Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 5/15 maq. 8-9
  • U Eme Kae Tsekong ea ’Muso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Eme Kae Tsekong ea ’Muso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tlosoa ha Mebuso ea Batho eo Lihlooho tsa Eona e Leng Marena ka Tsoalo
  • Puso ea Motho kapa Puso ea Molimo?
  • Tseko ea ’Muso e Itlhomme Pele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 5/15 maq. 8-9

U Eme Kae Tsekong ea ’Muso?

LENTSOE “tseko” le bolela eng moo? Le bolela taba eo ho entsoeng khang ka eona pakeng tsa batho ba babeli kapa ba bararo kapa lihlopha ’me e hloka hore e etsetsoe qeto ke matla a mang a itseng kapa ka pontšo e kholisang. Tseko hona joale e lefatšeng ka bophara. E amana le ’Muso oa Molimo ka morena eo o mo khethileng, Jesu Kreste. Ho tloha selemong seo ntoa e ileng ea lala ka sona sa 1919, lilemong tse fetileng tse 63, boprofeta bo boletsoeng ke morena eo ea khethiloeng ba hore “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang,” bo ’nile ba ntšetsoa pele ke Lipaki tsa Jehova linaheng tse 205.—Mattheu 24:14.

Phello e bile efe? Ena: Mebuso eohle ea lefatše e ile ea tlameha ho tobana le tseko e rata kapa e sa rate. Hona joale ho hlakile hore ha e ho rate. Kamoo ho leng kateng, hona joale ho tšoana leha re phela nakong ea ho se itsebe ha mebuso ea lefatše eo lihlooho tsa eona e leng marena ka tsoalo. Pheletso ea lintoa tse peli tsa lefatše ke hore mebuso e mengata ea lefatše eo lihlooho tsa eona e neng e le marena ka tsoalo e lihiloe ’me ea nkeloa sebaka ka puso ea mofuta o mong—liriphabliki kapa bohatelli ba karolelano ea thepa kapa matla a mang a puso. Hona joale bonyane ho na le mebuso e 15 e ntseng e sebetsa eo lihlooho tsa eona e leng marena ka tsoalo, e kang ’muso oa Manyesemane le Ireland leboea, ’muso oa Jordane, ’muso oa Nepal o Asia, ’muso oa Tonga Pacific Boroa le ’muso oa Swaziland o Afrika.

Ho Tlosoa ha Mebuso ea Batho eo Lihlooho tsa Eona e Leng Marena ka Tsoalo

Mebuso eohle ea batho eo lihlooho tsa eona e leng marena ka tsoalo ha e-ea talimana le ho felisoa ho hang feela hobane e se e fokola ka palo empa hobane mefuta eohle ea puso ea motho e talimane le ho tlosoa hore e hleke tsela bakeng sa puso ea lefatše lohle e sa theoang ke motho. Boprofeta ba Daniele 2:44 ba lilemong tse fetang 2 580 tse fetileng, bo re: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Ntoa ea I ea Lefatše e qalileng ka 1914 ha e-ea ka ea bolela ho phethahala ha boprofeta boo bo khothatsang ba Daniele, empa e ile ea bontša hore Molimo oa leholimo o beile teroneng ea leholimo Morena eo o mo khethileng bakeng sa ho phethahatsa kapele boprofeta boo.

Kajeno mebuso eohle ea batho e talimane le ho felisoa, hona e ka ’na ea ho etsa e le eona ka boeona ka mekhoa ea ntoa e ntlafalitsoeng haholo ka bohlale. Bahlalosi ba nang le tsebo ka litaba tsa lefatše ka bobona ba re lemosa kaofela ha rōna ka qetello e tšosang. Baa bona hore re phela ho seo Bibele e se bitsang ‘nako ea bofelo,’ kapa ‘mehla ea qetello.’ (Daniele 12:4; 2 Timothea 3:1) Lichaba li tsila-tsila haholo ho qala ntoa ea boraro ea lefatše, ka lebaka la seo e tlang ho ba sona ho tsona kaofela—ho iphelisa kaofela. Takatso ea tsona ke ho tlisa litaba boemong boo ho bona ka boitšepo li ka reng, “ho khotso, ho iketliloe!” (1 Ba-Thessalonika 5:3) Haufinyane ha li bua joalo pepeneng, ho tla be ho sa bolele khotso le Molimo oa leholimo. Che, hobane ho tloha ka 1914 lichaba li bile ntoeng le oona. Li sebetsa khahlanong le morero o motle oa oona bakeng sa batho. Ka tumello ea Molimo li bontšitse paleng eohle ea motho hore li sitoa ho busa lefatše molemong o tšoarellang oa batho, re se re sa re tlotlisong ea Molimo.

Molimo o Matla ’Ohle o na le nako ea oona e loketseng bakeng sa ho felisa ka ho feletseng tsamaiso ea lintho e sa khotsofatseng. Hantle ka nako ea oona o tla felisa tsamaiso ena ea lintho. Hona lichaba li ho hlokomelisitsoe ka Lipaki tsa Jehova. Li ke ke tsa itatola.

Puso ea Motho kapa Puso ea Molimo?

Lichaba, ke hore, matla a tsona a busang, li entse qeto ea ho bontša hore na li eme hokae tsekong ea ’Muso oa Molimo ka Kreste. Li hlahile li emela puso ea motho e tsoelang pele khahlanong le puso ea Molimo. Boemo boo li bo tsitlelletseng ke boemo bo hananang le puso ea Jehova Molimo le Kreste oa hae. Ke bo emelang Satane Diabolose, “morena oa lefatše lena” ea sa bonoeng, kamoo Jesu a ileng a bolella baaposotla ba hae: “Morena oa lefatše lena oa tla; ’me ha a na letho ho ’na.”—Johanne 14:30; bona hape Mattheu 4:8-11; 2 Ba-Korinthe 4:4.

Joalokaha lichaba li entse qeto ea tsona ’me li e khomaretse, motho e mong le e mong o tlameha ho arabela potso e matla ea makhaola khang, Ke eme kae tsekong ea ’Muso? Re ke ke ra balehela ho etsa qeto mabapi le tseko ena e totobetseng ea lefatše. Ho se e ele hloko ho ke ke ha phephisa mang kapa mang ho rōna hore a se utloe liphello. Ha ho sebaka sa ho ema sebakeng. Re tlameha ho emela ’Muso oa Molimo kapa ho o loantša.

Bongata bo boholo ba batho ba phelang kajeno mohlomong bo ne bo sa phele selemong seo ntoa e qhommeng ka sona sa 1914; kahoo ba ke ke ba hopola liketsahalo tsohle tse hlokomelehang tse etsahetseng ho tloha ka nako eo, ka ho feta har’a tsona kapa ka ho li bona. Leha ho le joalo, “pontšo” e tšoaeang “ho fela ha lefatše” joalokaha e hlile ea boleloa ke Jesu Kreste e-ea bonahala ’me e ntse e bonahala ho lichaba tsohle le batho. Kaofela li utloa liphello tsa “pontšo” eo. Ho hlokahala feela hore re bale se hlileng sa boleloa ke Jesu Kreste, ho latela tlaleho e ngotsoeng ho Mattheu 24 le 25, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21, ho ithuta hore o ile a profeta, ka lintoa, litlala, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, ho hlorisoa ha balateli ba hae, ho tsieleha ho phehellang ha lichaba ka matsoalo le ho boleloa ka sebete ha “evangeli” ea ’Muso “lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle” ho theosa ho isa bofelong ba tsamaiso ena e hlomolang ea lintho.

Ha e le hantle, lekholong la pele la Mehla e Tloaelehileng ea rōna Bakreste ba ’nete ba ile ba bolela haholo, Asia, Afrika le Europe ka litaba tse molemo tsa ’Muso o tlang. Ke nako e telele pele batho ba Europe ba fumana mafatše a Amerika Leboea le Amerika Boroa le Australia le lihleke-hleke tse ling tse ngata tsa maoatle a Atlantic le Pacific, ho tloha ka lekholo la leshome le metso e mehlano la lilemo ho ea pele. Baromuoa ba bolumeli ba romeloa libakeng tse fumanoeng bocha. Morao tjena ho hlomiloe mekhatlo e mengata ea Bibele ’me e jalile Bibele hole le ka bophara ka lipuo tse ngata. Empa molaetsa oa ’Muso o ne o sa boleloe ke baromuoa le baruti ba Bojakane, che, e seng ka tsela eo ’Muso oa Jehova Molimo ka Jesu Kreste o neng o ka etsoa tseko lefatšeng ka bophara. E ne e se ho bolela ho neng ho ka etsa ho boleloa ha ’Muso karolo ea “Pontšo” e neng e tla tšoaea “ho fela ha lefatše.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela