Tšepo Bakeng sa ba Nyahameng
“TABA tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Re hopola mantsoe ana a moapostola Pauluse ha re ithuta hore bothata bo boholo ba hore batho ba ipolaee ke ho tsieleha, ho felloa ke tšepo. Na ‘matšeliso a tsoang Mangolong’ ha a tlose tsieleho eo? Mabakeng a mangata haholo, ho joalo. Ka mohlala, nahana:
Moroetsana e mong o ne a se a buletse gase e le hore a ka ipolaea ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a kokota monyako ha hae ’me a mo fa tšepo e ncha e tsoang Bibeleng.
Ngoanana e mong, eo tšepo ea hae bakeng sa nako e tlang e neng e sentsoe ke ha a shoa litho ka baka la kotsi ea koloi, o ile a leka ho ipolaea hangata. Joale Lipaki tsa Jehova tsa mo thusa ho fumana ‘matšeliso a Mangolo,’ ’me a rua tšepo hape.
Hape, monna-moholo a shoeloa ke mosali pelenyana ba keteka selemo sa mashome a mahlano ba nyalane. A tepella haholo ’me o ne a ntse a ritela chefu eo a tla e noa ha Lipaki tsa Jehova li fihla monyako ha hae ’me li mo bontša kamoo molaetsa oa Bibele o ka mo fang morero o mocha bophelong.
Batho bana ba ithuta ho ‘itšepela Jehova, ho ba matla.’ (Pesaleme ea 27:14) Ba ithuta ho itšetleha ka eena bakeng sa matla, ho ‘jarisa Jehova ea ka ba tšehetsang liphahlo tsa bona.’ (Pesaleme ea 55:22) Hape ba ithuta ka merero ea Jehova bakeng sa nako e tlang, ’me ha pono eo e babatsehang e phuthuloha ka pel’a bona, boemo ba bona ba hona joale bo bonahala e se ba bohlokoa haholo, bo sa tsietse hakaalo-kaalo. E, ho bona, ‘matšeliso a tsoang mangolong’ a pholosa bophelo ka sebele.
Ho thoe’ng, haeba e mong a e-na le boikutlo ba hore o molato, kapa a se na thabo, ’me a fihlela qeto ea hore ‘Molimo o fanang ka tšepo’ o mo furaletse? (Ba-Roma 15:13) Na ho na le ‘matšeliso a letho a tsoang ka mangolong’ bakeng sa motho ea joalo? E. “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.” (Pesaleme ea 34:18) Ruri ha a ba furalle.
Ho Ikutloa Molato
Ka mohlala, hoa utloahala haeba motho ea entseng sebe se tebileng a ka belaela ka nakoana hore na e be Molimo o tla ke o mo tšoarele. Ha ho nyaroha ka se etsahetseng ho teba, a ka ’na a ikutloa hore ke motho ea mobe le ea sa tšoaneleheng ho feta bohle lefatšeng. Empa le hoja Jehova a hloile sebe o hauhela baetsalibe ba soabileng kannete le ba tlohelang tsela ea bona e fosahetseng. O tšoarela batho ba joalo “haholo.”—Esaia 55:7.
Morena Davida oa boholo-holo o ne a ho tseba. A ngola: “Hobane uena, Morena, u molemo, u mosa, u tletse lereko ho bohle ba u rapelang.” (Pesaleme ea 86:5) Davida o phetse bophelo bo bolelele a tšepahala, empa ho bona a etsa libe tse ling tse tebileng haholo ka sebele. Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng le le leng, ha a hlaphoheloa ’me a hlokomela seo a se entseng, o ne a baka kannete ’me a atamela Molimo ka thapelo, a kholisehile hore Molimo o tla mo tšoarela.—Pesaleme ea 51:9-12.
Le hoja re sa batle ho etsisa libe tsa Morena Davida, haeba re ka etsa sebe, re ka etsisa pako ea hae e tebileng le e tlohang botebong ba pelo, ka bolokolohi re lumela hore re fositse, ’me re na le tumelo ea hore Jehova o tla utloisisa ho re tšoarela.— 1 Johanne 2:1, 2.
Na leha ho le joalo, hase bopaki ba hore Molimo o hutse moea oa oona haeba Mokreste a ikutloa a sa thaba kapa a se na khotso ea kelello ka lebaka le itseng? E seng hakaalo-kaalo. Le hoja Bakreste e le batho ba thabileng, ba ka ’na ba nyahama ka linako tse ling. Le eena Jesu, o bile joalo, joalokaha ho etsahetse tšimong ea Gethsemane pelenyana a e-shoa. Tlaleho ea Bibele e re: “Eitse ha a le matsoalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; ’me likhororo tsa hae tsa e-ba joale ka marotholi a mali a rothelang fatše.” (Luka 22:44) Na ho na le nako eo u ikutloang u le molato hobane u le mahlomoleng moeeng ka lebaka la liteko tse sa tšoaneng tseo u thulanang le tsona? Haeba ho joalo, u batle matšeliso ho Jehova, joaloka Jesu.
Empa na hase bokhopo hore Mokreste a batle ho shoa? Na u hopola hore na Jobo o ile a ikutloa joang ha a tepeletse? O ne a le bohlokong bo hlomolang, a hlorisoa ke metsoalle ea bohata ’me a lumela hore Jehova o mo furaletse. Kahoo, a luma-luma: “Pelo ea ka e khoboheloa ke bophelo ba ka.” (Jobo 10:1; 14:13) Ho Jobo, ho ne ho bonahala lefu e le paleho e khathollang mahlomoleng a hae, ho e-na le hore ka sebele e be sera seo le leng sona.— 1 Ba-Korinthe 15:26.
Hoja e be Jobo, mahlomoleng a hae o ne a ile a leka ’me a tsoela pele a ipolaea, hoo e ka be ebile sebe se tebileng. Empa ha motho a saretsoe ka sebele kapa a tšoenyehile maikutlong, hase ka mehla a tsebang ho laola maikutlo a tlang monahanong oa hae. Leha ho le joalo, haeba re fumana hore re lula maikutlong a ho shoa kapa nako le nako re lakatsa eka re ka be re shoele, re talime hoo e le temoso. Ke nako ea ho etsa ho hong ka potlako. Hofe?
‘Batla Thuso’
Mosatsana e mong a kena mathateng a fetisisang a lichelete le a lenyalo. Ha a le bothateng bo bong, a noa lipilisi tse tlotseng tekanyetso, empa ka thabo a phela. Ha a nahana hore na o ho entse hobane’ng, o re: “Ke lumela hore bothata ba ka ke hore ha nka ka tsebisa mang kapa mang hore na ke ikutloa joang. Ha nka ka rera ho ipolaea esale pele. Ke ile ka imeloa hoo ntle ho morero ke ileng ka etsa ntho ena.” Keletso ea hae ke efe? “E-ea ho ba bang bakeng sa thuso pele u fihla ntlheng eo.”
Eo ke keletso e utloahalang. Ka linako tse ling ha re imetsoe maikutlong, maima a rōna a ka ’na a bonahala a le boima haholo hore re ka a jara. Molato oa rōna, masoabi kapa ho khathala matla li ka ’na tsa e-ba boima haholo. Empa ha rea lebelloa ho jara maima a rōna re le bang. Ka moapostola Pauluse, Jehova Molimo o-oa re laela: “Jarelanang liphahlo.” (Ba-Galata 6:2) Ba bang ba batla ho thusa. Mohlomong ba tlamehile ho thusa. Empa hangata ha ba na ho tseba hore na u hloka thuso hakae haeba u sa ba bolelle.
Moroetsana eo metsoalle ea hae e meraro e ileng ea ipolaea, a botsa ka ho tsieleha: “Re ne re tla tseba joang? . . . Re ne re tla ba teng joang moo ha ba re hloka haeba re sa tsebe hore na ba ikutloa joang?” E ka ’na ea e-ba bohloko bo fetisisang hore u bolelle ba bang mathata a hao. Empa u ka ’na ua makalla mantsoe hore na a tsoa ka bobebe hakaakang hang ha u qalile ho bua. ’Me u tiise hore ba bang ba batla ho thusa. A re ke re boneng hore na ba bang ba bana ke bafe.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Nahana ka ba Bang
Moroetsana ea neng a nahana ho ipolaea o hlalosa se ileng sa mo ema pele: “Ho ipolaea ho sia bohloko, masoabi le letsoalo le molato—lintho tse boima le tse sallang ho feta mathata a neng a bonahala a le boima ho a mamella.”—Mattheu 7:12.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Lintho li tla Loka
“Ha ho letho le sa feleng lefatšeng lena . . . Rea tseba hore topollo e haufi.” Monahano ona oa thibela motho e mong maikutlo a ho ipolaea.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Fetola Maikutlo
Dr Herbert Hendin o bolela hore ho theosa le lilemo o tsebile batho ba bane ba ileng ba itihela mehahong e melelele empa ba phela. Ba babeli ho bona ba bolela hore nakong eo ba neng ba qothomme ba ne ba batla ho fetola maikutlo.—Suicide in America, ea Herbert Hendin, M.D.