Na u eo Molimo o ka mo Khethang?
“Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše, o tle o soabise tse bohlale.”—1 BA-KORINTHE 1:27.
1. Ke hobane’ng ha ba bangata ba ikhethetse ho ba lithoto mahlong a lefatše?
NA U ka tlohela seo u tsebang hore ke mosebetsi oa bohlokoa, u o nka e le nthoana e fokolang feela hobane ba bang ba o nka e le booatla le letšoao la bofokoli? E, ha ho lea mong ea batlang ho tsejoa e le leoatla kapa mofokoli—re cho le eena ngoana. Empa ha re re kabelo ea ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa e tsoile ho mohlomphehi ea bohlale haholo. Na u tla ikutloa u sitoa ho tlosa boikhohomoso ba hao e be u amohela kabelo? Batho ba limillione paleng eohle ba entse joalo. Batho baa ba amohetse mosebetsi oa mofuta ofe, hona kabelo e tsoa ho mang? Karabelo e fumanoa lengolong la pele la Pauluse le eang ho Bakreste ba Korinthe ea khale.
2. Ke tšebetso efe e nkoang e le booatla ke lefatše?
2 Ha a hlokomelisa Bakreste hore ba se ke ba thea borapeli ba bona feela ho se ratehang, Pauluse a ngola: “Polelo ea sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rōna ba bolokehang, ke matla a Molimo. Hobane ho ngoliloe, ho thoe: Ke tla felisa bohlale joa ba bohlale, ke fetole tsebo ea batsebi lefeela. Ea bohlale o kae na? Ea matla Mangolong o kae na? Mophea-khang oa mehla ena o kae na? Na Molimo ha oa ka oa etsa bohlale ba lefatše lena bohlanya na? Hobane ereka ha lefatše le sa ka la tseba Molimo bohlaleng ba Molimo, ka bohlale ba lona, Molimo o ithatetse ho pholosa ba lumelang ka bohlanya ba polelo ea Evangeli.”—1 Ba-Korinthe 1:18-21.
3. Ke molaetsa ofe, o nkoang e le booatla ke lefatše, oo Molimo o rerileng hore o boleloe lefatšeng lohle?
3 Ho ba boleloang hore ba bohlale le ba masene ba lefatše polelo ea hore Kreste o tšolotse mali a bophelo ba hae sefateng sa tlhokofatso, ke bohlanya. Ba soma maikutlo a hore ka ho lumela sehlabelong sa Kreste ho ka thabeloa bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha e lokileng. Hore Kreste o ile a tsoha bafung le hore hona joale ke Morena ea matla oa ’Muso oa Molimo oa leholimo ke booatla bo phethahetseng ho bona. Empa Molimo o Matla ’Ohle o batla ha molaetsa ona o khathollang pelo o tsebahatsoa lefatšeng lohle. Kahoo ho mang kapa mang eo e tla ba mohlanka oa oona o mo abela ho bolela evangeli ena ea ’Muso oa oona. Kaha molaetsa ona ke booatla ho ba bohlale le ba masene ba lefatše, Molimo o sebelisa bo-mang ho o bolela? mamela karabelo e bululetsoeng e tsoang lentsoeng la Molimo ka booona:
4. (a) Molimo o sebelisa mang hore o bolele molaetsa oa oona? (b) Ke phello efe eo ho khetha ha oona batho ba joalo e nang le eona ho ba bohlale ba lefatše?
4 “Banab’eso, le lemoheng hle ho bitsoa ha lōna, hobane ba bohlale ka mokhoa oa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae. Empa Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše, o tle o soabise tse bohlale; ’me tse fokolang tsa lefatše, Molimo o ikhethetse tsona, o tle o soabise tse matla. Hape, Molimo o ikhethetse mafeela a lefatše, le tse songoang, le tse leng sieo, o tle o tsietse tse leng teng, hore ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe, e ithorisang pel’a oona.”—1 Ba-Korinthe 1:26-29.
5. Ke eng e lekanyetsang hore na u eo Jehova a tla mo sebelisa?
5 Na u mofuta oa motho eo Molimo o ka mo khethelang ho etsa mosebetsi oo o batlang ha o etsoa lefatšeng kajeno? Haeba ho joalo, ho bolela hore u tlameha ho itokisetsa ho talingoa joaloka leoatla ke lefatše lena. Bibele e re: “Bohlale ba lefatše lena ke bohlanya pel’a Molimo.” (1 Ba-Korinthe 3:19) Kahoo, hore u be mohlanka ea atlehileng oa Jehova Molimo u tlameha ho utloisisa ho tsoela pele ka tsela e tla u etsa hore u bonahale u le leoatla maikutlong a lefatše. Na ho na le mehlala ea histori e bontšang hore bahlanka ba Molimo ha baa ka ba talingoa e le maoatla feela ke lefatše empa hore bohlale ba lefatše e bile bohlanya le bona ho Molimo?
Mehlala ea Nakong e Fetileng
6. Ke joang tšebetso ea Noe e neng e ka bonahala e le booatla ho lefatše, empa e bontša bohlale ba Molimo?
6 Noe o ile a nka mosebetsi oa booatla mahlong a motho empa ho se joalo ho Molimo. Inahane u se u haha holim’a mobu o omileng mohaho o moholo o kang lebokose, boholo ba oona o le 36 800 cu m, o tla phaphamala holim’a metsi. Mosebetsi oo ho bonahalang e le oa boinahanelo, o tlamehang ho tlisa litšeho! Hore Jehova Molimo o ne a tla felisa lefatše ha bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala ho batho. Ka maikutlo a bona, Noe e ne e le leoatla hore a ka bolela molaetsa o joalo. (2 Petrose 2:5) Empa leha ho le joalo, ’nete ke hore e ne e le tsela eo ba phelang ka eona, tsela eo ba etsang lintho ka eona, eo e neng e le booatla ho Molimo. Ba ne ba senya lefatše, ba halefisa Molimo. (Genese 6:5) Kahoo Noe o ne a utloisisa ho talingoa e le leoatla mabapi le hore Molimo o bontše bohlale ba Oona le matla.
7. Ke hobane’ng ha tsela ea Moshe e ne e ka bonahala e le booatla, empa pheletso ea bontša eng?
7 Na uena, hore u khahlise Molimo, u ka tela matlotlo le botumo, bakeng sa tsona u amohela ho khahlapetsoa? Moshe o ho entse. Le hoja a ile a lauoa ka “bohlale bohle joa ba-Egepeta,” ka boithatelo a tela tsela eo ea bophelo ’me a amohela sekhobo sa motlotsuoa oa Molimo. (Liketso 7:22; Ba-Heberu 11:24-26) Ka sebele tsela ea Moshe e ile ea bonahala e le booatla lefatšeng la Egepeta, empa bohlale ba lefatše ba bontšoa hore ke bohlanya ha bahlalefi ba Egepeta ba kokobetsoa ka likotlo tse 10 ’me lebotho la matla a sechaba le senngoa ke Molimo Leoatleng le Lefubelu. Mehlala e joalo e bontša hore bohlale ba batho, ha e le hantle, ke bohlanya ho Molimo. Ho hang ha ho moo bo lekanang le bohlale le matla tsa ea Matla ’Ohle.
8. (a) Boholo ho Bakreste ba pele bo ne bo hlaha boemong bofe? (b) Empa boboleli ba bona bo bile le phello efe ho ba bohlale lefatšeng?
8 Ho thoe’ng ka Bakreste ba pele? Setsebi sa histori se ngolile: “Boholo ba Bakreste ba pele e ne e le ba tsoang tlase, sehlopheng sa bahoebi ba tlase ba metse e meholo.” (The Ancient World, ea Joseph W. Swain) Balateli ba Kreste ba lekholong la pele ruri e ne e le batho feela, ntlha eo lira tsa bona li ileng tsa e hlokomelisa. (Liketso 4:13; Johanne 7:48) Empa bohlale bo boletsoeng ke balateli ba Kreste ba tlontlolla ba bohlale ka mokhoa oa lefatše. Ba ne ba sitoa ho fihlela sephiri se halalelang sa Molimo mabapi le Kreste le ’Muso; ho bona polelo e joalo e ne e le bohlanya. Joalokaha Bibele e re: “E leng [bohlale] boo ho seng le a mong oa marena a lefatše lena ea bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakhisa Morena oa khanya.”—1 Ba-Korinthe 2:7, 8.
Mosebetsi oa Molimo oa ho Bolela Evangeli
9. (a) Ke mang eo e neng e hlile e le mohloli oa taeo e fanoang ke Jesu? (b) Hore ho boleloe molaetsa oa ’Muso ho batho ba tšoanelang, barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho etsa joang?
9 Jesu Kreste o beile bohlale ba Molimo ka mohlala oo a o beileng le ka litaelo tseo a faneng ka tsona ka hore na mosebetsi oa ho bolela evangeli o etsoe joang. Joalokaha a itse: “Ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 8:28) Jesu o ne a e-ea ho batho ka molaetsa oa ’Muso. O ne a ba ruta pontšeng le ka matlung a bona. Nahana ka metsotsoana ka litaelo tsa hae ho barutuoa ba hae, ba 12 le ba 70 bao a ileng a ba rōma ho ea kopanela mosebetsing oa ho bolela evangeli. U ka bala litaelo tsena ho Mattheu 10:1-14 le Luke 10:1-12. Mono Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba batle batho. A re: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo.” E, ba fumane hore na ke bafe ba ratang ho mamela. E be barutuoa ba ba bolella eng? Jesu a laela hore: “Le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.”—Mattheu 10:7.
10. (a) Jesu o fane ka tataiso efe ka hore na ho atameloe ntlo joang? (b) Barutuoa ba hae ba ne ba lokela ho etsa joang ha ho se khahleho e bontšoang? (c) Ho ka thoe’ng ka bohlale ba taeo ea Kreste?
10 Jesu a ba a fana ka tataiso ea hore na ho atameloe mong a ntlo joang. A re: “Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho eona, le qale ka ho re: Khotso e be tlung ena. Ha mora oa khotso a le teng moo, khotso ea lōna e tla lula ho eena; ha ho se joalo, e tla khutlela ho lōna.” (Luka 10:5, 6) Ba ne ba lokela ho lula le batho ba arabelang molaetseng oa ’Muso oo ba o bolelang. Empa haeba mong a ntlo a sa thabele, ba ne ba tlameha ho fetela pele. Ka sebele, ke taelo e bonolo le e sa rarahanang hakaakang, empa e tobileng ka ho lekaneng ho bontša baboleli ba evangeli ho tla fihlela joale hore na ba re’ng le hore na ba ho bolele joang! Na hase hona hoo u ka ho lebellang ka bohlale ba Molimo?
11. (a) Jesu o bontšitse hore sehlooho sa molaetsa oa barutuoa ba hae e lokela ho ba sefe? (b) Hore boboleli ba rōna ka ’Muso bo sebetse, ho hlokahala re etse joang? (c) U ka sebelisa mangolo joang ho bontša hore ’Muso o tla rarolla mathata a thathamisitsoeng serapeng see?
11 Joalokaha ho hlokomelehile pele, karolo ea bohlokoa ea ba etsang mosebetsi oa ho bolela evangeli ke ’Muso. Taelo ea Jesu ke hore: “Le ba bolelle, le re: ’Muso oa maholimo o atametse ho lōna.” (Luka 10:9) U hopole sehlooho sena, hobane boikarabelo ba hao joaloka ’moleli oa evangeli ke ho thusa bamameli ba hao ho utloisisa kamoo ’Muso e ka bang litaba tse molemo ho bona. Kahoo u leke ho betla kapa ho phelisa molaetsa oa ’Muso hore o lumellane le seo ba se hlokang. Ho itšetlehile ka se hlokoang ke bamameli ba hao kapa seo ba se thahasellang, ke eng ha u sa hatise seo ’Muso o tla se etsa se tla ipiletsa haholo ho bona? Ka mohlala, u ka ba bontša kamoo ’Muso o tla phethahatsa morero oa Molimo oa ho etsa lefatše lena Paradeise eo ho eona batho ba tla phela ka ho sa feleng, u sebelisa mangolo a kang Esaia 45:18 le Pesaleme ea 37:29. Joale, ka ho sebelisa mangolo ao ho fanoeng ka oona, u ka ba bontša kamoo ’Muso o tla rarolla mathata a thathamisitsoeng tlase mona.
Ho kula: Esaia 35:5, 6; Tšenolo 21:3, 4.
Lefu: Esaia 25:8; 26:19; Johanne 5:28, 29; 1 Ba-Korinthe 15:26.
Tlala: Esaia 25:6; Pesaleme ea 67:6; 72:16.
Bolulo: Esaia 65:21-23.
Ntoa: Pesaleme ea 46:8, 9; 72:7, 8.
Tlōlo ea molao le pefo: Pesaleme ea 37:9, 10; Liproverbia 2:22
Tšilafatso: Tšenolo 11:18
12. (a) ’Moleli oa Evangeli a ka lekanyetsa se hlokoang ke motho joang? Senotlolo sa ho ba ’moleli oa evangeli ea molemo ke sefe?
12 U ka lekanyetsa joang se hlokoang ke bamameli? Pele, u mamele ka hloko u ithaopela ho utloa hore na ba re’ng. Botsa lipotso ’me ka hloko u mamele likarabelo tsa bona, u sa itšireletse haeba likarabelo e se tseo u li lebelletseng. Paki e ’ngoe, e tšoarehileng mosebetsing oa ho bolela evangeli ka lilemo tse fetang 25, e hlokometse: “Ke leka ho kenya mong a ntlo hang-hang moqoqong. Ka tsela ena ke tseba se mo khahlang, ho e-na le ho tsoela pele feela ka seo ke tlileng ka sona.” Joalokaha ’moleli e mong ea nang le tsebo oa evangeli a hlokometse: “Polelo e phetoang feela ka tloaelo e ka ’na ea fihla litsebeng tsa bona feela kapa ea fefoloa ke moea.” Ha e le hantle, senotlolo sa ho ba ’moleli oa evangeli ea molemo ke ka ho thahasella batho ka ’nete, joaloka Jesu. (Mattheu 9:36-38) Tlohella batho ba bone hore ua ba thahasella, le hore u hlile u kholoa litaba tse molemo tseo u ba tliselitseng tsona. Joalokaha Paki e ’ngoe e itse: “Ba tla fihlela qeto e le ’ngoe haeba u bua joaloka mochine, hore ha u-ua kholiseha.”
Mokhoa oa Bohlokoa oa ho Bolela Evangeli
13. Bibele e bontša joang hore Bakreste ba pele ba ile ba mamela litaelo tsa Kreste ka ho bolela?
13 Joalokaha re bone, Jesu Kreste o khothallelitse balateli ba hae hore ba ise molaetsa oa ’Muso malapeng a batho. Ba latela litaelo tsa hae, baapostola le bona ba bontša bohlale ba Molimo ka ho sebelisa mokhoa ona oa bohlokoa oa ho bolela evangeli. Tlaleho ea Bibele e re: “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.” (Liketso 5:42) Hamorao moapostola Pauluse a hlahloba mosebetsi oa hae oa ho bolela evangeli le Bakreste bahabo, a re: “kamoo ke sa kang ka pata taba, leha e le e ’ngoe, ea tse le tšoanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna; ke ntse ke khothaletsa ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Liketso 20:20, 21.
14. Ke eng e bontšang molemo oa mokhoa oa ho bolela evangeli ka ntlo-le-ntlo?
14 Le hoja bahlanka ba Molimo ba ’nile ba songoa le ho talingoa e le maoatla hangata ka baka la ho sebelisa mokhoa ona oa baapostola oa ho bolela ’Muso, katleho e khōlō ea oona e bontša hore o amoheloa ke Molimo. Ka mohlala, setsebi sa tulisano sa Lenyesemane Bryan Wilson se ile se lokolisa keketseho ea Lipaki tsa Jehova Japane ’me sa tlaleha hore: “Boholo [58, 3 lekholong] ba bao e bileng Lipaki ba bolela hore khahleho ea bona e ile ea tsosoa ka lekhetlo la pele ka ho amohela mohoeletsi ea kenang ka ntlo le ntlo.” Hape, lilemong tse fetileng moprista oa K’hatholike John A. O’Brien a bolella baprista ba bang ba ka bang 200 Seminaring ea St. Joseph New York, hore: “Sephiri sa katleho e khōlō ea Mohalaleli Pauluse ke ho sebelisa ha hae mokhoa oa ho bolela ka ntlo le ntlo a sa khathale ho bokella basokolohi. Hoa makatsa hore mokhoa ona oa boapostola o sebelisoa ke lihlopha tseo e seng tsa K’hatholike, haholo-holo Lipaki tsa Jehova.”
Lebaka la ho Etsa Kemiso ea ho Bolela Evangeli
15. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bea nako bakeng sa mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ntlo-le-ntlo?
15 Na hase ’nete hore kemiso ke ea bohlokoa haeba litaba tsa bohlokoa li tla hlokomeloa? Mohlomong u beile nako bakeng sa ho ja le ho robala, hammoho le ho ea sekolong kapa mosebetsing. Haeba lintho li tla etsoa, kemiso ke ea bohlokoa. Ho ka ’na ha boleloa joalo ka boboleli ba rōna ba ntlo-le-ntlo. Kaha Satane Diabolose o loana ntoa hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li se ke tsa fihla ho batho, ho hlokahala re be le kemiso haeba re tla kopanela ka mehla boboleling ba ’Muso. Ho seng joalo, e tla ba ’ho hang ha re na nako ea ho etsa mosebetsi ona. (1 Ba-Korinthe 9:16) Ke sepheo sa Satane ho bona hore hona hoa etsahala.
16. Ke mehlala efe e bontšang molemo oa ho ba le kemiso bakeng sa mosebetsi oa rōna oa ho bolela?
16 Ke kahoo ngaka, e le Paki ka lilemo tse fetang 25, e bolelang hore e fumana kemiso bakeng sa ho bolela evangeli e le ea bohlokoa. Mong a motebo o moholo oa likhomo United States o re: “Ho e ka bang ka 1944 ke ile ka hlokomela hore tsela feela ea ho ea tšebeletsong ke ka ho khetha letsatsi le itseng bakeng sa hona.” A phaella: “Ho tla fihlela kajeno ke ntse ke nka letsatsi bakeng sa tšebeletso.” Moholo oa Mokreste, e bile e le ’muelli oa molao, o fumana hore ho ba le kemiso e tiileng bakeng sa bopaki ho mo nolofaletsa ho sebetsa lihora tse 15 ka khoeli tšebeletsong ea boboleli. Haeba a e-na le taba ea mosebetsi oa molao ka Moqebelo o e beela nako ea motšehare oa mantsiboea, kamorao ho tšebeletso ea hae ea tšimo ea hoseng.—Bapisa Ba-Kolosse 4:5.
Emela Molimo ka Tsela e Hlomphehang
17. Ha re le mosebetsing oa ho bolela evangeli, re lokela ho hlokomela moaparo joang?
17 Le hoja lefatše le ka re nahana re le maoatla ka baka la molaetsa o phelisang oo re o bolelang, re be hlokolosi hore tsela eo re bonahalang ka eona ho hang ha e tlose ho hong molaetseng oa bohlokoa. Ho apara ka mokhoa o feteletseng, e-bang ke ka lifeshene kapa ka bohlasoa, ho ka etsa joalo. Tšimong ea tsoelopele e khōlō ho ka ’na ha hlokahala hore re be seli haholo ka ponahalo le boitšoaro. Na hona ho bolela hore u tlameha ho reka liphahlo tse theko e boima? Che. ’Moleli e mong oa evangeli ea atlehileng, ea tsamaileng haholo le monna oa hae, o sheba ka hloko hore na batho ba apara joang tšimong. Joale o khetha mokhoa o itekanetseng o tšoanang le se tloaelehileng moo. Liaparo tseo re nang le tsona hona joale, ho sa tsotellehe hore na ke tse ikokobelitseng hakae, li tla loka haeba li hloekile, li otlollotsoe, li hlophisitsoe. Haeba u apere baki, na likonopo tse khaohileng li rokelletsoe? Ha u fasitse thae, na e tlositsoe maqapha-qapha ’ohle? Haeba u roetse lieta tsa mosebetsi, na li hlakotsoe hantle? Hopola, ponahalo ea hao e makhethe, e nang le seriti e tla memela molaetsa oa hao hlompho.—Tite 2:10.
18. (a) Bontša bohlokoa ba ho apara ka tsela e hlahisang mokhoa o motle oa sebaka seo. (b) Ke hobane’ng ha ho apara ka ho tlōlisa ho lokela ho qojoa?
18 Kaha Paki e ’ngoe joale e ne e itlhokomela haholoanyane ka hore na e shebahala joang e tlaleha hore mofumahali e mong eo nakong e fetileng a neng a ile a hana ho buisana le eena o ile a mo memela ka tlung. Kamorao ho puisano e monate ea Bibele, mong a ntlo a botsa, “Hantle-ntle u moemeli oa kereke efe.” Karabelo, “Lipaki tsa Jehova,” ea makatsa mong a ntlo. Ho ne ho se mohla a kileng a lumella Lipaki tsa Jehova ho kena ka tlung ha hae. Ha Paki e botsa hore na ke hobane’ng ha a e lumelletse, mong a ntlo a arabela hore ke hobane Paki e shebahala “hantle haholo.” Mosali eo a ikutloa a tlameha ho mamela seo e se bolelang. Ha fella ka thuto ea ka mehla ea Bibele. Le teng, libakeng tsa batho ba tlase haholo, ho apara ka mokhoa o tlōlisang ho ka ’na ha fana ka maikutlo a hore u nahana hore ‘ke molemo ho le feta.’ Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re sebetsa sebaka sefe, kapa hore na re bua le mang, moaparo oa rōna le boitšoaro li lokela ho ba tse hohelang batho molaetseng oa ’Muso ho e-na le ho ba tlosa ho oona.—1 Ba-Korinthe 9:19-23.
19. (a) Senotlolo sa ho ba motho ea ka khethoang ke Molimo ke sefe? (b) Kreste o beile mohlala ofe ntlheng ee? (c) Ka ho utloisisa hore lefatše le u talime u le leoatla, u ipea moleng oa litokelo life?
19 Ka sebele, ho ho uena ho arabela potso: Na ke eo Molimo o ka mo khethang? Khetho ea oona ha e-ea itšetleha bohlaleng ba botho kapa boemong ba lefatše. Senotlolo, ho e-na le hoo, ke ho ithaopela ho etsa mosebetsi oa Molimo ka tsela ea oona, leha ho etsa joalo ho ka nkoa e le booatla kapa bofokoli ke lefatše. Jesu Kreste o beile mohlala. O ne a utloisisa hore a nkoe e le leoatla ke lithaka tsa hae e le hore ho bao a ba entseng barutuoa e ka ba ‘bohlale bo entsoeng ke Molimo.’ (1 Ba-Korinthe 1:30) Haeba u utloisisa ho bolela molaetsa oa ’Muso, o nkoang e le booatla ke lefatše, u ipea tumellanong le hore u sebelisoe ke Jehova Molimo u le e mong oa Lipaki tsa hae le ho thabela neo e hlohonolofetseng ea bophelo bo sa feleng tsamaisong ea oona e ncha ea ho loka.
Na U Ka Arabela Lipotso Tsee—
◻ Ke puo efe eo e leng booatla ho lefatše?
◻ Noe le Moshe ba bontšitse joang hore seo lefatše le ka se nkang e le booatla ha e le hantle se bonahatsa bohlale ba Molimo?
◻ Jesu o neile balateli ba hae litaelo life bakeng sa ho phethahatsa mosebetsi oa boboleli ba evangeli?
◻ Mokhoa oa bohlokoa oa ho phetha mosebetsi oa ho bolela evangeli ke ofe, ’me ke eng e bontšang hore o atlehile?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa kemiso bakeng sa mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli?
◻ Re lokela ho apara joang ha re le mosebetsing oa ho bolela evangeli?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Pele a rōmela barutuoa ba hae mosebetsing oa ho bolela evangeli, Jesu o ba rutile hore na ba etse mosebetsi joang
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ho bolela ka ntlo-le-ntlo ke mokhoa o amoheloang ke Mangolo oa ho bolela evangeli