Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 7/1 maq. 29-31
  • Ke ne ke Phela ka ’Mino

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ne ke Phela ka ’Mino
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello ea Lithaka le Lithethefatsi
  • ’Mino le Kopano le Meea
  • Pono e Ncha Bophelong
  • Ho Hatella Nthong e Fapaneng
  • Liphetoho Tsa Kajeno ’Minong—Na li ka U Khelosa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Ho Thabela ’Mino—Senotlolo ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 7/1 maq. 29-31

Ke ne ke Phela ka ’Mino

Kamoo ho boletseng Gordon Grant

KA PHAPUSING ea boikhathollo lapeng ho ne ho e-na le piano e tsofetseng. Hang feela ha ke tseba ho hloella holim’a benche ke ne ke leka ho e letsa. Ha ke le lilemo tse ’ne kapa tse hlano mohlomong, nkhono o ne a nkisa meketeng ea lipina, eo ke neng ke e thabela haholo. Ha ke le lilemo li tšeletseng batsoali ba ka ba qala ho nthuta ho letsa piano.

Ka nkeha ke piano hona hoo ’me ka tsoela pele kapele. Kamorao ho nakoana feela ka be ke letsa lapeng le meketeng ea lipina ea sekolo. Ke qalile ho ithuta ka ’mino oa “classic,” empa ha ke fihla lilemong tsa bocha ka qala ho thahasella “jazz,” pele ke ne ke thahasella ’mino o bonolonyana oa “jazz,” empa hamorao ka thahasella mefuta e rarahaneng. Ka nako eo, bohareng ba bo-1950, ke ha “rock ’n’ roll ” e qala ho rateha har’a bacha ba thaka tsa ka. Empa ka fumana e pheta-pheta ntho e le ’ngoe ebile e le bonolo haholo. Ho ’na, mantsoe a ne a se na mohopolo ’me ba o letsang e le liithuti. Eaba ke phehella ho thahasella ho letsa “jazz.” Ke ne ke e-na le metsoalle eo le eona e ratang ho letsa “jazz,” ’me kamorao ho nakoana ra be re letsa meketjaneng ea sekolo. Re ne re qeta motšehare oa mantsiboea re ikoetlisetsa “jazz” lapeng h’eso.

Lilemong tsohle ha ke kena sekolo ’mino e ne e le ho itlhaphola ho monate, empa ke ne ke sa o nahana ka botebo e le mosebetsi o phelisang. Ha e le hantle, ka 1958 ka kena Central Oklahoma State College ke il’o ithuta “mathematics” ka ho khetheha. Ka phakisa ka kopana le libini tsa sekolo. Ba ne ba letsa litantšing tsa sekolo ’me hape ba etsa mosebetsi sebakeng sa motse oa Oklahoma. Ba nkopa hore ke kene ho bona, ’me ka potlako ke ne ke letsa ka mehla mafelong a beke. Kamor’a nako ra kenyelletsa le ho letsa matlong a boithabiso a bosiu a moo.

Hore e be ke bile setho sa “Methodist” ha hoa ka ha ntšireletsa. Ka lebaka leo, boitšoaro ba ka ba phakisa ba theoha ha ke fihla kolecheng, ka qala ho phela bophelo ba bosiu le bao ke binang le bona.

Khatello ea Lithaka le Lithethefatsi

Ka itloaetsa lerato la tahi ’me ke ne tahoa hangata ha ke sa le kolecheng. Ka nakoana ka hana moleko oa ho sebelisa lithethefatsi, empa pele ho nako ka hatelloa ke metsoalle ea ka ea “jazz” hore ke leke matekoane. Ka fumana hore ke a rata haholo ’me ka itloaetsa mokhoa o ileng oa tšoarella ka lilemo tse ka bang 10. Ka nako e ’ngoe ke ne ke sebelisa ‘li-amphetamine’ hore ke re etlo empa ha ho mohla ke hlileng ka kenella lithethefatsing tse hlasimollang kapa tse ling tsa mofuta o mong o matla. Empa ke ne ke sebelisa matekoana ka mehla, tsatsi le leng le le leng. Ntle ho mekhelo e fokolang feela, libini tsohle tseo ke li tsebang tlung ea boithabiso ba bosiu ea motse oa Oklahoma le tsona li ne li a sebelisa. Ba bangata ho rōna re ne re bile re itemela oona.

Ha ke qeta kolecheng ka 1963 ka kena tseleng ho leba koana le koana le sehlopha sa Dallas, kaofela ba sebelisa matekoane haholo. Hamorao ka letsetsa sehlopha sa boithabiso ba bosiu se tsoang Toronto. Ra sebetsa karolong eohle e ka bophirima ea United States. Ka fumana hore ho sebelisoa lithethefatsi hohle motseng oa Oklahoma. Har’a libini tsa boithabiso ba bosiu tšebeliso ea lithethefatsi e tletse hohle.

Ka 1968 ke ne ke khutletse motseng oa Oklahoma. Ka nako eo, metsoalle e meng ea ka e ne e lula Los Angeles ’me e nkhothalletsa hore ke ee moo. Kaha motse oo o ne o e-na le menyetla e mengata ea mosebetsi oa libini, ka etsa qeto ea ho leba teng. Ha qalehong ke ne ke rerile hore ke tla bina feela ka nako eitseng, metsoalle ea ka e ne e theile sehlopha sa “rock” ’me e rerile ho leka ho iketsa bathohali ’minong o ratehang.

’Mino oa “rock” oa qetellong ea bo-1960 o ne o hlabolohile haholo ’me o nkhahla haholo ho feta “rock ’n’ roll” ea pele. Monyetla oa ho sebetsa moo ho hatisoang ’mino le ho bokella chelete e ngata le ona oa ipiletsa.

’Mino le Kopano le Meea

E ne e le ho ea qetellong ea mehla ea Mahippie, ’me e mong le e mong o ne a leka ho kenella bolumeling ba Bochabela hammoho le bolepi ba linaleli le mekhoa e meng ea boloi. Joalokaha e le mokhoa, lithethefatsi li ne li le hohle. Koana, ’mino e ne e le pontšo e kholo ea mokhoa ona le tsela ea bophelo.

Sehlopha sa rōna le sona se ne se kenelletse. Ra thahasella bolepi ba linaleli haholo. Ka lekhetlo le leng ra ea ho senohe hore re bolelloe se re tlelang ka bomong le ka sehlopha. Re ne re ea ho I Ching (buka ea Bochabela ea bonohe). Metsoalle ea rōna e ne e akarelletsa baeta-pele ba bolumeli ba Hindu le baloi. Mohlolo, ke ne ke sa nahane hore re kenelletse ka ho teba kopanong le meea, ha re bapisoa le ba bang ba re potileng. Ka bosoasoi feela ra bitsa sehlopha sa rōna “Mephistopheles” (ledemona la tšōmong ea Faust). Sekoahelo sa “album” ea rona se ne se e-na le litšoantšo tse makatsang tsa rōna.

Ha ke hetla morao nakong eo ruri ho bonolo ho bona kamoo lithethefatsi le ho kopana le meea ho neng ho e-na le tšusumetso e matla ’minong. Hase mohlolo hore kajeno, lilemo tse 10 hamorao, bodemona, Bosatane le boitšoaro bo bobe ke tsona tse atileng haholo ’minong o ratehang. Hape ke bona tsela eo ke neng ke e nkile bophelong ’me ke ipotsa feela hore na nka be ke felletse kae hoja lintho tse itseng tsa se ke tsa etsahala selemo ka 1969.

Pono e Ncha Bophelong

Balepi ba bangata ba ne ba bolela hore ho tla ba le tšisinyeho e khōlō ea lefatše ka lebopong le ka bophirima la United States ka ’Mesa 1969. Molemong oa rōna, boholo ba sehlopha sa rōna ba tsoa motseng ka nako eo. Ra rera hore ke nako e ntle ea ho etela Oklahoma hape. Tšisinyeho ha e ka ea tla, empa ra ’na ra ikutloa ka seo re se bonang hohle hore mofere-fere o moholo o haufi. Re ne re hopotse ho bokella chelete e ngata e be re fallela lithabeng pele ntho eohle e tuka.

Nakoana hoba ke khutle Oklahoma, ba babeli ho Lipaki tsa Jehova ba fihla ha ka. Ba qala ho mpontša ka Bibele hore ha e le hantle re phela mehleng ea qetello le hore tsamaiso ea lintho e haufi le ho fela. (Mattheu 24:3-42) Ke nahana hore ba ile ba hlolloa ke ho amohela ha ka kapele ’nete ea hore taolo ea lefatše e senyehile. Ho utloa hore Molimo o tla etsa lefatše lohle Paradeise eo motho a tla phela ka ho sa feleng ho eona ha utloahala ho le monate haholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la litloaelano tsa ka tsa pelenyana le Bojakane, ke ne ke feletsoe ke tumelo Bibeleng ’me ke belaella eng kapa eng e ipitsang Bokreste. Empa ke ne ke batla ho tseba, ’me ho totobetse hore Lipaki li tseba Bibele ea tsona. Eaba ke lumela hore ke tla ithuta Bibele ka mehla.

Pele ke ne ke inahanela ka boithati. Ke ne ke bona hore na Bibele e hloka melao efe bakeng sa ba batlang ho ba Bakreste ba ’nete. (Mattheu 16:24; Johanne 4:23; Jakobo 4:4) Joale e le taba ea ’mino o ileng oa busa bophelo ba ka ho fihlela moo. Le hoja ho se moo Bibele e hanelang ho iphelisa ka ’mino, ka bona hore boemo ba ka bo tla thatafatsa ho phehella mosebetsi oo. Ke ne ke tseba hore boineelo ke eng, kaha ke ne ke ineetse ’minong ka lilemo tse ngata hakana. Hape ke tseba hore mantsoe a Jesu ke ’nete: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli.”—Mattheu 6:24.

Ho Hatella Nthong e Fapaneng

Ka nako ea teng ka kholoa hore Bibele e hlile ke Lentsoe la Molimo. Hape ka hōla leratong la ka ho Jehova le takatsong ea ho mo sebeletsa. Ke ne ke batla ho ea phela Taolong e Ncha eo a e tšepisitseng. (Tite 1:2) Ho tla fihlela nakong eo, bophelo bohle ba ka bo ne bo likoloha ’minong, empa joale o ne o tlameha ho nka sebaka sa bobeli.

Ka Tlhakola 1971 ka kolobetsoa ’me ka Loetse selemong sona seo ka qala ho sebeletsa ka mehla ke le mohlanka oa pula-maliboho Hollywood, California. Ba bang ba babeli bao e neng e le litho tsa “Mephistopheles” le metsoalle e meng e haufi e ’meli ea e-ba Lipaki tsa Jehova. Ka ’na ka sebetsa ke le sebini, empa ke ne ke tlameha ho hlokomela haholo hore mosebetsi oo ke o amohelang ha o kenakenane le lintho tseo ke neng ke ananela hore Molimo oa li nyatsa. Ka boetse ka sebetsa ke le mohloekisi le moqhobi hore ke tsebe ho phela tšebeletsong ea ka.

Ka 1973 ka memeloa ho ea sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Ke bile moo ho tla fihlela joale. Le hoja e le lilengoana ha ke ne ke tšoarehile ’minong hore ke phele, ke sa ntsane ke letsa le ho kopanela le ba bang ’mino oo ke o thabelang, libokeng tsa Bokreste le linakong tsa boithabiso le Lipaki tse ling. Ke tseba Lipaki tse ling tse ’nileng tsa tsoela pele ho phela ka ’mino ’me li atlehile ho sebetsa e le libini le basebeletsi ba Bakreste. Empa hona ba bile le hona ho ho etsa ka hore ba bee ’mino sebakeng se o loketseng. Lerato la bona la pele ke boineelo ba bona ho Jehova le tšebeletso ea hae. Hape, ba bile hlokolosi haholo ho ikalosa monahanong le litseleng tseo libini tse ling tseo e seng Bakreste li nang le tsona.—1 Ba-Korinthe 15:33.

Joale ke lebelletse nako ea ha ’mino o tla binoa le ho thabeloa ka ntle ho tšusumetso ea tsamaiso e silafetseng le e boitšoaro bo bobe. Joale metheo e lokileng ea Molimo e tla busa lefatše le ’mino ’ohle e tla ba o hahang, mohloli oa thoriso ho Jehova.—Esaia 11:9; 54:13; Pesaleme ea 135:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Lilemong tse fetileng tse 15

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

. . . le kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela