Ba-Kolosse—Keletso e Ntle ka Tumelo le Boitšoaro
SEBAKA sa Jesu Kreste ke sefe tokisetsong ea Molimo? Ho atamela haufi le Jehova le ho fumana pholoho, na Bakreste ba ’nete ba tlameha ho boloka kapa ho ikhahlapetsa? Ke eng e hlokoang ho banna, basali, bana le ba bang ba barapeli?
Lipotso tse kang tsena ho ne ho hlokahala hore li arabeloe Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba neng ba phela motseng oa Kolosse, Asia Minor. Ba ne ba likiloe ke Balichaba ba itšoarelletseng mahlaleng a bohetene a amang ho itšohloka, hammoho le Bajode ba neng ba sa je lijo tse itseng le ba neng ba boloka matsatsi a khethehileng. Ha e le hantle, thuto ea bohata e ne e kenelletse phutheho ho isa tekanyong eitseng.
Ha a le litlamong Roma moapostola Pauluse, eo mohlomong ho neng ho se mohla a kileng a etela Kolosse, a fumana tlaleho e buang ka balumeli bahabo ba moo. (Ba-Kolosse 1:7, 8; 2:1) Ba ne ba etsa hantle lintlheng tse itseng. Empa lithuto tse ling tsa bohata li ne li ba beile kotsing moeeng, ’me moapostola o ne a amehile haholo. Kahoo, tlas’a pululelo ea Molimo Pauluse o ile a ngola lengolo le susumetsang a le ngolla Bakolosse hoo e ka bang ka 60 ho ea ho 61 C.E.a Keletso ea lona e ntle ka tumelo le boitšoaro ea arabela lipotso tsa bohlokoa bakeng sa bona, joalokaha le etsa joalo bakeng sa Bakreste ba lekholo la lilemo la mashome a mabeli.
Sebaka se Phahameng sa Mora
Lengolo la Pauluse le ne le tobile “baena ba leng ho Jesu Kreste, bahalaleli le balumeli,” ke hore, ho balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba Kolosse. Moapostola o ile a leboha Molimo thapelong ka lebaka la tumelo ea bona, tšepo le lerato. Ho feta moo, Pauluse le Timothea ‘ha baa ka ba phetsa ho ba rapella, le ho ba kopela hore ba tlale tsebo ea thato ea oona, ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea.’ Ho fihlela kae? ‘Ba tle ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena.’—Ba-Kolosse 1:1-12.
Karolo ea bohlokoa ea tsebo eo e ama Mora oa Molimo. Ke ka eena Bakreste ba ka lopolloang, ba tšoareloa libe tsa bona. Ke eena “letsibolo la tsohle tse hloliloeng,” qalo ea mesebetsi ea pōpo ea Jehova eo ka eena bara ba mangeloi ba limillione, bokahohleng le lefatše, ka bophelo ba lona ba limela le libopuoa, li bileng teng. Hape mora ke “letsibolo ho bafu,” ka hore o hlekile tsela hore majalefa hammoho le eena a ka tsosoa ho kopanela bophelo ba ho se shoe le eena leholimong. ’Me har’a tse ling, Jesu Kreste ke “hloho ea ’mele, ea kereke,” ea phahametseng balateli ba hae ba tlotsitsoeng.—Ba-Kolosse 1:13-18.
Ho feta moo, “botlalo kaofela [Molimo o] bo ratile ho ikahela ho eena [Mora].” Ke boleng bohle ba litšoaneleho tsa Molimo, ho akarelletsa bohlale—ha e le hantle, ntho eohle eo Bakreste ba e hlokang bakeng sa ho lauoa le ho tataisoa. Lithuto tsa hae, tse lumellanang le Mangolo kaofela, ha li haelloe ke letho. Ka eena lintho tse ling tsohle tse leholimong le tse lefatšeng li tla boelanngoa le Molimo, ’me ka lebaka la sehlabelo sa Kreste “sephiri se halalelang” seo e leng khale se patiloe, se akarelletsang tšepo ea Balichaba hore ba kopanele khanyeng ea leholimo le eena, se senotsoe. Empa poelano eo e itšetlehile ka hore Bakreste ba eme ba tiile ba se ke ba suthisoa tšepong ea litaba tse molemo. Pauluse o ne a sebetsa ka thata e le ministara oa litaba tsena tse molemo tse likolohang ho Kreste, eena ea ka holimo-limo tokisetsong ea Molimo.—Ba-Kolosse 1:19-29.
Ho Shanofatsoa Baruti ba Bohata
Ho thabela tokelo e khanyang ea ho kopanela le Jesu bophelong ba leholimo, Bakreste ba Bakolosse ho ne ho hlokahala ba hopole hore ‘matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patiloe ka ho eena.’ Kahoo, ba itebele ho mang kapa mang ea ka ba ‘hulanyang ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ea ka lithuto tsa batho tsee ba neanang tsona, e seng Kreste.’ Ba ne ba tlameha ho lahla maikutlo ao e seng a Mangolo a Bagerike le lithuto tseo e seng tsa Bibele tsa Bajode. Ho lahla lithuto tsa bohata le ho ema ka tieo bakeng sa ’nete ho joalo hoa hlokahala bakeng sa Lipaki tsa Jehova kajeno.—Ba-Kolosse 2:1-12.
Ho latelang, Pauluse o tširelelitse Bakolosse bolumeling ba Bajode. A totobatsa hore Molimo o tlositse Molao oa Moshe, a o khokhothela sefateng sa tlhokofatso sa Jesu. Kahoo, ba se ke ba lumella mang kapa mang ha a ahlola tumelo ea bona le ho loka motheong oa lijo, lino kapa matsatsi a itseng a mekete. Hobane’ng? Hobane lintho tse joalo e ne e le liriti tsa lintho tse tlang, “empa ’mele oa tsona ke Kreste.”—Ba-Kolosse 2:13-17.
Ho hlola maikutlo a mang a fosahetseng, Pauluse a hlokomelisa ka ho thabela boikokobetso ba boikaketsi le ba bohata le “tšebeletso ea mangeloi.” Ka ho totobetseng, ba bang Kolosse ba ne ba nahana hore ba rapela joaloka mangeloi kapa ba ne ba hlile ba rapela mangeloi ka ho toba. Empa ena le lintho tse ling tse joalo tse kang ‘ho ikokobetsa ka mokhoa o fosahetseng,’ le ba itšohlokang, kapa “ho hlokofatsa ’mele,” ba ne ba bontšoa hore “ha li na thuso, haese ho chachehisa litakatso tsa botho.” Le kajeno, lintho tse kang ho itšohloka le boikokobetso bo fosahetseng ha li na ho re etsa ba moea haholoanyane.—Ba-Kolosse 2:18-23, phet. e ncha.
Ho boloka boemo ba ’nete ba moea le ho hlōla litakatso tse sa lokelang tsa nama, barutuoa ba tlotsitsoeng ba Jesu ba tlameha ho ‘hopola lintho tsa holimo, e seng tsa lefatšeng.’ Ke ka ho etsa joalo feela ba ka bang le tšepo ea ho bonahatsoa le Kreste khanyeng ea leholimo. Ka ho tšoanang, Bakreste ba nang le tšepo ea lefatše ho hlokahala ba bee lerato la bona linthong tsa moea.—Ba-Kolosse 3:1-4; Mattheu 6:19-21.
Keletso e Ntle ka Boitšoaro
Ke eng e tla hle e re thuse ho atamela haufi le Jehova le hore re eketse boemong ba moea? Pauluse o itse, “le bolaee ke hona litho tsa lōna tse leng lefatšeng, ke ho re, bofebe, le litšila, le maikutlo a mabe, le litakatso tse mpe, le takatso ea moruo.” Ho sebelisa puo hampe ka lintho tse kang bohale, mesoaso e mebe le leshano li tlameha ho qojoa. Joalokaha moapostola a boleletse Ba-Kolosse, re tlameha ‘ho hlobola motho oa khale le ho apara motho e mocha.’ Re tlameha ho ikapesa ka mohau, mosa, moea o bonolo, qenehelo, sebete le lerato ‘tlamo eane ea phetheho.’ Hona ha ho thabelehe ho rōna feela empa le phutheho ka kakaretso.—Ba-Kolosse 3:5-17.
Joaloka Bakreste ba Kolosse, lipaki tsa kajeno tsa Jehova, li ka rua molemo ka keletso ea Pauluse mabapi le litlameho tsa lelapa le boikarabelo bo bong. Basali ba eletsoa ho ikokobeletsa banna ba bona. Banna ba lokela ho rata basali ba bona e seng ho ‘ba halefela.’ Bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona, ’me bo-ntate ba se ke ba halefisa bana ba bona e le ‘hore ba se nyahame.’—Ba-Kolosse 3:18-21.
Bahlanka ba Bakreste ba lokela ho ba le kutlo, ’me ba tšoaroe hantle le ka ho loka ke benghali ba bona ba lumelang. Filemone le lekhoba la hae Onesima ba ne ba phela Kolosse, ’me ntle ho pelaelo ba ile ba amohela keletso ena ka bobeli ka kananelo e khōlō. Motheo oona oo o lokela ho sebelisoa ke Bakreste ba kajeno kamanong ea benghali le basebetsi. Ha e le hantle, eng le eng eo re e etsang, re e etse ‘ka pelo eohle joale ka hoja re etsetsa Jehova.’—Ba-Kolosse 3:18–4:1.
Pauluse o ile a phehella balumeli hammoho le eena ho tiisetsa thapelong, ka liteboho. Hape, ba lokela ho rapela hore Molimo o bule monyako oa hore Pauluse le metsoalle ea hae ba “bolele sephiri sa Kreste.” Hona ho lokela ho re susumelletsa hakaakang hore re bontše teboho ho Jehova le ho rapella hore a ka atleha mosebetsing oa boboleli ba ’Muso! ’Me joalokaha Pauluse a eletsa, e se eka ka linako tsohle lipolelo tsa rōna e ka ba tse ‘nokiloeng ka letsoai.’ Seo re se buang se hlabose, se ipiletse ho bamameli ba rōna, ’me se sekamele ho pholoseng bophelo ba ba utloang mantsoe a rōna.—Ba-Kolosse 4:2-6.
Litumeliso tsa botho le keletso tsa phethela lengolo lena le nang le thuso e khōlō. Tykike le Onesima (bao ho bonahalang ba fane ka lona) ba ne ba tla qaqisetsa Bakolosse litaba tsa Pauluse. Ephafrase, eo mohlomong a ileng a kenya letsoho ho thea phutheho ea Kolosse, ho ne ho boleleha hore ‘o ne a ba loanela ka mehla thapelong.’ Pauluse ka boeena a phethela ka tumeliso ea botho le thapelo hore ba thabele mosa o sa tšoanelang.—Ba-Kolosse 4:7-18.
Keletso ea Pauluse ho Bakreste ba Kolosse e re thusa ho utloisisa sebaka se phahameng haholo sa Jesu Kreste tokisetsong ea Molimo. Lengolo lena le re bontša seo re tlamehang ho se etsa—le seo re tlamehang ho se qoba—haeba re tla atamela haufi le Jehova ’me re pholohe. Le supa se hlokoang ke Molimo ho banna, basali, bana le ba bang ba lakatsang mohau oa Molimo. Ka sebele, lengolo la Pauluse le eang ho Bakolosse le fana ka keletso e ntle ka tumelo le boitšoaro.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a NBona le Aid to Bible Understanding maqephe 365, 355, “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” maqephe 224-227. Libuka ka bobeli li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.