Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 5/1 maq. 17-22
  • Lerato, le Ipaka le ‘Phethahetse’ Joaloka ‘Tlamo ea Kopano’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato, le Ipaka le ‘Phethahetse’ Joaloka ‘Tlamo ea Kopano’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopana Joaloka ‘Mohlape o le Mong’
  • “E Kholo ho Tsona ke Lerato”
  • Ho Ikapesa ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • “E Khōlō ka ho Fetisisa ho Tsena ke Lerato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bontša Lerato le Tumelo Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • “Ke Rata Ntate”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 5/1 maq. 17-22

Lerato, le Ipaka le ‘Phethahetse’ Joaloka ‘Tlamo ea Kopano’

1. Ke ka tsela efe Jehova a ka tšoantšoang le moqapi, hona ke ka tsela efe lelapa le leng le le leng le bitsoang ka eena?

MOQAPI e moholo ho bohle bokahohleng, Jehova Molimo ea Matla ’Ohle, a ka qapa ‘tlamo ea kopano’ e tla tšoarella ka ho sa feleng. Litlamo tsa lelapa, le tsona tsa lefatšeng, li ka ba matla haholo, ’me Jehova Molimo o boleloa e le Ntate “eo leloko le leng le le leng le maholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena.”(Ba-Efese 3:14, 15) Ho tloha Moroallong oa lefatše lohle oa mehleng ea hlooho ea lelapa Noe lelapa le leng le le leng la batho le tsoile ho monna eo ea tšepahalang eo Molimo o lumelang hore o ile a tšoaneloa ke ho pholosoa moroallong oo o neng o kopetse lefatše. Ka lebaka la ’nete ena, lelapa le leng le le leng la batho hona joale le lefatšeng lebitso la lona le le kolota ho Noe, ke hore, hore e be lea phela hore le bitsoe ka lebitso le itseng. Nakong e fetileng, Jehova Molimo o ’nile a ikarabella ka ho rea batho ba itseng mabitso lefatšeng, empa ha a rea malapa a batho mabitso ka ho toba. Leha ho le joalo, a na le mabitso ka lebaka la hae, hobane a ne a ke ke a e-ba teng e le malapa a nang le mabitso hoja e se ka eena joaloka Monei-bophelo oa bokahohleng.—Genese 5:1, 2, 32.

2. Ea ileng a fetohela lelapa la Molimo ebile ntate oa lelapa joang, ’me kahoo ho loketse hore e mong le e mong ho rōna a ipotse potso efe?

2 Batho ba ile ba aroha lelapeng la bokahohle la Ntate oa leholimo. Hona ho ile ha kenngoa ke lerabele le phahametseng motho khahlanong le lelapa la mangeloi la Molimo maholimong, lerabele le ileng la bitsoa Satane Diabolose. Ka ho ipokellela balateli ka lehlakoreng la hae maholimong o ile a bitsoa ntate, kamoo ho leng kateng, empa litho tsa lelapa la hae ha lia tlamelloa ke lerato. Ka lekhetlo le leng Jesu Kreste, setho se ka sehloohong ka botšepehi sa lelapa la Jehova la bokahohle, a bua tjena ho bahanyetsi ba hae ba Bajode: “Holane Molimo ke ntat’a lōna, le ka be le nthata, kahobane ke tsoile ho Molimo, ’me ke tlile. . . . Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:42, 44) Ntlheng ena e mong le e mong kajeno a ka ipotsa: Ha ho le tjee, “ntate” ke mang?

3. Boemo ba Satane ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše bo fapane joang le ba pele ho nako eo, ’me ke thapelo efe eo ho hlokahalang hore e arabeloe ka mokhoa o ikhethang lebitsong la bohle ba khomaretseng phutheho ea Molimo?

3 Borabeleng ba hae Satane Diabolose o ile a lelekoa lelapeng la Jehova Molimo la bokahohleng, ’me hamorao ha lelekoa bademona ba hae bao e leng ntate oa bona. Tšimong ea Edene o ile a itlhahisa ho batho e le Moleki, ’me le kamorao ho moo a lumelloa ho tsoa le ho kena lefatšeng letšolong la hae la bokhopo le ho hanyetsa ’nete. (Jobo 1:7; 2:2) Empa hona joale, ho tloha ‘ntoeng’ e hlileng ea boleloa kamorao ho ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo maholimong, kamorao ho ho fela ha ‘mehla ea lichaba’ ka 1914, Satane Diabolose le bademona ba hae ba lelekiloe leholimong, ba lelekeloa lefatšeng hore ba se ke ba kopana haufi le mangeloi a leholimo. Le ka mohla ba ke ke ba hlola ba lumelloa ho kena maholimong a mangeloi. Kahoo re ka utloisisa hantle bohale boo Satane a nang le bona phuthehong ea Jehova ea bokahohle le litho tse tšepahalang tsa eona. (Tšenolo 12:1-12; Luka 21:24) Kahoo, har’a linako tsohle ena ke nako bakeng sa hore thapelo e lerato ea moapostola Pauluse, joalokaha e tlalehiloe ho Ba-Kolosse 1:2, 3 e arabeloe lebitsong la ba lefatšeng hona joale ba tšoarelletseng ka botšepehi phuthehong ea Jehova: “Le ke le neoe mohau le khotso ke Molimo, Ntat’a rōna, le ke Morena Jesu Kreste.” Thapelo ena ea hore ho be le khotso har’a bona e ke ke ea phethahala haeba ba sa kopana. Khotso e hloka tumellano ka phuthehong e bonahalang ea Molimo o fanang ka khotso, e, ho khomarelana ha litho tsa phutheho.

4. Lipaki tse kopaneng tsa Jehova li mo leboha ka eng, ’me ho hlokahala hore li ’ne li tsamaee ho eng?

4 Bakeng sa kopano ea phutheho e fellang ka khotso e khethollang phutheho ea Lipaki tsa Jehova, lefatšeng lohle kajeno, ba ka etsa seo litho tsa phutheho ea Kolosse li ileng tsa bolelloa hore li se etse, “le ntse le leboha Ntate ea re entseng ba loketsoeng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaleli leseling.” (Ba-Kolosse 1:12) Ho hlokahala re ’ne re tsamaee leseling le eketsehang, ’me ‘mehleng ena ea qetello’ ea tsamaiso ea khale ea lintho ho hlokahala ho ikitlaetsoe ka ho khethehileng hore re iketse ba “loketseng” leseli le tsoetseng pele le bakeng sa hore na kabelo ea rōna e tla ba efe tsamaisong e ncha.—2 Timothea 3:1.

Ho Kopana Joaloka ‘Mohlape o le Mong’

5. Lipaki tsa Jehova kajeno li ntšitsoe ho eng ho sa tsotellehe litšobotsi tsohle tse neng li ka ’na tsa arohanya, empa ke hobane’ng ha “mohlape” oa ‘molisa a le mong’ o momahane?

5 Kajeno Lipaki tsa Jehova li fumanoa li hlaha malapeng a mangata a batho ho feta kamoo ho neng ho le kateng ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ka lebaka leo, li tsoa merabeng eohle ea batho, matlalong a mebala eohle le metsamaong eohle ea bophelo. Lintho tsena tse hlokomelehang li ne li ka sebetsa e le lebaka la karohano har’a Lipaki tsa Jehova. Empa ha ho joalo! Li hlokomela hore, ho sa tsotellehe morabe, lebala, puo, bochaba le boemo bophelong, kaofela li hlolehile mohloling o le mong le oa leseli la ’nete. Har’a Lipaki tsa Jehova tsa morao tjena ho na le masala a Bakreste ba tsoetsoeng ka moea a lebelletseng ho ea leholimong le “bongata bo boholo” ba bao Molisa ea Molemo, Jesu Kreste a ba bitsitseng “linku tse ling” tsa hae. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9-17; Mattheu 25:31-46) Leha ho le joalo, boprofeta bo akarelletsang nako e telele ba Jesu Kreste ha boa hlōleha, le hoja bo itse: “Mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” Molisa ea Molemo o bontšitse matla a hae a ho boloka balateli bohle ba hae ba ratang khotso ba kang linku e le ‘mohlape o le mong,’ ho sa tsotellehe tšepo e sa tšoaneng ea nako e tlang. Kaofela ba kopane leratong la ‘molisa a le mong,’ ea ileng a ba tella bophelo ba hae ba botho ka lerato, ’me kaofela ba tšepahala ho eena.

6. Ke hobane’ng ha masala a nang le tšepo ea leholimo a sa ikhula ho phatlalatseng linnete tsa Bibele tse amanang le “linku tse ling”?

6 “’Nete” ea Bibele eo linku tsohle tsa kajeno li e ratang ka matla hakana e bua ho hongata ka tšepo ea Paradeise bakeng sa “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha ba “linku tse ling” tsa Molisa. Kahoo, joaloka barati ba “ ’nete” eohle ea Lentsoe la Molimo, masala a moea ha a mona hore e be a ka pata eng kapa eng e molemo ho “linku tse ling” tseo, empa ka lerato a phatlalalitse ka lefatše lohle tšepo eo e khōlō ea lefatšeng, haholo ho tloha ka selemo sa 1935. Hona joale masala a tseba hore a phela ’mehleng ea tokiso ea lintho tsohle, eo Molimo o e boletseng ka melomo ea baprofeta ba halalelang ba oona bohle, ha e sa le le tšimolohong.” (Liketso 3:21) Ho masala ho senoloa ha ’nete ena e bile karolo ea bona “lefeng la bahalaleli leseling.” Ho tloha ha makasine ena e hatisoa ka lekhetlo la pele, Molula-Qhooa, ka Phupu 1879, ebile kofuto ea Molimo bakeng sa ho nchafatsa tšepo ena e khōlō ea Paradeise bakeng sa batho ba lopolotsoeng. Libuka tse ling tsa Watch Tower Bible and Tract Society li kopane kaofela ho tiisa le ho matlafatsa tšepo eo eo “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo e thabelang haholo hakana kajeno, ka kananelo e lerato bakeng sa masala.

7. Ka 1935, ke tebello efe ntle ho ea oona eo masala a tlotsitsoeng a ileng a e totobatsa ka lerato, hona ke hobane’ng ha a ile a lumella ho kolobetsoa ha bana ba nang le tebello e ’ngoe?

7 Ho fihlela selemo ka 1935 Lipaki tsa Jehova tse ineetseng le ho kolobetsoa li ne li e-na le tumelo ea ’nete ea ‘tšepo e le ’ngoe’ e neng e beiloe ka pel’a tsona ho Ba-Efese 4:4-6, ka tsela e latelang: “’Mele o mong, le Moea o mong, joale ka ha le bilelitsoe tebello e le ’ngoe ka ho bitsoa ha lōna. Morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe. Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle, . . . ea ka ho bohle.” Empa ka selemo seo se hopolehang sa 1935, kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., “bongata bo boholo,” joalokaha bo tšoantšetsoa ho Tšenolo 7:9-17, bo ile ba bontšoa e le bo entsoeng ka “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo tsa Johanne 10:16. Masala a tlotsitsoeng a ntseng a tšoarelletse ‘tšepong e le ’ngoe’ ea oona e tšoanelehang a ile a thaba haholo ka leseli lena le ntseng le tsoela pele Mangolong a Halalelang ’me a ipea ho etsa ka pelo eohle ho bokelloeng ha “linku tse ling” tseo. Ha a ka a ikutloa hore “linku tse ling” li khathatsana le ‘kolobetso e le ’ngoe’ ka hore li qoelisoe metsing, hobane kolobetso ea “linku tse ling” tse joalo, e ne e ntse e le pontšo ea boineelo ba tsona ho Jehova Molimo ka Kreste joaloka ea masala a tlotsitsoeng. Lerato leo a neng a ikapesitse ka lona joale le ile la atoloha ho akarelletsa “linku tse ling” tseo tse ratehang tsa Molisa oa oona.

8. Lerato le teng pakeng tsa lihlopha tse peli tsa ‘mohlape o le mong’ le ka tšoantšoa le lerato la bomang Iseraeleng ea boholo-holo?

8 Ho holile lerato la ba la teba har’a bohle ba kang linku ba ‘mohlape o le mong’ o tlas’a Davida e Moholoanyane, Jesu Kreste. Tlamo ena e kopanyang ea lerato e lumellana le lerato lane le sa senyeheng, le sa shoeng la khosana e tlotsitsoeng Davida oa leloko la Juda ho Jonathane ea ratehang eo e seng moikhabi, mora oa Saule eo e neng e le morena ka nako eo. (2 Samuele 1:25-27) Nakoana pele ba arohana, “Jonathane a eketsa a hlapanyetsa Davida, ka baka la ho mo rata; o na a mo rata joale ka ha a ithata.” (1 Samuele 20:17) Ha utloa hore Jonathane o shoele le ntat’ae ntoeng, Davida a tlameha ho bina koli’a malla le ho e fihlisa tlhorong ka mantsoe a reng: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: U no u khahleha ho ’na, lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali.” (2 Samuele 1:26) Lerato la bona e ne e le ‘tlamo e phethahetseng ea kopano.’ Ke lefu feela le ileng la ba arola.

9. “Linku tse ling” li ile tsa tšoantšoa ka mang moo, ’me bao ba lihlopha tse peli ba tla qetella ba arohantsoe joang, empa ho sa theole lerato le teng?

9 Jonathane o ne a tšoantšetsa “linku tse ling” tsa kajeno. Ka letsatsi le leng kamoso, kamorao ho ’ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ea Harmagedone, sehlopha se pholohileng sa Jonathane se tla arohana le masala a sehlopha sa Davida. (Tšenolo 16:14, 16) Hona ho tla etsahala feela hobane masala a ratoang a tla nkoa ke lefu, joalokaha eka ke ‘ka maru ho khahlanyetsa Morena,’ ka hore a tsohe hang-hang, a tsoha ka moea lefung. (1 Ba-Thessalonika 4:17) A tla ’ne a rate “linku tse ling” tse setseng lefatšeng. Ha e le hantle, lerato la oona ka nako eo le tla bontšoa ka matla haholoanyane!

“E Kholo ho Tsona ke Lerato”

10, 11. Ke hobane’ng ha tumelo le tebello li se khōlō joaloka lerato, joalokaha ho boleloa ho 1 Ba-Korinthe 13:13?

10 Hona ho re hopotsa mantsoe a Pauluse qetellong ea tlhaloso ea hae e babatsehang ho 1 Ba-Korinthe khaolo ea 13, a reng: “ ’Me joale, tse tharo tsena lia sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kholo ho tsona ke lerato.” (1 Ba-Korinthe 13:13) Ho joalo joang? E, ak’u nahane pele ka se boleloang ho Ba-Heberu 11:1: “Tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.” Ka sebele, tebello ea lintho tse joalo ke ea nakoana feela ha lintho tseo li sa ntsane li ‘sa bonoe.’ Nka Abrahama e le mohlala. O bontšitse hore o lumela ho Jehova Molimo le matla a Hae a ho tsosa bafu. Eaba o ema a lebelletse lintho tseo a sa kang a li bona pele ho lefu la hae. Kahoo Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, ka lebaka la tumelo ea tsona e matla ho Eena, li lebelletse lintho tse s’o bonoe ’me kahoo li li letetse. Ha li bona ‘lintho tseo li li lebelletseng’ tumelo ea tsona le tebello ka lintho tse Joalo e-ea fela, kaha e phethehile. Hona ho bontšoa hape ke seo Pauluse a se buang ho Ba-Roma 8:24, 25, moo re balang:

11 “Hobane re bolokehile ka tebello; athe se lebeletsoeng ha se se se bonoe, ha e sa le tebello; hobane seo motho a se bonang, a ka se lebella joang? Empa ha re lebella seo re sa se boneng, re se lebella ka sebete.”

12. Ke ka tsela efe Lipaki tsa Jehova li boneng ‘tokiso ea lintho tsohle,’ joalokaha e boleloa ho Liketso 3:21, ’me kamorao ho nako ho tla fela litšoaneleho life empa ke tšoaneleho efe e tla sala?

12 Ka ho tšoanang, ho tloha selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919, Lipaki tsa Jehova tse lefatšeng li bone “tokiso ea lintho tsohle, eo Molimo o e boletseng ka melomo ea baprofeta ba halalelang ba oona bohle, ha e sa le le tšimolohong.” Li bone ha phutheho e bonahalang ea Jehova e tsosoa kotlong e bolaeang ea Ntoa ea I ea Lefatše e ba e tsosolosoa. E boetse e rapela Jehova Molimo, paradeiseng ea moea hona mona lefatšeng. (Esaia khaolo ea 35) Tokoloho ho Babylona e moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e fumanehile. (Tšenolo 18:1-4) Boholo ba lintho tse hlileng tsa boleloa ho Tšenolo, buka e qetellang ea Bibele, bo phethahalitsoe kapa bo ntse bo phethahala. Kahoo tumelo le tebello e theiloeng tumelong e joalo ea Bibele li sebeletsa morero oa tsona, ’me hang ha morero oa tsona o phethahalitsoe, li tla fela. E, empa lerato lona ho thoe’ng ka lona? Le setse ’me le tla ’ne le sale. Le hoja lefatše le le litsekana ’me metheo ea lefatše e tloha e qhibiliha ka baka la mocheso o matla, ‘tlamo ea kopano’ e theiloeng leratong le tsoang ho Molimo ha e qhibilihe. E ntse e momahane ka matla ho Molimo le phutheho eo o e amohelang le pakeng tsa masala a “mohlatsoana” le “bongata bo boholo” bo amohelehang ba “linku tse ling.” Le ipaka hore le ‘phethahetse.’ Lerato joaloka “tlamo” ke tholoana ea moea oa Molimo.

13. Ke hobane’ng ha lerato le ke ke la shoa le ka mohla?

13 Molimo ke boleng ba lerato; ’me kaha Molimo ha o shoe, lerato le ke ke la shoa. Ke ka nepo ho thoeng, “Molimo ke lerato.”

14. Ke ’nete efe e ka phetoang ka matla a kopanyang a lerato?

14 Ka matla a kopanyang a lerato, ’nete e bululetsoeng e ngotsoeng ho 1 Johanne 4:8, 16 e ka phetoa ea ba ea eketsoa: “Molimo ke lerato. Ea phelang leratong o phela ho Molimo, le Molimo o phela ka ho eena.” (Phet. e ncha)

15. Ha o bōpa motho, Molimo o ne o khannoa ke eng, hona ke hobane’ng ha motho a ka ananela le ho nka bohato ka tšoanelo ka matla ao a susumetsang?

15 Kahoo, ha Molimo o etsa libopuoa tsa pele tsa batho lefatšeng, ke lerato le ileng la mo khanna hore a etse joalo. Joalokaha Genese 1:27 e tlaleha ka sena: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo.” E seng hore motho oa pele o ne a e-na le ’mele o tšoanang le oa Molimo ka seemo, empa hore o ile a neoa litšoaneleho tse kang tseo Molimo o nang le tsona, litšoaneleho tsena tsa kelello, moea le pelo tsa mo khetholla liphoofolong tse tlase tse lefatšeng. Ka lebaka lena motho enoa ea nang le lineo o ne a ka ananela lerato leo ’Mopi oa hae a nang le lona ho eena ’me a ka nka bohato ka tsela e nepahetseng ka lerato leo, ho tšoana le mora ho ntat’ae. Ho ne ho le teng leqhama la lelapa pakeng tsa bona le ileng la fetoloa la sebele ka ho buisana ka mehla ho sa tsotellehe ’nete ea hore Ntate o ne a sa bonahale ho mora ea lefatšeng, joalokaha ho se motho ea ka bonang Molimo ’me a phela. Hamorao Molimo o ile oa bolella Moshe ’nete ena: “Ha ho motho ea ka mponang, ’me a phela.” (Exoda 33:20) Molao ona ha o ka oa fetoloa, hobane lilemo tse fetang makholo a leshome le metso e mehlano hamorao moapostola Johanne o ile a ngolla Bakreste hammoho le eena hore: “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re tsebisitseng oona.”—Johanne 1:18.

16. Johanne le barutuoa bahabo ba ile ba nka bohato ka’ng leratong la Molimo joaloka ntate, hona ‘tlamo ea lerato’ e ipakile e le joang mabapi le masala a tlotsitsoeng le “linku tse ling”?

16 E le mora oa Molimo ea tsoetsoeng ka moea, moapostola Johanne o ne a le kamanong ea lelapa le Jehova Molimo le Mora oa hae, “Mora a ’notši,” Jesu Kreste. Johanne le Bakreste bahabo ba ne ba arabela hore Molimo ke Ntate oa bona ka lerato la kanano e matla. Lerato leo e ne e le ‘tlamo ea kopano’ pakeng tsa bona le Ntate oa bona ea sa bonahaleng oa leholimo. Hape le ne le tlamella hammoho ba tsoetsoeng ka moea hore ke bara ba moea ba Molimo hape e le baena le likhaitseli Bokresteng. Ha re hlahloba ‘tlamo eo ea kopano’ kajeno, rea bona hore e ipakile e ‘phethahetse,’ hobane litho tsa masala a tlotsitsoeng li khomarelane hammoho joaloka barapeli le lipaki tsa Jehova Molimo. Lerato lena le ba boloka ka lelapeng la Molimo le boeneng ba Bokreste. Ho hlokomelehang, ba rapelang le bona tempeleng ea Molimo, ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste, ba bontša lona lerato leo le sa timeng le tlamahanyang Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ka mokhoa o phethahetseng hakana. E se eka ka boikemisetso re ka kopanela kholiseho ea moapostola Pauluse hore “leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rona.”—Ba-Roma 8:38, 39.

U Arabela Joang?

◻ Ke ka tsela efe lelapa le leng le le leng le bitsoang ka Molimo?

◻ ’Nete eo e lokela ho ama bohle ba ka phuthehong ea Bokreste joang?

◻ Jonathane o ne a tšoantšetsa bo-mang?

◻ Ke hobane’ng ha lerato le le leholo ho tumelo le tebello?

◻ Lerato le re tlamella ho Molimo joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Lerato le tebileng pakeng tsa Davida le Jonathane le ile la tšoantšetsa lerato pakeng tsa batlotsuoa le “linku tse ling”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela