Banna, Bontšang Lerato la Boitelo
“Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona.”—BA-EFESE 5:25.
1. Ke ka baka la’ng ha bohloho ba Bokreste bo hloka lintho tse ngata ebile e le bo putsang?
“LENYALO! Ha ho ntho e ’ngoe e batlang ho hongata hakaalo ho monna!” Ho ngotse joalo mongoli oa lithoko oa Norway ea bitsoang Ibsen. Ka baka la motheo oa Bibele oa bohloho, o ka lumela ka pelo eohle. Empa, ha bo sebelisoa hantle, bohloho ba Bokreste bo ka bōpa bophelo ba lelapa boo e leng setšabelo sa lerato le hlompho moo pelo ea hao e tla fumanang boiketlo. Leha ho le joalo, sebaka sa hao sa bohloho seo u se khethetsoeng ke Molimo se etsa hore u ikarabelle haholo pel’a Molimo.—Luka 12:48.
2. Na thabo ka lapeng e itšetlehile feela ka maiteko a monna?
2 Na sena se bolela hore uena joalo ka monna ke uena feela ea ikarabellang hore lelapa le be le thabo? Che, ka bobeli uena le mosali oa hao le lokela ho leka ho ntlafatsa boemo lelapeng. (Liproverbia 14:1) ’Nete ea hore boholo ba boitsebiso bo latelang bo bua ka banna ha e bolele hore basali bona ba phethahatse hanyenyane. Empa boitsebiso bona bo lokiselitsoe ho thusa banna hore ba khone ho phela tumellanong le bohloho ba Bokreste. Empa bohloho bo lokela ho sebelisoa joang? Ena ke taba eo Bakreste bohle—haesita le ba seng lenyalong—ho hlokahalang hore ba e utloisise.
Rata Joaloka ha Kreste a Ratile Kereke
3. Ke joang Ba-Efese 5:25 e hlalosang bohloho bo nepahetseng, ’me sena se bolela’ng?
3 Moapostola Pauluse a ngola, “Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona. (Ba-Efese 5:25) Kaha banna ba na le tokelo ea mangolo ea ho etsa liqeto lapeng, ho ka ba bonolo ho uena ho lumella boithati ho nanarela. Ka sebele, liqeto tse ngata tsa lelapa ke tsa litaba tseo boikhethelo ba botho bo bapalang karolo e kholo. Na thato ea hao ke eona e tlang pele ha ho se motheo oa Bibele o amehang? Hlokomela hore monna o lokela ho etsisa lerato la Jesu la boitelo. O ile a itella lefu bakeng sa barutuoa ba hae. “Kreste le eena ha a ka a batla tse mo khahlisang.” (Ba-Roma 15:3) Ho itela ho bolela ho tela monyaka o mong kapa ho kena bothateng bo bong bo itseng molemong oa motho e mong.
4. Ke ka tsela efe Jesu a ileng a bontša kameho ea hae ka barutuoa ba hae?
4 Khahleho e kholo ea Jesu e ne e le ho thusa barutuoa ba hae moeeng. Le hoja a ne a tiile ho se lokileng, o ne a sa be thata ha barutuoa ba hae ba bontša maikutlo a fosahetseng, ba ikhohomosa, ba le bohale kapa ba le boi. (Mattheu 18:1-3; Luka 22:24-26, 47-51, 59-62) ‘Ka thuso ea Lentsoe la Molimo,’ le ka mohlala oa hae, o thusitse barutuoa ba hae ho hlōla bofokoli bo tebileng haholo e le hore bona, joale ka sehlopha, e tle e-be ba hlokang “letheba le letsika.”—Ba-Efese 5:26, 27.
5, 6. Ke joang monna a ka etsisang lerato la Jesu la boitelo, ’me ke neng haholo-holo sena se leng thata?
5 Na u bontša lerato le joalo la boitelo? Banna ba bang ba ikutloa hore ho hlokomela basali ba bona ka lintho tse bonahalang ke boitelo bo lekaneng. Ke ’nete, mosebetsi o joalo o boima ’me o lokela ho ananeloa ka ho teba. Leha ho le joalo mohlala o moholo oa Jesu e bile ho se khathale ha hae ho hlokomeleng seo barutuoa ba hae ba se hlokang moeeng le maikutlong ho phaella ho seo ba se hlokang nameng. Kamor’a lipelaelo tsohle tsa lefatše ha ba ntse ba fepa malapa a bona ka lintho tsa nama, banna ba bangata ha ba rate ho khathatsoa kelellong ha ba fihle hae. Le hoja maikutlo ana a tloaelehile malapeng a sa lekeng ho latela Bibele, ka masoabi mosali e mong oa Mokreste o ile a itlhalosa: “Ho-hang monna oa ka o ne a sa nthuse. Ka linako tse ling ke ne ke ’molella se leng pelong ea ka hore a nthuse litabeng tse itseng, empa ke fumane hore ha a ntsotelle.”
6 Lerato la boitelo ke lona pheko. Ha mosali oa hao a na le bothata bo mo khathatsang, ho e-na le hore o mo nyahamise ka mantsoe kapa ka ho sosobanya sefahleho, lerato lena le tla u susumetsa hore u lokise litaba le eena ka mamello. U tla ameha haholo ka boemo ba hae ba moea, ho ithuta Bibele le ho kopanela le eena tšebeletsong e halalelang. U ke ke ua mo jarisa boikarabelo ba hao. U tla bona hape hore mosali oa hao o fumana monyetla oa ho phomola le ho khatholoha ho se hokae. (Mareka 6:31) Bohato bo joalo bo nea mosali boitlhompho le tšireletso ea sebele.
Pelo e Nolo
7. Ho sebelisa bohloho bo leka-lekaneng, ke tšoaneleho efe e hlokahalang?
7 Hangata, banna ba fumana bothata ba ho leka-lekanya bohlooho. Ka linako tse ling ba bang ba utloa bohloko le ha mosali a fana ka hlahiso kapa a nyatsa ntho e itseng. Jesu, mohlala oa lihloho tsa Bakreste, o itse: “Ke mosa le pelo e nolo.” (Mattheu 11:29) Boikokobetso ba hae e ne e se ba boikaketsi, bo nyamelang ka pele ha motho e mong a sa lumellane le eena.
8, 9. (a) Ke ka baka la’ng ha Sara a ile a bona Abrahama phoso, ’me hobane’ng? (b) Hobane’ng ha Abrahama a sa ka a mo nyenyefatsa kapa a mo araba hampe?
8 Abrahama le eena e bile mohlala oa boikokobetso. Lekhabunyane la hae Agare le ile la tšoara mosali oa hae Sara, ka tsela e sa bontšeng hlompho. Abrahama mohlomong ha a ka a hlokomela ketso ena ea boikhohomoso kapa mohlomong o ile a hlōleha ho nka bohato ka pele. Sara a re, “Nyeliso ea ka e oela holim’a hao!” “Ke neetse lekhabunyane la ka sefubeng sa hao, ’me ke mona, ha le bona hoba le emotse, ’na ke nyeliseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le uena!”—Genese 16:5.
9 Mantsoe ao a ne a hlaba hakaakang! Hobane Abrahama o ne a rata Sara haholo ’me o ne a ke ke a mo utloisa bohloko. Le hoja Sara mohlomong a ne a na le lebaka la ho bona Abrahama molato ka baka la boemo ba hae, mohlomong o ile a tlolisa, hobane o ile a ba a ipiletsa ho Molimo joalo ka ha eka Abrahama o ne a ke ke a etsa ho loka. Joale, na Abrahama o ile a iphetetsa ka mantsoe ho sireletsa bohloho ba hae? Na o ile a nka mosali oa hae a sa bontše boikokobetso? O ne a tseba hore Sara o ne a tlohetse ntlo e ntle Ure ’me ka lilemo tse fetang 10 o ne a lula litenteng ha Abrahama a lumela tataiso ea Molimo. Boo e ne e le boikokobetso! Tšehetso ea hae ea boikokobetso, e se nang boithati e entse hore a ratehe ho Abrahama. (1 Petrose 3:5, 6) Abrahama a arabela ka bonolo, “bona, lekhabunyane la hao ke lena, le liatleng tsa hao” U le etse kamoo u ratang kateng.” (Genese 16:6) Abrahama o ne a le pelo e nolo. E ne e le monna ea bohlale hakaakang!
10. (a) Ke joang monna a ka etsisang Abrahama? (b) Na u tla atleha ka mehla?
10 Ha mosali oa hao a u bona molato ka bothata bo itseng, leka ho araba joalo ka Abrahama. Ho ke ke ha ba bonolo ka mehla ho etsa joalo. Ka linako tse ling u tla hlōleha. Empa mamela, leka ho utloisisa ’me u hlahlobe seo a se bolelang. Ka linako tse ling ka baka la maikutlo mosali a ka ’na a bua mantsoe a seng monate. A ka ’na a feteletsa joalo ka Sara. Leka ho bona kamoo le ka lokisang taba hammoho.
11. Ke ka baka la’ng monna a sa lokela ho nka mosali oa hae joaloka “motho ea tlase”?
11 Ke ’nete, monna a ka ’na a bea melao e mengata ka lelapeng. (Ba-Roma 7:2) Leha ho le joalo mosali oa hao ha se ngoana kapa “motho ea tlase.” Jehova o itse: “[Monna] ke tla mo etsetsa molekane ea tšoanang le eena.” (Genese 2:18) Eva o ne a tla tšoana le Adama ka bohlale, e be motlatsi oa hae, ea mo thusang ho phetha mosebetsi oo a o neiloeng ke Molimo.
12. (a) Ke eng se ileng sa etsoa ha monna e mong a bontša boikokobetso pelong? (b) Ke joang boikokobetso bo tlisang thabo lenyalong?
12 Mosali ea khabane ea hlalosoang ho Liproverbia 31 o ne a tšepjoa ke monna oa hae. O ile a reka thepa; le ho jala tšimo ea merara “ka tse a li sebelitseng”—oo e ne e se mosebetsi o fokolang! Na monna oa hae o ile a hlonama, a ikutloa hore bohloho ba hae bo nkiloe? Che, o ile a mo rorisa! (Pr 31 Litemana 10, 11, 16, 28) Boikutlo bo tšoanang bo ka u thusa ho qoba liphapang tse sa hlokahaleng. Ka mohlala, monna e mong le mosali oa hae ba ne ba atisa ho phehisana. Monna oa hae o ne a sebelisa bohloho ba hae ka tsela ea “bompoli.” Hoba a itlhahlobe ka hloko a lahla boikhohomoso ba hae bo sa lokang. A qala ho hlahloba litlhahiso tsa mosali oa hae. Qetellong a ba a lumella mosali oa hae ho hlokomela litaba tse ling tsa lichelete. Monna joale o re: “Mosali o etsa mosebetsi o moholo!” Mosali a eketsa: “Ke ne ke mpa ke batla ho tšepjoa. Ho thabisa pelo ha u ikutloa hore monna ua hao ua u tšepa.” Liproverbia 13:10 lia eletsa: “Boikhohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.” Monna ea ikokobetsang, ea hlokomelang hore o na le mefokolo, o thabela mesebetsi ea mosali oa hae, ka ho etsa joalo o ipaka hore o ikokobelitse pelong. Liproverbia 11:2.
Hlomphang “Lipitsa tse Fetisang ka ho Fokola”
13. (a) Petrose oa Pele 3:7 e bontša hore monna o lokela ho etsa eng? (b) Ke hlokahalo efe ea maikutlo e etsang mosali “pitsa e fetisang ka ho fokola”?
13 “Le lōna banna,” ha ngola moapostola Petrose, “le phelisane le [Basali ba lōna] ka hlokomelo, ka hore, mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola” (1 Petrose 3:7) U lokela ho tseba pōpeho ea maikutlo a mosali oa hao, e leng lona lebaka le leholo le etsang hore a nkoe e le pitsa e fokolang. Mosali o lokela ho ikutloa hore monna oa hae o-oa mo rata le ho mo ananela. Ha boikutlo bona bo le sieo—ho sa tsotellehe hore mosali o na le lintho tse ngata hakae tse bonahalang—o tla ikutloa a sa khotsofala. O lokela ho kholiseha hore monna oa hae o ikutloa joaloka monna e mong oa boholo-holo ea itseng ho mosali oa hae: “Barali ba bangata ba bile khabane, empa uena, u ba feta bohle.”—Liproverbia 31:28, 29.
14. Ke eng e etsang hore mosali a ikutloe a sireletsehile maikutlong?
14 ‘Mosali oa ka o lokela ho tseba hore kea mo rata. A ke re ke mo nyetse?’ banna ba bang ba ka ’na ba nahana joalo. Leha ho le joalo, basali, ba atlehisoa ke lerato le boleloang ka molomo. Monna ea tšepahalang Isaaka o ne a hlokometse hlokahalo eo haholo. Kamor’a lilemo tse 35 a le lenyalong o ile a bontša kameho ho mosali oa hae. (Genese 26:8) Tšoana le eena. Ka ho mo nahanela, etsa hore a tsebe hore o pelong ea hao, le hore ho uena ‘o feta basali bohle.’
15. Hore ba nahanele basali ba bona, ke eng seo banna ba lokelang ho se hlokomela, ke hobane’ng ha hoo e le ha bohlokoa hakaalo?
15 Ho nahanela ho joalo ho hloka nako le monahano. Banna ba bang ba ho fumana ho le bonolo ho nahanela motho e mong eo ba sa mo tloaelang le eo ba mo ratang. Sena se ile sa etsahala Iseraeleng mehleng ea Malakia. Jehova o ile a re ho banna bao ba baithati ba neng ba etsa ka bolotsana basali ba bona: “Iponeleng hle meeeng ea lōna.” (Malakia 2:13-16) E, banna bana ba ne ba lokela ho hlokomela, ho falimehela maikutlo a bona. Hobane ho ka etsahala hore le rōna re sebetse kapa re lule haufi le basali ba bang, ’me re lokela ho etsa ho tšoanang. Ho hlokahala boiteko bo matla le boikhalemelo ho thibela boikhohomoso, mokhathala kapa ho rata ho tseba litaba tsa ba bang hore ho se ke ha fetola moea oa hao, le maikutlo a hao ka mosali oa hao.—Mattheu 5:27-30.
“Tšoanelo” ea Mosali
16. Ke karolo efe ea lenyalo e nang le mathata a mangata, ’me ke joang ho hloka boithati ho bontšoang ho 1 Ba-Korinthe 7:3, 4?
16 Boitelo ba hao bo hlokahala haholoholo ‘tšoanelong’ ea lenyalo. “Monna a nee mosali seo e leng tšoanelo, le mosali a etse joalo ho monna oa hae. ’Mele oa mosali ha o pusong ea hae, o mpa o le pusong ea monna; le ’mele oa monna ha o pusong ea hae, o mpa o le pusong ea mosali.” (1 Ba-Korinthe 7:3, 4) Mathata a mangata a hlaha kamanong ena e hlokang hlokomelo. Lipatlisiso tse entsoeng li bontšitse hore halofo ea banyalani bohle ba tla ba le bothata bo tebileng ba likamano tsa botona le botšehali ka nako e ’ngoe lenyalong la bona.
17. (a) Ke eng se lokelang ho kopanyeletsoa tabeng ea ho nea mosali tšoanelo ea hae ea lenyalo? (b) ’Matlisisi e mong o hlalosa joang litlhokahalo tsa mosali?
17 Banna ba bangata hangata ba lekanyetsa litlhokahalo tsa basali ba bona kapa “tšoanelo” ea bona ea botona le botšehali. Pauluse o bontšitse ka mokhoa o fapaneng hore “litšoanelo” ha li tšoane. Ho Ba-Roma 13:7 ho boleloa hore liofisiri tse ling tsa ’muso li ne li tšoaneloa ke lekhetho, tse ling ke seabo, hape li tšoaneloa ke hlompho. Tšoanelo e hlokahalang e itšetlehile ka hlokahalo e itseng kapa kopo ea motho ea itseng. Ha e le ka tšoanelo ea lenyalo ea mosali oa hao, ho hlokahala ho hongatanyana ho feta feela ho kopana ha ’mele. Bukeng The Family, Society, and the Individual, ’matlisisi William M. Kephart o re: “Takatso ea mosali likamanong tsa botona le botšehali, lekhatheng lena, e ka hlalosoa ha molemo ka mantsoe a lerato le kameho. . . . Nakong ea likamano tsa botona le botšehali mosali mohlomong o ameha ka boitšoaro bo bontšang lerato—ho tšoaroa, ho phaphathoa, ho sunoa . . . ho bonahala e le hlaho hore basali ba nahane ka likamano tsa botona le botšehali e le ketso e mosa le e lerato, ho e-na le ho susumetsoa feela ke litakatso.”
18. Ke eng se ka bōpang moea oa boithati?
18 Ho bōpeha ha maikutlo a mosali oa hao joaloka “pitsa e fetisang ka ho fokola” ho hloka hore u be motho ea itetseng ’me u se amehe feela ka ho ikhotsofatsa o le mong. Ho feta moo, ho hapjoa ke lintho tse bontšang likamano tsa botona le botšehali ho ka bōpa “takatso e sa lokang ea likamano tsa botona le botšehali” ’me hoo ha u hulela boithating, ha etsa hore lintho tse ntle li bonahale li se na molemo. Tšaba lintho tseo joaloka lefu! (Ba-Kolosse 3:5) Empa ka mamello, ka lipontšo tsa lerato le mosa, nea mosali oa hao tšoanelo e feletseng.—1 Ba-Korinthe 10:24.
Boitelo bo Ama Pelo
19. Haeba monna a itetse, na mosali oa Mokreste o lokela ho sebelisa molemo oa hae hampe?
19 Ha ho ntse ho hatelloa hakana hore banna ba bontše boitelo u ka ’na ua ikutloa hore, ‘Na basali ba ke ke ba sebelisa hampe molemo oa banna ba bona—ka mehla ba batle hore lintho li etsoe kamoo bona ba ratang kateng?’ Ha hoa lokela ho ba Joalo! Basali ba Bakreste ba lokela ho arabela ka mokhoa oo phutheho e arabetseng ka oona leratong la Jesu la boitelo. Pauluse o-oa ngola: “Hobane lerato la Kreste le re tlamile . . . ’me o shoele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela.” (2 Ba-Korinthe 5:14, 15) Ka ho tšoanang, mosali oa hao o lokela ho arabela mokhoa o se nang boithati. Joalo ka ha mosali e mong ea thabileng oa Mokreste a itse: “Ke tla iteka ka matla hore ’na le monna oa ka re tsoele pele re ntse re sebeletsa kabelong e thata ea puso ea leholimo, hobane kea tseba hore o-oa ntsotella.”
20. (a) Ke joang ho hlahlobisisa Genese 3:16 ho bontšang hore ka bobeli monna le mosali ba ka lahleheloa ke ho leka-lakana? (b) Ke ka baka la’ng ha basali ba sa lokela ho potlakela ho supa liphoso tsa banna ba bona?
20 E, basali, ho hlokahala hore le hloke boithati. Feela joalo ka ha monna a ka sebelisa hampe bohloho ba hae ka ho okamela mosali oa hae ka boithati, ka ho tšoanang, mosali le eena a ka batla hore monna oa hae a mo hlokomele ka mokhoa o feletseng. (Genese 3:16) Ho leka-lekana ha ho bonolo. Linthong tsohle tseo u li hlokang ho monna oa hao, ho kopanyeletsa le mesebetsi e boima ea phutheho, ho tla ba teng linako tseo monna oa hao a ke keng a khotsofatsa lintho tsohle tseo u li hlokang maikutlong. Mopesaleme o itse, “Jehova, ha u ka lotolotsa makhopo, ke mang ea ka emang pel’a hao, Morena?” Ha ho le ea mong ho rōna ea ka emang! (Pesaleme 130:3) Feela joalo ka ha monna oa hao a tla ikarabela pel’a Jehova, le uena u tla ikarabela. Empa ho bontša ha hao kananelo hona joale ka molemo oo a o etsang hammoho le mohau li tla hapa e seng mahlo a monna oa hao feela empa le eona pelo ea hae.
Thuso e Tsoang Holimo
21. Molimo o thusa joang? Fana ka mohlala.
21 Ke ’nete, boikarabelo bona bohle bo ka u nyahamisa. Empa Molimo o tla u thusa ‘hore u tiisoe ka matla mothong oa ka hare ke Moea oa hae.’ Ke matla ana a ka hare a ka u thusang hore u jare boima leha e le bofe, hobane, Jehova, ka matla a hae, a ka “etsa ho fetisang haholo tsohle tsee re ka li qelang le tsee re ka li hopolang.” (Ba-Efese 3:16, 20) Banyalani ba bang ba Bakreste ba ile ba arohana ka baka la mathata. Kamor’a nako ba lula fatše ho buisana ka tsela ea ho boelana hape. Likomang tsa qala hape. Joale monna a hlahisa hore ba rapele ’moho. Likomang tsa fela. Monna a re, “Bona e ne e le bothata bo boholo lenyalong la rona.” “Ka mehla re ne re leka ho rarolla mathata a rōna ka borona ho e-na le hore re kenye Jehova ho ‚’ona. ’Me ha ho ntho e ’ngoe e kileng ea sebetsa hamolemo ho feta eo.” Kamor’a hore ba boelane ka lilemo tse fetang tse hlano, mosali a re: “Ho ile ha ’na ha ntlafala. Ha re ntse re sebelisa ’nete ea Bibele haholoanyane, re ne re thaba haholo. Joale re leka ho kenya Jehova tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea lenyalo la rōna. Re thabela ho sebetsa hammoho mosebetsing oa boboleli.”
22, 23. (a) Lenyalo la Bokreste le lokela ho theoa ho eng? (b) Ke ka baka la’ng ha basali ba bangata ba lokela ho babatsoa ho tsoa pelong?
22 E, lenyalo la Mokreste le lokela ho theoa kamanong ea hae le Molimo, e seng feela ho thabiseng molekane oa hae. Joale ka ha Pauluse a ngotse: “Ba nang le basali ba be joale ka hoja ba se na bona.” (1 Ba-Korinthe 7:29) Koana, Pauluse o ne a sa bolelle banna hore ba hlokomolohe basali ba bona. Ho loketse hore monna ea nyetseng a rate ho bona “kamoo a ka khahlisang mosali oa hae ka teng.” (1 Ba-Korinthe 7:33) Empa ha monna a ntse a hōla moeeng ’me a bontša litšoaneleho tsa monna ea molemo o tla khethoa bakeng sa litokelo tsa tšebeletso ka phuthehong. Sena se tla nka karolo e ’ngoe ea nako eo a neng a e kopanela le mosali oa hae, le hoja ho sa lokela hore e be ea sa leka-lekaneng. Empa ka linako tse ling o tla lokela ho etsa lintho monna a le sieo.
23 Basali ba bangata ntle ho boithati ba ile ba fana ka nako ea bona ka makhetlo a itseng ha banna ba bona ba lokela ho hlokomela mesebetsi e itseng ea phutheho. Ka sebele lea babatsuoa! Ho tšehetsa ha lōna ka mamello ho ananeloa haholo ke banna ba lōna le Jehova. Ha e le hantle le seo Bibele e se bitsang—“moqhaka” ho banna ba lōna ebile le ’mpho ea mohau e tsoang ho Jehova.’—Liproverbia 12:4; 18:22, NW.
24. Ke eng seo monna le mosali ba lokelang ho leka ho se etsa?
24 Ka baka leo, banna, tsoelang pele le bontša lerato la boitelo. Basali, tsoelang pele le arabela ka tšehetso e se nang boithati. Theang lenyalo la lōna kamanong ea lōna le Molimo. ’Me e se eka Ntat’a rōna ea mosa a ka hlohonolofatsa maiteko a lōna ka ho enneng!
Na U sa Hopola?
◻ Ke joang monna a ka ‘ratang mosali oa hae joale ka ha Kreste a ratile Kereke’?
◻ Ke joang monna a ka etsisang boikokobetso ba Abrahama?
◻ Ke joang monna a bontšang hlompho ho mosali oa hae joalo ka pitsa e fetisang ka ho fokola?
◻ Basali ba lokela ho arabela joang boitelong bo joalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
MONNA O LOKELA HO ETELLA PELE
Tšebeletso ea tšimo
Boikhathollong
Ho sebetseng litaba tsa lelapa