Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/1 maq. 28-32
  • U ka Phela ka Ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng—Empa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Phela ka Ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng—Empa Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litlhokahalo tse ’Nè
  • Thuso e Molemo ea ho Ithuta
  • Tšusumetso tsa ho Mamela ’Nete
  • E Lebisa ba Bacha Phuthehong
  • E Hatisa Boboleli ba ’Muso
  • E Sebelisetse ho Thusa ba Bang
  • U ka Phela Lefatšeng le Lecha la Molimo la Khotso
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Paradeise
    Tsoha!—2013
  • Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka Phela ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/1 maq. 28-32

U ka Phela ka Ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng—Empa Joang?

‘HO PHELA ka ho sa feleng lefatšeng ke toro e ke keng ea etsahala. Ha ho ea ka ho etsang.’

Mohlomong u ’nile ua utloa batho ba rialo. Empa mohlomong u tseba hore qalehong e ne e le morero oa Molimo hore batho ba mamelang ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng ea lefatše. ’Me ha ho mohla Molimo o sitoang ho phethahatsa seo o se rerileng! (Genese 1:28; Esaia 55:11) Lentsoe la oona le tšepisa ka ho hlakileng: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Ke oona molaetsa o thabisang oo Lipaki tsa Jehova li o tlisetsang batho ha li ba etela malapeng a bona. ’Muso, ka Jesu Kreste e le Morena, o tla bona hore morero oa pele oa Molimo o-oa finyelloa. Tlas’a tsamaiso e lokileng ea ’Muso lefatše lena le tla fetoha Paradeise e ntle e lemiloeng. Empa hase bohle ba tla lumelloa ho phela Paradeiseng eo ea lefatšeng. Ho lokela ho finyelloe se hlokahalang. Hona hoa utloahala.—Mattheu 6:10.

Nahana: Haeba u ne u e-na le lehae le letle le potiloeng ke lirapa tse hlokometsoeng, na u ne u tla lumella mang kapa mang ho phela moo? Che, o ne a tla tlameha ho finyella se hlokoang ke uena hore u mo amohele. Molimo o hloka eng ho ba tla lula ka ho sa feleng lefatšeng la hae la Paradeise? A re ke re hlahlobeng litlhokahalo tse khōlō tse ’nè.

Litlhokahalo tse ’Nè

Jesu Kreste a khetholla tlhokahalo ea pele ha a re ho Ntate oa hae thapelong: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši ao ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Ho tseba Molimo le Jesu Kreste ho akarelletsa ho tseba merero ea Molimo ka lefatše le karolo ea Kreste e le Morena e mocha oa lefatše. Na u tla fumana tsebo e joalo ka ho ithuta Bibele?

Ba bang ba fumana tlhokahalo ea bobeli e le thata haholoanyane. Ke ho mamela melao ea Molimo, e, ho etsa hore bophelo ba motho bo lumellane le se hlokahalang boitšoarong joalokaha se le ka Bibeleng. Hona ho akarelletsa ho tela tsela ea bophelo ea boitšoaro bo bobe.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10; 1 Petrose 4:3, 4.

Tlhokahalo ea boraro ke hore re tloaelane le mocha oa Molimo, phutheho ea oona. Molimo o sebelisitse phutheho ka linako tsohle. Ka mohlala, ke feela ba neng ba le ka arekeng mehleng ea Noe ba ileng ba pholoha Moroallo, le feela ba neng ba kopanela le phutheho ea Bokreste lekholong la pele la lilemo ba bileng le mohau oa Molimo. (Lik. 4:12) Ka ho tšoanang, Jehova o sebelisa phutheho e le ’ngoe feela kajeno ho finyella thato ea hae. Ho fumana bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatše re tlameha ho tseba phutheho eo le ho sebeletsa Molimo re le karolo ea eona.

Tlhokahalo ea bone e amana le botšepehi. Molimo o batla hore ba lebelletseng ho ba bafo ba ’Muso oa oona ba tšehetse puso ea oona ka ho buella ka botšepehi puso ea “Muso oa hae ho ba bang. Jesu Kreste o hlalositse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle.” (Mattheu 24:14) Na u tla finyella tlhokahalo ee ka ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo?

Mohlomong u tloaelane hantle le litlhokahalo tsena. Empa batho ba bangata ha ba tsebe merero ea Molimo le seo o se hlokang. Hona Joale re na le kofuto e babatsehang ho thusa ba joalo. Ke buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Na u e sebelisitse ho thusa ba bang ho ithuta seo Molimo o se hlokang ho bona?

Thuso e Molemo ea ho Ithuta

Buka e ncha Phela ka ho sa Feleng e na le tsebo e isang bophelong bo sa feleng. E bua ka linnete tsa bohlokoa tsa Bibele tseo ho hlokahalang hore batho ba li utloisise e le hore ba ka nehela bophelo ba bona ho Jehova Molimo le ho mo sebeletsa ka ho amohelehang. Ha e hlalosa kananelo bakeng sa thuso ena e ncha ea ho ithuta Bibele, Paki ea Ohio, U.S.A., e ngotse:

“Ka Phuptjane ke ne ke se na lithuto tsa Bibele. Hona joale, ke na le lithuto tsa Bibele tse tharo ’me ke tloha ke qala ea bone. Lithuto tsena li bukeng ena e ncha kaofela ha tsona. Kaofela li tšoaroa kamehla ’me lia thabisa. Buka e arabela lipotso tsa seithuti ka mokhoa o hlakileng le o utloahalang. . . . Ke haelloa ke mantsoe a hore ‘Kea leboha’ bakeng sa ho etsa hore ho be bonolo hakana ho tsamaisa lithuto tsa Bibele, hammoho le ho koahela tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang ho seithuti bakeng sa ho fumana kananelo e tšoarellang le e tlohang botebong ba pelo bakeng sa Jehova le phutheho ea hae.”

Lengolo lena le lona le supa molemo oa buka ena: “Ke tsebile ho qalisa lithuto tse tharo ka buka ena ’me seo ke se fumaneng ke hore buka e ntle haholo bakeng sa batho ba lilemo tsohle. Ke ithuta le mosali ea lilemo li 83, hape le banana ba babeli ba lilemo li 11 ’me e ’ngoe le mosali ea 50. Ke tokelo e khōlō ho kopanela le phutheho e tsebisisang se hlokoang ho thusa batho ba bangata hore ba ithute ka Jehova le merero ea hae bakeng sa lefatše le batho bohle.”

Tšusumetso tsa ho Mamela ’Nete

Ntle ho ho fumana tsebo e phelisang, motho o tlameha ho etsa hore bophelo ba hae bo lumellane le se hlokoang ke Molimo boitšoarong haeba a tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. Buka ea Phela ka ho sa Feleng e thusa batho ho etsa sena. Hase feela hore ho fanoa ka keletso e tobileng ka liphoso tse ka qojoang le hore na li ka qojoa joang empa khothatso e-ea fanoa hore ho etsoe se nepahetseng. Ka tsela e molemo buka ena e senola bomene-mene ba Satane. Hape e hlalosa ka ho hlakileng ntoa eo Mokreste a tlamehang ho e loana ho etsa hantle.

Ka mohlala, moromuoa oa Lipaki tsa Jehova ea Panama o ngola ka mohlankana ea neng a ithuta Bibele le eena: “Bekeng ea ho qetela ka Phupu a fumana buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. ’Mè oa hae o ne a mo reketse eona Kopanong ea Setereke ea ‘ ’Nete ea ’Muso’ Hawaii. Sebokeng sa Tšebeletso ka Labone, la 29 Phupu, a mpolella hore ha a sa tsuba ka baka la seo a se boneng bukeng.

“Ka Labohlano thutong ea hae ea Bibele ka mo kōpa hore a mpontše hore na ke eng e ileng ea mo khahla hakaalo. Setšoantšo se leqepheng la 131, se bontšang liketso tse nyatsuoang ke Molimo tseo bafo ba puso ea Molimo ba lokelang ho li qoba. A re: ‘Bona, likaroloana tse peli tse feletseng bakeng sa sakarete! Joale setšoantšo se leqepheng la 227 le taba e leqepheng la 226 ea ntlhokomelisa ka ho rapella thuso ha u lekeha hore u tsube. ‘Eaba ho lekane! Ka re ho Sunshine [ngoananyana oa hae] a lahle lisakarete tsohle hona hoo!’ Eaba ke moo ho fellang ho tsuba ha lilemo tse 17! Eaba hona bosiung boo re qala ho ithuta buka le eena. Buka efe kapa efe e matla hakaalo ha e-ea lokela ho senngoa feela mehaoloaneng.”

Lengolong le leng la kananelo motho e mong a ngola: “Ke lakatsa ho le leboha ka buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, Ho bala buka eo ha nthibela ho etsa phoso e khōlō.

“E mong eo ke sebetsang le eena a nkatamela ’me a nkopa hore ke ee le eena boithabisong. Ke ne ke tseba hantle hore na motho eo o hopotse eng empa ke le pakeng tsa ho tšoha le ho lekeha, ha nka ka arabela. Eaba motho eo o re ho ’na, ‘Kopana le ’na mona ka 4 mantsiboea haeba u batla ho ea.’

“Ho tla fihlela ka 3 mantsiboea ke ne ke sa tsebe hore na ke tla etsa joang. Ke ne ke tseba hore na hona ho tla etsa’ng ka kamano ea ka le Jehova, empa ka utloa ho na le ho mpolellang hore ha ho letho le tla etsahala. Ka tseba hore ka ho nahana ka hona ho e-na le ho ho leleka kelellong ke iphokolisitse ho isa moo ke batlileng ke inehela—empa e seng ka ho feletseng.

“Bosiung ba pele ho moo, ke ne ke ntse ke bala buka ea Phela ka ho sa Feleng ’me ke khahliloe haholo ke khaolo e reng ‘Ntoa ea ho Etsa Botle’ le khaolo ea ‘thapelo.’ Ka bukeng ho boleloa hore nako ea ho rapela hore Jehova a u fe matla hase ha u entse phoso, empa ka eona nako eo u ikutloang hore u molekong. Ke tseba hore ha ke na matla ho hang a ho hana ho kopana le motho enoa ka 4 mantsiboea, ka ipiletsa ho Jehova hore a mphe matla a ho hana. Ka mo bolella hantle hore na ke ikutloa joang. Thapelo ea ka e tiileng ka boeona ea mpha matla. . . . Eare ha ke kopana le enoa eo ke sebetsang le eena ke ne ke e-na le matla a lekaneng ho emela boemo bo nepahetseng ba Bokreste haesite le ho mo pakela. Ke leboha keletso eo e hlakileng haholo.”

E Lebisa ba Bacha Phuthehong

Karolo e ’ngoe ea bohlokoa e koaheloang ke buka ke bohlokoa ba ho tseba le ho kopanela le phutheho e bonahalang ea Molimo. Mosebeletsi ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova o hlalositse ka sena, a re: “Ka lilemo tse fetang 25 re lauoe ho ruta batho bao re ithutang Bibele le bona ka phutheho, re ipha nako thutong e ’ngoe le e ’ngoe ho ba tloaetsa litšobotsi tse ling tsa eona. Ke thabile haholo hore re na le tšobotsi e joalo e kenyellelitsoe bukeng ea ho ithuta; bahoeletsi le liithuti ka ho tšoanang ba ke ke ba hlola ba haelloa!”

E, khaolo ea 23, “Phutheho e Bonahalang ea Molimo,” e nehelana hantle ka kamoo Jehova ka lilemo tsena tsohle a ’nileng a sebetsa ka phutheho. ’Me buka ea Phela ka ho sa Feleng e hlalosa tšebetso ea phutheho ea kajeno e bonahalang ea Molimo, ho lebisa ba bacha sebakeng sa tširelo. Ha ho buuoe feela ka liboka tse hlano tsa beke le beke tsa Lipaki tsa Jehova ka bokhutšoanyane empa liithuti tsa Bibele li tloaetsoa litokisetso tsa phutheho bakeng sa likopano tsa potoloho le tse khōlō.”

E Hatisa Boboleli ba ’Muso

Motho a ka tseba ’nete e isang lefatšeng la Paradeise; a phela bophelo ba boitšoaro bo hloekileng; a kopanela le phutheho ea Molimo; empa leha ho le joalo eaba ha a moleng oa ho fumana bophelo e le moahi oa tsamaiso e ncha ea ho loka ea Molimo. Ho haella eng? Motho hape o tlameha ho ba ’muelli oa ’nete. E be ’moleli oa ’Muso! Buka ea Phela ka ho sa Feleng e kenyelletsa ’nete ena ka tsela e utloahalang haholo le e thusang. Ka mohlala, hoo e ka bang qalehong khaolong ea 15, tlas’a sehlohoana “Botšepehi ’Musong oa Molimo,” e re: “Hore Jehova Molimo o hloka ha bafo ba hae ba tšehetsa ka botšepehi puso ea ’Muso oa hae, ha ho makatse. Mebuso ea batho e hloka se joalo ho baahi ba eona. Empa ke ka tsela efe e khethehileng eo Molimo o batlang ha ho tšehetsoa ka botšepehi? Ka hore bafo ba hae ba nke lihlomo ’me ba loanele ’muso oa hae? Che. Ho e-na le hoo, ho tšoana le Jesu Kreste le balateli ba hae ba pelenyana, ba tlameha ho ba baboleli kapa babuelli ba tšepahalang ba ’muso oa Molimo. (Mattheu 4:17; 10:5-7; 24:14) Ke thato ea Jehova hore e mong le e mong a tsebe hore na ’muso oa hae ke eng le hore na o tla rarolla mathata a batho joang. Na u boleletse beng ka uena, metsoalle le ba bang lintho tseo u ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo? Ke thato ea Molimo hore u ho etse.”

E Sebelisetse ho Thusa ba Bang

Joaloka libuka tse ling tsa Watch Tower tse tlileng pele ho eona, buka ena e fana ka linnete tsa Bibele tse isang Paradeiseng ea lefatše. U khothalletsoa ho bala le ho ithuta eona ka hloko. Joale e sebelisetse ho thusa ba bang ho khahlametsa litlhokahalo tsa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.

Ke hobane’ng ha u sa fane ka buka ho bao u kopanang le bona mesebetsing ea hao ea letsatsi le letsatsi, joaloka bahoebi kapa bao u ahisaneng le bona ba tlang lapeng ha hao? Likopanong tsa Lipaki tsa Jehova lehlabuleng lena le fetileng, ba sebetsang likamoreng tsa baeti matlong a baeti, hammoho le batho ba bang, ba bona buka ’me ba botsa Lipaki hore na ba ka e fumana joang. E, batho ba bona sekoahelo se setle le sehlooho se ngotsoeng ka ho hlaka U ka phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me ba batla buka. Kahoo li boloke li le ngata hore u li nee batho ha monyetla o hlaha. Se lebale bao u amanang le bona. Ke eng ha u sa etse hore kaofela ba fumane e ’ngoe?

Ka Tlhakubele le ka ’Mesa Lipaki tsa Jehova li fane ka buka ea Phela ka ho sa Feleng tšebeletsong ea tšimo. E le karolo ea Liboka tsa Tšebeletso tsa beke le beke Liholong tsa tsona tsa ’Muso likhoeling tsena, li buisana ka tsela eo li ka sebelisang kofuto ena ho thusa batho tseleng ea bona e isang bophelong Paradeiseng lefatšeng. U mengoa ho ba teng le ho ithuta kamoo u ka kopanelang mosebetsing ona.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Buka U ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng Lefatšeng ruri e ntle bakeng sa ho tšoara lithuto tsa Bibele tse ncha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela