Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 7/15 maq. 24-28
  • Timothea o Eletsoa ke Monna e Moholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Timothea o Eletsoa ke Monna e Moholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamano ea Pauluse le Timothea
  • “U Eme ho Tseo u Ithutileng Tsona”
  • “U Tiisetse Mohlaleng oa Litaba tsa Pholoho”
  • “Ba Lisang Hantle”
  • “E be Uena u Etsetsang Balumeli Mehlala”
  • Timothea—“Ngoana oa ’Nete Tumelong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Re ka Thusoa Ke’ng ho Tšoara Lentsoe la ’Nete ka Nepo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Ngoana oa ka ea Ratoang le ea Tšepahalang Moreneng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Buka ea Bibele ea 54—1 Timothea
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 7/15 maq. 24-28

Timothea o Eletsoa ke Monna e Moholo

KHALENYANA baholo ba phutheho ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova ba ile ba amohela lengolo le tsoang ho Mokreste oa habo bona, leo karolo e ’ngoe ea lona e neng e re: “Le nthusitse haholo hoo le ’na ke batlang hore le tsebe kamoo ke lebohang seo le nketselitseng sona. Kajeno ke e mong oa batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng. Lerato la lōna le thuso ea lōna le nthusitse hore e be ke seo ke leng sona. Ke le leboha haholo.”

Ha ho tika-tiko hore lengolo lena le ile la thabisa baholo bana. Baholo ba tšepahalang ka mehla ba ’nile ba thabela tsela eo baena le likhaitseli tsa bona tsa Bakreste ba ba hlomphang ka eona. ’Me baholo bao e seng e le khale ba li bona ba ’nile ba eletsa hangata ba bacha le ba se nang tsebo e kaalo hore na ba ka ipaka ba lokeloa ke hlompho e joalo joang. Moapostola Pauluse, ka mohlala, o entse joalo mangolong a hae a mabeli ho eo e neng e le moholo le eena empa a le monyenyane lilemong, Timothea.

Kamano e lerato e neng e le teng pakeng tsa Pauluse le Timothea e bile teng joang? Re ka ithuta eng ka keletso ea Pauluse?

Kamano ea Pauluse le Timothea

Ho bonahala Timothea a kopane le Pauluse hoo e ka bang ka 47-48 C.E. ha Pauluse a tla Lystra ka leeto la hae la pele la boromuoa. Mohlomong ka nako eo Timothea o ne a s’o be le lilemo li mashome a mabeli. Leetong lena Timothea, ’m’ae Eunice le nkhon’oa Loise ea e-ba Bakreste. Leha ho le joalo, ntate oa Timothea e ne e le Mogerike ea sa lumelang. Mohlomong Pauluse o ne a thahasella haholo boiketlo ba Timothea ka lebaka lona lena. Leha ho le joalo, Timothea a tsoela pele hantle le ho hōlisa tumelo “e se nang boiketsiso.’’ (1 Timothea 1:5) Ke ha Pauluse a khutlela Lystra leetong la hae la bobeli la boromuoa, hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao moo Pauluse a ileng a khetha Timothea hore e be motsoalle eo a tsamaeang le eena.

Ha latela tloaelano ea lilemo tse ka bang 15 le moapostola Pauluse. Ke ha a ntse a sebeletsa e le moholo Efese moo Timothea a ileng a amohela lengolo la pele la Pauluse. Le ngotsoe nakoana kamorao ho hore Pauluse a lokolloe litlamong Roma ka 61 C.E. le pele a kenngoa litlamong ka lekhetlo la bobeli ka 64 C.E. Lengolo la bobeli mohlomong le ngotsoe hoo e ka bang ka 65 C.E., nakoana pele ho lefu la Pauluse.—2 Timothea 4:6-8.

Lerato leo Pauluse a neng a rata Timothea ka lona ha lea ipata, hobane o mo bitsa “mora oa ka oa sebele tumelong,” le “mora oa ka ea ratoang.” Kahoo keletso ea bontate ea Pauluse ea hore “u n’o noa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la lipabo tsa hao tse ngata,’’ e tšoaneleha haholo. ’Me ha Pauluse a bona hore o se a le haufi le ho shoa, ebile ntho ea tlhaho ho eena hore a ngole: “Akofa ho tla ho ’na kapele.” Thahasello ea botho ea Pauluse ho Timothea e bonahala ka ho ikhethang lengolong la hae la bobeli, moo mantsoe “uena,” “ea hao’’ le “u” a hlahang ka makhetlo a 25 (NW) lekholong ho feta lengolong la hae la pele. Ka ho totobetseng moholo enoa oa monna moholo o ne a hlile a rata motsoalle oa hae e monyenyane ’me a thahasella boiketlo ba hae ba botho.—1 Timothea 1:2; 5:23; 2 Timothea 1:2; 4:9.

Ho phaella moo, ebile e le habohlokoa haholo, Pauluse o ne a batla ha Timothea a sebeletsa lithahasello tsa phutheho ea Bokreste hantle. Ka ho tseba mefokolo ea Timothea ’meleng le kelellong, hape le ka ho hlokomela hore ka ho ba monyenyane lilemong o ne a ka kenelloa habonolo ke “litakatso tsa bocha,” Pauluse a eletsa: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; ’me u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.” (2 Timothea 2:22; 1 Timothea 4:16) Timothea o ile a leboha hakaakang hore a fumane keletso e halalelang e tsoang ho moholo ea mo fetang ka lilemo le ea nang le tsebo e fetang ea hae! Baholo ba bacha kajeno le bona ba ananela thuso e joalo le tsamaiso. Empa keletso ea Pauluse ho Timothea e ne e akarelletsa eng?

“U Eme ho Tseo u Ithutileng Tsona”

Hore motho a tsoele pele ka tsela ea hae e tšepahalang e le Mokreste—ebang u moholo kapa che—ho hloka ho itšetleha ka Molimo ka ho feletseng. Le ka mohla motho a se ke a tšepa matla kapa mokoka oa bocha. Bohlokoa ba thapelo bo se ke ba telloa le ka letsatsi. Ka baka leo, keletso ea Pauluse e bile e tšoanelang hantle: “Ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masoeu, ho se bohale le khang.” (1 Timothea 2:8) Ke habohlokoa hakaakang hore baholo, ha ba kopane ho buisana ka litaba tsa phutheho, ba kōpe tataiso ea Molimo. Ho bontša ho tšepahala ho Jehova ka tsela ena ho thibela likhang tse sa feleng le khalefelano e ka ’nang ea hlaha.

Hore Bakreste ba mamelle, ba lokela ho lula haufi le phutheho le ho thahasella katleho ea eona. Ntlheng ena, Pauluse a eletsa hore ho rapelloe “marena le bohle ba boholong.” Koana, Timothea o ile a hlokomela hore tsena e ne e se lithapelo tsa ho hlohonolofatsa mapolotiki tse kang tse etsoang ke baruti ba kajeno. Ho e-na le hoo, e ne e le liqelo ho Molimo hore o susumetse baholo ba mebuso ba lefatše hore ba lumelle Bakreste hore ba ’ne ba “iphelele khotsong le boiketlong,” ba bolela molaetsa oa ’Muso “ka borapeli bohle le ka bokhabane.”—1 Timothea 2:1, 2.

Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ho nahana ka tsela e tšepahalang ea ba bang ho tla thusa Timothea ho ‘ema ho tseo a ithutileng tsona.’ Eaba Pauluse o-oa ngola: “Ha e le uena, u rutehile thuto ea ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ea ka, le tumelo ea ka, le mamello ea ka, le lerato la ka, le sebete sa ka; le lihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela.” (2 Timothea 3:14, 10, 11) Baholo ba seng ba hōlile ba baloang ka likete kajeno ba bea mohlala o motle joaloka Pauluse, hona ho akarelletsa mokhoa oa bona oa ho ruta.—1 Ba-Korinthe 4:17.

“U Tiisetse Mohlaleng oa Litaba tsa Pholoho”

“Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka kholo ea ho loka.” Ke molaetsa o hloekileng oa ’nete ea Mangolo o etsang hore Mokreste “a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba Efese, ba ne ba se ba sa lumellane le seo Pauluse a se bitsang ‘mohlala oa litaba tsa pholoho.’ (2 Timothea 1:13) Ba ne ba “joea ke lefu la liphetolano le la likhang [tsa mantsoe].” Ba bang ba ne ba etsa “likomang” ka mafeela. (1 Timothea 6:4, 5) Kahoo keletso ea Pauluse e ne e le hore “u furalle likhang tsohle tsa booatla, . . . etsoe u tseba hoba li tsoala lintoa.” (2 Timothea 2:23) Ho joalo le kajeno, baholo ba lokela ho lebisa tlhokomelo ea bona linthong tsa bohlokoa kannete, tse tla thusa Bakreste ‘ho hapa bophelo bo sa feleng.’ Lintho tsee tsa bohlokoa ke life? ’Muso o hlomiloeng oa Molimo, mosebetsi oa boboleli le tsela eo Mokreste a phelang ka eona.—1 Timothea 6:11, 12.

Mehleng ea Timothea Hymenea le Filete, ’me mohlomong le ba bang, ba ne ba tlatsa thuto tsa bohata, “ba liha tumelo ea ba bang.” Ka lebaka la ho kheloha ’nete joalo, Pauluse o itse, ‘ke ba neetse Satane.’ Ho hlakile hore ba ile ba khaoloa phuthehong. (2 Timothea 2:17, 18; 1 Timothea 1:20) Re se ke ra lebella boemo bo fapaneng kajeno. Pauluse o lemositse hore “mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Moholo e monyenyane, ea se nang tsebo a ka ’na a ferekana haholo ke sena, empa haa tšoanela joalo. Bokoenehi ba ba bang ha bo fetole ’nete ka tsela efe kapa efe. Bo mpa bo tšoaea bakoenehi joaloka batho bao ‘tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla khelosa litsebe tsa bona ’neteng.’—2 Timothea 4:3, 4.

Ho akarelletsoang “mohlaleng oa litaba tsa pholoho,” kapa ‘thutong ea pholoho,’ ke ho phela ka boitšoaro bo hloekileng. (2 Timothea 1:13; 4:3) Baholo ba bang ba banyenyane ba ka ’na ba ikutloa hore ba lokela ho nka boemo bo ipapisitseng le linako haholoanyane, bo lokohileng haholoanyane ka taba ea “sebe,” kapa lintho tseo ho thoeng ke tsa letsoalo la motho ka mong. Empa likhang tsa bohlale ba lefatše tse sireletsang bobe hase eng kapa eng ha e se “lipolelo tsa lefeela, tsa bonyefoli.” Pauluse a phehella hore a tlohe bohlaleng ba lefatše, “liphapang tsa tsebo e bitsoang joalo ka leshano.”—1 Timothea 6:20, 21.

Tsebo ea ’nete e fumanoa ka boithuto ba botho tlas’a tataiso ea moea oa Molimo le phutheho ea Oona. Ke sona se nolofaletsang moholo kapa Mokreste ofe le ofe ho ‘tiea matla ho iketsa ea lumelehang ho Molimo, mosebeletsi ea se nang ho nyatsuoa, ea rutang lentsoe la ’nete ka ho loka.’ A ke ke a tšoana le baeta-pele ba bohata ba bolumeli ba ‘‘ithutang ka mehla, empa e le ba sitoang ho fihla tsebong ea ’nete le ka mohla o le mong.”—2 Timothea 2:15; 3:7.

“Ba Lisang Hantle”

Ho ‘lisa hantle’ moholo oa Mokreste ho hlokahala hore “a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, . . . A rute ka bonolo.” (1 Timothea 5:17; 2 Timothea 2:24, 25) Setho ka seng sa phutheho se lokela ho sebetsoa e le motho ka mong. Phihlelo ea Pauluse ea lilemo-lemo e ne e mo rutile bohlale ba ho khothatsa banna ba hōlileng joaloka bo-ntate, “ba bacha joale ka hoja ke banab’eno; basali ba hōlileng joale ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joale ka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.”—1 Timothea 5:1, 2.

Ha motho e mocha a fumana tsebo o ntlafatsa leihlo la mathata le litlhoko tsa ba bang. Timothea o ne a lokela ho falimehela maemo a itseng a neng a ka ’na a hloka tlhokomelo ea hae. Na ho ne ho le teng bahlolohali, ka mohlala, ba se nang beng ka bona ba haufi, bao ho neng ho hlokahala hore ba hlokomeloe? Na bahlanka ba bang ba Bakreste le benghali ba Bakreste (joaloka mohiri le mohiruoa oa Mokreste kajeno) ba na le pono e fosahetseng ka kamano ea bona e hlokang ho lokisoa? Kaha ba ne ba phela Efese, setsi se enneng sa khoebo, na ho ne ho hlokahala hore ba bang ba hopotsoe hore, “ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng”? Na ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba enneng ba eletsoe “hore ba se ke ba ikhohomosa, ba se ke ba tšepa moruo o sa tieang, ba mpe ba tšepe Molimo o phelang”?—1 Timothea 5:3-16; 6:1, 2, 9, 17-19.

Na ba bang ka phuthehong ba ne ba se ba hlokometse, ’me mohlomong ba lemohile liketso tsa boetsalibe tsa ba sa rateng ho tšoarella melaong ea Molimo? Pauluse a eletsa hore, “ba etsang libe, u ba khalemele pel’a bohle [ba hlokometseng joalo, ba bang [ba lemohileng] ba tle ba be le tšabo.” Basali ba ka phuthehong bona ho thoe’ng ka bona? Na le bona ‘ba bokhabane, hase baetselletsi, ba falimehile le ho tšepeha nthong tsohle’? Kapa na ba bang ho bona ba ne ba hlokomoloha tokisetso ea Molimo e sa ‘lumelleng mosali ho ruta le ho laola monna’ ka phuthehong?—1 Timothea 5:20; 3:11; 2:11, 12.

Na banna ba khetheloang ho sebeletsa joaloka baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ne ba khethoa ka hloko le tlhokomelo e hlokahalang? Pauluse a eletsa, “u se ke ua phaka ua bea motho matsoho.” Likhetho tsa baholo le bahlanka ba sebeletsang ha lia tšoanela ho etsoa motheong oa boikutlo ba botho, empa leseling la se hlokoang ke Molimo. Ha ba buisana ka likhetho tse joalo, ke hantle ba baholo ba banyenyane ba lekanya taba ka hloko hore na baholo ba baholo ba lemoha eng kaha ba e-na le tsebo e fetang ea bona.—1 Timothea 5:22; 3:1-10.

“E be Uena u Etsetsang Balumeli Mehlala”

Ho bonahala Timothea e ne e le motho ea lihlong, kapa ea monyemo. Mohlomong o ne a tsila-tsila ho sebelisa matla ao a a filoeng. Empa ho ne ho sa mo lokela. Pauluse a re ho eena: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao; empa e be uena u etsetsang balumeli mehlala.” Joang? ‘Ka lipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka hloeko.’—1 Timothea 4:12.

Moholo oa Mokreste kajeno le eena a ka ’na a ikutloa a salletse morao a bile a le lihlong ka baka la bonyenyane ba hae. A ka ’na a tsila-tsila ho fana ka lithlaloso sebokeng sa baholo. Ka lehlakoreng le leng, a ka ’na a nkela pele haholo, a bontša ho haelloa ke boikokobetso. Ke habohlokoa hakaakang ho hopola hore tokelo efe kapa efe ea Bokreste eo re nang le eona hase ‘‘ka baka la mesebetsi ea rōna, empa e le ka morero oa oona o tiileng le ka mohau”!—2 Timothea 1:9.

’Meleng, ba bacha ba ka ’na ba khona ho feta ba bang ho etella pele ho etseng ‘‘mosebetsi oa ‘moleli oa evangeli.” (2 Timothea 4:5) Haeba ho joalo, ba ho etse he. Ke mosebetsi o TLAMEHANG ho etsoa, hobane ‘Jehova o rata hoba batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.’ Boikhathollo, mesebetsi ea ho itlosa bolutu, nako ea phomolo kapa lipapali li se ka tsa lumelloa ho kenakenana le nako ea rōna eo ka nepo e boloketsoeng tšebeletso ea rōna ea Bokreste.—1 Timothea 2:4; 4:8.

Tumellanong le keletso ea Pauluse ho Timothea, baholo ba banyenyane ba se ke ba lumella tšabo ea batho ho ba sitisa. Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore “Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello.” Moholo oa Mokreste, kapa Mokreste ofe kapa ofe kahoo, ha a lokela ho “hlajoa ke lihlong ka bopaki ba Morena oa rōna.” Ha e le hantle, Bakreste bohle ba lokela ho ithaopela ho nka karolo “bohlokong ba Evangeli.”—2 Timothea 1:7, 8.

Ka ho bua ka sebete ho sireletsa borapeli ba ’nete, moholo e monyenyane Timothea le moholo ea moholo ho eena Pauluse, ba ile ba fumana lerato le hlompho tsa baena ba bona ba Bakreste. Ka ho etsisa mohlala oa balebeli bao ba lekholo la pele la lilemo, baholo ba lekholo la bo20 la lilemo le bona ba tla thabela lerato le hlompho tsa baena le likhaitseli tsa bona ba Bakreste. E, leha ba le banyenyane kapa ba le baholo, “ba sebelitseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo.”—1 Timothea 3:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Baholo ba ithaopele ho ithuta ho ba baholoanyena le ba nang le tsebo e fetang ea bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela