“Iseraele oa Molimo” le ho Fela ha Mehla ea Balichaba
HO HAPUOA ha Jerusalema ea lefatšeng ho Matheki a Mahomede ke mabotho a Manyesemane tlas’a Molaoli Allenby ho bile ka Tšitoe, 1917, bohareng ba ntoa. Lefatšeng lohle Bajode ba hlaba litlatse ke ketsahalo ena. Empa ho tla fihlela kajeno boteng ba tempele ea Mahomede Thabeng ea Moria ka hare ho motse o marako oa Jerusalema bo sitisa ho hahuoa ha tempele efe kapa efe ea borapeli ba Bajode moo e neng e le setša sa tempele ea Morena Salomone. Ke ’nete hore, leha e le mona “Mehla ea Balichaba” e felile, Molimo oo mora oa Morena Davida a neng a o hahetse tempele eo, ha o buse lefatše ka ’Muso oa Messia oa oona ka Jerusalema oa lefatšeng. Empa ho thoe’ng ka Jerusalema e ’ngoe? Jerusalema efe? Eo ho buuoang ka eona lengolong le bululetsoeng le ngoletsoeng barutuoa ba Messia Jesu seterekeng sa Baroma sa Galatia, lilemo tse itseng kamor’a hore a bolele ka ho timetsoa ho etsahetseng ka 70 C.E. ha motse o tsosolositsoeng oa Jerusalema. Mono ho Ba-Galata khaolo ea 4, litemana 25 le 26, rea bala:
1, 2. (a) Ke boemo bofe ka hare ho Jerusalema e marako kajeno bo bontšang hore Jehova ha a nka sebaka sa puso ea lefatše ka motse oo hape? (b) Empa ke motse ofe o mong o nang le lebitso leo oo ho lokelang hore ho nahanoe ka ona?
2 “Agare [lekhabunyane la mopatriareka oa Moheberu Abrahama] ke Sinai, thaba ea Arabia—’me o tšoantšoa le Jerusalema oa joale; ’me ke ea tlamiloeng, le bana ba hae [baahi ba eona le bafo]. Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa [joaloka mosali oa Abrahama ea lokolohileng, Sara]; ke eena e leng ’m’a rōna.”
3, 4. (a) Pauluse le Bakreste ba Galatia ba ile ba lumela hore, ’mè’ oa bona oa moea ke mang? (b) Ke ka tsela efe sechaba sa Iseraele e neng e bile karolo ea phutheho ea Molimo ea bokahohleng?
3 Mongoli oa mantsoe ao ke Mojode ea sokolohileng Saule oa Tarese ea ileng a fetoha moapostola ea khethiloeng oa Jesu Messia. “Jerusalema oa joale” eo a ngotseng ka eena o ile a lelekoa phuthehong ea Molimo, joalokaha Agare a ile a lelekoa tlung ea Abrahama, ’me ea senngoa ka 70 C.E. Pauluse ha a ka a hlola a hlokomela Jerusalema eo ea lefatšeng e le ’mè oa hae oa moea. A ananela “Jerusalema oa holimo,” ke hore, Jerusalema e khanyang, hore ke ’mè oa hae oa moea. Pauluse le Bakreste bao ba Galatia, e ne e le “bana” ba eona.
4 Ha Molimo o kenya batho ba Iseraele kamanong le oona ka selekane sa Molao se buelletsoeng ke Moshe Thabeng ea Sinai, sechaba seo sa Iseraele sa fetoha karolo e bonahalang ea phutheho ea bokahohleng ea Jehova. Ea ruuoa ke phutheho eo joalokaha lekhabunyane Agare le ne le ruiloe ke Sara, mosali oa ma-tsoathaka oa Abrahama. Sara o ne a tšoantšetsa “Jerusalema oa holimo” ea lokolohileng. E hlahisa bana ba tšepisitsoeng.
5. Kahoo ke sebakeng sefe moo Jehova a neng a tla sebelisa borena holim’a lefatše qetellong ea Mehla ea Balichaba, hona e ne e tla ba nako ea hore a arabele potso efe, a e arabela ka tsela efe?
5 Har’a seo, ke kamanong le ‘Jerusalema enoa oa holimo’ moo Jehova Molimo a neng a tla nka matla a ho busa lefatše qetellong ea Mehla ea Balichaba selemong se harasoaneng ke ntoa sa 1914. Joale ha fihla nako ea hore a arabele ka ketso potso ea mongoli ea bululetsoeng Morena Davida, ho Pesaleme ea 2:1-6:
“Na lichaba li luma-lumelang, ’me batho ba rerela’ng tsa lefeela? Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bokanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa [Messia] oa hae matla? Ba re: A re khaoleng litlamo tsa bona, re koele mehala ea bona. Ea lutseng maholimong oa ba tšeha, Jehova o soma ka bona, o bua le bona ka bohale, o ba tsielehisa khalefong ea hae, o re: Ke ’na ka sebele ke tlotsitseng morena oa ka Sione, thabeng ea ka e khethehileng.”—Bona le Liketso 4:24-26.
6. (a) Ke hobane’ng ha ho beoa ha Morena oa Messia qetellong ea Mehla ea Balichaba ho sa bonahala ho babusi ba lefatše? (b) Ho sa tsotellehe ho hlokomelisoa mashome a lilemo pele, babusi ba lefatše ba ’na ba lokisetsa ho etsa joang ka nako e thata?
6 E, qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914 e ne e le ho loketseng ho Jehova ho phethahatsa mantsoe ana a boprofeta a ngotsoeng ke Morena Davida Pesalemeng ea 110:1, 2: “Jehova o itse ho Morena oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.” Morena oa Messia o beiloe teroneng Thabeng ea Sione ea leholimo, ’me kahoo, ho ne ho sa bonahale ho marena le mahosana ba busang lefatše. Le hoja libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ne li hlile tsa tsebahatsa lilemo tse mashome pele hore Mehla ea Balichaba e tla fela ka 1914, babusi bao ba lefatše ba ne ba ikemiselitse ho hanela Messia oa leholimo hore a nke puso ea lefatše. Ba tsoela pele ho etsa litokisetso tse ngata tse tsoetseng pele haholo bakeng sa ntoa ea machaba. Empa, chebong ea mahlo, 1914 ea iqalla hantle ka khotso. Eare ka la 28 Phupu lichaba tsa oela ntoeng.
7. Ho beoa teroneng ha Messia e le Morena qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914 ho ile ha tšoaea ho qaleha ha kamano efe ho eena le lefatše, hona joang?
7 Ho beoa teroneng ha Messia e le Morena ka letsohong le letona la Jehova hona selemong seo ha tšoaea hore joale o teng a sa bonahale mabapi le lefatše la rōna. Hobane’ng? Hobane joaloka morena ea tsoa beoa teroneng holim’a lefatše, ho ne ho mo loketse hore a lebise tlhokomelo ea hae sebakeng sa hae sa lefatšeng, seo ka nako eo se neng se lutsoe ke lira tsa hae tse meharo ea puso ea lefatše e hatellang. ‘Molamu oa matla a hae’ oa rōmeloa o tsoa “Jerusalema oa holimo,” o lebile lefatšeng la rōna. Ka taelo ea Jehova, a qala ho ‘busa har’a lira tsa hae’ tse tlase lefatšeng. Ke lona lefatše leo a ileng a lihela Diabolose ho lona le bademona ba hae ha ba tsoa leholimong—Tšenolo 12:7-17.
8. Baapostola ba Jesu ba ile ba mo kōpa “pontšo” ea eng, ’me, ho ea ka Pesaleme ea 2:1, lichaba li ne li tla ba boemong bofe ka nako eo?
8 “Pontšo” eo Messia Jesu a e hlalositseng e le bopaki ba hore ‘o teng’ a sa bo-nahale e bonahetse qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914. Pelenyana a bolaeloa tumelo, baapostola ba kōpa Jesu: “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatse.” (Mattheu 24:3) Ho latela Pesaleme ea 2:1, lichaba li ne li tla luma-luma ka nako eo Molimo o beang Messia Jesu teroneng e le Morena Jerusalema, kapa Sione e khanyang.
9. (a) Lekholong la pele la lilemo, na baapostola ba neng ba botsitse ba ile ba bona mahlomola a maholo hoo a neng a ke ke a hlola a e-ba le a tšoanang le oona? (b) Kahoo ho bona ha bona lintho tse boletsoeng ke Jesu ho Mattheu 24:7-15 ho ile ha sebeletsa ho phethahatsa eng?
9 Hore na Jesu ha a arabela o ne a hopotse Pesaleme ea 2:1 le Pesaleme ea 110:1-4, ha re tsebe. Leha ho le joalo, karabelo ea hae e lumellana le boprofeta boo bo entsoeng ke Morena Davida, bo matla haholo ho tloha ka 1914 ho feta lilemong tse 37 hoba baapostola ba etse kōpo eo le hore Jerusalema e timetsoe ke mabotho a Roma ka 70 C.E. Ka sebele tlokotsi eo e sisimosang ea Bajode e ’nile ea e-ba le tse kang eona. Ka mohlala, e ne e se mpe ho feta ho fenethoa ha Bajode bao litlaleho li reng ba ne ba le 6 000 000 tlas’a ’muso oa Nazi oa Hitler pele le nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ho timetsoa ha Jerusalema e ne e se ‘mahlomola a maholo ao ho seng a kileng a tšoana le oona e sa le lefatše le theoa ho tla fihlela joale, che leha e le hore a tla boela a e-ba teng hape.’ (Mattheu 24:21) Seo baapostola ba botsang ba se boneng ho isa qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. e ne e le phethahatso e nyenyane ea boprofeta ba Jesu, ka tsela ea litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, lintoa le mahloriso, hammoho le ho putuloa ha “Jerusalema oa joale.” Ho ne ho sa hlokahale hore ba bokollele sena, hobane Jerusalema e khanyang e ne e eme.
10. Phethahatso e khōlō ea boprofeta ba Jesu e re isa qetong efe?
10 Lintho tseo tse etsahetseng morao koo ha lia ka tsa etsa “pontšo” e makala-kala e bontšang ‘boteng’ ba hae le “ho fela ha lefatše.” E le hore bonnete ba boprofeta ba Jesu bo phahame, ho ne ho tlameha ho be le phethahatso e khōlō ea mantsoe a hae hamorao, mehleng ea litho tsa ho qetela tsa “mohlatsoana” oa hae oa majalefa a ’Muso. (Luka 12:32) Hoo e ne e tla ba ho tloha qetellong ea Mehla ea Balichaba ho ea pele ho fihlela joale. Ha re sheba pale ea lefatše ho tloha nakong eo, leseling la boprofeta ba Bibele, ha ho letho leo re ka le etsang ha e se ho kholoa feela hore re phela ‘ho feleng ha lefatše.’ (Mattheu 24:3; Mareka 13:4) Kholiseho ena e tsoaloa ke ho phethahala ha Tšenolo 6:3-17, e ngotsoeng lilemo tse fetang mashome a mabeli a metso e mehlano kamor’a hore Jerusalema e timetsoe le hore a bolele banna ba bane ba Tšenolo, kamoo batho ba ba bitsang.
11. Masala a litho tsa ‘phutheho ea matsibolo’ a ka hopola eng ka mehla ea Ntoa ea I ea Lefatše, hona phethahatso ea boprofeta ba Jesu lekholong la pele la lilemo e bapisoa joang le liketsahalo tsee tsa morao tjee?
11 A mang a masala a ‘phutheho le kereke ea matsibolo a ngoliloeng maholimong’ a sa ntsane a phela kajeno, ’me a hopola hantle mokakallane oa Spania. (Ba-Heberu 12:23) Seoa sena se tšabehang sa haola le lefatše ho ea qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, joaloka le leng la mafu a akaretsang a neng a hlile a boleloa, ’me oa bolaea batho ba limillione tse ngata ho feta ba hlabiloeng nakong ea lilemo tse fetang bone tsa Ntoa ea I ea Lefatše. Litho tsa masala tse sa ntsaneng li phela li hopola le mahloriso a Liithuti tsa Bibele tse neng li leka ho itokolla molatong oa mali oa lefatše. Li hopola kamoo mahloriso ana a ileng a fihla tlhorong ka ho kenngoa litlamong ha mookameli (ea lilemo li 48), mongoli-ramatlotlo (ea lilemo li 54) le litho tse ling tse tšeletseng tsa basebetsi ba ntlo-kholo ba Watch Tower Bible and Tract Society, ka liqoso tse ileng tsa qhaloa ke lekhotla ka 1919. Ntlheng eona ena lingoliloeng tsa Mokhatlo tsa thibeloa Canada le Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, hore li lokolloe kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše. Har’a sena sohle, se etsahetseng mehleng ea baapostola lekholong la pele la lilemo phethahatsong ea boprofeta ba Jesu ke lefeela la mafelane ha se bapisoa le liketsahalo tsona tseo ha li etsahala lefatšeng lohle nakong ea 1914-1918 C.E.
Bohato ba Kutlo ba “Iseraele oa Molimo”
12. (a) Ha ho arabeloa potso e mabapi le “pontšo” ea hore o teng, ke ho hlorisoa ha bafe hoo a ileng a ho bolela, ’me ba pele ho bona e ne e le ba morabe ofe? (b) Ke eng e nkileng sebaka sa “ba-Iseraele bao e leng bona ka nama”?
12 Ha a arabela kōpo e mabapi le “pontšo” ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng, Jesu ha a ka a bolela mahloriso leha e le afe ho bao e leng “ba-Iseraele . . . ka nama.” (1 Ba-Korinthe 10:18) A hla a bolela hore barutuoa ba hae ba tla hlorisoa, bao ba pele ho bona e neng e le Bajode ba tlhaho ba bolotseng le balichaba ba sokolohileng. Empa ka phethahatso ea boprofeta ba Joele 2:28, 29 ho tloha letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, barutuoa ba hae ba fetoha Iseraele e mocha, Iseraele oa moea. (Liketso 1:6-2:42) Hoo e ka bang bohareng ba lekholo la pele la lilemo, Mojode ea sokolohileng, moapostola Pauluse, a ngolla Bakreste ba Galatia ’me a re ho bona: “Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna.” (Ba-Galata 4:26) ’Me ho elella qetellong ea lengolo la hae a re: “Ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be ’mopuoa e mocha. ’Me ha e le bohle ba tlang ho ea ka molao oo, khotso le mohau li be ho bona, le ho Iseraele oa Molimo.”—Ba-Galata 6:15, 16.
13. Ke tšobotsing efe e totobetseng ea “pontšo” ea “ho fela ha lefatše” eo masala le metsoalle ea oona ba batlang ho ba le karolo ea botho ho eona. ’me e le ka phello life ho tla fihlela joale?
13 Joale, kaha masala a ‘Iseraele eo oa Molimo’ a bona ho phuthuloha ha “pontšo” ea “ho fela ha lefatše,” a lokela ho nka bohato bofe ba kutlo? Tsela eo ka eona ba tla ba le kabelo phethahatsong ea tšobotsi e ka sehloohong ea “pontšo” eo Jesu a hlileng a e bolela, a re: “Empa ea tiisetsang [mahloriso] ho fihlela qetellong [telos, ka Segerike], ke eena ea tla bolokeha. Evangeli ena ea ’Muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba [goyim] tsohle; ’me e tla ba hona bofelo [telos] bo hlahang.” (Mattheu 24:13, 14; Mareka 13:9, 10) Selemong se latelang bofelo ba Ntoa ea I ea Lefatše, masala a phonyohileng a “Iseraele oa Molimo” a qala hore ka boikokobetso a phethahatse taelo ea boprofeta. Ka lebaka leo, kajeno, linaheng tse 205 ’me e le ka lipuo tse ka bang 190, “Evangeli ena ea ’muso” e boleloa ke masala a Baiseraele ba moea le metsoalle ea oona ea lipaki tsa habo oona tsa Jehova. Hona hohle ho sa tsotellehe mahloriso le Ntoa ea II ea Lefatše.
14. Ka ho fana ka bopaki bona ba lumella hore ho tsejoe hore ke “mehla” efe e felileng bakeng sa lichaba, ’me ho bile joalo joang ka sebele?
14 Ka bopaki bona bo ke keng ba latoloa ba ’Muso o theiloeng, Balichaba, goyim, “lichaba,” li neoa kutloisiso ea hore “mehla” ea tsona, ‘mengoaha e baloang hasupa’ ea tsona ea ho hatakela Jerusalema e felile hoetla ka 1914. (Luka 21:24) Jerusalema e amehang mona hase Jerusalema ea lefatšeng e Bochabela bo Hare, empa ke Jerusalema e khanyang, hobane moo, leholimong, ke moo Jehova Molimo a beileng Messia oa hae, Mora oa hae ea tlotlisitsoeng Jesu teroneng, ha ho fela Mehla ea Balichaba ka 1914. Kahoo, “motse o halalelang,” oo lichaba, Balichaba, ba neng ba tla o hatakela “ka maoto, ka likhoeli tse mashome a mane a metso e ’meli” ho ea ka Tšenolo 11:1, 2, e ne e se “Jerusalema oa leholimo” eo Messia Jesu a busitseng ho eona ho tloha ka 1914. (Ba-Heberu 12:22) Ho e-na le hoo, ho ile ha hatakeloa masala a “Iseraele oa Molimo” ka likhoeli tse 42, kapa lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, ka ho hlorisoa Ntoeng ea I ea Lefatše. Empa nakong ea kopano ea bobeli ea liithuti tsa Bibele ea Cedar Point, Ohio, U.S.A., selemo ka 1922, a ne a hlaphohetsoe hantle moeeng. Kahoo ho hlorisoa ha masala nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše e ne e le karolo ea “pontšo” e neng e tla tšoaea ’nete ea hore Jesu o teng ’Musong oa hae ho tloha ka 1914 ho ea pele Jerusalema oa holimo, ea lokolohileng khatakelong eohle.—Mattheu 24:3, 9-13.
15. Joale ho etsahetse hore masala le metsoalle ea oona e qale ho etsa joang ho feta neng kapa neng, ’me ntlheng ena na ba lumetse hore ba hatakeloe?
15 Ke ka lebaka leo masala a “Iseraele oa Molimo” a ileng a tsoa letšolo ka matla ho feta neng kapa neng ho “tsebahatsa Morena le ’Muso.” Ka puo ea moea, ha baa rapalla hore ba hatakeloe hape ke Balichaba.—Tšenolo 11:7-15.
16. Ho tloha ka 1914, ke morena ofe ea kaletseng le ea busang har’a lira tsa hae, ’me ke ka tsela efe ho tla tloha ho etsolloa lintho tabeng ea ho hatakela?
16 Ha lintho li phethoha ho tloha bofelong ba Mehla ea Balichaba ka 1914, Morena Jesu Kreste ea beiloeng teroneng o busitse Jerusalema e khanyang, ’me o busa har’a lira tsa hae tse lefatšeng. Haufinyane, ha ho fanoe ka bopaki ba ’Muso lichabeng tsohle, bofelo ba hore ‘lefatše le fele’ bo tla tla. Balichaba bao ba lira, kapa “lichaba” ba tla kotuloa joaloka merara e beileng haholo. Joale o tla ba akhela ka “sehatelong sa bohale ba Jehova,” ’me moo o tla ba hatakela kamoo ho ba loketseng, a tlhotla mali a bophelo ba bona. (Tšenolo 14:18-20) “O tla . . . alosa [lichaba] ka lere la tšepe; ’me ke eena ea tla hatisa sehatelong sa veine ea bohale le ea khalefo ea Molimo o matla ’ohle.”—Tšenolo 19:15.
17. Setšoantšo sa ho qetela sa boprofeta ba Jesu ka “pontšo” ke sefe, ’me “baena” ba morena ba moea ba etsetsoa molemo joang?
17 Ho phethahala ha setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli e ne e lokela ho ba karolo ea “pontšo” e pakang ‘boteng’ bo sa bonahaleng ba hae le ho “fela ha lefatše.” (Mattheu 24:3; 25:31-46) Bonneteng ba boprofeta boo, ba limillione hona joale ba amohetse bopaki ba ’Muso bo fanoang ke masala a “Iseraele oa Molimo.” Ba nkile bohato bo nepahetseng, ka kananelo. “Linku” tsena tsa tšoantšetso li etsa hantle “baena” bohle ba moea ba Jesu Kreste, Morena ea busang. Ka ho sebelisana le “baena” bana ba hae, “linku” li etsa karolo e khōlō haholo ea ho bolela ho hlileng ha profetoa ha ‘Evangeli ea ’muso’ lefatšeng lohle e le bopaki ba ho qetela.
18. Ke “’muso” ofe oo linku tsa tšoantšetso li batlang ho o rua, ’me memo ea ho etsa joalo ba tla e fumana joang?
18 “Linku” tsena tsa tšoantšetso li batla ho rua ‘’muso oo li o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.’ (Mattheu 25:34) Memo ea ho etsa joalo ba tla e fumana ho “Mor’a Molimo” ea busang, ha ba kena ‘mahlomoleng a maholo,’ ka tebello ea ho pholoha ka tšireletso ea Molimo. Hona ho tla lumellana le mantsoe a qetellang a Jesu a setšoantšo: “’Me bona [lipōli tsa tšoantšetso tse sitoang ho etsa molemo ho “baena” ba Kreste] ba tla ea bohlokong bo sa feleng [lefung], empa ba lokileng [linku tsa tšoantšetso] ba tla ea bophelong bo sa feleng.” (Mattheu 25:46) Ke ‘batho’ ba tla pholosoa ‘mahlomola a maholo, ao ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo e e-song ho ka e e-ba teng, ’me e ke keng ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.’ Ka lebaka la “bakhethoa” ba Molimo (masala a “Iseraele oa Molimo”) matsatsi a mahlomola a maholo a fetang ’ohle a lefatše a tla khutsofatsoa.—Mattheu 24:21, 22.
19. “Bongata bo boholo” bo tla tsoa ho eng, ’me bo tla etsa joang ka sebaka sa ’Muso seo bo kenngoang ho sona?
19 Ke ka tsela e joalo “bongata bo boholo” bo kang linku bo tlang ho tsoa ‘mahlomoleng a maholo,’ le ho kena lefatšeng le hloekisitsoeng la ’muso oa lefatše oa Morena Jesu Kreste. (Tšenolo 7:9-14) Ho tloha qalehong ea tsamaiso e ncha ea lintho ba tla ba le karolo ea ho fetola sebaka sa ’Muso hore e be Paradeise ea lefatše lohle eo ’Mōpi a neng a e rerile ha a nea Adama le Eva, batsoali ba rōna ba pele ba lefatše lohle taelo e halalelang.—Gensese 1:27-31; 2:5-9.
20. Khabareng, bana ba kang linku ba etsa joang le masala, ’me ke tlhaloso efe ea “pontšo” eo ba tšoarelletseng ho eona, ho tla fihlela ‘bofelong’?
20 Khabareng, ho fihlela ba utloa memo ea “mor’a motho” ea busang khanyeng ea leholimo, a re: “Tlong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa,” bana ba lokileng ba kang linku ba tsoela pele ho sebetsa ba tšoarane ka matsoho le masala a “Iseraele oa Molimo.” (Mattheu 25:34) Ho tšoana le Baiseraele bana ba moea ha baa felloa ke tumelo ho se boleloang ke ho fela ha Mehla ea Balichaba ka 1914. Kahoo, ha baa iphoufaletsa “pontšo” e khanyang ea ‘boteng’ ba Messia Jesu e le Morena, ba tlotlisa tšebeletso ea bona e le bafo ba hae ba lefatšeng ’me ka thabo ba tsoela pele, ba bolela “Evangeli ena ea ’muso” lefatšeng lohle ba talimane le “bofelo” bo tlang ka potlako.—Mattheu 24:14.
Na U ka Arabela?
□ Ho phethahala ha litšobotsi tsohle tse hlileng tsa boleloa tsa “pontšo” ho paka eng?
□ “Iseraele oa Molimo” le metsoalle ea eona e kopanetse ho eng?
□ “Motse o halalelang” o ileng oa hatakeloa “ka maoto, ka likhoeli tse mashome a mane a metso e ’meli” ke ofe, ’me ke “Jerusalema” efe e sa kang ea hatakeloa?
□ Ha ho phethoa ho aroloa ha linku le lipōli tsa tšoantšetso, ho tla etsahala joang ka sehlopha ka seng?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ke bopaki bofe bo bonahalang boo Jesu a hlileng a bo bolela e le hore balateli ba hae ba ka tseba hore Mehla ea Balichaba e felile?