Mehla e Mebe Haholo, Empa e le Mehla e Molemo
CHARLES DICKENS o qala buka ea hae e tsebisahalang A Tale of Two Cities, e buang ka ntoa ea Mafora, ka tlhaloso e reng: “Mehla e ne e le molemo, mehla e ne e le mebe.” Kahoo o ne a leka ho hlalosa morusu oa nakong eo, hammoho le tšepo ea hore liphetoho tse khōlō paleng li ne li etsahala.
Empa leseling la seo re se hlokometseng sehloohong se fetileng, ka mekhoa e mengata mehla ea rōna e ka ba e bitsoang “mehla e mebe” ho feta. Leha ho le joalo, na nako ea mathata a tebileng e ka boetse ea e-ba lebaka la thabo? Na ruri e ka ba “nako e molemo”? E, haeba re e-na le tiiso ea hore ho tla mehla e molemo.
Joalokaha re bone, ka litsela tse ngata lefatše hona joale le matsoalong. Empa mabaka a feletse a ho lumela hore batho ba haufi le ho lopolloa—ho lopolloa bonokoaneng, ntoeng, tlaleng le ho kuleng. Bibele e tšoere tšepo e joalo. Hore tšepo ena e be ea rōna, leha ho le joalo, ho hlokahala re khetholle nako eo re phelang ho eona le ho ithuta ka Mangolo a Halalelang hore na tsela eo re lokelang ho e latela ke efe.
Mehla ea rōna—Moloko o Tšoailoeng
Lekholong la pele la lilemo, baapostola ba Jesu pele ba ne ba lebelletse hore o tla nka puso Iseraeleng e le Messia ea tšepisitsoeng. Ha ba bona hore Jesu o tloha a tsamaea, empa seo ba se tšepileng se sa phethahala, ba mo botsa hore na o tla khutla neng: “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao.” (Mattheu 24:3) Boprofeta boo Jesu a ileng a arabela ka bona ha boa ka ba phethahala ka ho feletseng lekholong la pele la lilemo. ’Me libuka tsa morao tse bululetsoeng tsa supa phethahatso e kholoanyane hamorao. (Tšenolo 6:2-8) Na e ne e tla ba mehleng ea rōna?
Jesu a bontša hore ho ne ho tla hloka temoho ho hlokomela nako e hlileng ea boleloa, hobane o lemositse barutuoa ba hae hore ba bangata haholo ba ke ke ba utloisisa se boleloang ke liketsahalo tse phahameng. A sebelisa Moroallo oa Noe oa lefatše lohle e le mohlala, Jesu a re: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. . . . ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, me ba nkoa bohle ke oona.”—Mattheu 24:37, 39.
Batho ba ne ba tla lemoha ‘hore o teng’ ka mekhoa efe ’me kahoo ba nke bohato ba ho qoba ho hoholoa timetsong joaloka ba bangata mehleng ea Noe? Jesu a fana ka boprofeta bo morero o hangata ka “pontšo” ea boprofeta e tlalehiloeng Lievangeling. Re ke re boneng hore na “pontšo” ena e-ea bonahala kajeno, ’me haeba ho joalo, hore na e bolela eng.
NTOA EA MACHABA—KEKETSEHO EA BONOKOANE: “Sechaba se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Luka 21:10) “Ngatafalo ea bokhopo.”—Mattheu 24:12.
Ho loannoe lintoa tse ngata ho tloha ka 1914, ho akarelletsa tse peli tse neng li nkile lefatše lohle. Leha e le hona joale masole le likhukhuni tse ka bang millione li tšoarehile hona joale, ’me ho bolaoa bahlankana ba fetang 100 ka letsatsi, ho latela New Zealand Herald. Tlōlo ea molao le eona e-ea phahama, joalokaha e ka ’na eaba u ho hlokomela habohloko. Sengoli Anthony Lewis se sa tsoa ngola hore: “Bakeng sa linaha tse fapaneng joaloka Brithani. . . le Soviet Union ho na le litlaleho tsa pefo ea tlōlo ea molao e ntseng e eketseha le hore ba boholong ba sitoa ho loana ka katleho le eona.”
LITŠISINYEHO TSA LEFATŠE: “Litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata.”—Mattheu 24:7.
Le hoja ho ’nile ha e-ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše ka linako tse ling ho theosa le makholo a lilemo, mehla ea rōna e tšoailoe haholo ntlheng ena. Litšisinyeho tsa lefatše li bile ngata haholo lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng. Ho tloha ka 1970 ho ea ho 1979, karolelano ea batho ba 80 000 e shoa selemo le selemo litšisinyehong tsa lefatše. Palo ena ha e akarelletse le palo ea koluoa ea 1976 sebakeng sa Liaoning sa China, moo, ho latela likhakanyo tse ling, ho ileng ha shoa batho ba 800 000!
LITLALA—MAFU: “Litlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang.”—Luka 21:11.
HO latela UNICEF, bana ba limillione tse 12 ba shoele ke tlala lefatšeng lohle ka 1979. Afrika hoo e ka bang ngoana e mong le e mong ho ba bararo o bolaoa ke tlala. Ho kula, le hona, ho ntse ho sohloka lefatše lohle. Bana ba likete tse makholo a mahlano ba shoa ke ’maselese selemo le selemo, ’me billione e le ’ngoe ea batho e hlaseloa ke mafu a libaka tse chesang. Leha e le hore linaha tse nang le mesebetsi e meholo li ka ikutloa li sireletsehile, hobane kankere, maloetse a pelo le maloetse a litšila a hlasela ba limillione moo.
BOPAKI LEFATŠENG LOHLE: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle.”—Mattheu 24:14.
Nako ea likhoeli tse 12 ho tloha ka Loetse 1981 ho ea ho Phato 1982, Lipaki tsa Jehova li sebelitse lihora tse fetang limillione tse 384 ho jala litaba tse molemo le ho ruta batho linnete tsa Bibele. Bahlanka ba fetang limillione tse peli ba boletse linaheng le lihleke-hlekeng tsa leoatle tse 205.
Tlhaloso ea Sena Sohle
Hoba a bolele liketsahalo tsena tse sa tšoaneng, Kreste a senola hore na li bolela eng:
“Bonang sefate sa feiga le lifate tsohle. Ha le li bona li se li hlahisa mahlaku, le ee le tsebe le lōna hoba lehlabula le haufi. Ka mokhoa o joalo le lōna, etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo li e-so ho hlahe.”—Luka 21:29-32.
Phethahatso ea sohle seo Jesu a se hlalositseng e ne e tla bōpa “pontšo” e entsoeng ka lintho tse ngata, e bontšang bohaufi ba ’Muso oa Molimo ntle ho phoso joaloka ha ‘lifate ha li hlahisa mahlaku’ li bolela hore lehlabula le fihlile. Empa lintho tsee li qalile ho etsahala neng?
Ha a hlalosa ka ketsahalo e ileng ea fetola ponahalo ea lefatše, setsebi sa Lefora sa moruo Alfred Fabre-Luce o itse: “Ntoa ea 1914 ke tšisinyeho ea pele e qalileng ho thothomela ho ntseng ho re suoa le kajeno.” Bangoli ba bang ba bangata ba pale le bo-ramolao ba lumetse hore phetoho e khōlō ea mehla e qalile ka 1914 ha ho qaleha Ntoa ea Pele ea Lefatše. Ho khahlisang, Pius XI, mopapa ho tloha ka 1922 ho isa ho 1939, o ile a hlokomela hore liketsahalo tse etsahetseng ho tloha ka 1914 e ne e le “pontšo ea mehla ea bofelo, e kang e boletsoeng ke Morena oa rōna.” Joalokaha re bone, liketsahalo tse sa tšoaneng tse hlileng tsa boleloa boprofeteng bona li ntse li tsoela pele kajeno. Ka baka leo re na le lebaka le letle la ho lumela hore moloko o boneng ho qaleha ha matsoalo ka 1914 ’me ho e-na le batho ba oona ba ntseng ba phela kajeno e tlameha e be ke oona o tla bona ho phethahala ha ho qetela ha boprofeta bona.
E be joale boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ha “moloko” ona o ntse o hōla? Ha rea lokela ho nyahama kapa ho iphapanya. Ho e-na le hoo, ho hlokahala re ele hloko keletso ea Jesu eo a faneng ka eona kamor’a ho thathamisa mecha e sa tšoaneng ea “pontšo.” O itse: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Re ka ba le boikutlo bo joalo ha re tseba hore na ke eng e re tlelang haufinyane tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo.
Litšepiso tsa Molimo
Ba bangata ba ikutloa hore matšoenyeho a bona a hona joale a ka fokotseha haeba ba ka sebetsa tikolohong e monate haholoanyane ba bile ba sireletsehile. Mangolo ha a qhele maikutlo a joalo. Baprofeta ba kang Esaia ba hlile ba bolela maemo a molemo a tla nolofaletsa motho hore a thabele bophelo: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana ’me ba lahleheloa ke bona.”—Esaia 65:21, 23.
Leha ho le joalo, Mangolo haholo-holo a hlokomelisa ka ’nete ea hore mahlohonolo a tsoang ho Jehova a tla be a akarelletse le a moea. Batho ba hloka ho fetang boiketlo ba nama. Ho hlokahala re hlomphe metheo ea lerato le toka le ho phela hammoho le ba bang ba hlomphang metheo eo. ’Muso oa Molimo o tla tlisa tikoloho e ratehang Joalo lefatšeng, o nolofaletsa ba pelo li tšepahalang hore ba atlehe ka ho feletseng. Moprofeta enoa a boetse a eketsa: “Mohla likahlolo tsa hao li otlang lefatše, batho ba lefatše ba ithuta ho loka.”—Esaia 26:7-9.
’Muso oa Molimo o tla finyella ntho eo ho seng ’muso o mong o ka e finyellang, e leng, ho lopolla batho sebeng le liphello tsa sona: malimabe, ho kula le lefu. Ha Molimo o finyella sena ka Jesu Kreste, bohle ba ratang le ba etsang ho loka ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16.
Melemo Leha e le Hona Joale
Re se ke ra hlokomoloha ’nete ea hore boholo ba thabo boa fumaneha leha e le hona joale ka hore re phele tumellanong le merero ea Molimo. Lintho tse mpe tse etsahalang lefatšeng li totobetse ho bohle ’me ha ho eo li mo thabisang. Le teng, ha re lemoha hore na li bolela eng ’me kahoo re hlokomela “pontšo,” re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha mehla ea rōna ka kutloisiso eitseng e le tatso e tlang pele ea mehla e molemo hobane re tla bona ha Molimo o kena lipakeng, o phekola mathata a motho ka ho sa feleng.
Le hoja li phela har’a lefatše lena le tšoenyehileng, Lipaki tsa Jehova li na le hona ho kotula melemo eo le uena u ka e fumanang. Tsebo ea tsona ea melao ea Molimo e li sireletsa boitšoarong le ho li nolofaletsa ho phela bophelo bo tsitsitseng. Li na le khotso ea kelello e tlisoang ke tšepo e theiloeng litšepisong tsa Molimo, hammoho le boitšoaro ba bomolimo. (Pesaleme ea 119:165; 1 Timothea 4:8) Ho phaella moo, topollo e tla hlaha ha Kreste a timetsa lira tsa Molimo haufinyane ’me a phetla monyetla oa ho fumana mahlohonolo a ka mehla a Molimo.—Sofonia 2:2, 3; Pesaleme ea 29:11.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ka mehla ea rōna, Jesu o itse re ka ithuta ka sefate sa feiga