Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 7/15 leq. 11
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motšoaruoa o Bona se sa Bonoeng ke Makhotla
  • Bothoto ba Liepolloa
  • Keletso ea Khale e sa le Molemo
  • Molato oa Chelete!—Ho Kena ho ’Ona le ho Tsoa ho ’Ona
    Tsoha!—1990
  • Le ka Etsa’ng ha le E-na le Likoloto?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na ho Kena Sekolotong ho Molemo?
    Tsoha!—1995
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 7/15 leq. 11

Ho Nyarela ka Litabeng

Motšoaruoa o Bona se sa Bonoeng ke Makhotla

Moqoqo o ngotsoeng oa motšoaruoa ka “Ho Lefa Molato oa ka ho Sechaba” o sa tsoa hlaha haufi ho makasine ea Newsweek karolong ea “My Turn.” Motšoaruoa, a ngola a le seleng ea hae ea chankane Indiana, o ile a supa hore hase eena ea “lefang” bakeng sa tlōlo ea molao—ea senyelitsoeng ke eena ea lefang:

“Taba ea pele, ke ho lahleheloa ha ea senyelitsoeng. Ho phaella moo, lidolara tsa hae tsa lekhetho li lefelletse ’muelli oa ka oa molao ’me Ii ntse li lefella ho hlokomeloa ha ka chankaneng mona, ho fihlela ho $10 000 ho isa ho $15 000 ka selemo. Hape o tla qobelloa ho lefa haeba lelapa la ka le hloka thuso ea ’muso ’me le teng haeba, ha ke lokolloa, ke sitoa ho fumana mosebetsi, ke tla kōpa thuso ea ’muso, ’me ke eena ea tla jara, . . . Nako eo ke e lutseng lichankaneng, ho ’nile ha hatisoa nako le nako ho ’na hore ke tlameha ho lefa molato oa ka ho sechaba. Joale sechaba se ntse se mphepa, se nkapesa le ho mpoloka ka tlung ho sa tsotellehe hore na ke tla lula litlamong ho fihlela neng ’me mohlomong le kamorao ho moo; hona ho hang hase ho lefa molato ha e se feela ho balehela boikarabelo.”

Ho hlakileng hantle ho motšoaruoa enoa, empa ho totobetse hore ho phahametse kutloisiso ea baahloli ba bangata, ke ’nete ena e bonolo: “Ke kolota eo ke mo senyelitseng $1 444, ’me sechaba se mo kolota monyetla oa ho fumana chelete eo. Toka e ka finyelloa feela ka hore ke khutlise seo ke se nkileng. . . . Ho qobella motlōli oa molao ho khutlisetsa eo a mo senyelitseng seo a se nkileng ho na le molemo oa ho kenya ho eena ho hlompha thepa ea ba bang hape le hore a itlhomphe. O tla tseba hore ha ho Iijo tse jeoang feela ha ho fihloa tabeng ea ho lefa molato oa hae.” Hore mokhoa o sa rarahanang joalo o hlile o-oa sebetsa ho ile ha bontšoa Iseraeleng ea boholo-holo, moo Molao oa Molimo o neng o laela hore motho a busetsoe se mo senyehetseng.—Exoda 22:3, 4, 7.

Bothoto ba Liepolloa

Ha e hlalosa ka tlholisano e har’a ba thuto ea lintho-li-ikentse ka hore na ke mang ea fumaneng masapo a tšoanang le motho a khale haholo kapa a matle haholo, tlhakiso ea morao tjena ea The New York Times e lemohile hore thuto ea hore na motho o bile teng joang ka tataiso ea tse epollotsoeng ke “thuto e ikekang Iipolelong tse hlakileng empa e haelloa ke tsebo e tiileng. Thuto ea hore na motho o bile teng joang ka tataiso ea tse epollotsoeng e thehiloe ka matla thutong ea litho tsa ’mele le thutong ea majoe ka ho noha ho hongata hoo likhopolo tsa kamoo motho a bileng teng li buang haholo ka mongoli oa tsona ho feta taba e hlalosoang.”

Tlhakiso ea The Times e tšoaile mohlala oa “litsebi tsa litho tsa ’mele tsa Manyesemane tse ileng tsa amohela ntle ho lipotso masapo a Piltdown a hlakileng hoo e ka bang ka 1910”—ao hamorao a fumanehileng e le leshano. Ho bontša hore ha ho phetoho e kaalo har’a liithuti tsa lintho-li-ikentse tsa kajeno, buka Missing Links e ea qotsoa: “[Liithuti tsa kajeno tsa hore na motho o bile teng joang] le tsona ho bonolo hore li itšoarelle boitsebisong bo fosahetseng bo tšehetsang maikutlo a tsona ao li a fihletseng ntle ho ho batlisisa joaloka bafuputsi ba pele.” Ke hobane’ng ha sepheo sa bohlalefi se haella hakaale? The Times e fana ka maikutlo hore: “Lebaka le leng ke hore likhopolo tse ling li hloka ho tšehetsoa ke lintho tse bonahalang ho feta tse ling [kapa, liepolloa tse “molemonyana” li tšehetsoa hamolemo ka lichelete] . . . Ea fumanang lehata le lecha ho bonahala a ngola bocha sefate sa lelapa la motho, a bea seo a se fumaneng moleng o hare o isang ho motho ’me mahata a ba bang bohle a beoa meleng e ka mathōko eo ho seng moo e eang.”

Leha ho le joalo, mohlophisi a re, “bopaki ba bongata [ba liepolloa] bo ka fella sebakaneng,” bo etsa hore tlhaloso ea mang kapa mang e fetohe ka tšohanyetso.

Keletso ea Khale e sa le Molemo

Banyalani ba lokela ho sebetsa bohale joang ha bo ba teng pakeng tsa bona? “Ka nako e ’ngoe, lingaka li ne li lumela hore ho phasoloha ka bohale ho molemo, empa liphuputso joale li supa ka mokhoa o mong,” kamoo ho arabelang setsebi sa kahisano sa Univesithi ea California Boroa Carlfred Broderick. “Batho ba bontšang bohlaha bo bongata ba atisa ho buseletsoa bohlaha.” ’Me, ho e-na le ho ipaka bo lopolla, o re, “bohale joale bo teba haholo ’me boa iphepa.”

Broderick o khothalletsa hore molekane ea halefileng a leke ho sebetsa taba ka bonolo e seng ho phasoloha. O hlokomela hore “Bohlale bo teng tsoelopeleng ea khale.” ’me o qotsa bohlale bo bong ba khale ba Bibele: “Ha Salomone a ne a re ‘karabo e bonolo e thethefatsa bohale,’ o ne a nepile. Ke khale haholo, empa e sa ntsane e le ’nete le kajeno.”—Liproverbia 15:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela