumeli, ho ba bolella hore ba tlohe Babylona e moholo le ho ba thusa hore ba etse joalo.—Tšenolo 18:4.
10. Ba tlohileng Babylona e moholo ba ikopantse le eng, hona ba kene tlamong efe ea kopano?
10 “Bongata bo boholo” ba barati ba tokoloho bo se bo nkile bohato ka “evangeli ea ka mehla le mehla” ’me bo sebelitse ka pitso e nakong ea ho tloha ’musong oa lefatše oa bolumeli ba bohata o kang oa Babylona. Bo khobokane ka lehlakoreng la masala a lokolohileng a Baiseraele ba moea. Kahoo bo ikopantse le phutheho e bonahalang ea Jehova ’me ka bobona bo fetohile Lipaki tsa Jehova. Bo kene ka ‘tlamong eo e phethahetseng ea kopano,’ lerato leo e leng tholoana ea moea oa Jehova Molimo.—Ba-Kolosse 3:14; Ba-Galata 5:22.
11. Lerato le sebelisoang ke Bojakane le ne le tobisitsoe ho eng, ’me ke neng Lipaki tsa Jehova ka thabo li tlang ho bua mantsoe a Tšenolo 19:1, 2?
11 Karolo e khōlō ea Babylona e mohoko ke hoo ho bitsoang Bojakane. Ho sa tsotellehe seo bo ipolelang hore bo sona, ha bo sebelise Bokreste ba ’nete, ’me litho tsa bona tse makholo a limillione ha lia momahanngoa ke ‘tlamo e phethahetseng ea kopano,’ kamoo ho pakang ho se kopane ha bona ka lihlopha tse makholo a mangata tsa bolumeli. Lerato leo Bojakane bo ikapesitseng ka lona ke lerato la metsoalle ea Babylona e Moholo, mekha ea bopolotiki le ea kahisano ea lefatše lena, eo bo entseng bofebe ba bolumeli le eona. Ruri thabo e tla ba khōlō mohla Babylona e moholo hammoho le Bojakane li oang li bile li timetsoa ka nako eo Molimo o lokiselitseng ho khaola khang le tsona. Joale lipaki tsa oona ka thabo li tla inkela mantsoe a Tšenolo 19:1, 2: “Alleluya! Poloko, le khanya, le hlompho, le matla, ke tsa Molimo oa rōna; hobane likahlolo tsa oona ke tsa ’nete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotsoa se seholo, se bolisitseng lefatše ka bootsoa ba sona; ’me o phetelitse mali a bahlanka ba oona letsohong la sona.” Timetso ea eona e kang e etsoang ka mollo e tla ba e sa feleng, “ka mehla le mehla.”—Tšenolo 19:3.
12. Ho fihlela ho timetsoa Babylona e Moholo boemo bo biletsa hore Lipaki tsa Jehova li sebelise tšoaneleho efe, hona li tlameha ho itlhahisa ka boemo bofe khahlanong le lira tsa leseli?
12 Ho sa le joalo, ha Babylona e moholo a sa ntsane a le teng ka tumello ea Jehova, boemo ba lefatšeng ba ba ‘bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ea bona ho Jesu’ bo ba tlama ho ‘mamella.’ (Tšenolo 14:12) Ba na le lebaka la ho itšebelisetsa mantsoe a Jesu boprofeteng ba hae ka “ho fela ha lefatše,” bo ho Mattheu 24:13, bo reng: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” Mantsoe ao a ile a latela hang-hang polelo e tlang pele ho moo ea Jesu: “Lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) Lerato la Lipaki tsa Jehova le tla li nolofaletsa ho mamella ho fihlela bofelong ba lefatše. Ha li ratana haholo ka botsona le ba batlang ho kena kamanong le Jehova Molimo, ‘tlamo eo e phethahetseng ea kopano’ e ba matla haholo le eona. Kahoo, pele-ea-pele, lōna Lipaki tsa Jehova, ka bopaki ba lefatše lohle ba ’Muso linaheng tse 205 tseo le seng le ntse le sebetsa ho tsona, le linaha tse ling tseo ho bonahalang ho tla atolosetsoa ho tsona! Ke nako ea ho hlahisa lebotho le kopaneng pel’a sera. Re tlameha ho kopanya litheko ’me ka kopano re loantše makhotla a lefifi a lefatše lena.
13. Ke boemeli bofe bo sebelisoang ke Molimo bo lokeloang ke hore re ’ne re bo tšehetse ka botšepehi?
13 Ke lilemo tse ka bang lekholo joale Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, U.S.A., e le boemeli bo kopanyang boo Jehova a bo sebelisitseng lebitsong la Lipaki tsa hae. E bile kofuto e matla eo sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a e sebelisitseng ho nea Lipaki tsa Jehova “lijo nakong ea teng.” (Mattheu 24:45-47) Tlhohonolofatso ea Jehova ruri e ho eona ka mekhatlo ea makala a eona e 95 lefatšeng lohle. E ntse e tsoela pele ho lokeloa ke hore re e tšehetse le ho sebelisana le eona ka botšepehi hafeela Jehova a sa ntsane a thabela ho e sebelisa. Re na le molato o mokaakang ho kofuto ee!
Ipolokeng le Kopane ka Lerato
14. Re lokela ho tsoela pele re apere seaparo sa mofuta ofe, ’me kahoo batho ba Jehova ba tlameha ho iponahatsa hore ke lipaki tsa hae ka tšoaneleho efe?
14 Satane Diabolose le lefatše la hae le mabifi o tla ’ne a leke ho senya libaka tsa rōna, empa lerato leo e leng tholoana e busang ea moea oa Molimo le tla ’ne le pake phetheho ea lona e le ‘tlamo ea kopano.’ Ka ho apara ‘motho e mocha,’ re ikapesa ka lerato, kamoo moapostola Pauluse a re boleletseng hore re etse, ’me re itlame ka lona ka mehla e le karolo ea botho ba rōna bo pakang ho tšoana le Molimo. Ha a fana ka litaelo tsa ho qetela ho barutuoa ba hae, Mora oa Molimo o itse: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Mantsoe ao a tsoang ho Mora oa Molimo e ne e le a loketseng hakaakang, hobane, Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, ke boleng ba lerato, ’me re tlameha ho tsebisa batho bohle hore ka ’nete re lipaki tsa Hae ka ho hlaolela tholoana ea moea oa Hae, e leng, lerato!
15. Ha li bontša hore li rata Molimo, Lipaki tsa Jehova li lokela ho rata bo-mang hape?
15 Hore lerato la rōna ho Jehova le leka-lekane, re tlameha ho rata lipaki tse ling. Ha e hlakisa sena, 1 Johanne 4:20, 21 e-ea re hopotsa: “E mong ha a re: Ke rata Molimo, ’me a hloea ngoan’abo, o leshano; hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng? ’Me re filoe ke oona taelo ena, e reng: Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.”
16. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa ithiba ho ratana, hona ke hobane’ng ha ho se mohla lerato le tla felisoa lefatšeng?
16 E le mohlala oa motheo oo, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, ho sa tsotellehe hore na ke tsa majalefa a tsoetsoeng ka moea a Morena Jesu Kreste kapa ke ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” ka tebello ea tsona ea paradeise ea lefatšeng, ka tieo lia ratana. Re ka ithiba joang ho rata ba ratang Jehova Molimo le Mora ea ratoang oa hae Jesu Kreste? Rea ba rata ’me ka sena re tlamahantsoe hammoho ka ‘tlamo e phethahetseng ea kopano.’ Ho sa tsotellehe sohle seo Satane Diabolose le lefatše la hae le khopo ba ka lekang ho se etsa ho timetsa tholoana ena ea moea oa Jehova, lerato le ke ke la felisoa le ka mohla lefatšeng. Ba tla apara lerato ho fihlela timetsong ea tsamaiso ena ea bodiabolose ea lintho ba tla sireletsoa ke Molimo oa bona o tšepahalang hore ba fete ‘mahlomola a maholo’ ao ho seng mohla lefatše lena le kileng la a latsoa. (Mattheu 24:21; Ba-Galata 5:22) Ka tsela ena ke feela ba ratang Molimo le lelapa la oona, phutheho ea oona, ba tla pholoha e be ba kena lefatšeng le hloekisitsoeng le tla fetoloa ho ba Paradeise e khanyang. Paradeise eo e ke ke ea fela le ka mohla empa ka ho sa feleng le tla hahuoa le ntlafatsoe ke boleng bo phethahetseng ba boleng ba lerato. Lerato le tla hlola ka ho sa feleng ho tlotlisoeng ha Mohloli o halalelang oa lerato, Jehova Molimo.
Na u Hlokometse?
◻ Hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba ka tsoella hantle ho sa tsotellehe hore ba tsoa limelong tse sa tšoaneng?
◻ Hore na lerato le ama joang lihlopha tse peli tse etsang ‘mohlape o le mong’ oa Bakreste kajeno?
◻ Hore na Tšenolo 14:6-12 e phethahatsoa joang kajeno?
◻ Hore na Molimo o sebelisitse boemeli bofe ho thusa batho ba oona?
◻ Hore na leseling la Ba-Kolosse 3:14, u tlameha ho ikemisetsa ho etsa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Tlas’a taolo ea lengeloi . . .
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
. . . Lipaki tsa Jehova kajeno li na le “Evangeli ea ka mehla le mehla” ho e bolela