Bolokang Lenyalo la Lōna le Hlompheha
“Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle.”—BA-HEBERU 13:4.
1. Ke potso efe eo moqolotsi oa koranta a ileng a e botsa, ’me monna e mong o ile a e araba joang?
“MOQOLOTSI ea tummeng oa koranta a botsa, ha ho ka thoe u nyale hape, na u ka nyala motho eo u mo nyetseng hona joale? Batho ba ka etsang halofo ea ba 50 000 ba ileng ba botsoa ba ile ba araba ka hore “E.” Uena u ka be u arabile joang? Monna oa Mokreste, ea bileng lenyalong ka lilemo tse 35, o ile a botsoa potso eo ke mosali oa hae. A araba ka hore, “Ka sebele ke ne ke tla nyala uena!” “Ha ke hetla morao, kea tseba hore ka linako tse ling lintho li ne li se bonolo—re bile le mathata a rōna. Empa lenyalo la rōna ka ’nete le ile la lumellana le maiteko ao re a entseng. Re na le ntho e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa!”
2. Ho Ba-Heberu 13:4, ho “hlompheha” ho bolela eng?
2 Kaha Molimo ke Moqapi oa lenyalo, lenyalo le ka fana ka khotsofalo le thabo ea sebele. Leha ho le joalo manyalo a mangata—haesita le a mang a Bakreste ba ineetseng—a mathateng a tšabehang. Ka baka leo, moapostola Pauluse a eletsa, “Lenyalo a le ke le hlomphehe [“Le nkoe e le la theko e phahameng, la bohlokoa . . . e le le ratehang ka sebele”a] har’a batho bohle.” (Ba-Heberu 13:4) Hobane lenyalo le tlisa “matšoenyeho nameng,” phephetso ke ho boloka lenyalo la hao le hlompheha. (1 Ba-Korinthe 7:28) Empa u ka etsa hona joang? Pele, u tšoanetse ho tseba bo bong ba mathata a maholo.
Ho Hlokahala ha Puisano ea Botho
3, 4. (a) Bo bong ba mathata a maholo lenyalong ke bofe? (b) Ho boleloa eng ha ho thoe banyalani e be “nama e le ’ngoe”?
3 Banyalani ba bang ba Bokreste ba ne ba nyalane ka lilemo tse ka bang 20. Ka tšohanyetso, lenyalo la bona la senngoa ke bofebe. Taba ena e ka etsahala joang? Mosali a re, “Ha ke hlahlobisisa se etsahetseng lilemong tse fetileng,” “Ke hlokometse hore re ne re atisa ho bua ka litaba tsa lelapa, hammoho le tšebeletso ea rōna ho Molimo. Empa re ne re sa buisane motheong oa botho.” Ho haella ha katamelano ea boikutlo butle-butle ha fokolisa litlamo tsa lenyalo ’me ha etsa hore monna oa hae a febe. Lipatlisiso tse entsoeng li bontša hore ho senyeha ha lipuisano tse joalo tse nang le morero ke e ’ngoe ea lisosa tse kholo tsa hlalo kapa “manyalo a sa rateheng.”
4 Leha ho le joalo Jehova o itse: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’mae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:24) Ka baka leo lenyalo e lokela hoba kamano e kopaneng ho feta likamano tsohle tsa batho. Le kopanya litšobotsi tse peli tsa botho tse sa tšoaneng—mosebetsi o hlokang hlokomelo e le ka ’nete! Hore kopano e joalo e tle e sebetse, e mong o lokela ho buisana ka botšepehi le e mong ’me a senole maikutlo a hae.
5. (a) Ke eng se thibelang puisano ea botho? (b) Ke joang ba bang ba ka hlomphang lenyalo?
5 Ke’ng se thibelang puisano e joalo ea botho? Ka linako tse ling, moetlo oa naha o etsa hore motho a iphapanye. Ba bang ha ba tloaela ho bua, ba tšaba ho itlhalosa. Ba bang hape ba hapiloe ke lefatše la rōna le ratang boithabiso le lintho tse bonahalang. Ba rata lintho tsena ho feta lenyalo la bona. Ho kenyeletsa batho ba bangata lenyalong la hao, kapa ho itšetleha haholo ka batsoali le hona ho ka sitisa kamano ea lōna. Ka sebele, batho ba bang ba lokela ho hlompha boinotši ba batho ba nyalaneng ’me ba se ke ba batla bolokolohi bo sa tšoanelang kapa ba batle hlokomelo e lokelang ho bontšoa molekane.—Liproverbia 25:17.
6. (a) Ke joang molekane oa lenyalo a ka tšoanang le “motse o qhobosheane” ’me “liphapang” li be joalo ka “mekoallo” ea matlo a borena? (b) Ke lipotso life tse leng ka lebokosong le kaholimo tse ka thusang ho senola boemo ba puisano ea lōna?
6 Empa mohlomong lebaka le tloaelehileng haholo la ho haella ha puisano ea botho ke le boleloang ho Liproverbia 18:19: “Ngoan’abo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse o qhobosheane; liphapang tsa bona li ba joale ka mekoallo e koallang matlo a borena.” Ka mohlala, mosali a ka bolella molekane oa hae taba ea lekunutu. Ho ka thoe’ng joale, haeba maikutlo a hae a hlokomolohuoa kapa a nyenyefatsoa, mohlomong a bile a sebelisoa khahlanong le eena ka nako e ’ngoe? A ka ’na a qetella a hahile lebota le lelelele la ho ikhutsetsa hore a qobe ho utloisoa bohloko maikutlong hape, a fetohe “motse o qhobosheane.” Ntoa ea boikhohomoso e ka qaleha, ho se ea batlang ho hlōloa. Likhohlang tse joalo tse sa hlokahaleng li ka thibela puisano ea botho le ho boelana joaloka ha eka banyalani ba khaohantsoe ke mekoallo ea qhobosheane! Empa u ka etsa eng ho ntlafatsa puisano?
Ho Hlaolela Puisano ea Botho
7. Ba-Filippi 2:4 e bontša joang se hlokahalang ho hlaolela puisano ea botho?
7 U lokela ho hlokomela ‘likhahleho tsa botho’ tsa molekane oa hao. (Ba-Filippi 2:4, NW) Sena se hloka hore le iphe nako ea ho buisana ka litaba tsa botho le le ’moho. Ka mohlala, banyalani ba bang ba Bakreste ha monna a fihla ho tsoa mosebetsing ba beela nako kathōko ho noa tee le ho buisana hammoho. Ka metsotso e ka bang 15 e mong o thabela menahano ea e mong le liphihlelo pele ba qala mesebetsi ea mantsiboea. Ba entse sena motheong oa ka mehla ka lilemo tse 27!
8. Ke hobane’ng ha ho mamelisisa e le ha bohlokoa hakaalo?
8 Empa ho hlokahala ho hongata ho feta ho buisana feela. Ha a botsoa hore ke’ng seo a se ratang haholo ka monna oa hae, mosali oa Mokreste o ile a arabela: “Oa ’mamela. Ke motsoalle oa ka oa hloho-ea-khomo.” Ho mamela ka hloko, ho e-na le ho utloa feela, ho bolela mantsoe ana ho molekane oa hao: ‘U motho oa bohlokoa ho ’na. Ke rata ho tseba menahano ea hao le maikutlo, le ho kopanela le uena liphihlelo tsa hao—haesita le tse seng monate.’ Ho ba semameli se molemo ho hloka masene pelong. Ho hloka seo Petrose a se bitsitseng ho “hauhelana” (ka ho toba “ho utloa bohloko le”) hammoho le ‘kutloelo-bohloko’ le ‘boikokobetso.’ (1 Petrose 3:8) Ka baka leo, bolellanang makunutu. Bolellanang le litaba tse nyenyane. Bolellanang maikutlo a lōna.
9, 10. Ke joang banyalani ba ka etsisang mokhoa oo Isaaka, mosali oa Manoah le Elkana ba neng ba tšoere balekane ba bona ka oona?
9 Nahanang feela ka kamano e haufi e neng e le pakeng tsa Isaaka le Rebeka. Ha a khathatsehile, Rebeka o ne a bolella monna oa hae se ka pelong ea hae. Ka lekhetlo le leng o kile a lla habohloko a re, “ke tennoe ke ho phela ha ka.” Na Isaaka o ile a etsa hore Rebeka a soabisoe ke maikutlo a hae? Che, ka kutloelo-bohloko o ile a mamela ’me a nka mehato ho kokobetsa tšabo ea hae. (Genese 27:46-28:5) Mosali oa Manoah o ile a hlokomela hore monna oa hae o na le bothata ’me a mo khothatsa.—Baahloli 13:22, 23.
10 Elkana o ne a ela hloko maikutlo a mosali oa hae. Hoba hore a hlokomele hore mosali oa hae o tepeletse a leka ho ‘fata’ maikutlo a pelo ea hae ka lipotso tse bonolo, a re: “Anna, u llela’ng, ’me ha u je ke’ng? Na pelo ea hao e ntšofaletseng?” (1 Samuele 1:8) Ho thoe’ng ka uena? Na u potlakela ho fata maikutlo a molekane oa hao? Na u lumella molekane oa hao hore a ikutloe a lokolohile ho hlalosa maikutlo a hae hantle kantle ho hore u a nyatse? Ka linako tse ling ho hlokahala feela tsebe e nang le kutloelo-bohloko ho e-na le ho fana ka likeletso tse sa feleng.—Liproverbia 20:5; 21:13.
Buisanang Mathata a Hlokang Hlokomelo
11-13. (a) Ke ha ho etsahetse joang moo puisano ea botho e leng thata ka ho fetisisa? (b) Ke ka baka la’ng ha Sara a ne a ferekane haholo? (c) A ka be a entse joang, empa o ile a etsa joang?
11 Ho thoe’ng haeba molekane oa hao a etsa ntho e itseng kapa a lumella ntho e ’ngoe e u utloisang bohloko ’me e le e ka ’nang ea senya lenyalo la lōna? U ka buisana joang le molekane oa hao nakong e joalo? Se ileng sa etsahala bophelong ba Abrahama le Sara se fana ka bohlale bo thusang.
12 Letsatsing leo mora oa hae Isaaka a khoesoang, Sara a hlokomela Ishmaele, mora oa Abrahama ka Agare, “a tšeha” Isaaka.b Ntle ho pelaelo, mohlankana Ishmaele o ne a rohaka ngoan’abo ea lemo li hlano, ea neng a reretsoe ho mo nkela setulo e le mojalefa ea khethuoeng ke Molimo oa Abrahama. Sara o ile a utloa bohloko haholo ke puo ena e tšosang. Ho ne ho ka thoe’ng haeba monna oa hae a ne a ka shoa ka tšohanyetso? Na mohlomong Agare o ne a tla kholisa ba bang hore mora oa hae, e seng Isaaka, e lokela hoba mojalefa oa pallo?—Genese 17:19; 21:8, 9.
13 Sara a ka be a tšabile ho soabisa Abrahama le ho pata maikutlo a hae, hobane o ne a tseba hore Abrahama o ne a rata Ishmaele haholo. O ne a ke ke a etsa khang ka litaba tse ling, a lumella hore lerato la hae le li koahele. Sara o ne a tsejoa e le mosali ea ‘utloang Abrahama, a ’mitsa “morena.”’ (1 Petrose 3:6) Empa boemo bona bo ne bo le kotsi. Koana, a ka be a “sebelitse taba a thotse,” a tšepile hore Abrahama o tla tseba ntho e mo khathatsang. Empa che, Sara a itlhalosa! “Lelekisa lekhabunyane leo le mora oa lona, hobane mora oa lekhabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mor’a ka Isaaka!”—Genese 21:10.
14. Abrahama o ile a nka bohato bofe, ’me hobane’ng?
14 Abrahama a fumana kopo ena e sa khahlise; ka motsotsoana feela a lumella lerato la hae ho Ishmaele ho koahela monahano oa hae. Empa na Abrahama o ile a araba ka hore: ‘Na ha u tšabe ho bua le ’na ka tsela eo! Hloho ea lelapa lee ke mang?’ Che. Ha e le hantle, Molimo o ile oa mo bolella: “Ho se ke ha e-ba bohloko ho uena bakeng sa moshanyana le sa lekhabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a u bolellang tsona, u mpe u li mamele.” Ka le hlahlamang hoseng Abrahama a fela a etsa joalo. Sena se ile sa boloka khotso ’me morero oa Molimo o ile oa ntšetsoa pele—le hoja ho ile ha utloisa Abrahama bohloko haholo.—Genese 21:11-14.
15, 16. (a) Bolela mathata a mang a ka senyang manyalo? (b) Ke joang banyalani ba ka etsisang Abrahama le Sara, ’me ka phello efe? Fana ka mohlala.
15 Mathata a mangata kajeno a ka senya lenyalo la hao. Ka mohlala, u ka ikutloa hore molekane oa hao o hlokomela motho e mong ka ho fetisisa. Lipatlisiso, hammoho le liphihlelo tse ngata tsa sebele, li bontša hore ha monna kapa mosali a hlokomela motsoalle oa botho ka ho fetisisa, haholo-holo e motona kapa e motšehali, hoo ho tlisa mathata a maholo lenyalong. Kapa mohlomong molekane oa hao o rata mosebetsi, kapa ntho e ’ngoe e itseng kapa mofuta o mong oa boithabiso o nang le phello e ka senyang lenyalo la lōna. Mohlomong molekane oa hao o iphapanyetsa maikutlo a hao. Na uena, joaloka Sara, o tla hlalosa mathata ao a hlokang tlhokomelo ’me mohlomong o thibele hore lintho li se senyehele pele? ’Me haeba mohlomong molekane oa hao o boletse ntho e ’ngoe e utloisitseng pelo ea hao bohloko, na u ka arabela joaloka Abrahama, u nahane ka ho teba ka tataiso ea Molimo? Na karabo e joalo e ke ke ea etsa hore le buisane ka bolokolohi?—Liproverbia 27:5.
16 Koana, “lerato le apesa libe tse ngata.” (1 Petrose 4:8) Ka baka leo, le se ke la etsa khang ka liphapang tsohle le mefokolo ea botho. Empa ba bang ba ile ba tšaba ho buisana ka mathata a tebileng; kapa haeba ba ile ba buisana ka oona, balekane ba bona ba ile ba ba nyenyefatsa. Ka masoabi, boitšoaro ba mofuta ona bo etsa hore lenyalo le be mathateng. Mosali e mong oa Mokreste o ile a tepella haholo ka nako e ’ngoe hobane monna oa hae o ne a sa nahanele maikutlo a hae nakong ea likamano tsa botona le botšehali. A ikutloa hore monna oa hae o mo “sebelisa” feela ho ikhotsofatsa. A nahana ho mo tlohela. Empa leha ho le joalo o ne a e-s’o buisane le monna oa hae ka taba eo, hobane a tšaba hore a ke ke a utloisisa. Ka ho latela keletso ea Mokreste ea hōlileng tsebong, a qetella a senotse maikutlo a hae ao a neng a a patile. Ha a ka a elelloa hore liketso tsa hae li ne li mo ama joang! O ile a etsa liphetoho tse hlokahalang ’me hona joale bothata boo ha bo sa senya thabo ea bona. Bolokang hlompho ea lenyalo la lōna ka ho hlaolela puisano ea botho.
Molao o Mosa Lelemeng
17. Ke “molao” ofe o lokelang ho ba malemeng a banyalani? Bontša.
17 Empa na hlokahalo ea puisano ea botho e fana ka tumello ea ho sebelisa puo e se nang kelello? “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joale ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.” (Liproverbia 12:18) E, le hoja mohlomong o nepile ’me o e-na le mabaka a tiileng a ho etsa joalo, puo e se nang kelello e-ea “hlaba.” Mosali ea bohlale o hlalosoa a na le “molao o mosa” lelemeng la hae. (Liproverbia 31:26) Puo ea hae e mosa e tiile hoo e bitsoang molao. Ha monna a hlōleha linthong tse itseng, o thabela molao o joalo o leng lelemeng la mosali oa hae hakaakang! Monna e mong oa Mokreste o ne a tepelletse haholo ka baka la ho lahleheloa ke mosebetsi. Mosali oa hae ea nahanelang a re, “Bonyane u lekile.” “Lintho li tla loka kamoso.” Hoo ha imolla moea oa hae hakaakang!
18. Ke joang mosali e mong a ileng a sebelisa “molao” ona ka botlalo?
18 Puo e mosa e hlokahala haholo ha le sa utloane litabeng tse itseng. Puo e somang ea mosali ea halefileng e ka leleka monna ha hae ’me e mo etse hore a ikhethele ho lula lehoatateng. (Liproverbia 19:13; 21:19) Ka baka la phapang lenyalong mosali oa Mokreste a leka ho sebelisa molao ona haholo. Joang? A re, “Ha ho na le ntho e nkhathatsang ha ke potlakele ho bua ka eona joalo ka ha ke ne ke etsa pele.” “Ke leka ho emela nako e loketseng ha re le bang. Ke ee ke leke le hore ke laole chebahalo ea sefahleho sa ka ’me ha ke soabise monna oa ka pel’a bana. Lintho li ile tsa fetoha!” Ke ’nete hore, ka bobeli monna le mosali ba lokela ho hlokomela kamoo mantsoe a bona a ka nyenyefatsang hlompho ea e mong.—Liproverbia 25:11; Ba-Galata 5:15.
19, 20. (a) Ho ba le “bohlale” ho kopanyeletsa eng? (b) Ke joang bohlale bo ileng ba kokobetsa khalefo ea monna e mong, ’me ka phello efe? (c) Ke lipotso life tse fatang maikutlo?
19 Empa ke eng se hlokahalang ha motho a ferekana maikutlo? Bohlale! ‘Pelo ea motho ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bolele bohlale, e hlophisa lipuo tsa hae ka thuto.’ (Liproverbia 16:23, NW) Bohlale bo tla kopanyeletsa ho sheba ka nqane ho bothata. Ho Nehemia 8:8 lentsoe la Seheberu le ngotsoe e le ho “hlalosa.” Bohlale bo emisa tsekisano joang? Monna e mong ha a fihla lapeng a fumana mosali oa hae a ntse a lahlela lijana fatše ka tlung a halefile. A phasoloha, “Ha u ntsotelle!” “Ha u fihla hae u senya nako tšingoaneng. Ke hloka thuso!” Mosali enoa o ne a ferekane ’meleng le boikutlong. O ne a sa tsoa fumana lesea ’me a lebeletse le leng hape. A ikutloa a tšoasehile hae. Monna oa hae o ne a le bohlale. Ka ho hlokomoloha ho phasoloha ha hae hoo e seng ha Bokreste, a hlokomela se bakang masoabi. O ile a araba mosali oa hae joang? “Ntšoarele, moratuoa. Ke ne ke lokela ho ba mona ho u thusa.” Kapele-pele pelo ea mosali ea kokobela. Hamorao mosali a re, “Hlompho ea ka ho monna oa ka e ile ea eketseha.”
20 Mantsoe a Liproverbia 19:11 ke ’nete hakaakang: “Maele a motho a mo etsa ea sebete; khanya ea hae ke ho mamella ho siteloa ke ba bang”! Na u bontša bohlale bo joalo? Na u sheba ka nqane ho mantsoe? Na u ka khona ho hlokomela tšito e joalo? Hape bohlale bo ka boela ba kopanyeletsa ho amohela kopo efe le efe eo motho a e etsang. E, molekane ea bohlale, ea nang le temoho, ke mpho e tsoang ho Jehova ’me o tlatsetsa hore lenyalo e be la bohlokoa.—Liproverbia 19:14.
Ho Lumella Liphapang le ho se Phethahale
21. Ke joang ho amohela liphapang ho ka bolokang lenyalo la hao e le la bohlokoa?
21 Ho sa tsotellehe maiteko ’ohle a entsoeng, ha ho banyalani ba tla lumellana nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Liphapang li tla ba teng. Molebeli ea potolohang oa Mokreste, eo e seng e le lilemo tse 25 a nyetse, o hlokometse: “Banyalani ba bang ba atisa hore, ‘Re fapane hakaakang!’ ’Me ba nahanisisa ka liphapang tsena ’me ebe kapele-pele ha ba sa mamella ho phela hammoho. Ke ’nete hore, ’na le mosali oa ka ha re tšoane, empa ho na le lintho tse ngata tseo re tšoanang ka tsona. Ka ho nahanisisa ka lintho tseo re tšoanang ka tsona, lenyalo la rōna le fetoha la bohlokoa ka ho fetisisa ka mehla.” Na le uena u ithaopela ho amohela le ho lumella liphapang lenyalong la hao?
22. (a) Ke eng se ka thusang balekane ho fumana khotsofalo lenyalong la bona? (b) Tšusumetso e matla ea ho boloka lenyalo la hao le hlompheha ke efe?
22 Ha ho molekane ea phethahetseng. Khotsofalo e ka fumanoa ka ho ithuta ho amohela liphapang le ho mamella mefokolo e sa reng letho. (Ba-Kolosse 3:13) ’Nete ke hore, kamano ea rōna le Molimo, le ho batla hore a lule e le Motsoalle oa rōna, ke tšusumetso e matla ea ho boloka lenyalo la rōna le hlompheha. Ka sebele re babatsa tsela ea Bakreste bao ka baka la kamano ea bona le Jehova ba ileng ba loanela ho atlehisa manyalo a bona.
23. Ke joang re ka bolokang lenyalo la rōna e le la bohlokoa?
23 Lenyalo le leng le le leng le sa hlokomeloeng le tla senyeha. U ka khutlisa botle ba lona ka ho etsa boiteko bo matla ba ho (1) hlaolela puisano ea botho, (2) ho boloka molao o mosa lelemeng la hao hape (3) le ho lumella liphapang le ho se phethahale. Ntho tsena, hammoho le hlohonolofatso ea Molimo, li tla boloka lenyalo la hao e le la bohlokoa e seng feela ho uena empa le ho Moqapi oa lona e Moholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A Greek-English Lexicon of the New Testament, ka J. H. Thayer. E sebelisitse lentsoe le tšoanang ho hlalosa “mali a bohlokoa” a Kreste.—1 Petrose 1:19.
b Bibele e bontša hore hona e ne e se papali. E ne e le ‘hloriso.’—Ba-Galata 4:29, 30.
Na U ka Hopola?
◻ Ke ka baka la’ng ha puisano ea botho e le bohlokoa?
◻ Ho latela mohlala oa Abrahama le Sara ho tla ntlafatsa puisano joang?
◻ Motho a ka bontša joang hore “molao o mosa” o lelemeng la hae?
◻ Ke joang bohlale bo tlatsetsang lenyalong le hlompheha?
[Lebokose le leqepheng la 16]
Puisano ea Lōna e Joang?
(1) Le senya nako e kae le ntse le qoqa feela?
(2) Ke meqoqo e mekae ea lōna e leng ea mesebetsi (mesebetsi ea lelapa, bana, liphahlo, le tse ling), ho e-na le ho kopanela menahano e itseng le maikutlo?
(3) Na ho na le litaba kapa maikutlo ao u nang le oona, empa u sa ikutloe u lokoloha ho a bolella molekane oa hao?
(4) Ke neng e mong oa lōna a kileng a fa e mong mpho feela ea lerato?
(5) Ke hakae le eeng le tšoarane ka matsoho kapa le thetsane, kantle le likamanong tsa botona le botšehali?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mosali ea nang le “molao o mosa lelemeng la hae” o ratoa haholo, haholo-holo nakong ea khatello