Lefatše le Ratang Menate le Tloha le Fela!
HISTORI e tletse mehlala ea mebuso e matla e ileng ea lihuoa ke ho oa ha boitšoaro, bophelo bo hlephileng le lerato la menate le se nang taolo. Le sechabeng se le seng, masika kapa maloko a ’nile a oa ha ho rata menate ho felisa maqhama a boitšoaro.
Ka mohlala, bukeng e bitsoang Outlines of Roman History, WiIIiam Morey o ile a ngola: “Haeba re ne re ka botsoa hore na lipontšo tsa ho oa [ha Roma] boitšoarong ebile life, re ka arabela: boithati ba ho ikarola ka lihlopha: ho ipokella ka matlotlo, . . . ho rata gauda le ho lakatsa menono . . . Tsena e ne e le maloetse a boitšoaro, ao ho neng ho se ’muso o ka a phekolang.”
Kajeno, na ha re bone batho ba itoheIletseng ka bophelo ba bolefatše le bo likolohang menateng? Na ha re phele lefatšeng le ratang menate? E, ka sebele, hobane leha ba bangata ba ntse ba batla bolumeli bo itseng, mekhoa ea boithabiso le ea boikhathollo e nkile sebaka sa pele. Batho ba tšoana le ba mehleng ea Noe—ba tšoarehile haholo ka lintho tse kang ho ‘ja le ho noa.’ Ba tšoarehile haholo ho phethahatsa litakatso tsa bona hoo ba sitoang ho ela hloko seo ba se hlokang moeeng. Ke ’nete hore ho thahasella le ho tšehetsa bolumeli ho theohile haholo.—Mattheu 24:37-39.
Lerato lena la menate le ho felloa ke ho tšehetsa bolumeli ho tsamaeang le hona, ho bolela ntho e khethehileng ha re nahana ka tsela eo ’muso o mong o moholo oa boholo-holo, Babylonia, o ileng oa oa ka eona. Ha e le hantle, lintlha tse sa tloaelehang tsa ho oa hoo, joaloka litlaleho tse ling tsa histori, li ile tsa ngoloa ka Bibeleng ka lebaka le khethehileng: “Li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.”—1 Ba-Korinthe 10:11.
Thuto ea Khale
Nōka ea Eufrate e ne e phetha karolo ea bohlokoa haholo bophelong ba motse o moholo oa Babylona. Bukeng ea hae History of Cyrus the Great (1878), Jacob Abbott o ngolile: “[Babylona] e ne e le motse-moholo oa sebaka se seholo haholo le se nonneng, se neng se namela ka mahlakoreng a mabeli a Eufrate ho elella Hloahloeng ea Persia. . . . Nōka ea Eufrate e ne e le mohloli o moholo oa monono bakeng sa sebaka sohle seo e neng e phalla ho sona.” E, nala ea Babylona e ne e hlaha Nōkeng ea Eufrate. Ka baka leo, ke habohlokoa haholo hore le ho oa ha motse ho amahanngoe le eona nōka eo.
Abbott a fana ka tlaleho ena e khahlisang ea ha Morena Cyruse a hapa Babylona:
“Cyruse a leba motseng. A hloma lebotho le leng le leholo la hae monyakong o marakong a maholo moo nōka e kenang ka motseng, ’me le leng a le hloma tlase, moo e tsoang motseng. Mabotho ana a laeloa hore a kene ka motseng ka nōka hang ha a hlokomela hore metsi a kokobela. Eaba joale o hira basebetsi ba bangata haholo hore ba bule mecha e mecha, le hore ba ahlamise le ho tebisa mecha e neng e sentse e le teng, ka morero oa ho faposa metsi moo a phallelang teng kamehla. Eare ha ho lokisitsoe mecha ena, metsi a lebisoa ho eona ka bosiu bo le bong, ka nako e neng e hlile ea khethoa pele, ’me a potlakela ho khaotsa ho phallela ka motseng. Mabotho a masole a larileng a kena ka motseng ka molatsoana oa metsi.”
Ho tloha nakong eo ka eona metsi a Eufrate a ileng a qala ho kokobela, e ne e le phetho ka Babylona! ’Me ho ke ho hlokomeloe hore motse o ile oa oa bosiung ba menate ho ketekoa.—Bapisa Daniele, khaolo ea 5.
Histori e Tloha e Ipheta
Ho ileng ha etsahalla Babylona ea boholo-holo matsohong a Cyruse e Moholo e ne e se histori feela tjee. Buka ea Bibele ea Tšenolo, e ho sebelisa e le tšoantšetso, e bua ka seotsoa se bitsoang “Babylona e moholo” ea lutseng holim’a “metsi a mangata.” ’Me ho boleloa pele ho nako hore ka taelo ea Molimo lengeloi “la tšollela nkho ea lona holim’a nōka e kholo ea Eufrate, ’me metsi a eona a e-psha, hore ho tle ho lokisoe tsela ea marena a bochaba-tsatsi.”—Tšenolo 17:1, 5; 16:12.
“Babylona e moholo” ena ke mang kapa ke eng? Ke eng e tšoantšetsoang ka “metsi a mangata” a “nōka e kholo ea Eufrate”? Hona ho boleloa eng ka hore “metsi a eona a e-psha”?
Le hoja Babylona ea boholo-holo e se e se teng joaloka ’muso oa lipolotiki, tšusumetso ea eona ea bolumeli e namme le makholo-kholo a lilemo ho ea sekhutlong se seng le se seng sa lefatše. Kahoo, “Babylona e Moholo” ke ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ho akarelletsa likereke tsohle tsa Bojakane. Tšenolo 17:15 e supa hore “metsi a mangata” ao seotsoa sena sa bolumeli se lutseng holim’a oona ke “merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo” tseo e tšepileng hore e tšehetsoe ke tsona, joalokaha Babylona ea boholo-holo e ne e itšetlehile ka metsi a Eufrate bakeng sa nala ea eona. Kahoo ho psha ha metsi ho bolela ho oa ha batho hore ba tšehetse bolumeli.a
“Bofelo” bo Haufi!
Tabeng e mona, re hlokomela hore ho phahama ha bolefatše lefatšeng lohle ho tsamaeang le ho se thahaselle bolumeli kapa hona ho bo tšehetsa ke lintho tsa bohlokoa boprofeteng ka litsela tse peli. Ea pele, liphetoho tsena li phethahatsa mantsoe a moapostola Pauluse a hore “mehleng ea qetello” batho e tla ba “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” Hona ke karolo ea bopaki bo pakang hore re phela “mehleng ea qetello” kapa ‘ho feleng ha lefatše.’ (Mattheu 24:3) Ea bobeli, joalokaha Babylona ea boholo-holo e ile ea oa ka bona bosiu boo metsi a Eufrate a ileng a kokobela ka bona, ho phahama ha bolefatše le ho theoha ha ho tšehetsoa ha bolumeli ke lipontšo tse hlakileng tsa hore timetso e haufi bakeng sa “Babylona e moholo.”
Boprofeta bona bo phethahalang bo bontša hantle hore re phela “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) E, re haufi le tšobotsi ea ho qetela ea mehla ea bofelo, eo tlhoro ea eona e leng ho timetsoa ha tsamaiso eohle e khopo ea lintho ea Satane. Ka sebele, lefatše lena le ratang menate le tloha le fela. Empa re ka tiea lengole ke sena, hobane se tla hleka tsela bakeng sa Taolo e Ncha ea ho loka ea Molimo eo o e tšepisitseng. (2 Petrose 3:13) U ka ba le kabelo mahlohonolong a eona a maholo haeba u sa etelletse menate ka pele ho Molimo empa, ho e-na le hoo, u mo etelletsa pele bophelong ba hao mehleng ena ea bofelo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha bona sehlooho “Ho Ahloloa ha ‘Seotsoa se Seholo’ Hoa Atamela” ho Molula-Qhooa oa April 15, 1981, maqephe 24-30, le buka “Let Your Kingdom Come,” khaolo ea 17.