‘Batla Khotso U e Phehelle’
1. (a) Re ka ‘batla khotso le ho e phehella’ joang lefatšeng lee le befileng? (b) Maemong a lekang, ke hobane’ng ha re lokela ho kōpa Jehova ka tieo?
RE KA latela joang temoso ea moapostola Petrose e qotsitsoeng kaholimo empa re potiloe ke lefatše le befileng hakaale? Petrose o-oa re arabela, o re bolella hore re ‘khelohe bobe, ’me re etse ho molemo.’ Hoo re ho hlokang ke hore re ikitlaelletse ho kena kamanong ea khotso le Jehova Molimo ka ho lumela sehlabelong sa Jesu Kreste. Kamorao ho moo re phehelle khotso ka ho latela haufi litekanyetsong tseo Molimo o li beileng ka Lentsoeng la oona. “Hobane mahlo a Morena a talima ba lokileng, ’me litsebe tsa hae li mamela thapelo ea bona, empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.” (1 Petrose 3:11, 12) Ha ba khopo ba leka ho re etsa hampe, re ka kōpa Jehova ka tieo. Haeba mohlomong re thulana le motho ea betang kapa e mong feela e mobe re ka hoeletsa Jehova ka lebitso hore a re thuse.—Bapisa Deuteronoma 22:25-27.
2. Ha re thulana le pefo, re ka tšoarella tšepong efe joalokaha e boletsoe ke Davida?
2 Hangata ho tšepa Jehova ka ho feletseng maemong a befileng ho ’nile ha pholosa. Nako le nako, paki ea Jehova e ’nile ea hlohonolofatsoa ka ho tšoarella tšepong eo Davida a e bontšitseng thapelong e ho Pesaleme ea 18:46, 48: “Jehova a ke a phele, lefika la ka le ke le rorisoe! [Molimo] o ’namolelang lireng tsa ka! U mphahamisitse holim’a ba neng ba ntoantša, u mphonyositse ho monna ea bohale!” Lipaki tseo tsa Jehova tse limillione kajeno tse lebelletseng ka tumelo e matla ho phethahala ha tšepiso ea Molimo ea hore “ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng’’ li boetse li tiisetsoa hore “poloko ea ba lokileng e tsoa ho Jehova; ke eena qhobosheane ea bona letsatsing la matsoalo.”—Pesaleme ea 37:29, 39.
3. (a) Deuteronoma 32:10 le Daniele 3:19-27 li re bontša eng? (b) Ho bontšoa eng ka mokhoa oo Rahaba le bo-pula-maliboho ba mehleng ee ba ileng ba lopolloa ka oona?
3 Ho sa tsotellehe hore na maemo a ka hlahang lefatšeng lena le befileng ke afe, Jehova o tseba ho “boloka thaka ea leihlo la hae.” (Deuteronoma 32:10; Daniele 3:19-27) O bile o tseba le hore haeba a ikhethela joalo, a boloke ba hae koluoeng e kang libetsa tse chefu. Hona ho ile ha bontšoa ka la 6 Phato, 1945, ho se ileng sa hlahela mohlanka ea tšepahalang oa Jehova ea neng a ntse a hlorisoa chankaneng ea Japane Hiroshima. Hoseng hoo ho tloha kemisong ea hae e sa tloaelehang ha mo bea boemong boo a sa kang a ntšoa kotsi ke ho phatloha ha seqhomane.a Boholo ba chankane ba heleha, empa ka mokhoa o kang oo Rahaba a ileng a pholoha timetso ea Jeriko, Katsuo Miura a pholoha ho senngoa ha Hiroshima. (Joshua 6:23, 24) A leboha Jehova, joalokaha a itlhalosa hore e ne e le ‘seqhomane sa athomiki se mo qhomiselitseng ka ntle ho chankane,’ e le hore lilemo tse mo saletseng a phela a ka li sebelisa tšebeletsong ea bopula-maliboho. (Bapisa Pesaleme ea 116:15.) Ha ho letho le mohlolo ho Morena ’Musi oa rōna, “uena Molimo o moholo, o matla, oo lebitso la oona e leng Jehova oa makhotla.”—Jeremia 32:17-19.
Lula Haufi le Phutheho ea Jehova
4. Esaia khaolo ea 60 e hlalosa boemo ba phutheho ea Molimo joang ka nako ee?
4 Hore re talimane le mehla ena ea pefo, re hloka tataiso e bonolo ea phutheho ea Jehova e tšoanang le ’mè. Ho tloha ka 1938 ho bile le boemo bo ntlafetseng ba puso ea leholimo har’a batho ba Molimo, joalokaha Jehova a hlile a bolela: “Ha ho sa tla utloahala bothata naheng ea hao, leha e le tšenyo le tšenyeho meeling ea hao; empa u tla rea marako a hao lebitso la Poloko, u ree menyako ea hao lebitso la khanya.” Khotso le lerato la ho loka tse khethollang phutheho ea Jehova e lefatšeng lohle hona joale li tlatselitse haholo hore baboleli ba ’Muso ba neng ba le ‘banyenyane’ ka likete tse seng kae lilemong tse fetileng tse 64 ba fetohe ‘sechaba se matla’ sa ba 2 477 000, ba tsoelang pele linaheng tse 205 lefatšeng. Litlaleho tse tsoang tšimong li bontša hore, ha re atamela “bofelo,” Jehova o ‘phakisisa hoo ka nako ea teng.’—Esaia 60:17, 18, 22; Mattheu 24:14.
5. Joalokaha ho boletsoe Lipesalemeng, ke eng e matlafalitseng batho ba Jehova har’a pefo?
5 Boholo ba katoloho ena bo etsahetse har’a mabifi, a kang ao Lipaki tsa Jehova li ileng tsa feta ho oona likampong tsa mahloriso tsa Hitler le mekhoping ea litlhaselo tsa nakong ea ntoa United States. Pefo e ntse e phahama likarolong tse ngata tsa lefatše. Ke linaha tse seng kae feela, haeba li le teng, tse fetileng har’a mabifi a fetang Lebanone lilemong tsa morao tjena. Empa baena ba rōna ba moo ba matla. Ke eng e ba bolokileng ba le matla? Ho tšepa Jehova ka ho feletseng le ho ikemisetsa ho ’na ba kopanela libokeng tsa bona le liketsong tse ling tsa Bokreste.—Pesaleme ea 73:28; 149:1.
6. Re lokela ho nka ho ba teng libokeng kamehla joang, hona hobane’ng?
6 Hona ho lokela ho re hlakisetsa hore linakong tsa pefo ha rea lokela ho ngala ho phutheha hammoho. (Ba-Heberu 10:24, 25) Haeba hona e le habohlokoa hakaalo hore re imatlafatse lefatšeng le befileng la Satane, ho boetse hoa hlokahala ho fumana matla a ho loana ka katleho le mano a bolotsana haholo a Diabolose. Ho ba teng ha rōna libokeng kamehla ho bolela bophelo ho rōna!
7. (a) Satane o leka ho khukhunela batho ba Molimo joang? (b) Ke ka litsela life tse khethehileng Satane a fehlang moea oa pefo le boitšoaro bo bobe? (c) Re ka phehella khotso joang, re talimile sepheo sefe?
7 Mehleng ena e sisimosang, Satane o batla ho qhekella batho ba Molimo ka ho ba etsa “baithati, le ba ratang leruo [chelete le mabenyane ao e a rekang] . . . ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” Tsena ke lintho tse ka ’nang tsa re tlosa ho kopaneleng kamehla le batho ba Molimo. (2 Timothea 3:1, 2, 4) Ho e-na le ho habola moea oa Satane oa pefo le boitšoaro bo bobe, o tlotlisoang ka mananeo a mang a TV, lipapali tse ling tsa “video,” le tse joalo, ke habohlokoa hakaakang hore ka boithuto ba rōna ba botho, ho nahanisisa le libōka tsa rōna re tsoelepele ho nka le ho sebelisa tsebo e nepahetseng e bolelang “bophelo bo sa feleng.”—Johanne 17:3: Ba-Filippi 1:9-11; Ba-Kolosse 1:9-11.
Tšireletso ea rōna e Hokae?
8. (a) Batho ba bangata ba lefatše ba itšoara joang mehleng ee ea pefo? (b) Ka mehlala, bontša hore ke hobane’ng ha tsela ea bona e le booatla.
8 Pefo e kentse matsoalo lipelong tsa batho ba metseng e meholo ea lefatše. Ho latela liphuputso tsa haufi tjena tsa Gallup, karolo ea 45 lekholong ea Maamerika e tšaba ho tsoela ntle motho a le mong bosiu sebaka sa k’hilomithara ho tloha lapeng. Ba bangata ba tsamaea ka lithunya. Empa na ee ke tsela eo Lipaki tsa Jehova li lokelang ho ea ka eona—ka ho khahlametsa pefo e ka ’nang ea hlaha ka ho itokisetsa ho befa? Likotsi tse ngata tse amang “libetsa tsa boitšireletso”—ka bana ba bile ba bolaea bana ba bang—li lokela ho etsa hore re ke re re khefu ’me re hlahlobe boemo. Hoa tsebisahala hore motho ea tsebisisang ho sebelisa sethunya, ha a bona sethunya se seng, o tla thunya—’me a thunyetsa ho bolaea. E be joale maithutoana ea nkileng sethunya eena a ka hlaha kae!
9. Mokreste a ka fumana tšireletso hokae hona joang?
9 Mokreste a ke ke a sireletsoa ke ho ba le sethunya, empa ke ho ‘batla khotso le ho e phehella.’ (1 Petrose 3:11) Tšepa Jehova. Ha u thulana le senokoane, se tsebise hore u e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ea u tšosang ka hore o tla u ntša kotsi u se ke ua mo hanela ka lintho tse bonahalang tseo a li batlang. Bophelo ba hao ke ba bohlokoa ho li feta. Ha u patetsoe ’me u tšosoa, ipiletse ho Jehova hore a u thuse. Hopola: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.”—Liproverbia 18:10.
10. (a) Ka boitšireletso, litlaleho tsa Esdrase khaolo ea 8 le 2 Ba-Korinthe khaolo ea 11 li re bontša eng? (b) Litlaleho tse tsoang Afrika le Ireland li re bolella eng ka booatla ba ho nka lithunya?
10 Leha ho le joalo, na ho ke ke ha e-ba makhetlo ao ka oona, a kang ha mohlomong motho a tsamaea sebakeng sa borabele se kotsi, moo Lipaki tsa Jehova ho ka bang molemo ha li ka nka lithunya ho itšireletsa? Karabelo e tiileng ke Che. (Bapisa Esdrase 8:21-23, 31; 2 Ba-Korinthe 11:23-27.) Ka mohlala nka balebeli ba rōna ba tsamaeang naheng e ’ngoe ea Afrika. Lilemong tsa morao tjena baena bana hangata ho hlokahala hore ba fete libakeng tsa ntoa ha ba sebeletsa liphutheho. Ka linako tse ling ba oeloa ke likhukhuni kapa mabotho a tšireletso. Haeba ba ne ba fumanoa ba e-na le lithunya ba ne ba tla bolaoa. Ntle ho ba seng bakae, ho tsejoa hore ke Lipaki tsa Jehova, hammoho le ho se be le libetsa tsa mofuta ofe kapa ofe, ho ba nea tumello ea ho phetha leeto la bona. Ho joalo le Ireland Leboea e harasoaneng ka toantšano, moo ho boleloang hore “lefu ke karolo ea mokhabiso oa naha.” Hoa tsebisahala hore Lipaki tsa Jehova ha li nke lehlakore ’me e le ba ratang khotso ba sireletsoa libakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta.
11. (a) Ke eng e hlakisang hore Bakreste ha baa lokela ho itlhomella ka libetsa? (b) Ho ea ka Mangolo, tšepo ea rōna e lokela ho ba hokae?
11 Mangolo, a tšehelitsoe ke seo Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li fetang ho sona, a hlakisa hore ha ho bohlale hore Mokreste ofe kapa ofe a nke, a be le ntho e bolaeang ka lapeng ha hae kapa sebakeng se seng, ka morero oa ho e sebelisa ho batho ba ka ’nang ba mo hlasela kapa ba mo patela. (Esaia 2:4; 1 Petrose 3:11) Ea itokisetsang pefo o mema pefo. Ho e-na le hoo, tšepo e khōlō ea Mokreste e be ho Jehova, Molimo oa hae.—Pesaleme ea 18:48; 140:1, 4; Liproverbia 3:5-7.
12. (a) Ke hobane’ng ha ka Mangolo Mokreste a ka kōpa tšireletso ho sepolesa? (b) Na Mokreste a ka sebelisa sethunya ha ho hlaha tsietsi, kapa a inkela molao matsohong?
12 Tumellanong le Ba-Roma 13:1, 4, ‘marena a maholo’ a lefatše a ka ’na a e-ba le boemeli bo itseng ba ho boloka khotso, bo kang sepolesa, bo hlometseng ka molao ho sireletsa baahi le thepa. Kaha litokisetso tse joalo li lumelletsoe ke Molimo li hlalosoa e le “mohlanka oa Molimo, le mophetetsi ea beiloeng ho otla ea etsang bobe,” ke ho loketseng hore Mokreste a kōpe le ho fumana tšireletso boemeling bo joalo. Empa le haeba a ho fumana ho hlokahala hore a itšireletse kapa a sireletse baratuoa ba hae ka eng kapa eng e teng, a se ke a sebelisa sethunya. Leha e le hore a ka inkela molao matsohong. Linaheng tse ngata, molao ha o lumelle le hore motho a ka ba le sethunya sa ho itšireletsa.—Mattheu 22:21; bapisa Exoda 22:2.
13. Ke hobane’ng ha Mokreste a ke ke a sebelisa mekhoa ea ho bolaea ntle ho lihlomo ho itšireletsa?
13 Leha ho le joalo, bakeng sa ho itšireletsa, na Mokreste a ke ke a ikoetlisa ka mekhoa ea ho bolaea ntle ho lihlomo, e kang Kung fu ea Machaena? Ho ke ho hlokomelehe hore mokhoa ona o kotsi ka ho fetisisa oa Bochabela o qapiloe hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 1 400 ke baitlami ba Mabuddha ba Zen ba sebaka sa baitlami sa Shaolin mathuleng a Songshan, e ’ngoe ea lithaba tse halalelang tsa China. Mohloling ona oa bolumeli ha boela ha hlaha mekhoa ea ho bolaea ntle ho lihlomo ea Japane—Bushido, e bolelang, “Tsela ea Mohlabani.” Litsebi tse ngata mekhoeng ea judo, kendo le karate li ntse li fumana pululelo ka ho thuisa ka bolumeli. Karate sepheo sa eona ke ho holofatsa eo ho loanoang le eena, ho ka ’nang ha fella ka kotsi e tebileng kapa lefu. Ka sebele, ba tšepang Jehova ba ke ke ba retelehela mekhoeng ea ho bolaea bakeng sa ho itšireletsa!—Liproverbia 3:31.
14, 15. (a) Ke hobane’ng ha ekaba ho loketseng hore Mokreste a tsome kapa a bolaee liphoofolo bakeng sa lijo? (b) Empa ke eng e ka etsang hore Mokreste a se tšoanelehele litokelo tse khethehileng, hona hobane’ng?
14 Na ekaba ho loketseng hore Mokreste a be le sethunya ka morero oa ho thunya liphoofolo tse hlaha bakeng sa lijo? Ho tloha Moroallong, Molimo o lumelletse ho bolaoa ha liphoofolo bakeng sa lijo, le hoja mali a tlameha ho tšolleloa fatše, e seng ho jeoa. (Genese 9:3, 4; Deuteronoma 12:23-25) Ha molao oa sebaka o ho lumella, Lipaki tse ling li na le lithunya bakeng sa ho itšireletsa ho liphoofolo tse hlaha kapa bakeng sa ho li thunya ho li ja. (Mattheu 22:21) Ho bona e ka ’na ea e-ba mohloli oa bohlokoa kapa o motle oa lijo. Empa ho se be mohla mang kapa mang a ka nahanang hore Jehova a ka lumella hore ho bolaoe liphoofolo ka morero oa papali, feela bakeng sa ho ithabisa ka ho bolaea—joalokaha ho bile joalo ka “bo-Nimrode” ba boholo-holo le ba kajeno. Kaha “moea oa nama o maling,” ke a bohlokoa mahlong a Jehova.b—Levitike 17:11, 14.
15 Haeba palo e khōlō ea Lipaki ka phuthehong e ka tšoenyeha ke hore e mong o tsoma liphoofolo feela ka morero oa papali, e seng ho fumana lijo, mohlomong a ke ke a ba boemong ba ho amohela litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso, ka lebaka la botumo ba hae bo sa thabiseng.—1 Timothea 3:2.
16. Baholo ba ka thusa joang, empa ba sitoang ho latela keletso ea Mangolo e lirapeng tse kaholimo tsa 9 ho ea ho 15 ba ka hlaheloa ke eng?
16 Ho joalo leha e mong oa Lipaki tsa Jehova a phehella hore o tla nka sethunya kapa a be le sona bakeng sa ho itšireletsa ho batho, kapa a ithuta mekhoa e meng ea ho bolaea ntle ho lihlomo. Baholo ba moea ba lokela ho potlakela ho nka mehato ea ho mo eletsa kapa ho mo thusa ho phekola boemo. (Mikea 4:3) Mang kapa mang ea tsoelang pele ho ba le sethunya kapa a itlhomella ka tsela e ’ngoe hore e be “ea otlang” o tla khaotsa ho tšoanelehela litokelo tse khethehileng ka phuthehong.—1 Timothea 3:2, 3.
Tšebeliso ea Lihlomo Mosebetsing oa Boipheliso
17. Ke hobane’ng ha Lipaki tse ngata li qoba ho ameha mosebetsing o amang mekhoa ea ho bolaea ntle ho lihlomo kapa ho nka lithunya?
17 Haeba motho a sebetsa moo ho hlokahalang hore a nke sehlomo seo a tla se sebelisa ho batho ba bang, kapa haeba a hlokoa ho koetlisetsoa mekhoa ea ho bolaea ntle ho lihlomo, e kang judo, karate, o lokela ho etsa joang? Ha a etsa qeto ea hae ea botho a hopole hore molateli oa Kreste o lokela ho phehella khotso. (Ba-Roma 12:17, 18) Ha ho talingoa se boletsoeng ho Esaia 2:4, boholo ba Lipaki tsa Jehova bo qoba mosebetsi o joalo. Le hoja mosebetsi mohlomong o entsoe ka morero oa ho sireletsa batho (kapa thepa) tumellanong le Ba-Roma 13:4, phihlelo e bontša hore ka linako tsohle ho na le kotsi ea ho ba le molato oa mali ka ho bolaea ka sehlomo, e leng ho ntšang letsoalo la motho kotsi, hammoho le hore motho a ka ’na a ntšoa kotsi kapa a bolaoa ha ho iphetetsoa. (Pesaleme ea 51:14, bapisa Numere 35:11, 12, 22-25.) Ruri ho molemo ho qoba likotsi tse joalo ka ho khetha mosebetsi moo li leng sieo.
18. (a) Pono ea Mokreste ea hōlileng tsebong e ka fapana joang le ea lefatše? (b) Ho ba le letsoalo le letle, a ka leka ho lokisa litaba joang?
18 ‘Mehleng ena ea qetello,’ basebetsi ba bangata ba lebeletsoe ho jara lithunya. Balebeli ba libankeng kapa ba tšireletso le mapolesa mohlomong ho ka ’na ha hlokoa hore ba etse joalo hore ba ’ne ba be mosebetsing. Empa ho thoe’ng ka Mokreste ea tlangoang ke hore a “baballe bahabo”? (1 Timothea 5:8) Pono ea hae e koetlisitsoeng ka Bibele e tla fapana le ea batho ba lefatše, ba ikutloang ba lokolohile ho nka lihlomo tse joalo le ho li sebelisa ha ba bona ho hlokahala boemong bofe kapa bofe bo kotsi bo ka hlahang. (Ba-Efese 5:15-17) O tla rata hore a qobe molato oa mali, a hopotse pono ea Jehova ka khalalelo ea mali. (Genese 9:6; Pesaleme ea 55:23) Mokreste ea hōlileng tsebong a leke ho fumana mosebetsi oo ho sa hlomeloeng ho oona.c Lipaki tse ling li ’nile tsa atleha ho fetohela mosebetsing o sa hlokeng lihlomo ka hore ba buisane le benghali ba bona.
19. Moena a ke ke a tšoanelehela litokelo life ho fihlela a lokisa? (2 Ba-Korinthe 13:11)
19 Ha lefatše le ntse le e-ba mabifi ho ea pele re ke ke ra hlola re nka moena e le mohlala ha a tsoela pele mosebetsing o hlokang hore a nke lihlomo. A ka lumelloa likhoeli tse tšeletseng hore a fetole mosebetsi oo. Haeba a sa o fetole, a ke ke a ba boemong ba ho ba litokelong tse khethehileng tsa tšebeletso le boikarabelo ka phuthehong.—1 Timothea 3:2; Tite 1:5, 6.
Bohle re Phehelle Khotso
20. (a) Ke hobane’ng ha tsela ea khotso e tla buelloa? (b) Ho sa tsotellehe liteko tse matla, le lona lefu, phello ea botšepehi e tla ba efe? (c) U tšepile mang?
20 Ka makhetlo a mangata Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa fumana tšireletso ’meleng, boitšoarong le moeeng ka ho phehella tsela ea khotso. Ka ho hlakileng tsela ena ea Mangolo ke eona e lokelang ho lateloa. Mabakeng a seng makae ao ho oona likobese li bileng teng har’a Bakreste ba khabane, ho hloka tšabo ha bona ho isa lefung ho ba beile moleng oa tsoho ea pele. (Ba-Heberu 11:36-40; Tšenolo 2:10) Ka linako tse ling Jehova o lumella Satane hore a bee teko e matla ho batho ba Hae, joaloka tabeng ea Jobo, le hoja motšepehi eo a qetelletse ka thabo. (Jobo 1:18, 19; 42:12-15) Empa ho sa tsotellehe hore na ke eng e tla tla mehleng ena e befileng, e se ke ea re thekeselisa botšepehing ba rōna. Re tšepe Molimo. “Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela.”—2 Likronike 16:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlaleho e feletseng, bona sehloho “In the Mushroom Cloud,” maqephe 17-19, Awake! ea September 8, 1954.
U ka arabela joang?
◻ Maemong ’ohle a tšosang ka pefo, Mokreste o lokela ho bea tšepo ea hae hokae?
◻ Molemo ke ofe oa ho lula haufi le phutheho ea Jehova le keletso ea eona?
◻ Ke hobane’ng ha e le booatla ho nka lihlomo kapa ho ithuta mekhoa ea ho bolaea ntle ho lihlomo bakeng sa ho itšireletsa?
◻ Ka mosebetsi o hlokang lihlomo, Bakreste ba elelletsoa tsela efe, hona hobane’ng?
[Lebokose le leqepheng la 20]
Ho Phahama ha Pefo—Ho Tla Fella Kae?
“Ntoa e lomahantseng meno pakeng tsa United States le Russia ea libetsa tse chefu e ka fella ka ho shoa ha . . . hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea baahi ba lefatše.”—The Express, ea la 29 Tlhakubele, 1982, e theiloe puisanong le setho sa paramente sa California.
“Ka likelello tseo e kang li tahiloe—Kotsi ke hore baeta-pele ba lipolotiki ba Russia le ba Amerika . . . ba tla qobelloa ho nahana hore ntoa ea libetsa tse chefu ke ntho e ka etsahalang. Koana, ’nete ke hore, ntoa efe kapa efe ea libetsa tse chefu eo ho eona ho ka sebelisoang lihlomo tsohle tse bolokiloeng tsa Russia le Amerika e ka senya karolo eohle e ka Leboea ea lefatše.”—Dr. Frank Barnaby, mobatlisisi oa tsa khotso, ka la 26 Tšitoe, 1982.
“Haeba ho hlokahala ntoa pele khotso e ka ba teng, ho ne ho le molemo hoja ha se ke ha tiisoa ka tsa khotso. Bo-Hiroshima ba millione ba bokantsoeng lefatšeng, ’me hona ho ntse ho sa thibele e mong le e mong ho baahi ba lona ba 4 200 000 000 ho senya $115 ka selemo lihlomong.”—Andre Fontaine, Le Monde, e hatisitsoe hape ho The Guardian, ea la 9 Pherekhong, 1983.
“Mookameli oa Machaba a Kopaneng o Bolela hore Ntoa ea “Nuclear” e Ntse e Eketsa Tšoso—o re ‘Khetho e pakeng tsa meloko e mecha ea lihlomo le meloko e tlang ea batho.’”—The New York Times, ea la 16 Tlhakola, 1983, e qotsa Mongoli-Kakaretso Javier Pérez de Cuéllar.
“Ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.” “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Moeklesia 1:4; Pesaleme ea 37:10, 11.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Lipaki tsa Jehova li Mamella Mehla ea Pefo Tripoli, Lebanone
“Ba fetile har’a mathata a maholo empa ha ho mohla ba ileng ba fosoa ke seboka. Ba re bolella hore ha ba ntse ba tšoere kopano ea bona ea setereke sehlopha se seng sa ba 117 se ne se bokane lapeng ha moena, eitse ha khaitseli oa ho qetela a kena ka tlung, seqhomane sa phatloha ka ntle ho monyako feela. Nakong eohle ea seboka lirokete le liqhomane li ne li tšoloha joaloka pula ho ba potoloha. Ba re bontša lipalo tsa mabone tse oeleng le mehaho e potileng moo e neng e tletse makumane a libetsa—empa ha ho letho le ileng la otla ntlo eo ba neng ba kopanetse ho eona!
“Malapa a mabeli a ipotsa ka lekhetlo le leng hore na a ka ea sebokeng ka lebaka la ho thunya ho neng ho etsoa. A rera hore a tla ea, ’me bophelo ba oona ba pholoha hobane, ha ba ntse ba le sebokeng, ntlo ea lelapa le leng ea qhomisoa ’me ea senngoa ho hang, ’me ntlo e ’ngoe ea fafatsoa ka liqhomane hoo ho neng ho se motho ea neng a tla phela.
“Lelapa le leng la lipaki le phelang sebakeng sa lehlakore la bahanyetsi, le ne le tla nkoa ho ea bolauoa ke ba lehlakore le leng le neng le futuhile. Empa mong ka bona eo e seng paki oa mokha a tseba taba eo ’me a ba nka pele lebotho la babolai le fihla. A ba isa ntlo-kholo ea mokha moo ba ileng ba hlalosa boemo ba ho se nke lehlakore ba Lipaki, ba fana ka bopaki bo botle ’me ba lokolloa. Ena ke pale e etsahalang hangata.”—Joalokaha ho tlalehile ea neng a etetse teng.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
U thula pefo ka pefo kapa u tšepa Jehova?