Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/1 maq. 7-11
  • Ke Ile ka Tšehetsoa ke ‘Matla a Fetisisang’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ile ka Tšehetsoa ke ‘Matla a Fetisisang’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lilemo tsa Sekolo Lebanone
  • Ra Fihla United States
  • Thuso e Tsoang ho Jehova
  • Peō ea ’Nete ea Jaloa
  • Na Nka Etsa Sehlabelo se Joalo?
  • Ka Ithuta Linnete tse Eketsehileng
  • Ke Tšehelitsoe ke ‘Matla a Fetisisang’
  • Ho Abela ba Bang ’Nete
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
    Tsoha!—1993
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Joaloka Mohlolohali, Ke Fumane Matšeliso a ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/1 maq. 7-11

Ke Ile ka Tšehetsoa ke ‘Matla a Fetisisang’

Joale ka ha boletse Sadie Lewis Haddad

“O HO entse Joang?” Ke atisa ho botsoa potso ena ka nako e ’ngoe. Eng? Ho hōlisa bana ba robong, ba supileng ke ba holisa ke le mong. ’Me ho ba robeli ba phelang kajeno, ba supileng e se e le khale e le bahlanka ba ineetseng, ba tšepahalang ba Jehova Molimo.

Ha ke hetla morao, kea tseba hore, hore ke khone ho hōlisa bana ba ka ka ’nete ea Molimo ha kea ho etsa ka matla a ka. Hoo ho ne ho ke ke ha etsahala. Ka sebele e bile ka thuso ea Jehova. Joalo ka ha 2 Ba-Korinthe 4:7 e bontša, bao ka ’nete ba ratang ho sebeletsa Molimo ’me ba etsa thato ea hae ba ka fumana “matla a fetisisang” a tsoang ho Molimo ka moea oa hae o halalelang.

Ho tlile joang hore ke hōlise boholo ba bana ba ka ke le mong? Ho tlile joang hore ke tsebe Jehova le merero ea hae? E re ke le bolelle ho se hokae ka bophelo baka.

Lilemo tsa Sekolo Lebanone

Ke tsoaletsoe Lebanone lilemo tse 90 tse fetileng, ka 1892. Ntate e ne e le moruti oa Kereke ea boholo-holo ea Magerike, ho tšoana le ntat’ae. Ntate o ne a lakatsa hore bara ba hae kaofela ebe baruti, ba latele mehlala ea hae. Empa ha ho lea mong oa bara ba hae ea neng a rata mosebetsi oo.

Taba eo ea halefisa ntate. Leha ho le joalo, haeba ke thato ea Jehova “ea tsosang bafu,” Ntate o tla tsoha bafung ka tsoho ha Molimo o hloma Paradeise ea Oona ea “lefatše le lecha.” (2 Ba-Korinthe 1:9; 2 Petrose 3:13) Joale ke tla khona ho bolella Ntate hore le hoja bara e sa ka ea e-ba basebeletsi ba Molimo, morali oa hae Sadie, le boholo ba bana ba hae le litloholo e ile ea ba basebeletsi ba Jehova!

Ke ne ke sa tsebe ’mè, hobane o ne a hlokahale ha ke le lemo li tharo. Ka kopo ea hae, Ntate a nkisa sekolong seo bana ba lulang ho sona moo baitlami ba kereke ea Luthere ea Majeremane ba ileng ba nthuta se-Arabia le Sejeremane. Moo ke ile ka rutoa ho rata Jesu empa ke ile ka rutoa hanyenyane ka Molimo le merero ea hae.

Leha ho le joalo ke ne ke lakatsa ho ba moitlami le ho ea leholimong. Empa ha kea ka ka ba moitlami hobane ha ke qeta lithuto tsa ka sekolong ke ile ka khutlela hae ho ea hlokomela Ntate pele a shoa. Ha ntate a shoa baena ba ka ba ile ba qosoa ka hore ha ba ka ba ntlhokomela, joalo ka ha oo e ne e le moetlo oa naha ea Lebanone mehleng eo. Ba nahana hore ho molemo hore ke nyaloe, eaba ba mpatlela monna. Ke ne ke se na boikhethelo tabeng eo. Ka 1909, ha ke le lilemo li 17, ka nyaloa.

Ra Fihla United States

Ka 1910 ‚’na le monna oa ka ra tloha Lebanone ho ea United States. ’Me qetellong ra lula polasing ea reise Texas. ’Me ha lilemo li ntse li tsamaea ra ba le bana ba robong.

Empa lenyalo la ka ha le a ka la tsoella hantle. Ha e le hantle, ka 1935 monna oa ka a ntlohela, ha ngoana oa rona oa borobong a le lemo li tharo. Le hoja morali oa ka e moholo le mora ba ne ba se ba nyetse, mathata a bona a ne a tobane le ’na. ’Me joale ke ile ka tlameha ho hlokomela bana ba bang ba supileng ke le mong.

Lemo se latelang ra rekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e-na le eona, kantle ho karolo e ’ngoe ea polasi, ’me ra hira ntlo Beaumont, Texas. Bana ba bang ba ka ba qala ho sebetsa ’me ba thusa ho koahela litšenyehelo tsa lelapa. Ba ne ba nthusa haholo.

Thuso e Tsoang ho Jehova

Leha ho le joalo, thuso e kholo e ne e tsoa ho Molimo. Morao koana ka 1917, ha re sa ntse re lula polasing, ka qala ho tloaelana le Jehova le merero ea hae ’me ka qala ho retelehela ho eena bakeng sa thuso.

Ho tloha bongoaneng ba ka ke ne ke hlompha Molimo, ’me ka rata ho tseba ho eketsehileng ka oona. Se ileng sa potlakisa takatso eo e bile Ntoa e Kholo, kamoo e neng e bitsoa kateng mehleng eo, e ileng ea qhoma ka 1914. Khaitseli ea ka ea lulang Beirut, Lebanon, a ’ngolla a mpolella kamoo maemo a leng mabe kateng nakong ea ntoa. Metsoalle ea rona e mengata e ile ea lapa ho isa lefung.

Khaitseli ea ka o bolela hore o ile a qobelloa ho rekisa ntlo ea hae le thepa e ’ngoe hore e fumane lijo, ’me ka ntle ho moo, o ile a kula haholo. O ile a nkopa hore ke mo romelle chelete ea ho reka lijo. Eaba ke romela chelete kapele-pele. Empa ka lona letsatsi leo ke rometseng chelete ka lona ka amohela lengolo le bolelang hore khaitseli ea ka o shoele. Ke ntse ke e-na le lengolo leo le soabisang.

Liketsahalo tseo li nthusitse hore ke bone hantle ho phethahala ha Mattheu 24:7, ’me sena se entse hore ho be bonolo ho amohela ’nete ha ke e bolelloa.

Peō ea ’Nete ea Jaloa

Peō ea ’nete e qalile ho jaloa pelong ea ka ka 1917. Lemong seo ’moleli oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova a fihla ha ka. A nkhothaletsa ho etsa peeletso ea Molula-Qhooa ka se-Arabia. Ka bala makasine oa pele ka o qeta. Ha esale ho tloha mohlang oo ke balile makasine o mong le o mong hammoho le Bibele, mohloli oa tumelo ea ka le ho tšepa Jehova.

Hamorao ka ithuta ho bala Senyesemana hantle hoo ke ileng ka fetola peeletso ea ka hore e be ka Senyesemane. Lebaka le leholo le ileng la etsa hore ke fetole peeletso ea ka hore e be ka Senyesemane e ne e le hore bana ba ka le bona ba bale limakasine tsena.

Monna oa ka o ne a sa hanele lintho tseo ke neng ke ithuta tsona, empa o ne a hloile ho bala ha ka haholo. Pele ke bala mantsiboea, kamor’a hore ke qete mesebetsi eohle ea lelapa bana ba robetse, ke ne ke notlela monyako oa kamore eo ke ballang ho eona ’me ke thibe masoba ’ohle a bonaletsang leseli. Ka ho etsa joalo ke ne ke khona ho bala.

Na Nka Etsa Sehlabelo se Joalo?

Lilemo tsa feta. Ke ile ka tsoela pele ke ntse ke bala le ho ithuta ho hongata ka Molimo. Ka 1935, kamor’a hore monna oa ka a ntlohele, ka memeloa ho ea mamela puo e neng e neheloa ke Lipaki tsa Jehova holong ea sekolo se haufi le polasi ea rona. Puo e ile ea kopanyelletsa taba ea Abrahama ha a etsa mora oa hae, Isaaka sehlabelo.

Ntho e ’ngoe e neng e nkhathatsa joale ka motho ea kenang kereke ea Luthere e ne e le hore hobane’ng Molimo o ne o kopa Abrahama ho etsa sehlabelo ka mora oa hae a le mong. Joale ka ’mè oa bana ba robong, taba ena ea nkhathatsa haholo. Ka ikutloa hore nke ke ka etsa ntho e joalo.

Leha ho le joalo, kamor’a hore ke utloe ha taba ena e hlalosoa puong, ka utloisisa seo tumelo ea ’nete e se bolelang, le hore e thusitse Abrahama joang. Abrahama o ne a lumela hore Molimo o tsosang bafu o ka tsosa mora oa hae. (Ba-Heberu 11:17-19) Ka elelloa hore ke hloka tumelo e joalo hore ke tsebe ho thulana le mathata a larileng ka pele. Empa ke ne ke tla etsa joang hore ke holise bana ba ka ka tsela e nepahetseng le ho ba nea tumelo e tšoanang le ea Abrahama? Lithapelong tsa ka ka mehla ke kopa hore ke khone ho etsa joalo.

Ka Ithuta Linnete tse Eketsehileng

Libekenyana li se kae pele re fallela toropong ka 1936, Lipaki tsa boela tsa nketela ’me tsa fihla tsa mpapalla theipi e neng e hatisitsoe mantsoe a mookameli oa Mokhatlo oa Watchtower J. F. Rutherford. Theipi e ne e bua ka molemo oa ho fumana tsebo e nepahetseng. Ea bontša hore tsebo e nepahetseng e bohlokoa, hobane Jesu o boletse hore ho tseba Molimo le Kreste ho isa bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3) Lipaki tsa boela tsa ’memela libokeng tsa tsona. Kamor’a hore re fallele motseng, ’na le e mong oa barali ba ka ra fumana moo liboka li tšoareloang teng ’me ra qala ho kopanela.

Seboka sa ho qala seo re bileng ho sona se ne se le monate hoo qetellong ea sona ke ileng ka botsa Lipaki hore na ha li na Sekolo sa Sontaha, seo bana ba ka ba ka se kenang. Ke ne ke rata hore ba ithute lintho tse hlollang tseo ke neng ke ithuta tsona. Koana, Lipaki tsa mpolella hore ha li na Sekolo sa Sontaha feela li tla tla lapeng la ka beke e ’ngoe le e ’ngoe ho tla re ruta Bibele. Ka botsa: “Le lefisa bokae?” ’Me tsa arabela: “Letho. Ke mahala.” Ka makala!

Pele Lipaki li tla ho qalisa thuto ea pele, ka rapela Jehova. Ka cheseho ka mo kopa hore a nthuse ka bana ba ka, hore ba tle ba ithute Bibele le rona. Taba e ileng ea nthabisa, kaofela ha bona ba kopanela thutong, esita le morali oa ka e moholo le bana ba hae. Beke le beke re ne re thabela ho ithuta linnete tse ncha ka ’Muso oa Molimo le puso ea oona holim’a lefatše la Paradeise le tlang. Ra boela ra ithuta, hape, bohlokoa ba lebitso la Molimo, Jehova. (Pesaleme 83:18) Eo ke taba eo ke s’o kang ke e utloa e boleloa sekolong sa Luthere Lebanone.

Ke Tšehelitsoe ke ‘Matla a Fetisisang’

Ka boela ka ithuta hore Jehova ke Molimo o bolokang bahlanka ba oona ha ba mo tšepa. Ha ’nete eo e fihla pelong ea ka, nka bolela ka tieo hore ha nka ka hlola ke tšoenyeha ka hore na lintho li tla tsamaea joang. Ke ile ka bea tšepo eohle ea ka ho Jehova, ke ntse ke phetha karolo ea ka, ke kholisehile hore o tla ’nea ‘matla a fetisisang.’

Ha nako e ntse e tsamaea, tšepo eo ea bea litholoana. Kamor’a selemo ke ithuta Bibele lelapeng la ka ka kolobetsoa, ka 1937. Kamor’a nako, barali ba ka bohle ba supileng le bona ba kolobetsoa. Ke leboha Jehova hakaakang ka lehlohonolo leo!

Leha ho le joalo ka tleloa ke teko e matla. Teko e neng e tla hloka hore ke itšetlehe ka Jehova hore a ’nee matla. Teko eo e ne e le mabapi le mora oa ka oa ho qetela. Le hoja a ile a ithuta Bibele ka nakoana, ha a ka a fetoha Paki e ineetseng. Leha ho le joalo, o ne a e hlompha ’me a re thusa ha re ntse re e phehella. Empa a kula, ’me ka 1968 a shoa.

Lefu la mora oa ka e bile e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa bophelong ba ka. Ke ne ke mo rata haholo, joalo ka ha ke rata bana ba ka bohle. Nka tiisa hore hoja e se ka thuso ea Jehova nka be ke sa mamella mahlomola ao kaofela. Ke ile ka tšeliseha haholo ka ho tseba hore ke tla ’mona hape tsohong lefatšeng.

Ho Abela ba Bang ’Nete

Ha e sa le ke ithuta ’nete, ke bile le boiketlo kelellong le khotso pelong ho feta pele. Ka hlokomela hape hore, ha ke sa batla ho ba motlami le ho ea leholimong empa ke batla ho phela Paradeiseng lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Tšepo ena e ne e le kholo hoo ke ileng ka ba le takatso ea ho e abela ba bang. ’Me ho pholletsa le lilemo, ke ile ka etsa joalo, ’me ke bile le liphihlelo tse ngata tse khahlisang.

Ekasita le lilemong tseo ke leng ho tsona joale—tse batlang ho ba 91—ke ntse ke lakatsa ho ba le karolo ho bolella ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Ke ’nete, ha ke sa na matla a ho sebetsa joalo ka pele, empa barali ba ka ba nthusitse haholo. Ba nkisa matlung a batho ka koloi ho ea bolela molaetsa oa ’Muso, ’me ba nkhutlisetsa hape koloing hore ke e’o phomola nako e se kae ’me ke ba emele ha ba ntse ba tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli.

Ha e le hantle, ’na le morali e mong oa ka re tsamaisa thuto beke le beke le bonkhono ba bang ba bane. Sena se nthusa ho boloka linnete tse hlollang ka Jehova le merero ea hae li ntse li khanya kelellong ea ka.

Ke bile mohlanka ea kolobelitsoeng oa Molimo ka lilemo tse 45. Na ke tepellelitsoe ke hore tsamaiso e ncha ha es’o fihle? Bonneteng, kea khathala ‚’meleng. Empa e bile thabo e kae mehleng ena ho bona phutheho ea Jehova e bonahalang e hōla ho tloha ho likete li se kae ka 1937, ha ke ne ke kolobetsoa, ho fihla ho palo e ka holimo ho 2 400 000 ka 1982!

Har’a barorisi bao ba Jehova ke bana ba ka ba supileng ho ba robeli ba phelang hammoho le litloholo le litloholoana tsa ka kaofela. Ke boetse ke na’le morali e mong ea bitsoang Rose Peloyan, eo, hammoho le monna oa hae, ba sebelitseng ka lilemo tse fetang 25 tšebeletsong ea nako e tletseng ba le ntlo-kholo ea Watch Tower Society Brooklyn. Hape, ke boetse ke na le setloholo le monna oa sona ba sebetsang hona moo!

Lilemong tsena tsohle, ho ne ho se pelaelo kelellong ea ka hore nka be ke hlolehile hoja ke ile ka leka hōlisa bana ba ka ho sebeletsa Molimo ka matla a ka. Empa Jehova o tšepisitse hore a ke ke a soabisa bahlanka ba hae. Ho e-na le hoo, o tla ba thusa ho phetha thato ea hae ka ho ba nea ‘matla a fetisisang’ ka moea oa hae o halalelang. Ke bone thuso eo ka lilemo tse ngata-ngata. Joale ke shebile pele ho nchafala ’meleng Paradeiseng le ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.—Pesaleme 94:17-19.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 8]

Monna oa ka o ntlohetse ka 1935 ha ngoana oa rona oa borobong a le lemo li tharo

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 9]

Haesale ho tloha ka 1917 ke balile tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 10]

Hoja Jehova a sa nthusa, ke ne nke ke ka jara mahlomola ao kaofela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela