Ho Boloka Pono ea Molimo ka Botona le Botšehali
NTAT’A rōna ea lerato oa leholimo o bōpile batsoali ba rōna ba pele ka mpho e hlollang ea botona le botšehali. O kentse ka ho bona takatso e matla ea ho nyala, le likamano tse tsamaeang le eona e le hore ho ata ha lelapa la batho ho ne ho tsoele pele. Ka sebele, ha re nahana ka tokisetso ena le matla a maholo ao e nang le oona ho tlisetsa motho khotsofalo le thabo, re susumetseha ho rorisa Molimo oa rōna o Moholo ka ho etsa tokisetso e makatsang hakaalo ea ho tlatsa lefatše ka batho.—Genese 1:27, 28.
Ha ho makatse hore ha Satane Diabolose a rabela khahlanong le Molimo, o ne a ikemiselitse ho senya tokisetso ena e ntle ea ho etsa hore moloko ’ohle oa motho o be teng. Ka ho sebelisa likelello tsa batho bao joale ba tsoaletsoeng ho se phethahaleng, o ile a khona ho fetola maikutlo a bona ka mokhoa o nepahetseng oa matla a botona le botšehali ao ba a filoeng ke Molimo. Bibele e bontša hore nakong ea Moroallo, ‘mehopolo ea motho e bile mebe le bocheng ba hae.’ (Genese 6:5, 6; 8:21) Ha moloko oa batho o tebela tlase tseleng ea bokhopo, mangeloi leholimong a ne a lebeletse.
Ho Kopanela ha Mangeloi
Molimo ha oa ka oa bōpa mangeloi a na le takatso ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le batho. Leha ho le joalo ho bonahala hore Satane o ne a khona ho susumetsa a mang a mangeloi ana ho nahana ka mokhoa o fosahetseng ka litaba tse joalo. Ka baka leo mangeloi a mang a ile a hlaolela takatso eo Molimo o neng o rerile hore ke batho feela ba neng ba lokela ho e thabela ka tlas’a tokisetso e nepahetseng ea lenyalo. “Bara ba Molimo” ba mangeloi ba ile ba etsa ntho e khopo, ka ho tlohela libaka tsa bona leholimong ka ho tla lefatšeng ho nyala basali. (Genese 6:2) Ketso e joalo e ne e susumetsoa ke takatso e hlaoletsoeng hampe, e seng takatso ea ’nete eo ba e filoeng ke Molimo. Ka ha mangeloi a ka khona ho ntšetsa pele takatso e joalo eo e seng ea hlaho ea likamano tsa botona le botšehali, re se ke ra makatsoa ke taba ea hore batho le bona ba ka etsa joalo. A ngola ka tlas’a tšusumetso, morutuoa Jakobo o bontšitse ho tšoana pakeng tsa mangeloi a ileng a lakatsa barali ba batho le batho ba bang ba ileng ba lakatsa batho ba tšoanang le bona ka botona. O ile a ngola:
“Hape, o bolokile litlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ea letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba oona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa oona. Ho bile joalo le Sodoma le Gomorrha, le metse e ka mathōko a teng, e neng e ineetse bootsoa bo le bong, ka ho khelohela ho batla nama esele; metse eo eohle e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.”—Juda 6, 7.
Tšebeliso e Mpe ea Likamano tsa Botona le Botšehali—Nakong e Fetileng le Kajeno
Joalo ka liithuti tsa Bibele, re tseba se ileng sa etsahala Sodoma ea boholo-holo—kamoo banna ba hlantšoang ke litakatso tsa likamano tsa botona le botšehali le bana ba motse ba ileng ba rata ho ba le likamano tsa botona le botšehali le batho bao ba neng ba ba nka e le baeti ba banna ba Lota. (Genese 19:4-11) Ketsahalo ena e etsahetse lilemo tse ka bang 450 kamor’a Moroallo. Lilemong tseo tsa boholo-holo ho ne ho tloaelehile hore batho ba be le likamano tsa botona le botšehali le liphoofolo. Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 400 hamorao, libakeng tse ’ne tse sa tšoaneng, Molao oa Molimo ho ba-Iseraele o ile oa hana ketso tsena, ’me ba etsang liketso tseo ba ne ba ahloleloa lefu. (Exoda 22:19; Levitike 18:23; 20:15, 16; Deuteronoma 27:21) Ho phaella moo, Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o re ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali ke tlolo e kholo ea molao—’me batloli ba molao oo ba ne ba ahloleloa lefu.—Levitike 18:22; 20:13.
Leha ho le joalo, lilemo tse makholo hamorao, batho ba neng ba lula motseng e ka mathōko ho ba-Iseraele ba ne ba kene ka ho teba ketsong tsa bosodoma hoo ba-Iseraele ka bo bona nako le nako ba neng ba ameha ketsong tsa bosodoma. (1 Marena 14:24; 15:12; 22:46) Ke tsatsi le leng Molevi o ne a etetse ba-Benyamine ba Gibea, ’me batho ba motse ba bokanela ntlo ba re: “Ntšetsa ntle monna ea fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.” (Baahloli 19:22) Kamor’a moo leloko lohle la Benyamine le ile la felisoa ka taelo ea Jehova ka baka la ketso ena.
Ba bang ba ka ’na ba re, ’empa ke ka baka la’ng ha le bua ka taba eo ea Bibele e hlabisang lihlong. Hobane kajeno re phela molokong o tetebetseng tlase-tlase boitšoarong bo litšila, ’me batho ba Molimo kajeno le bona ba kenngoa kotsing. Hlahloba hakhutšoanyane ho saballa ha bosodoma le tšusumetso ea bona:
“Hoo e ka bang 30 lekholong ea baahi ba (San Francisco) ke basodoma,” ho boletse joalo Medical Tribune ea September 23, 1981.
“Taba e ka sehloohong ea lilemo tsa bo-80 e ne e le mabapi le ho saballa ha bosodoma ba boitšoaro bo litšila—hape—ha bohlokoa ka ho fetisisa—bosodoma e bile litholoana tsa boitšoaro bo litšila. . . . Ho amohela ha batho ba bangata bosodoma ke letšoao le hore mokhoa oa rōna oa pele oa ho lumela lintho o ntse o fetoha,” ho tlalehile joalo makasine oa Maclean’s oa February 18, 1980.
“Lipontšo tse kholo tsa libaesekopo tse bontšang bosodoma le mecha ea litaba e bea basodoma boemong ba bohlokoa,” ho boletse joalo profesa ea Univesithi ea Sydney mane Australia.
Maikutlo a batho a ntse a bōpjoa e le ka ’nete ho amohela bosodoma e le ntho e nepahetseng, e loketseng. Ho ea ka The Toronto Star ea August 24, 1980, “Bacha ba Kereke ea United . . . ba amohela hlahiso ea baruti ba basodoma.” The London Daily Mail ea June 5, 1980, e itse: “Bosodoma ha boa lokela ho thibela motho hore a khethoe ho ba moruti Kerekeng ea Methodist, ho khothalelitse joalo tlaleho e hlahlobiloeng.” ’Me ha mosali e mong a ngola ho bolela hore o ne a tšositsoe ke ho tseba hore setloholo sa hae se lemo li 23 e ne e le mosodoma, mongoli oa likoranta a arabela: “Molimo ha oa ngola Bibele. Bosodoma ke ntho ea khale joaloka motho . . . Seo u lokelang ho se etsa joale, ke ho ithuta ho mo amohela kamoo a leng ka teng. E ntse e le mohlankana e motle leha a le joalo.”
Pono ea Bibele ka Tšebeliso e Mpe ea Likamano tsa Botona le Botšehali
Ka baka la mashano a lefatše, haesita le ba bang ba batho ba Molimo ba ile ba susumetsoa hoo ba ileng ba nka bosodoma le tšebeliso e mpe ea likamano tsa botona le botšehali ‘e se mpe hakaalo.’ Leha ho le joalo, Molao oa Molimo ho ba-Iseraele e ne e le hore basodoma ba bolaoe! ’Me Mangolong a Bakreste a Segerike, 1 Ba-Korinthe 6:9, 10 e re “Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila . . . ha e le baboki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” ’Me ho ea ka Bibele, ho Ba-Roma 1:26, 27 e re: “Basali ba fetotse mokhoa oa bona oa hlaho, ho etsa ka oo e seng oa hlaho. Ka mokhoa o joalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosali ka mokhoa oa teng, ’me ba chesitsoe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang.” Temana ea 32 e tsoela pele: “Ba etsang tse joalo ba tšoanetse ho shoa.”
Ka ho makatsang, ba bang ba ileng ba ameha boitšoarong bo litšila, bo joaloka ho robala le liphoofolo, ba ne ba nka ketso eo e se mpe haholo. Leha ho le joalo ho ba le likamano tsa botona le botšehali le phoofolo ho phoso. Ao ke mabaka a utloahalang a ka etsang hore motho a khaoloe phuthehong ea Bokreste. Ka ho tšoanang, ba bang ba ile ba iphapanyetsa liketso tsa bosodoma. Ha e le hantle, bosodoma ke eng?
Bosodoma ke Eng?
Ho re thusa ho utloisisa taba ena, hlokomela hlaloso ea libuka tse hlalosang mantsoe ka bosodoma:
Webster’s Third New International Dictionary of the English Language: “Ketso ea lerato ho motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali.”
The American Heritage Dictionary:
“1. Ho lakatsa ho ba le likamano tsa botona le botšehali le motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali. 2. Ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali.”
The Random House Dictionary of the English Language: “Takatso ea likamano tsa botona le botšehali kapa ketso e etsoang ea likamano tsa botona kapa botšehali le motho kapa batho ba tšoanang le uena ka botona kapa botšehali.”
Hoa thabisa ho tseba hore, ho ea ka hlaloso ea libuka tse hlalosang mantsoe, bosodoma bo kopanyeletsa TAKATSO ea likamano tsa botona le botšehali le motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali. Leha ho le joalo, Bibele e etsa phapang pakeng tsa ho etsoa ha bobe le litakatso tsa boetsalibe kapa litšekamelo. Litakatso tsena li ka ba teng ho sa tsotellehe maiteko a ikemiselitsoeng a ho li tlosa kelellong le ’meleng. Ka baka la tikoloho, kapa mohlomong ka mabaka a mang, ho ka etsahala hore baena le bokhaitseli ba Bakreste nako le nako ba susumetsehe ho ba le likamano tsa botona le botšehali le batho ba tšoanang le bona ka botona kapa botšehali. Empa ba loantša takatso eo e sa tloaelehang, e susumetsoang ke Satane—’me ha ba ineele ho eona. Ka baka leo ha se basodoma. Ba laola monahano oa bona, ba tseba hore takatso e fosahetseng e tlohelloang ho hōla e tla iponahatsa ka liketso tse mpe.—Jakobo 1:14, 15: Ba-Kolosse 3:5-10.
Seo Molimo o se nyatsang ka Bibele, ’me e bile e le phoso eo motho a ka e khaoleloang, ke “ketso ea lerato,” kapa “ketso ea likamano tsa botona le botšehali,” e etsoang le motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali. Ketso ena, kapa boitšoaro bona, ha se hore feela e lokela ho ba ketso ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali le motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali hore e tle e bitsoe bosodoma. Ketso efe kapa efe e kopanyeletsang ho ama litho tsa sephiring tsa bonyane motho a le mong oa batho bana, tse kang ho suna, ho phaphatha, ho pholla setho sa motho sa sephiring, kapa liketso tse ling tse tšoanang le tseo, tseo sepheo sa tsona e leng ho ikhotsofatsa takatso ea likamano tsa botona le botšehali ka motho ea tšoanang le uena ka botona kapa botšehali, ke bosodoma. ’Me hape le hoja batho ba bangata ba nahana basodoma e le banna feela, lentsoe le sebetsa ka ho tšoanang le ho basali ba etsang liketso tse joalo.
Ho Qoba Boitšoaro bo Bobe ba Likamano tsa Botona le Botšehali
Batho ba ka bang le litakatso tsa bosodoma ba lokela ho li loantša ka matla. Ka nako e tšoanang, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra hlaseloa ke motho eo litakatso tsa hae li mo hlōlang. Ka linako tse ling bosodoma bo ile ba qaloa ke lintho tseo e seng phoso ka bo tsona, joaloka ho silila kapa ho sililoa mokokotlo kapa ho hlatsoa motho mokokotlo nakong ea ho tola. Kapa ka nako tse ling batho ba ka bapala papali ea ho betana ’me ba tsoheloe ke litakatso tsa botona le botšehali. Ho hlokahala hore motho a be seli. Lula u ntse u tseba hore ketso tse joalo li ka lebisa moo, ’me ka linako tse ling li ile tsa lebisa liketsong tsa bosodoma, esita le har’a Bakreste.
Ke ka baka la’ng ha ba bang ba ameha liketsong tsa likamano tsa botona le botšehali—bosodomeng, ho robala le liphoofolo, ho bona litho tsa motho e mong tsa sephiring kapa ho shebella ha ho etsoa ketso ea likamano tsa botona le botšehali, le tse ling tse joalo? Ho fumanoe hore kelello tsa bafosi li ne li sekametse likamanong tsa botona le botšehali ho isa boholeng bo itseng. Ka mohlomong ba ne ba bala libuka tse buang ka boitšoaro bo litšila ba likamano tsa botona le botšehali. Hape ka ntle ho pelaelo, e ne e le batho ba tloaetseng ho ipholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa. Ka ha taba ena ea ho ipholla litho tsa botona le botšehali e ile ea ’na ea hlaha-khafetsa hammoho le tšebeliso e mpe ea likamano tsa botona le botšehali, a re ke re hlahlobeng mokhoa ona leseling la Lentsoe la Molimo. Bibele e reng ka ho ipholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa?
Pono ea Bibele ka ho Pholla Litho tsa Botona le Botšehali Ho li Khotsofatsa
Ho na le batho ba bang ba ileng ba bolela hore Bibele e hlalosa ketso ea ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa ho Genese khaolo ea 38, le hore Onane o ile a bolaoa ka baka la ketso eo. Empa hona ha se ’nete. Bibele e bolela hore eitse ha Onane “a e-ea ho mosali oa moholoane oa hae, o na a ithusetsa fatše, a tle a se ke a fa moholoane bana.” (Genese 38:9) Ho bonahala hore Onane o ile a khaotsa ketso ea likamano tsa botona le botšehali le Tamare, a ithusetsa fatše ho e-na le hore a ithusetse ho Tamare. O ile a etsa hona hobane o ne a sa rate ho tsosetsa moholoane oa hae ea shoeleng bana. ’Me e ne e le ka baka la ho hlōleha ho “kenela” ngoan’abo Onane ea ileng a bolaoa.
Temana tse ling tsa pele tse hlahang Mangolong a Seheberu li ile tsa hlalosoa bukeng e ’ngoe e buang ka pono ea Bibele ea ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa. Ea pele, Deuteronoma 23:10, le 11, e bolela ka ketsahalo e ’ngoe ha Baiseraele ba le kampong ea sesole. Ho ea ka Bibele: “Ekare ha e mong oa heno a sa hloeka ka baka la taba e mo hlahetseng bosiu [ea ho ikolobisa torong], a tsoele ka ntle ho liahelo, ’me a se ke a kena liahelong. Ha e se e batla e e-ba mantsiboea, a ke a itlhatsoe ka metsi, ’me a boele liahelong, ha letsatsi le liketse.” Empa se boleloang mona ha se ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa. Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho hlalosoa e le: “Ho tsosa litho tsa sephiring hoo ka tloaelo ho fellang ka ho utloa monate ’me li tsosoa ka letsoho kapa ka ho hohlana ho hong ha ’mele.” (Webster’s New Collegiate Dictionary, 1981) Jehova Molimo o bōpile batho ba banna joalo hore, ha ba sa kopanele likamanong tsa botona le botšehali, ba tla ntša lero le itseng lithong tsa bona tsa botona nako le nako ba sa ikemisetsa ha ba robetse. Ho tsoa ha lero lena hangata ho tsamaea le ho lora, ke ka hona ho bitsoang ho “ikolobisa torong.” Ka ha ho tsoa ha lero lena ho atisa ho etsahala bosiu, le ka boetse la bitsoa “lero la bosiu.”
Temana e ’ngoe e hlalosang taba ena ke Levitike 15:16, 17, e reng: “Etlare ha monna a hlapile, o tla hlatsoa ’mele oa hae kaofela metsing, a be sesila ho isa mantsiboea: seaparo se seng le se seng le letlalo le leng le le leng le rothetsoeng ke mohlapo, le tla hlatsuoa, e tla ba sesila ho isa mantsiboea.” Ka ho bonahalang temana ena ha e bue ka ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa. Ka ho utloahalang e bua ka taba e boletsoeng pele ea “ho ikolobisa torong.” Le hoja Bibele e bua ka ho se “hloeke” ha e bua ka ho tsoa ha lero lena, hona ke ho se hloeke ha tšebeletso e seng ha boitšoaro. Sena se hlaka hantle ha re bala temana e latelang hore monna oa mo-Iseraele le mosali ba fumana ho se hloeke ho tšoanang ha ba kopanela tšoanelong ea bona e lumeletsoeng ke Molimo ea lenyalo.
Joale, he, na Mangolo a Bakreste a Segerike a bolela ho hong ka ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa? Che, ha a bue letho ka taba eo. Ha a bue letho le ka ho ikolobisa torong. Empa na hoo ho bolela hore Mangolo a Bakreste a Segerike ha a fane ka tataiso ho-hang e ka thusang ho bōpa maikutlo a nepahetseng ka ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa? E fana ka eona. Hlokomela Ba-Kolosse 3:5, e balehang tjena: “Le bolaee ke hona litho tsa lona tse leng lefatšeng, ke hore, bofebe, le litšila, le maikutlo a mabe, le litakatso tse mpe.” Le 1 Ba-Thessalonika 4:3, 5 e re: “E mong le e mong ho lōna a tsebe ho bolokela pitsa ea hae khalalelong le hlonephong, e seng litakatsong tse mpe, joale ka ha bahedene ba sa tsebeng Molimo.” Keletso e joalo e sebetsa ho Bakreste ba leng lenyalong le masoha, empa masoha ke oona a lokelang ho itlhokomela haholo hobane ho kokobetsa litakatso ka likamano tsa botona le botšehali ho loketse feela ba leng lenyalong.
Na u ka bona hore ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa ke ketso e tlolang taelo ea ho bolaea ‘litakatso tse mpe’? Ke ’nete, Jehova o bōpile batho hore ba be le takatso, ea likamano tsa botona le botšehali, feela joalo ka ha a re bōpile ka takatso ea ho ja le ho noa. Ka hona Bibele ha e bolele hore ho ba le litakatso tsa likamano tsa botona kapa botšehali ho phoso, joalo ka ha e sa nyatse takatso ea hlaho, e nepahetseng ea lijo le lino. Empa rea tseba hore boemong ba rona ba ho se phethehe, litakatso li ka tsoa taolong. Motho a ka ba le takatso e sa lokang ea lijo kapa lino tse tahang ’me a fetoha ea meharo kapa letahoa. Ka ho tšoanang, likamano tsa botona le botšehali li ka fetoha karolo e kholo ea bophelo ba motho, ’me ka hona a ka qetella a tšoana le bahedene ba “sa tsebeng Molimo.”
Motho ea phollang litho tsa hae tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa o nahana hampe ka likamano tsa botona kapa botšehali. O fepa le ho phelisa takatso ea hae ea likamano tsa botona le botšehali ka tsela e mpe. Empa ha se banna feela ba amehang ketsong ena; ho bile teng keketseho ea ho pholla litho tsa bosali ho li khotsofatsa har’a basali. Molimo, leha ho le joalo, o file batho mpho ea botona le botšehali ho e sebelisa feela tokisetsong ea lenyalo. Empa motho ea iphollang litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa o sebelisa litho tsa botona kapa botšehali e seng lenyalong empa ho ikhotsafatsa boeena. Motho ea joalo o lokela ho bolaea takatso ea hae ea likamano tsa botona le botšehali e le hore a ka thabisa Molimo. O lokela ho hlaolela boitšoaro bo hlokahalang hore a tlose kelello ea hae likamanong tsa botona le botšehali bophelong ba hae ’me a tlohelle litho tsa hae tsa sephiring hore li lumellane le likhatello tsohle tse tlang ka mokhoa o nepahetseng.
Jesu o rutile hore: “Motho le ha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.” (Mattheu 5:28) Motho ea iphollang litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa hangata o na le menahano e joalo ea litakatso, o nahana ka ho etsa ketso ea likamano tsa botona le botšehali. Motho ea joalo ka ’nete ha a phele tumellanong le lithuto tsa Kreste. Ha ho pelaelo ka hore batho bana ba fepang litakatso tsa bona tsa botona kapa botšehali ka ho pholla litho tsa bona ba tlola litaelo tsa Molimo tsa ho BOLAEA litakatso tsa bona tsa botona kapa botšehali.
Empa ke joang motho a ka bolaeang takatso ea hae ea likamano tsa botona le botšehali ’me a tlohele le ho pholla litho tsa hae tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa? Ke ’nete, ho batho ba ileng ba itloaetsa mokhoa ona oa ho itšilafatsa, e tla ba ntoa ea sebele ho khaotsa mokhoa oo. Empa motho ha a lokela ho tlohela hore ntoa e mo hlōle! Ka thuso ea Jehova, motho a ka atleha. Pele o lokela ho hlaolela lehloeo bakeng sa mokhoa oo. (Pesaleme 97:10) Joale ke taba ea bohlokoa hore a etse maikemisetso a tiileng kelellong le pelong ea hae ho khaotsa ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa. O lokela ho rapela ka mehla hore a khaotse mokhoa ona; joale o lokela ho sebetsa tumellanong le seo a se rapellang. A ke ke, a hotetsa mollo oa litakatso ka ho bala kapa ho shebella lintho tse tsosang litakatso tsa hae tsa likamano tsa botona le botšehali. Kapa leha e le hore o tla bua ka lintho tse tla fepang monahano oa hae ka ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa. Ho e-na le hoo, o lokela ho tšoareha ka matla likhahlehong tsa puso ea leholimo, ho kopanela libokeng, tšebeletsong ea tšimo, a etse maeto a ho boela, a khanna lithuto tsa Bibele, a thusa ba bang moeeng, ’me o tla fumana matla a ho busa litakatso tsa hae tsa likamano tsa botona le botšehali. Haeba bothata bo ntse bo tsoela pele, a se ke a lieha ho batla thuso ho moholo phuthehong ea habo. Khaitseli ea nang le bothata bo joalo a ka batla thuso le tšehetso ho khaitseli e moholoanyane ho eena ka phuthehong.
Ha ho pelaelo ka taba ena—ho boloka botšepehi ho Jehova ho hloka hore motho a loane ka matla. Empa hoa e tšoanela! Ha re loana hona joale khahlanong le nama ea rōna e sekametseng sebeng, ke hona feela Jehova a ka re fang tlhōlo e feletseng Tsamaisong ea hae e Ncha e hloekileng ea ho loka. Nahana feela ka hoo! Joale re tla bona morero oa Jehova o khanyang o phethahatsoa—lefatše le tlatsitsoeng ka batho ba phelang Paradeiseng—bohle ba entsoe hore ba be teng ka mpho e makatsang ea botona le botšehali eo Molimo o re bōpileng re e-na le eona.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 9]
Molao oa Molimo o ile oa hanela kopano efe kapa efe ea Iikamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho le liphoofolo
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 12]
Ke ka baka la’ng ha batho ba bang ba ameha liphosong tsa likamanong tsa botona le botšehali?
[Lebokose le leqepheng la 11]
Bosodoma—Na ke Ntho ea Hlaho?
Baesekopo ea moraonyana tjena ea Amerika e bitsoang Making Love ke mohlala o motle oa bohlale, oa leshano le sebelisitsoeng ke bahlophisi ho thotofatsa likelello tsa batho ho nahana hore bosodoma ke ntho ea hlaho.
“Basodoma ba baesekopong e ka ’na ea e-ba ngaka ea hao, ngoan’eno kapa moshanyana ea lutseng haufi le uena,” ho boletse joalo mongoli ho New York Sunday News Magazine. Ponahalo ena ha e ea iketsahalla feela. Mongoli oa baesekopo a re, “tšepo ea ka ka baesekopo ena,” ke hore ka tsela e itseng e fetole monahano oa batho ka bosodoma. E le hore ba ka lahla khopolo ea hore ho rata monna e mong ha ho etse mohlankana hore e be ea sa tšoaneleheng kapa ea nang le mekhoa e bolileng.”—Mongolo o motenya ke oa rōna.
Na baesekopo e ‘fetola menahano ea batho ka bosodoma’? Ho bonahala e bile le katleho ho kheleke e ’ngoe, sebapali sa mosali Kate Jackson. “Ho na le ntho e thabisang ’meleng oa monna [ea leng baesekopong] ’me e ea makatsa,” sebapali sena se bolella eo a neng a buisana le sona, “Ha ke bona batho ba apereng marikhoe a mahoashe, kea tseba hore ke eng se tla latela ’me ke ile ka tsoela pele ka likarolo tse tharo tsa baesekopo ena. Ke ne ke maketse ’me ka hlokomela hore ke itse, e, ke utloisisa hoo, ’me ka ea karolong e latelang ’me ka re khele, ke amohela hoo.”
Ho sa tsotellehe hore leshano leo le fetola joang “menahano ea batho ka bosodoma,” bo ntse bo nyonyeha mahlong a ’Mopi oa ’mele oa motho joalo ka ha bo ne bo nyonyeha le mehleng ea pele. Molao oa Molimo o ne o hloka hore mehleng ea Iseraele oa boholo-holo basodoma ba ‘bolaoe.’ (Levitike 20:13) ’Me molao oa Molimo ho Bakreste o bontša hore kelello ea hae tabeng ha e ea fetoha. Bibele e bolela ka ho hlakileng hore “basodoma” ba balelloa hammoho le ba bang ba ke keng “ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.