Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/15 maq. 29-30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tseba Bakreste ba Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Na Mpho ea ho Bua Lipuo Lisele ke Karolo ea Bokreste ba ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Bua ka Maleme—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Bua Lipuo Lisele
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/15 maq. 29-30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Kaha Jesu o itse Bakreste ha baa lokela hoba “ba lefatše” re lokela ho itšoara joang mabapi le litaba tsa metseng kapa lintho tse amang kahisano tse kang ho hlokomela sebaka se re potolohileng?

Bakreste ha ba potoe ka thōko ke litaba tsa metseng tse amang batho ka kakaretso, le tsona litaba tse kang tšilafatso kapa ho bolokoa ha sebaka se ba potileng. Empa hore na ba ameha ho isa kae linthong tse joalo ho lokela ho lekanyetsoa tumellanong le Mangolo le tlameho ea bona e ka sehloohong ho Molimo.

Jehova o amehile hantle ka tšireletseho ea bohle le bophelo, joalokaha re ka bona melaong ea hae bakeng sa Iseraele ea boholoholo. Ka mohlala, o ile a khothalletsa ho thibela liphoofolo tsa hae tse kotsi, ho koahela likoti le ho hlokomela marulelo ka mahora ho thibela likotsi tsa ho oa le kotsi ho batho ba fatše. (Exoda 21:28-34; Deuteronoma 22:8) Thahasello ea hae bophelong ba batho e hlakisoa ke melao ea hae ea ho koalla batho ba nang le mafu a tšoaetsanoang le ho hlekoa ha mantle, a neng a ka ’na a silafatsa mehloli ea metsi e le ho jala mafu. (Levitike 13:1-59; Deuteronoma 23:9-14) Ka tšilafatso, tlhokomelo le tikoloho, Lentsoe la Molimo le re bolella hore o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore Molimo ha o ka oa laela bahlanka ba oona—Baiseraele kapa Bakreste—hore ba tsamaee ba bua ka lintho tse joalo. Bajode ba ne ba sa lokela ho tsoa letšolo har’a lichaba tse ba potileng hore li ntlafatse maemo a tsa bophelo kapa ba be le melao e molemo ea tsa bophelo le ea mehaho. Leha e le hore ho na le bopaki ba hore bona (kapa Bakreste hamorao) ba ne ba etsa joalo ha ba phela linaheng tse ling. Ho feta moo, Molimo o itse ke OONA o tla nka bohato ka ba senyang lefatše; o ne a sa bontše hore hona e lokela ho ba kameho e khōlō ea ‘bahlanka ba hae baprofeta, le bahalaleli le ba tšabang lebitso la hae, ba banyenyane le ba baholo.’—Tšenolo 11:18.

Ka ho utloahalang, Bakreste kajeno ba hlokomela hore ho na le lintho tse ka ’nang tsa ntlafatsa bophelo hona joale bakeng sa bona le batho ba ba potileng. Boikutlo ba bona ha boa shoa ho se hlokoang ke batho; ho e-na le hoo, ba ananela le ho hlaolela ‘mosa oa botho.’ (Bapisa Liketso 28:2, 7-9; Mareka 7:24-30.) Hona ho ka ’na ha susumetsa tsela ea bona ha ho hlaha likhang tse itseng tse amang ho ntlafatsoa ha metse. Ka mohlala, batho ba motse ba ka ’na ba kopuoa hore ba bolele maikutlo a bona ka bohlokoa ba mabone a eketsehileng a seterateng kapa lipontšo, likolo tse ncha kapa tšebeletso e molemo ea metsi le matloana. Hangata ha ho kotsi ea letho ka hore Mokreste a hlahise maikutlo a hae ka ntlafatso e joalo. A ka ba a ikutloa hore a ka tekena kōpo, kapa boipelaetso bo amang seo.

Empa Bakreste ba se ke ba hlokomoloha ’nete ea hore litaba tse khōlō tse amang metse hangata Ii fetoha likhang tsa lipolotiki. Lihlopha li qala ho retelehela mekhoeng ea bopolotiki hore ba fumane liphetoho tseo ba ikutloang ka sebele hore li molemo. Kapa mapolotiki a mang (kapa ba emelang likhetho) ba tšehetsa khang. Joale batho ba ikamahanya le lintho tsa lipolotiki kapa ba emela “marena a lefatše lena a felang.” (1 Ba-Korinthe 2:6, 8; Tšenolo 19:17, 18) Haeba hoo ho ka etsahalla setho sa phutheho ea Bokreste, eo a ka ba a fihla ntlheng eo ho eona a sa tšoaneleng tlhaloso ea Jesu: “Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.” Kreste o hlile a totobatsa sena ka barutuoa ba hae: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.”—Johanne 15:19; 17:16.

Ho ka ’na ha e-ba le litaba tse ling tse e-song ho be tsa bopolotiki moo re phelang, kapa tseo batho ba moo ba li sebetsang ba sa sebelise lipolotiki. Ho loantša tšilafatso, ho boloka metsi le mehloli ea lirafshoa kapa ho sireletsa lefeella e ka ’na ea e-ba litaba tsa mofuta oo. Motho e mong a ka ’na a bona botle linthong tsena ’me a ikutloa hore Molimo le oona o tla ikutloa joalo. Empa re se ke ra lebala mosebetsi oo Jehova a rōmileng Bakreste hore ba tebe ho oona: Ho jaloa ha litaba tse molemo tsa ’muso, o tla tlisa mahlohonolo a ka mehla ho batho ba limillione lefatšeng lohle. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ho etsa mosebetsi oo ho tla re thibela ho tšoareheng ho buelleng boiteko bo ’nileng ba hapa maikutlo a ba bangata.

’Nete ke hore boiteko boo ba batho bo ke ke ba e-ba le phello e hohle le e molemo joaloka ho thusa batho hore ba be le borapeli, kaha bo “thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) E, le ponong ea ho ba le thuso eitseng, re ka etsa molemo o moholo haholo ka ho thusa batho hore e be Bakreste ba ’nete. Hoo ho ka thusa ho qoba mekhoa e kotsi bophelong. Re ka ba thusa ho sebelisa metheo ea Bibele e le hore ba ka ba le thuso e khōlō metseng ea habo bona. Leha ho le joalo, e le lehlohonolo le leholo, boiteko ba rōna bo ba thusa ‘ho rua bophelo ba sa feleng.’ (1 Timothea 6:19) Melemo eo ba e fumanang ekaba e tšepahalang ho feta seo ba ka se fumanang ka boiteko ba tsoelopele kapa ba motse. ’Me ha e le ka Bakreste, ho hlokomela ha rōna hore re se ke ra khelosoa mosebetsing oo Molimo o re abetseng oona ho tla bontša ho mamela ha rōna Jehova, eo lelapa le leng le le leng le bitsoang ka eena, bophelo le litebello tsa bophelo ba kamoso.—Ba-Efese 3:15

■ Ke eng se boleloang ka mantsoe a Pauluse a ho 1 Ba-Kotinthe 14:36: “Ana lentsoe la Molimo le tsoile ho lōna, kapa ke lōna feela ba fihletsoeng ke lona na?”

Motheong oa taba, moapostola Pauluse o ne a leka ho thusa Ba-Korinthe hore ba bone hore ha baa lokela ho qapa litsela tse ncha tsa ho etsa lintho ka phuthehong. Keletso e joalo e ne e loketse, joalokaha ho ka bonoa ho seo Pauluse a se ngotseng pelenyana.

Matsatsing a qalang a Bokreste, Molimo oa lokisetsa lineo tsa mohlolo tsa moea, tse kang ho profeta le ho bua ka lipuo lisele. (1 Ba-Korinthe 12:4-11) Ba bang Korinthe ba ba le limpho tse joalo empa ba li sebelisa ka tsela e neng e baka mofere-fere. Ka mohlala, ba ne ba bua ka lipuo lisele ha ho se motho ea nang le neo ea mohlolo ea ho fetolela. Pauluse a bea lebaka, ‘Ana ea lutseng setulong sa ea sa tsebeng a ka tiisa joang teboho ea hao ka amen ea hae, ha e le mona a sa tsebe seo u se bolelang?’ Ba sa lumelang ba neng ba le teng ba ne ba ka ba nahana hore ba buang ka lipuo lisele baa hlanya.—1 Ba-Korinthe 14:13-16, 22, 23.

Pherekano e ne e boetse e bakoa ke ba buang ba le bangata ka nako e le ’ngoe. Pauluse a phehella, “ekare ha e mong a bua ka puo, ho etsoe joalo ke ba babeli, boholo e be ba bararo, ’me ho etsoe ka ho latelana.” Ka ho tšoanang, ba susumetsoang ke moea oa ho profeta ba ne ba lokela ho ho etsa ka tsela e nang le moeli le hona ‘ka bonngoe.’ Hona ho lumellana le ho re Molimo ke Molimo oa khotso, e seng oa mofere-fere.—1 Ba-Korinthe 14:27-33.

Ho bonahala hape bothata bo ne bo hlahile ka basali ba buang libokeng. Hoo e tlameha e be ho ne ho feta ho arabela potso kapa ho pheta phihlelo. Ho totobetse hore basali ba bang ba ne ba leka ho iketsa baruti ’me ba ngangisana le baena libokeng. Hoo ho ne ho hanana le motheo oa bohlooho.—1 Ba-Korinthe 14:34, 35.

Kahoo Pauluse a ngola: “Ana lentsoe la Molimo le tsoile ho lōna, kapa ke lōna feela ba fihletsoeng ke lona na?” (1 Ba-Korinthe 14:36) E, a phehela Ba-Korinthe hore ba hopole hore phutheho ea bona hase eona ea pele le hore “lentsoe la Molimo” ha lea bolelloa bona feela. E ne e le phoso ho bona hore ba sebetse litaba ka mokhoa o fapaneng ho hang ho se liphuthehong tse ling. Ba ne ba se na tokelo ea ho kenya mekhoa esele phuthehong ea Bokreste e hananang le metheo e amanang le khotso le bohlooho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela