Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 7/15 maq. 12-17
  • Sebaka sa ho Bolela Evangeli Borapeling ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebaka sa ho Bolela Evangeli Borapeling ba ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Hlahisa Litaba tse Molemo
  • Kabelo ea Kreste: Bolelang Evangeli!
  • Barutuoa Bohle ba Boletse Evangeli
  • Ho Bolela Evangeli ho Akarelletsa ho Lemosa
  • Ho Boleloa ha Evangeli Kajeno
  • Baboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bakreste Bohle ba ’Nete ke Baevangeli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lipaki Tsa Jehova ke Baevangeli ba ’Nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 7/15 maq. 12-17

Sebaka sa ho Bolela Evangeli Borapeling ba ’Nete

“Tumelo ea lōna e se ke ea theoa bohlaleng ba batho, e mpe e theoe matleng a Molimo.”—1 BA-KORINTHE 2:5.

1. (a) Lipaki tsa Jehova li tsebisahala ka tšebetso efe lefatšeng lohle? (b) Tšebetso ee ke ea bohlokoa hakae?

LIPAKI TSA JEHOVA li tsejoa lefatše lohle e le baboleli ba evangeli, ke hore, manqosa a litaba tse molemo. J. A. Beckford setsebi sa kahisano sa Lenyesemane o hlokometse hona ho Social Compass ea Pherekhong 1977: “Lipaki tsa Jehova li balelloa har’a baboleli ba evangeli ba tšoarehileng haholo le ba matla le ba etsang barutuoa ho feta bohle lefatšeng la kajeno.” A phaella: “Lena ke lebaka le totobetseng, le hoja le lebaloa hangata, la ho hōla ha mokhatlo oa Watchtower.” Empa na mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa ke o khahlehang ho Jehova? Histori le linnete tsa kajeno li re E! Ho boleloa ha Evangeli, ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ke tšiea ea Bokreste. Ke letšoao la nakong e fetileng le la hona joale la batho ba Molimo.

2. Ho bolela ka ’Muso ho finyella eng?

2 Ho bolela ka ’Muso ho finyella eng? Ka lehlakoreng le leng, ho nolofaletsa batho hore ba bontše ka ho hlakileng lerato le kananelo bakeng sa Molimo o Matla ’Ohle le pōpo ea Hae ea batho. (Mattheu 22:37-39) ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, ka ho boleloa ha evangeli bohlale ba Jehova boo ho seng bo kang bona le matla a tsotehang li tsebisoa ba bang.—Liketso 1:8; 4:33; Ba-Efese 3:10.

Jehova o Hlahisa Litaba tse Molemo

3. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ka hlalosoa hore ke ’moleli oa evangeli? (b) Evangeli e likoloha ho mang, ’me thomo ea hae e bile efe?

3 Jehova ke eena ’Moleli oa pele oa evangeli, kapa ea ileng a tlisa litaba tse molemo. Boprofeta ba hae ba pele bo boletse litaba tse molemo tsa topollo bakeng sa batho ba sa phethahalang ka “peō” e tšepisitsoeng. (Genese 3:15) Hamorao, Esaia e le eena ’muelli oa hae oa moprofeta, Molimo oa hla oa bolela hore Messia, Jesu Kreste, e le Ea ka sehloohong oa “peō,” o ne a tla ‘bolella ba malimabe taba tse molemo.’ (Esaia 61:1) Kahoo Jehova o ne a rerile hore Kreste e be ’moleli oa litaba tse molemo—’moleli oa evangeli!

4, 5. Mangeloi a sebelitse joaloka baboleli ba evangeli joang?

4 Jehova o laetse ba bang hoba ba bolele evangeli. Libopuoa tse matla tsa moea, mangeloi, li nkile karolo mosebetsing ona o amoheloang ke Molimo. Taba e khahlisang ke hore, ka Seheberu le ka Segerike lentsoe “lengeloi” le hlile le bolela “lenqosa,” ’me mantsoe “’moleli oa evangeli” a nkiloe mantsoeng a mabeli a Segerike a bolelang “molemo” le “lengeloi” (kapa, “lenqosa”). Ka mohlala, lengeloi la Molimo “le boleletse Abrahama Evangeli eo pele.” (Ba-Galata 3:8; Genese 22:15-18) Litaba tseo tse molemo e ne e le tsa hore lesika la Abrahama ke lona le tla hlahisa “peō,” le hore lichaba tsohle li tla hle li itlhohonolofatse ka “peo” eo. (Genese 12:2, 3) Lilemo tse likete tse peli hamorao lengeloi Gabriele, le sebetsa joaloka ’moleli oa evangeli, la tsebisa Zakaria hore ho tla tsoaloa Johanne Mokolobetsi, le re: “Ke romiloe ho bua le uena, le ho u bolella litaba tsena tse monate.” Johanne Mokolobetsi a lokisa tsela ea ea ka sehloohong oa “peo” ea Abrahama, Jesu Kreste.—Luka 1:19.

5 A boetse a sebetsa e le ’moleli oa evangeli, Gabriele a itlhahisa ho Maria ho mo tlisetsa litaba tse molemo tsa hore ho tla tsoaloa Jesu. (Luka 1:26-38) Likhoeli hamorao, balisa ba makatsoa ke ’moleli oa lengeloi a re: “Se tšabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kholo, e monate, ee e tla ba ea sechaba kaofela.” Eaba libopuoa tse ngata tsa moea li ikopanya le lengeloi lena ho tiisa molaetsa ona oa evangeli. (Luka 2:8-14) Bopaki bo fetisisang ba matla a Molimo a ho romela litaba tse molemo ka mangeloi ha boa khaotsa ka ho tsoaloa ha Mora oa oona empa bo ’nile ba tsoela pele le pale ea lekholo la pele la lilemo ea phutheho ea Bokreste. Lengeloi la lokolla baapostola ba litlamong ’me la laela: “Le bolelle sechaba.” (Liketso 5:20) Mangeloi a ile a fana ka tataiso ea hore ho fumanoe batho ba thahasellang le ho thusa bahlanka ba Molimo. (Liketso 8:26; 10:3; 12:7-11) ’Me moapostola Johanne, ea hlalositseng lintho ka pululelo ka “letsatsi la Morena,” o bone ‘lengeloi le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolela’—ha e le hantle, bolebeli ba ho jaloa ha molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle ke bahlanka ba Jehova ba lefatšeng.—Tšenolo 1:10; 14:6.

Kabelo ea Kreste: Bolelang Evangeli!

6. (a) Jesu o ralile motheo ofe bakeng sa ho boleloa ha evangeli? (b) Jesu o tiisitse joang hore mosebetsi oa ho bolela evangeli o tla tsoela pele kamorao ho lefu la hae?

6 Ke hobane’ng ha phutheho ea pele ea Bokreste e ne e le matla hakaale e bile e le sebete ho pakeng ha eona? Hobane Kreste, joaloka Mothei, o sebelisitse bohlale ba Molimo le matla ho haha holim’a hae phutheho e nyolohang butle-butle ea baboleli ba evangeli. Kreste o entse hona ka litsela tse peli. Ea pele, o phethile kabelo e neng e mo tobile ho “bolella ba malimabe taba tse molemo.” (Esaia 61:1) Ea bobeli, ka boeena a koetlisa metsoalle ea hae e haufi-ufi e 12 ho bolela le ho koetlisa ba bang hape ba 70. Ka tsela eo Kreste a thea koakoariri ea baboleli hore ba ntšetse pele mosebetsi oa boboleli ba evangeli kamorao ho lefu la hae.—Mattheu 10:5-42; Luka 10:1-16.

7. Ha ho tlisoa evangeli ho batho, bohlale ba Molimo bo fapane joang le bohlale ba batho?

7 Jesu e ne e le monna oa ketso boboleling ba ’Muso. O ne a tšoarehile ho boleleng evangeli hobane o ne a tseba hore ho hlokahala hore batho ba utloe litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo—’muso o mocha oa leholimo o tla tlisa khotso e sa feleng lefatšeng ’me o tlosa sohle se tepeletsang. Kahoo kamor’a ho phetha leeto la ho bolela evangeli metseng le metsaneng le ho hlokomela boemo bo hlomolang ba moea ba batho, a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mattheu 9:37, 38) Ka potlako Jesu a qala ho phethisa kopo eo. E ’ngoe ea litaelo tsa hae tsa pele ho baapostola ba hae e bile e reng: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” Mohoo oa hae e ne e le hore batho ba bolelloe. Ho thoba lipelo tsa batho ba tšoenyehileng, bohlale ba batho bo ne bo ka ’na ba hloka hore ho theoe lenaneo la puso ea bathonngoa kapa lekhotla la bokhukhuni hore ho phethoe mosebetsi ona; empa Kreste a bontša bohlale ba Molimo. Ka bonolo feela: ‘Tsamaeang, le bolele.’—Mattheu 10:7.

8. Khato ea Kreste e bile efe ha barutuoa ba hae ba khutla boboleling ba bona, hona hobane’ng?

8 Hoba a fane ka litaelo tseo, Jesu a buisana le ba bang ’me a ba bolella hore le bona ba bolele evangeli. Ha baboleli bana ba khutla ka tlaleho ea hore ba atlehile, Jesu a tlala thabo ’me a re: “Kea u rorisa, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, kahobane litaba tsena u li patetse ba bohlale le ba kelello, ’me u li senoletse masea.” (Luka 10:21) “Masea” ao e ne e le barutuoa ba holileng ba Kreste, ’me ho bolela evangeli e ne e le sehlomo sa bona ho koahollela ba bang ’nete ea Molimo. Ka baka leo, e ne e se bohlale ba batho kapa matla tse theileng ka tieo Bokreste ba ’nete, empa ke bohlale ba Molimo le matla joalokaha li bontšoa ka boboleli ba ’Muso.

Barutuoa Bohle ba Boletse Evangeli

9. Fana ka mehlala ea kamoo bangoli ba histori ba bontšang kamoo motheo oa Bokreste ba pele e neng e le boboleli ba ’Muso.

9 Haeba ho boleloa ha evangeli ke setšehetso sa Bokreste, Bakreste bohle ba pele ba tlameha e be e ne e le baboleli ba evangeli. Na ho joalo? Histori e re, E! Hlokomela hore na libuka tsena tsa litšupiso li re’ng ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo:

“Bakreste bohle le e mong le e mong ho bona e ne e le ‘baromuoa’ mehleng eo.”—History of Western Civilization.

“Tšebetso ena ea thōmo ea pele e bontša hore lebotho la baromuoa ba pele ho hang le ne le sa fella ho Baapostola feela. Ho e-na le hoo, sechaba sohle sa Bakreste se ne se amehile kaofela.”—New Catholic Encyclopedia.

“Takatso ea ho bea bopaki ba tumelo ea hae le tsela eo a phelang ka eona ke tšobotsi e lebelletsoeng ho Mokreste ka mong.”—Encyclopedia Americana.

10. (a) Phutheho ea Bokreste e fetohile phutheho ea boboleli ba evangeli neng? (b) Ke mpho efe ea mohlolo eo Molimo o ileng oa e nea Bakreste ba pele, hona ka morero ofe?

10 Ho tloha qalehong ea phutheho ea Bokreste ka 33 C.E., e ne e le phutheho ea baboleli ba evangeli. Litho tsa eona tsa pele tsa barutuoa ba ka bang 120 ha lia ka tsa senya nako ea ho ba baboleli ba ’Muso. Histori e halalelang e tlaleha hore “bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba qala ho bua.” Ka kopo, hlokomela hore bohle, e seng ba bang feela, ba qala ho bua “limakatso tsa Molimo.” (Liketso 2:4, 11) Mona e ne e le bopaki ba matla a Molimo le bohlale tse pompelang barapeli bana ba amohelang matla a hlollang a ho paka ka lipuo tseo ho seng mohla ba kileng ba ithuta tsona sekolong. Mohlolo oa thea phutheho ea Bokreste motheong oa ho bolela evangeli.

11. Petrose o hatisitse joang hore Bakreste bohle e lokela ho ba baboleli?

11 Hamoraonyana hona mohlang oo Petrose a sebelisa boprofeta ba Joele phuthehong e theiloeng bocha ea Bokreste: “Mehleng ea bofelo, ho bolela Molimo, ke tla tšèla nama eohle ka Moea oa ka; bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta; ba bacha ba lōna ba tla bona lipono, ’me maqheku a lōna a tla lora litoro. Mehleng eo, ke fela ke tla tšèla bahlanka ba ka ba batona le ba batšehali ka Moea oa ka, ’me ba tla profeta.” (Liketso 2:17, 18; Joele 2:28, 29) Mokreste ofe kapa ofe le bohle ba ne ba lokela ho ba baboleli ba evangeli. Banna, basali le bacha ba ne ba tla ba le karolo e mafolo-folo ho profeteng kapa ho boleleng, ho bueng, ba kokomoha ke molaetsa oa litaba tse molemo.

Ho Bolela Evangeli ho Akarelletsa ho Lemosa

12. Ke hobane’ng ha molaetsa oa ’Muso oa Molimo e se litaba tse molemo ho bohle?

12 Molaetsa oa litaba tsa ’Muso oa Molimo hase litaba tse molemo ho bohle, hobane o akarelletsa temoso ea timetso. Tsamaiso ea hona joale e khopo le batšehetsi bohle ba eona e tlameha ho fela haeba litaba tse molemo li tla ba le molemo oa ka mehla le mehla. (Liproverbia 21:18) Barapeli ba lipelo li tšepahalang ba Jehova ba ke ke ba fetola lefatše lena ho le etsa paradeise haeba ho e-na le mephula ea bokhopo e salletseng ho qaphaletsa botle ba lona. Motšehetsi oa litaba tse molemo ha a ka a fana feela ka taelo ea ho “bolela ngoaha oa mehauhelo ea Jehova” empa hape le ho bolela “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” (Esaia 61:2) Ka ho tšoanang, molaetsa oa le leng la mangeloi a boletsoeng ho Tšenolo o akarelletsa mantsoe ana: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile.”—Tšenolo 14:7.

13. (a) Bakreste ba pele ba bile le boikutlo bofe ka ho bolela evangeli? (b) U sebelisa lengolo, bontša kamoo Bakreste ba pele ba neng ba utloisisa hore ho potlakile.

13 Ka kutloisiso ea ho potlaka, Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba jetse litaba tse molemo ka mokhoa o potlakileng ka ho fetisisa o neng o le teng. Tšobotsi ena ea litaba tse molemo e ile ea tsebahatsa le bona Bakreste ba pele. “Ho lebella ha Bakreste bofelo ha hoa ka ha bontšoa feela ka ho labalabela ho tla ha ’muso oa Molimo ka boiphapanyo” empa “ho ne ho bontšoa ka mafolo-folo a fetisisang le ho phahamisoa ha boiteko ba ho lokisa lefatše bakeng sa ho khutla ha Kreste le ho tla ha ’Muso,” kamoo ho hlalosang Encyclopædia Britannica. Nako le nako liphutheho li ne li phehelloa hore bofelo bo haufi le hore ke habohlokoa hore li lule li lokile. Baapostola ba lemoha hore ho bolela evangeli ka potlako e ne e le karolo ea bohlokoa ea Bokreste haeba ho ne ho tla fihloa ho batho bohle pele letsatsi la liphetetso tsa Molimo le fihla. Ka baka leo, Bokreste ba runya hohle.—Ba-Roma 10:13, 14; 1 Ba-Thessalonika 5:2, 6; 2 Petrose 3:11-14.

14, 15. Lerumo la ho boleloa ha evangeli le susumelitse histori joang?

14 Le hoja molumo o hlakileng oa molaetsa oa ’Muso o ile oa bupetsoa le ho sothoa kamorao ho lekholo la pele la lilemo, ho lebelloa ha bofelo ha lula e le matla a maholo. Ka mohlala, ho latela bangoli ba bang ba lipale, maeto a Columbus a lekholong la bo15 la lilemo ho ea karolong e ka bophirima ea lefatše karolo e ’ngoe ea oona e ne e susumetsoa ke tumelo ea hore ho tlameha ho fihloe India kapele ka litaba tse molemo pele Kreste a khutla. Ho falla ha baahi hamorao, ho kang ha Mapurutone ha lekholong la bo17 la lilemo, ho falla ha Mabaptiste lekholong la bo18 la lilemo, ho fallela ha Maquaker le Mamethodiste Amerika, le ho fallela ha Majeremane Russia le Palestina makholong a bo18 le bo19 a lilemo ho ne ho susumetsoa ke maikutlo oona ao.

15 Ka baka leo, na ho ka boleloa hore mosebetsi oa ho bolela evangeli o qalileng ka Jesu Kreste o bile le liphello tse fihlang hole le tse nkileng nako? Pale e arabela ka hore E. Le hoja lerumo la boboleli ba evangeli le ne le sa tobisoa hantle ka mokhoa o laetsoeng ke Kreste, empa matla a lona a ’nile a e-ba maholo lefatšeng. Encyclopædia Britannica e phetha kakaretso ea eona ka “Bokreste” ka polelo ena: “Bokreste ke matla a moea a susumelitseng histori ea batho ka matla haholo ’me mohlomong a bile a e fetotse ka matla haholoanyane ho feta eng kapa eng.”

Ho Boleloa ha Evangeli Kajeno

16. (a) Ho ka fihleloa qeto efe ka Bakreste ba lekholo la pele la lilemo? (b) Ho ka botsoa potso efe ka bopaki ba kajeno?

16 Ho hlahlojoa ha litlaleho tsena tse halalelang le tsa lefatše tsa histori ho hlahisa qeto e le ’ngoe ea bohlokoa: Bakreste bohle ba lekholong la pele la lilemo e ne e le baboleli ba evangeli. Ho ba Mokreste le ho lula u le eena, motho o ne a tlameha ho bolela ka mehla. Kajeno, he, na hona ke tsela e tala, e sa rateheng ea borapeli, e sa ipiletseng mehleng ea kajeno? Mohlomong ho joalo ka monahano oa motho empa e seng ka oa Molimo.—Liproverbia 16:25; Jeremia 8:9.

17. Lipaki tsa Jehova li tsosolositse letšoao la ’nete la boboleli ba evangeli joang?

17 Histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e bontša hore li tsosolositse molumo oa ’nete le o hlakileng oa molaetsa oa ’Muso oa litaba tse molemo. Kutlong ea thomo ea Kreste li tšoarehile mosebetsing o moholo ka ho fetisisa oa ho bolela evangeli. Bopaki ba lefatše lohle bo lokela ho etsoa pele bofelo ba tsamaiso ena bo fihla. (Mattheu 24:14) Ka lilemo tse fetileng tse 100 ke hona moo Lipaki tsa Jehova li tobileng teng haholo. Tokollo ea pele ea Molula-Qhooa, ka nako eo o bitsoa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, e ile ea hlalosa morero oa eona ka mokhoa o latelang:

“Ena ke ea pele moqolong oa pele oa Zion’s Watch Tower,’ ’me mohlomong hase phoso ho bolela sepheo seo e hatisoang ka sona. Hore re phela ‘mehleng ea qetello’ . . . ’me re lakatsa hore ’ntlo ea tumelo’ e falimehele ntlha eo ka ho feletseng.”—Phupu 1879.

Hamorao, ka 1884, Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo oa baboleli ba evangeli ba hlophisa mokhatlo oa tšebelisano. Morero oa oona oa thathamisoa sehloohong sa bobeli sa molao oa oona oa motheo ka mantsoe ana:

“Sepheo seo mokhatlo o theoang ka sona ke ho abjoa ha linnete tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng ka ho hatisoa ha lipampitšana, libukana, lipampiri le lingoliloeng tse ling tsa bolumeli, le ka mekhoa e meng eohle e lumelloang ke molao.”

Na likofuto tsena li ’nile tsa phetha sepheo se boletsoeng sa tsona? Histori e re E.

18. Mosebetsi oa boboleli ba evangeli oa batho ba Jehova o hapile tlhokomelo ea lefatše joang?

18 Mosebetsi oa ho bolela evangeli oa Lipaki tsa Jehova o hapile tlhokomelo ea lefatše. O hlokometsoe ’me o ngotsoe mecheng ea litaba, makhotleng a phahameng ka ho fetisisa le libukeng tsa histori. Ho tloha ka tokollo ea pele ea Molula-Qhooa ka puo e le ’ngoe, ha ho ne ho hatisoa likoranta tse 6 000 ka khoeli, hona joale ho hatisoa likoranta tse 10 500 000 ka lipuo tse 102, o tsamaisoa haholo ho feta koranta leha e le efe ea bolumeli. Ho tloha ka lihora tse likete tse seng kae ka selemo tse neng li sebelisoa mosebetsing oa ho bolela evangeli lekholong la lilemo la bo19, keketseho e bile e tsotehang. Ka 1982 ho ile ha neeloa lihora tse fetang limillione tse 384 mosebetsing oa ho bolela, ha tsamaisoa lingoliloeng tse limillione tse 286, ’me malapa a fetang halofo ea millione a fumana taeo e sa lefelloeng ea Bibele linaheng le libakeng tse 205. Hona hohle ho phethiloe ke palo e fokolang haholo ea batho—2 477 608 ka 1982.

19. (a) Lipaki tsa Jehova li lebisa tlotla ea katleho ea mosebetsi oa tsona oa ho bolela evangeli lefatšeng lohle ho mang? (b) Haeba u ’moleli oa evangeli, u lokela ho etsa joang, ho latela Mattheu 10:7?

19 Na Lipaki tsa Jehova li re tlaleho ee e hlollang e tlile ka baka la bohlale ba tsona le matla? Che. Tlotla eohle ke ea Molimo oa rōna o bohlale le o matla, Jehova, eena ’Moleli oa pele oa evangeli. Joale u tla etsa joang? Haeba u bona sebaka sa boboleli ba evangeli borapeling ba ’nete ’me ka tieo u lakatsa ho khahlisa Jehova, joale ka mehla, beke le beke, bolela evangeli, kapa ka mantsoe a Jesu: ‘TSAMAEA, U BOLELE’!—Mattheu 10:7.

Na U ka Arabela Lipotso Tsee—

◻ Jehova o hlahisitse ho boleloa ha litaba tse molemo joang?

◻ Mangeloi a bile le karolo efe ho boleleng litaba tse molemo?

◻ Jesu Kreste o ne a hokelletsoe ho etseng mosebetsi ofe?

◻ Ke hobane’ng ha ho ka thoe hore motho e be Mokreste oa ’nete o lokela ho ba ’moleli oa evangeli?

◻ Ke tebello efe e lutseng e le matla bakeng sa ba ipolelang hore ke balateli ba Kreste?

◻ Lipaki tsa Jehova li ipaka joang e le baboleli ba ’nete ba evangeli kajeno?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Baboleli ba evangeli ba leholimo le ba lefatše baa sebelisana hore evangeli e boleloe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela