Tiea Tšepong eo u e Beetsoeng
1, 2. Ke hobane’ng ha u lokela ho nahana ka botebo ka taba ea ho tiea tšepong ea hao?
MOAPOSTOLA PAULUSE o ngotse hore “re filoe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo oa tšepo ea rōna.” (Ba-Heberu 3:14) Hape a bua ka hore ho hlokahala re ‘tiee tšepong eo re e beetsoeng.’—Ba-Heberu 6:18.
2 Mohlomong u fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ka cheseho u tiile ho seo u se khotsoeng. Kapa mohlomong u bile paki ea Mokreste ka mashome a lilemo ’me u ikutloa u tiile tseleng ea ’nete. Leha e-ba taba ke efe, mohlomong e mong le e mong ho rōna a ka hopola batho ba bang bao re ba tsebang ba khaolitseng ho tsamaea tseleng ea ’nete, joalokaha ho ile ha etsahala lekholong la pele la lilemo. (Ba-Filippi 3:18; Liketso 20:30) Ba bang mohlomong tumelo ea bona e ile ea fela butle-butle, ba tšoareha ke lithahasello tse bonahalang kapa ba inehela molekong ’me ba etsa sebe.
3-5. Buka ea Ba-Heberu e ka ba thuso joang mabapi le tšepo ea rōna?
3 Re ka thibela hoo hore ho se ke ha re etsahalla joang? Re ke re nahaneng ka keletso e bukeng ea Ba-Heberu. Re tla bona kamoo e loketseng nako ea rōna kateng, ka mamello e khabane ea lipaki tse ngata tsa kajeno tsa Jehova tse matlafalitsoeng ke keletso e joalo.
4 Ba-Heberu e ngoletsoe Bakreste “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.” Ba ne ba tlotsitsoe ka moea oa Molimo ’me ba e-na le tumelo e tiileng ea ho latela Kreste selelekela sa ho kena leholimong. Joalokaha u ka nahana, ‘tšepo eo e ne e le ankora ea moea, e tieang, e sa sisinyeheng.’ Ho ntse ho le joalo, Pauluse a hlokomelisa ka bohlokoa ba ‘ho tiea tšepong eo re e beetsoeng.’ (Ba-Heberu 3:1; 6:18-20) Haeba ba ne ba hloka seo, ho joalo hakaakang hona joale ho masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo” ba lebelletseng ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tlang.—Tšenolo 7:9, 15.
5 Ho Ba-Heberu Jehova o re hlokomelisa ka likotsi tse kang ho “suthela hole,” ‘ho oa,’ ‘ho ba botsoa,’ ‘ho koeneha ho ea timela’ kapa ‘ho nyelisa.’ (Ba-Heberu 2:1; 6:6, 12; 10:39; 12:25) Buka e fana ka keletso e ntle ho re thusa ho bontša ‘cheseho eona eo ho isa qetellong, tšepo ea rōna e tle e phethehe,’ le ho ba “ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.”—Ba-Heberu 6:11; 10:39.
‘‘Ha Re Batho Ba Koenehang”
6. Bakreste ba Ba-Heberu ba ne ba talimane le eng, empa leha ho le joalo ba ne ba hloka eng?
6 Ho totobetse hore ba bangata ho Bakreste ba Baheberu ba ne ba fetile mahlorisong. Ba “mamella ntoa e kholo ea bohloko,” e kang ho pepesoa ka mabaleng a lipapali a Baroma kapa ho ipea kotsing ka ho phallela ba litlamong. (Ba-Heberu 10:32-34) Leha ho le joalo, ba ne ba tlameha hore ba se sebeletse ho ba “batho ba koenehang ho ea timela; empa . . . ba tiisang tumelo ho pholosa meea.”—Ba-Heberu 10:39.
7. (a) Tebello ea tlhoriso e ka ’na ea ama Mokreste joang? (b) U lokela ho ipotsa eng?
7 Kahoo ho na le kotsi ea hore Mokreste a ka ’na a tšaba khanyetso, ho mo etsa hore a ‘koenehe’ kapa a sekisetse. Ho joang ho rōna? Mohlomong ha rea ka ra hanyetsoa haholo ke bao re kenang sekolo le bona kapa bao re sebetsang le bona. Le ho khahlapetsoa, ho kang ha molekane kapa motsoali ea sa lumelang, ho hlahetse ba bang. Empa linaheng tse ngata ha hoa tloaeleha hore Paki e hlorisoe ka matla ka baka la tumelo ea eona. Hona ho ka etsa motho ea sa lokelang mahloriso a matla le ea ka ‘koenehang’ habonolo ha a tla. Rea botsa, ‘Na ’na, kamor’a ho phela hamonate, nka lekoa ke hore ke koenehe haeba nka tšosoa ka matla, mohlomong ka ho lahleheloa ke ntlo ea ka, mosebetsi kapa ho kopana le lelapa la ka, kapa ka ho kenngoa litlamong kapa ho shapuoa?’
8. Ke keletso efe ka ho loana ka katleho le mahloriso eo re e neoang ka Ba-Heberu?
8 Ha a hlalosa ka ho bontša tumelo tlas’a maemo a mabe, Pauluse o re phehelletse ho lemoha kamoo Jesu a mamelletseng. (Ba-Heberu 12:2, 3) Joale Pauluse a re hopotsa hore haeba ho tla mahloriso a matla, re a talime e le mokhoa oa taeo e molemo. Bonneteng, mahloriso ha a bakoe ke Molimo; o mpa a a lumelletse feela. Ho ntse ho le Joalo, mahloriso a ka re koetlisetsa kapa a re thusa ho ntlafatsa litšoanelehong tse hlokahalang tsa Bokreste, tse kang mamello, sebete, botšepehi, le ho tšepa Jehova.—Ba-Heberu 12:4-11; Jakobo 1:2-4.
9. (a) Re tseba joang hore batho ba sa phethahalang ba ka mamella mahloriso? (b) Ho ile ha etsahala joang ka likhaitseli tse ling naheng ea bokomonisi ka bo-1960?
9 Hore re se tšohe re ikutloa hore ke feela motho ea phethahetseng ea ka mamellang, joaloka Jesu, Ba-Heberu e phahamisa banna le basali ba sa phethahalang joaloka rōna ba mamelletseng ka tumelo. (Ba-Heberu 11:35-40; 12:1) “Leru la lipaki” le mamelletseng ka tumelo le ekellelitsoe mehleng ea kajeno. Ka Phato 1982 koranta ea Maswiss e ile ea hatisa sehlooho se buang ka seo mosali e mong a fetileng ho sona le Lipaki tsa Jehova tse litlamong kampong ea tšebetso ea basali naheng ea bokomonisi lilemong tse fetileng tse mashome a itseng. Lintlha tsa sehlooho tsa tlhakiso ea hae ke tsena:
Ke likereke tse kholoanyane feela tse nang le bolokolohinyana kaha li bolela se lumelloang ke ’Muso. Ha ho joalo ka litumelo tse nyenyane tse kopanelang malapeng. E hlorisoang haholo ke Lipaki tsa Jehova. Lipaki tse ngata tseo malapeng a tsona ho ileng ha fumanoa Molula-Qhooa li ahloletsoe lilemo tse 10 chankaneng. Hoa utloahala, he, hore na ke hobane’ng ha baholo ba kampo ba halefa ha Lipaki ka mokhoa o mong li fumana libuka tse ngata. Motšoaruoa e mong le e mong o ne a tsolisitsoe ’me a sechoa, le liaparo tsa bona tsa sechoa ka mokhoa o phethahetseng. Hape, motšoaruoa e mong le e mong ea sebetsang masimong o ne a lebeloa ke balebeli ba hlometseng le ho sechoa ha a kena ka khoro. Empa libuka tsa ’na tsa hlaha. Ho ne ho tšoana le ha eka bosiu mangeloi a ne a fofa ’me a li lahlela. Boholo ba Lipaki e ne e le basali ba banyenyane. Ka lekhetlo la pele ba ne ba koalloa ka lilemo tse 5 ho isa ho tse 7, ka lekhetlo la bobeli ka lilemo tse seng ka tlase ho 10. Lipaki e ne e le tsona tse tšoeroeng hampe ka ho fetisisa ka kampong. Ha li ne li ka ema li feta boraro, li ne li bolelloa hore li qhalane.
10. Ba-Heberu e re thusa ho etsa boikemisetso bofe mabapi le mahloriso?
10 Mabapi le mehlala ea boholo-holo ea tumelo tlas’a mahloriso, Ba-Heberu e re “lefatše le ne le sa tšoanela ho ba le batho ba joalo,” empa hore Jehova o tla bona hore ba ‘phethehe’ lefatšeng la Paradeise. Ke mang ea ka batlang ho fetang hoo? Kahoo re ke re tebiseng lipelong mehlala ea tumelo ea kajeno le ea boholo-holo. Ho e-na le ho ‘koeneha ho ea timela,’ re tlameha ho ikemisetsa ‘ho tiisa tumelo ho pholosa meea.’—Ba-Heberu 11:38, 40; 10:39.
Re se Keng ra ‘Suthela hole’
11. Ho ‘suthela hole’ e ka ba kotsi joang ho motho eo e bileng Mokreste ka nakoana?
11 Joalokaha Ba-Heberu e bontša, kotsi e ’ngoe ke ho ‘suthela hole.’ (Ba-Heberu 2:1) Nahana hore na hoo ho ka ’na ha etsahala joang. Motho—leha e le mang kapa mang ho rōna—ebile Mokreste ’me ka kananelo o ne a tletse cheseho. O ne a kopanela habonolo tšebeletsong ea tšimo leha a ne a e-na le tsebo e fokolang ea Bibele. (Liketso 3:1-9; 8:39; 13:48, 49) Kamorao ho lilengoana thabo ea hae e ne e tlameha hore e be e hōlile hoo e leng cheseho e matla le boineelo bo tebileng. Na ho joalo? Na o talima tšebeletso ea Bokreste e le mokhoa oa ho bontša lerato la hae ho Molimo le ho ba thuso ho ba bang, joalokaha le eena ka boeena a ile a thusoa? Kapa na bo se bo fetohile tloaelo, mosebetsi? Haeba a e-na le bana, na ka mehla le ka cheseho o ba phehella hore e be basebeletsi ba nako e tletseng? Kapa na o ho bolela ka seoelo feela le ka cheseho e nyenyane ho feta ha a bua ka ho tsoela pele thutong ea sekolo e phahameng, ho fumana mosebetsi o lefang haholo kapa ho fumana ntlo e ntlehali?—Tšenolo 2:4.
12. (a) Ba-Heberu e re khothalletsa eng e le hore re ka qoba ‘ho suthela hole’? (b) Ke lipotso life tseo re ka li nahanang ka ho ela Lentsoe hloko?
12 Mohato oa ho qoba ho ‘suthela hole’ ke hore re “ele ka ho fetisisa litaba tsee re li utloileng hloko.” (Ba-Heberu 2:1) Bakreste ba bang ba Baheberu ba ile ba hlōleha ho sena. Hoba ba ithute “litaba tsa thuto ea Kreste tseo ho qaloang ka tsona,” ha ba ka ba ‘fetela ho tsa kholo e tletseng.’ Ha e ne ‘ekabeba ke khale e le baruti,’ ba ne ba sa ntsane ba le linthong tseo ho qaloang ka tsona. (Ba-Heberu 5:12-6:2) Ho joang ka rōna? Na re mpa re “ipapisitse” feela kapa na re tsoela pele ka kelo-tlhoko ea boithuto ba botho? Na re leka ho bala karolo ea Bibele tsatsi le leng le le leng? Na re ithuta libuka tsa Bokreste ka thahasello ea ’nete, re bile re qoqa le ba bang ka lintho tse ncha tseo re ithutileng tsona? Na re thusa bana ba rōna ho tsoela pele ho feta ‘lebese la Lentsoe’? Na ba ka hlalosa ka Bibele ’nete e buang ka moea, tsoho, Borarobo-bong, lefatše la Paradeise, le tse joalo? Na hoo ba ho etsa tšebeletsong ea tšimo, ba sa salla tsebong ea selemo se fetileng?—1 Petrose 3:15.
13. Likhaitseli tsa rōna tse chankaneng tsa bea mohlala ofe ka ho ithuta, ho etsa tšisinyo ea eng ho rōna?
13 Ka Lipaki tse litlamong, sehlooho sa re:
Ka nakoana eo ba sa etseng letho ba ne ba itella ho hopola lirapa tsa Bibele ka hlooho. Hape, ba sebeletsa ho ithuta lipuo lisele, haholo-holo Senyesemane, Sefora le Sejeremane. Libuka tseo ba neng ba li fumana ka linako tse ling li ne li ngotsoe ka lipuo tsena, ’me ba ileng ba ithuta tsona ba ne ba tseba ho fetolela taba bakeng sa likhaitseli tse ling.
Le hoja ba ’maloa ho rōna ba qobelloa joaloka bona ho sebetsa lihora tse telele ka lijo tse nyenyane, na ka mafolo-folo re sebelisa joaloka bona nako ea bolokolohi eo re nang le eona ‘ho ela hloko ka ho fetisisa litaba tsee re li utloileng’?
U se ke ‘ua oa’
14. Ke eng e ka oelang le batho bao e leng khale e le Bakreste?
14 Hoba e re phehelle hore re tsoelepele, Ba-Heberu e re lemosa hore ‘ba kileng ba bonesetsoa’ ba ka “oa,” mohlomong ho isa moo ba ke keng ba hlola ba baka. (Ba-Heberu 6:4-8) E, Bakreste bao e leng khale ba sebeletsa Molimo, le bona ba tlotsitsoeng ba “filoeng kabelo moeeng o halalelang,” ba ka ’na ba huleloa nthong e ’ngoe e lekang tsamaisong ea hona joale.
15. Ba bang ba oele joang mabapi le likamano tsa botona le botšehali le mesebetsi ea khoebo?
15 Ba bangata ba lihiloe ke takatso ea nama kapa takatsa ea leruo. (1 Johanne 2:16) Koana, takatso ea likamano tsa botona le botšehali e-ea ameha ha bacha ba ineela likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Empa nahana ka tšobotsi e ’ngoe. Batho ba bang ba lenyalong ba khathetse ke balekane ba bona ’me ba kopana le motho e mong eo ho bonahalang a khahleha haholo, ea qoqang hamonate haholo kapa ea atlehileng haholoanyane lefatšeng lena. Ka masobabi, hona ho khannetse tlhalanong le manyalong a boitšoaro bo bobe a bobeli. Ba bang ba ‘oetse’ telekisong ea lintho tse bonahalang, ba oela mekhoeng ea khoebo eo ka ho hlakileng e sa tšepahaleng kapa e hlokomoloha litumello tsa ’muso le litlhokahalo tsa makhetho. (Mattheu 22:21) Kapa ba phahamisitse merero ea ho reka thepa ka khopolo ea ho e rekisa ka phaello e khōlō kapa mano a mang a ho rua kapele a lekang batho hore ka meharo ba ithuise ka baena ba bona. (Bapisa Liketso 20:33; 2 Ba-Thessalonika 3:10, 11.) Boiteko bona, ntle ho hore hangata bo pata lithahasello tsa ’Muso, ka linako tse ling bo felletse ka mahloeo le likhang, haeba e se ka liqoso tsa ho qhekella. Ho pakiloe hore Bibele e bua ’nete: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng.”—1 Timothea 6:9.
16. Likhaitseli tse chankaneng li beile mohlala ofe o motle oa ho hana moleko?
16 Haeba ka boikokobetso re hlokomela hore re matla hoo re ke keng ra oa, re lokela ho ikemisetsa hore re ke ke ra ineela qalong ea meleko le sebe. (Ba-Roma 12:3; 1 Ba-Korinthe 10:12) Likhaitseli tse neng li le kampong ea mosebetsi li re beetse mohlala o motle:
Ba bang ho bona ba nkuoa, ka bonngoe, ba isoa motseng o moholo moo ho nang le mabenkele, libaka tsa libaesekopo le boithabiso bo bong. Ka mohlala, mapolesa a mabeli a sekhukhu a isa khaitseli e mong lebenkeleng le leholo le nang le lijo tse ngata. Ba re ho eena, ‘Khetha seo u se batlang.’ A re ha a batle letho. E ne e le sehlōhō ho bontša motho ea fokolang ke ho se je hantle ka lilemo liluloana tsa mahobe a mefuta-futa. Ha etsoa meleko e joalo mabenkeleng a nang le likarolo tsohle le libakeng tsa boithabiso. Le hoja ba ile ba mo boloka moo ka libeke tse seng kae ’me ba mo tšepisa tokoloho haeba a ka lahla tumelo, ha hoa ka ha thusa letho. Ba tsebile ho hlōla khaitseli a le mong feela. Likhoeli hamorao a khutlela kampong, a nonne ’me joale a apere liphahlo tse ntle. A fana ka puo ea lihora tse peli ho bao e neng e le likhaitseli le eena, ba neng ba sa mo lumelise le ho mo lumelisa. Ho totobetse hore mapolesa a sekhukhu a ne a nahana hore ena ke tsela e bohlale haholo le hore likhaitseli li ne li tla etsa mokoloko e be li latola tumelo ea tsona. A fumana phello e kahosele.
17. Re lokela ho ikutloa joang ka meleko eo retalimanang le eona?
17 Na u ikutloa hore u ne u tla ema u tiile har’a meloko eo? Empa ho thoe’ng ka liteko tse u talimileng? Pauluse o ngolile: “Banab’eso, iponeleng, e se be e mong ho lōna a ka ba le pelo e mpe ea ho se lumele, e mo lahlisang Molimo o phelang; le mpe le khothatsane ka matsatsi ’ohle, ha ho sa ntsane ho thoe: Kajeno! e se be e mong ho lona a ithatafatsa ka thetso ea sebe.” (Ba-Heberu 3:12, 13) Ho qoba ho suthela hole kapa ho oa, ho hlokahala re nahane ka “kajeno.”
Ho Bonahatsa Tumelo “Kajeno”
18. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba sitoa ho kena phomolong ea Molimo?
18 Pauluse o theile tlhaloso ea hae ka “kajeno” ho se ho Pesaleme ea 95:7-11. (Ba-Heberu 3:7-11) Joalokaha serapa seo se bolela, Baiseraele ba ne ba thatafalitse lipelo tsa bona mehleng ea Moshe. Baiseraele, hoba ba utloe litlaleho tsa Joshua le Kalebe ka Lefatše la Pallo, ba bontša hore ba haelloa ke tumelo. (Numere 13:17–14:38) Le hoja ba ne ba ka thabela khotso le mahlohonolo ka letsatsi le tsoelang pele la Molimo la phomolo, Baiseraele, ka lipelo tse thatafetseng le ho se lumele, ba hana ho ea lefatšeng leo le ho phela ho lona. Eaba Molimo o etsa hore ba solle lefeelleng ka lilemo tse 40.—Ba-Heberu 3:17-19.
19. Ke neng hona joang re ka kenang phomolong ea Jehova?
19 Letsatsi le leholo la Sabbatha la Molimo, kapa letsatsi la phomolo, le ntse le tsoela pele. (Genese 1:31–2:3) Pauluse o ngotse hore “pallo ea ho kena phomolong ea oona e sa le teng.” (Ba-Heberu 9:1, 9) Kahoo, rōna Bakreste hona joale rea kena kapa re hlola “phomolong” eo. Joang? Ka ho lumela, re sa lumele Joshua oa boholo-holo, empa ho Joshua e Moholoanyane, moeta-pele oa rōna Jesu. Hape ho hlokahala re khaotse mesebetsi ea ho se lumele, e kang e bontšoang ke batho ba sa lumeleng kannete hore Tsamaiso e Ncha e tla ke e tle. Bophelo ba bona bo itšetlehile ka boithabiso le menyaka. Mohlomong ba batla ho ba “bo-sebele,” mohlomong ka ho iphumanela boemo kapa tlotla. Kapa mohlomong ba phehella bohlale ba ho ba batho ba “lokileng.”
20, 21. (a) Ho hlokahala re qobe mesebetsi efe? (b) Ke mosebetsi ofe o motle oo re lokelang ho kopanela ho oona, joalokaha o bonahalitsoe ke likhaitseli tse chankaneng?
20 Haeba re lumela ho Jesu le se tlelang batho ba Molimo, hoo re lokela ho ho bontša ka liketso tsa rōna. Pauluse o ngolile: “Ea keneng phomolong ea oona, le eena o phomotse mesebetsing ea hae.” (Ba-Heberu 4:10) Kahoo, ho e-na le mesebetsi ea ho se lumele kapa eo motho a lekang ho itokafatsa ho eona, re tlameha ho ba le mesebetsi e bonahatsang tumelo ea rōna.
21 Mosebetsi o ka sehloohong oa Mokreste ke ho bua ka Jehova Molimo le Mora oa hae. Ka Jesu, Pauluse o phehelletse: “A re tiiseng kano ea rōna” ea ho mo bolela. (Ba-Heberu 4:14) Ka tlhaho, hoo re ka ho etsa ’me re lokela ho ho etsa libokeng tsa Bokreste ha re bolela phatlalatsa tšepo ea rōna moo. (Ba-Heberu 10:23-25) Empa ‘polelo eo ea pontšeng’ e lokela ho akarelletsa ho bolella ba ka ntle seo re se lumelang le seo re se tšepileng. Ka sebele, re lokela ho ikutloa re tlamehile ho etsa “sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae [Molimo]” pontšeng. (Ba-Heberu 13:15; 1 Ba-Korinthe 9:16) Mongoli oa sehlooho se boletsoeng pelenyana o re phetela moqoqo oa hae le khaitseli e mong:
Ka re ba boholong ba le kenya kaofela chankaneng, e seng ka lebaka la tumelo ea lōna, empa hobane le bolella ba bang. Ha le ne le ka lula malapeng le le bang ’me la rapela ka khutso, ha ho ea tla tseba. A arabela, ‘Ke ’nete, empa re tlamehile ho bua le ba bang le hore re fumane baena le likhaitseli bocha. Re ke ke ra ba baikhabi ’me ra lokisetsa bophelo ba rōna re le bang lefatšeng nakong ea lilemo tse sekete. Batho bohle ba lokela ho tseba hore na bophelo bo tla ba joang ka nako eo.’
22. Ke kholiseho efe e theiloeng ho Ba-Heberu eo u nang le eona?
22 U ka bona hore ntlha ea bohlokoa ho Ba-Heberu ke ‘ho itlhahanela ke hona ho kena phomolong eo [ea Molimo], e se be e mong a tšoha a e-oa ke ho ea ka mohlala oa ba sa kang ba lumela.’ (Ba-Heberu 4:11) Re ka khotsofala ka botebo ka ho ba phomolong eo hona joale, hammoho le tšepo e tiisitsoeng ea ho tsoela pele ho eona ha bohle ba phelang lefatšeng ba rapela Molimo. Ha ho pelaelo ka hore Jehova o rata ho hlohonolofatsa le ho boloka bao, ka tumelo le ka kutlo, ba kenang phomolong ea hae hona joale. Ke “oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) Haeba pelaelo e le teng, e ka rōna. Empa le rona ha ho hlokahale hore re belaetse. Ka tumelo ea rōna le mamello, le ka thuso ea Molimo, re ka ‘‘phallela tšepo eo re e beetsoeng pele.’—Ba-Heberu 6:18.
Ha u ruile Molemo
◻ U fumane keletso efe ea bohlokoa kapa thuto ho Ba-Heberu?
◻ U ka rua molemo joang ka mohlala oa likhaitseli tse ling tse chankaneng?
◻ Ba-Heberu 2:1 e re phehella hore re etse joang ho qoba ho ‘suthela hole’?
◻ U ka kena joang phomolong ea Molimo?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 24]
Lipaki tse ngata tseo ho fumanoeng Molula-Qhooa ka malapeng a tsona li ahloletsoe lilemo tse 10 litlamong
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 25]
Lipaki li ne li tšoeroe hampe ho feta bohle kampong. Ha li ne li ka bokana li feta boraro, li ne li laeloa ho qhalana
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Baiseraele ba utloa tlaleho ea Joshua le Kalebe empa ba bontša ho hloka tumelo. Kahoo ba ne ba ke ke ba kena phomolong ea Molimo Lefatšeng la Pallo