Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Na Ba-Heberu 1:6 e bua ka ho tla labobeli ha Jesu?
Le hoja liphetolelo tse ling tsa Bibele li ngotse temana ena ka tsela e patang ’nete, ho na le lebaka le letle la ho utloisisa hore temana ena e bua ka ho tla ha Kreste labobeli.
Ho Ba-Heberu khaolo ea pele moapostola Pauluse o hlokomelisitse ka ho phahamela ha Jesu mangeloi. Ntlheng ena temana ea 5 le ea 6 li qotsitse ka makhetlo a mararo Mangolong a Seheberu, ’me sena Pauluse o se sebelisa ho Jesu. Ha u bala Ba-Heberu 1:5, 6, hlokomela haholo-holo makhetlo a mabeli ao lentsoe “hape” le hlahang ka oona.
“Hobane ke ho lefe ho mangeloi Molimo o kileng oa re le ka mohla o le mong: U Mora oa ka, ke u tsoetse kajeno? Hape, ke ho lefe o itseng: Ke tla ba Ntat’ae, eena e be Mora oa ka? Hape, mohla o tlisang Mora oa oona oa letsibolo lefatšeng, o itse: Mangeloi ’ohle a Molimo a mo khumamele.”—Ba-Heberu 1:5, 6.
Temaneng ea 5 Pauluse ka lekhetlo la pele o qotsitse seo Molimo o se buileng ho Pesaleme ea 2:7. Eaba Pauluse o-oa ngola “hape” pele a qotsa ka lekhetlo la bobeli (2 Samuele 7:14) ’me a sebelisa sena ho Messia, Jesu. Empa joale nahana ka temana ea 6, moo lentsoe “hape” (ka Segerike, palin) le boetseng le hlahang.
Na “hape” e sebelisoang temaneng ea 6 e ne e le feela ho kenyelletsa ho qotsa ka lekhetlo la boraro letotong le le leng? ka mohlala, motho a ka ’na a ngola, ‘Thabo o teane le eena ka lengolo. Hape, ka fono-fono, ’Me hape ka mohala.’ Na ke sona sohle seo Pauluse a neng a se etsa temaneng ea 6 ha a sebelisa “hape” ’me a qotsa Pesaleme ea 97:7 ho Septuagint Version ea Segerike?
Bafetoleli ba bang ba Bibele ba ngotse Ba-Heberu 1:6 ka tsela ena. Ka mohlala, Bibele ea Sesotho e re: “Hape, mohla o tlisang Mora oa oona oa letsibolo lefatšeng.” Liphetolelo tse ling li e ngola joalo, le hoja ho etsa joalo ho bolela ho tlosa “hape” moo e neng e le teng pele, hobane Segerike sona se baleha tjena: “Hobane empa hape ha o tlisa letsibolo.”
Ho nahaneloa kaheho ea puo, Dr. C. B. Moll o-oa hlalosa: “Ho sebelisoa ha Epistole ea rōna ha ho re lumelle ho tlosa palin sebakeng sa eona e be re e etsa lentsoe le kenyelletsang ho qotsa ha rōna . . . Puo e bua ka ho kenyelletsoa ka lekhetlo la bobeli—empa kamoso—ha Letsibolo lefatšeng.” Ka ho tšoanang, bukeng ea hae The Epistle to the Hebrews Dr. B. F. Westcott o hlokomela hore “hape” e utloisisoa hore ka tlhaho e lumellana hantle le se e latelang. Hape o bolela hore Pauluse o ne a se a (temaneng ea 2) buile ka ho tla ha Jesu pele, e le motho. Kahoo Dr. Westcott o re “ho na le lebaka le letle la hore na ke hobane’ng [temaneng ea 6] mongoli a lokelang ho supela pele ka ho khethehileng ka ho Khutla ha hoo ho hona mosebetsi oa Messia o neng o tla phethoa.”
Kahoo, Ba-Heberu 1:6 e lokela ho utloisisoa e supa nakong ea ha Jesu ea tlotlisitsoeng a neng a tla boela a tle kapa a fane ka tlhokomelo e khethehileng lefatšeng la batho. Ke kamoo temana e ngotsoeng kateng ho New World Translation le American Standard Version, hammoho le liphetolelo tsa R. Young le J. B. Rotherham. Dr. Edgar J. Goodspeed phetolelo ea hae e bile e hlakile haholoanyane ho bontša hore temana ena e sebetsa ho tleng ha Kreste labobeli. E ngola Ba-Heberu 1:6 tjena: “Empa ka nako eo o tla tlisa Mora oa oona oa letsibolo hape lefatšeng, o re, ‘Mangeloi ’ohle a Molimo a ke a mo khumamele.’”