Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 1/15 maq. 16-20
  • Iseraele le “Mehla ea Balichaba”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Iseraele le “Mehla ea Balichaba”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Messia o Ikokobeletsa Mehla ea Balichaba
  • “Iseraele oa Molimo” le ho Fela ha Mehla ea Balichaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Jerusalema—‘Lebaka la Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Bontša Teboho—’Muso oa Jehova oa Bomessia oa Busa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • 1914 ke Selemo sa Bohlokoa Boprofeteng ba Bibele
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 1/15 maq. 16-20

Iseraele le “Mehla ea Balichaba”

“Jerusalema o tla hatakeloa ke Balichaba [Goyim], ho be ho phethoe mehla ea Balichaba.”—LUKA 21:24, “The New American Bible.”

1. Mantsoe a Jesu ka Jerusalema a ile a phethahatsoa joang, empa ke potso efe e saletseng hore e arabeloe?

LILEMO tse mashome a mararo a metso e supileng Jesu a buile mantsoe a ka holimo, motse oa Jerusalema oa ripitloa ke mabotho a Baroma tlas’a Molaoli Tite, ka 70 C.E. Empa ho thoe’ng ka karolo e saletseng ea boprofeta ba hae, e mabapi le nako eo ka eona Jerusalema e neng e tla hatakeloa ke Balichaba, Goyim, kamoo Bajode ba ba bitsang kateng kajeno?

2. (a) Na mantsoe a Jesu a ne a bolela hore motse o ke ke oa hahuoa hape le ho ba le baahi hape? (b) Ho sa tsotellehe hore masole a “Bakreste” a kile a lula ka nakoana motseng o halalelang, Jerusalema e ’nile ea hatakeloa ke Balichaba joang ho fihlela “mehla” e fela?

2 Mantsoe ao a ne a sa bolele hore Jerusalema ha e sa tla hahuoa hape le ho ba le baahi “ho be ho phethoe mehla ea Balichaba [Goyima].” Motse o ile oa tsosolosoa lekholong le latelang la lilemo, ’me masole a neng a bitsoa hore ke a Bakreste a loanela ho e rua Mehleng e Hare. Masole ao a “Bakreste” a Bojakane a tletseng maqapha-qapha a mali a ipaka hore ke Balichaba, kapa Goyim, joalo kaha ho bile joalo ka ba ileng ba aha motseng pele ho moo le ba ileng ba o nka ka mabifi ho masole a “Bakreste” kamorao ho moo. Ho theosa ho tla fihla ntoeng ea pele ea lefatše ea 1914-1918 Bagoyim [“bahedene”] bao, kamoo Bojakane bo neng bo ba bitsa kateng ba ’na ba hatakela motse o halalelang haholo ho Bajode.

3. Ha ho hapuoa ha Jerusalema ke mabotho a Manyesemane ho atamela ka Tšitoe 1917, Lord Rothschild o ile a bolelloa eng ke Mongoli oa Linaha Lisele oa Manyesemane Balfour, empa ke boemo bofe boo Palestina e beiloeng ho bona kamorao ho ntoa?

3 Ka la 9 Tšitoe, 1917, mabotho a Manyesemane tlas’a Molaoli Allenby a hapa Jerusalema ho Matheki, a neng a eme lehlakoreng la Kaiser Wilhelm oa ’Muso oa Majeremane. Ha khatello eo e le haufi le ho fela, Mongoli oa Linaha Lisele oa Manyesemane Arthur Balfour oa Brithani a rōmela molaetsa oa hae oa la 2 Pulungoana, 1917 ho Lord Rothschild oa lelapa le hlokomelehang la Bajode la Rothschild, a bolela hore ’muso oa Motlotlehi o utloisisa ho thea lehae bakeng sa Bajode Palestina. Leha ho le joalo, kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše, Selekane sa Lichaba [Goyim] se ileng sa theoa ka 1920 sa ntša taelo e ileng ea tšoarella ho fihlela selemong sa 1948 ea hore Palestina (ho akarelletsa Jerusalema) e be Kalosong ea Brithani. Ha hoa ka ha totobatsoa hore na Jerusalema e tla nkoa ke bafe kamor’a hore Kaloso eo e fele.

4. Hoba Kaloso ea Manyesemane Palestina e fele ka 1948, ho ile ha etsahala joang moo ka lehlakoreng la mekha e thahasellang?

4 Ha Kaloso ea Manyesemane e fela ka 1948, mekha e thahasellang ea phakisa ea nka bohato. Ba Mahomede ba phakisa ba nka karolo e khōlō e ka bochabela, ho akarelletsa motse o marako oa Jerusalema le tempele ea oona ea borapeli ba Allah. Bajode ba nka karolo e ka bophirima ea Palestina ’me ba thea sechaba sa kajeno sa Baiseraele. Empa e bile feela ka Ntoa ea Matsatsi a Tšeletseng ea 1967 moo motse oa marako oa Jerusalema o ileng oa nkuoa ho Maarabia, ho akarelletsa Lerako la Lillo, le holimo leo tempele ea borapeli ba Bajode e neng e eme ho lona ka nako e telele. Ka tlhōlo Bajode ba hapa lebōpo le ka bophirima la Nōka ea Jordane le baahi ba eona ba Mahomede.

5. (a) Ka lebaka la Ntoa ea Matsatsi a Tšeletseng ea 1967, Jerusalema ea kajeno e ile ea khaotsa ho hatakeloa ke Balichaba joang? (b) Ho sa tsotellehe boemo bo lokolohileng ba Jerusalema ho tloha ka 1967, ke hobane’ng ha re fumana khaello?

5 Kahoo Jerusalema ea ’na ea hatakeloa ke Balichaba ho fihlela ka 1967. Empa ho tloha ka nako eo, kamoo ho bonahalang mahlong a batho, Jerusalema ha e sa hataketsoe ke Balichaba. Leha ho le joalo, re ikutloa re tlamehile ho re, “Joale?” Na ho felisa ha Iseraele ho hatakeloa ha Jerusalema ke Balichaba morao koa ka 1967 ho ile ha tlisetsa batho bohle mahlohonolo? Ho e-na le ho ho nka e le lehlohonolo, lichaba tse ngata li bohloko ke boteng ba Iseraele. Ka sebele ho theoa ha sechaba sa kajeno sa Iseraele ha hoa etsa hore ho theoe ’Muso oa Messia oa Bajode. Ho totobetse, Iseraele ha e-ea lebella thuso le pholoso ho Jehova, Molimo oa Abrahama, Isaaka le Jakobo. ’Muso oa eona hase puso e nang le ngoana oa ’nete ea tsoang lesikeng la borena la Morena Davida oa boholo-holo ea lutseng teroneng Jerusalema.

6. Re lokela ho lumela eng mabapi le karolo ea Jerusalema ea lefatšeng ho tloha ka 1967 le boprofeta ba Esaia 2:1-4?

6 Kahoo, tabeng ea Jerusalema ea lefatšeng ho tloha ka 1967, ha re bone ho phethahala boprofeta ba Esaia 2:2-4:

“Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba [Goyim] kaofela li tla phallela teng. Lichaba [Goyim] tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. Jehova o tla ahlolela lichaba [Goyim], a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele. Sechaba [Goy] se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba [Goy] se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”

7. Ka ho fapaneng ho hang le boprofeta ba Esaia 2:1-4, re bona eng kajeno, hona ho thoe’ng ka boprofeta ba Zakaria 8:23?

7 Ho e-na le ho tea liphehla tsa ntoa likofuto tsa khotso, lichaba tsa Balichaba li hlometse ka matla ho feta leha e le neng bakeng sa ntoa, joalokaha ho le joalo ka naha e ipusang ea Iseraele. Ho feta moo, kajeno ha re bone ho phethahala ha boprofeta ba Zakaria 8:23 ho re:

“Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Tšiung tseo, banna ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba ba tla itšoarella ka moseho oa kobo ea monna oa mo-Jode, ba re: Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”

8. Hona hohle ho hlahisa pelaelo ka eng ka se etsahetseng ka 1967?

8 Hona hohle ho kenya lipelaelo ka ho nepahala ha nako ea se etsahetseng ka 1967, selemo seo ka sona ho thoeng Ntoa ea Matsatsi a Tšeletseng e ile ea tšoaea nako ea ho phethahala ha boprofeta bo reng: “Jerusalema o tla hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla ea lichaba.” (Luka 21:24) Ha e le hantle, ‘mehla ea Balichaba’ e ile ea fela pelenyana. A re ke re hlahlobeng bopaki ba hore ho joalo.

9. (a) Ha Jesu a ne a re, “Jerusalema o tla hatakeloa,” o ne a bua ka “Jerusalema” efe, ’me “Jerusalema” eo e ne e emela eng? (b) Ke eng e hlileng e tlang ho etsahala ha ho hatakeloa ha “Jerusalema” ho fela?

9 Ha Jesu a ne a bua ka “Jerusalema” e hatakeloa ke Balichaba, o ne a hopotse seo Jerusalema ea lefatšeng e neng e le sona pele e hatakeloa ke Balichaba. O ne a ile a bua tjena pelenyana: “Le se ke la hlapanya le ho leka; leha e le ka leholimo, hobane ke terone ea Molimo; . . . leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse oa morena e moholo.’’ (Mattheu 5:34, 35) Kahoo, ha Balichaba ba qala ho hatakela Jerusalema ha ba busa lefatše, ba ne ba hataketse ’Muso oa Molimo joalokaha o ne o emeloa ke motse oa moreneng oa Jerusalema. Ka ho lumellanang, qetellong ea Mehla ea Balichaba ha ho hatakeloa ha se neng se emeloa ke Jerusalema ho fela, ’Muso oa Molimo oa boela oa theoa matsohong a Messia, ngoana oa lesika la borena la Morena Davida.

10. (a) Ke mantsoe afe a ho Ezekiele a neng a tobisitsoe ho morena oa ho qetela oa lesika la Davida? (b) Ke mang ea ipakileng e le ‘ea neiloeng kahlolo’ ea ho busa, ’me Molimo o ile oa mo etsetsa’ng?

10 Ntlheng ena boprofeta ba Ezekiele 21:25-27, bo tobisitsoe ho morena oa ho qetela oa lesika la Davida, bo re: “Ha e le uena, khosana ea Iseraele, uena molotsana u seng u tla hlajoa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ea bokhopo ba ho qetella. Morena Jehova o re: Rola moqhaka, u tlose mokhabo oa hao; se leng teng ha se sa tla ba teng; ho phahamisoa se kokobetseng, ho kokobetsoa se phahameng. Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ea hae, eo ke mo neileng eona.” “Eo kahlolo e leng ea hae” hore a buse o ipakile e le Jesu Kreste, Ngoana oa Morena Davida. Khale koana ka 33 C.E. ke Bajode ba fetang 500 ba boneng ’nete ea hore Enoa o tsositsoe ke Molimo ka letsatsi la boraro hoba a shoele tumelo.— 1 Ba-Korinthe 15:3-20.

Messia o Ikokobeletsa Mehla ea Balichaba

11. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a leka ho iketsa morena Jerusalema, ’me kahoo a re’ng ho ’musisi oa Roma, Ponse Pilato?

11 Pele a tsoha leha a se a tsohile bafung, Jesu ha a ka a ipea e le Morena Jerusalema ea lefatšeng. Ha a ka a leka ho tlosa setulong Ponse Pilato, eo ka nako eo e neng e le ’musisi oa Roma oa Judea le Jerusalema. Lebaka le leng la hona, “mehla ea Balichaba” eo a buileng ka eona ho Luka 21:24 e ne e sa ntsane e tsoela pele. Eaba o ikokobeletsa tokisetso eo ea Molimo. Tumellanong le sena, a re ho Pilato: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena, hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”—Johanne 18:36.

12. E le seithuti sa Mangolo a Seheberu, Jesu o tsebile hore mehla ea Balichaba e qalile neng le ha ho etsahala ketsahalo efe, ’me joale ho hlaha potso efe ka “mehla” eo?

12 E le seithuti sa Mangolo a bululetsoeng a Seheberu, Jesu Messia o tsebile hore Mehla ea Balichaba e qalile pele Baroma ba nka Jerusalema le ho bea babusisi moo. O tsebile hore e qalile ha Jerusalema e putuloa ka lekhetlo la pele ka 607 pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Molimo oa sebelisa Morena oa Molichaba Nebukadnezare oa Babylona, eo a neng a mo bitsa “mohlanka oa ka,” hore a lihe Jerusalema le Juda. (Jeremia 43:10) Ho busoa ha lefatše ke Balichaba ha tsoela pele ho theosa ho tla fihlela mehleng ea Jesu Messia le ho tla fihlela nako eo Molimo o e khethetseng hore Mehla ea Balichaba e fele ka eona. Ho tla fihlela ka nako eo ’Muso oa Messia, ’Muso o neng o sa tlo ba ‘karolo ea lefatše lena,’ oa tlameha ho ema. Kahoo, mehla ea Balichaba e ne e tla tsoela pele ka ‘nako’ e telele hakae ha ho baloa ho tloha ka 607 B.C.E.?

13. Molimo o bontšitse morena oa Babylona bolelele ba ‘mengoaha’ eo ka eng, ka phello efe ho morena?

13 Jehova Molimo a ho bontša torong eo a ileng a e romela ho Nebukadnezare, ea neng a sebelisitsoe e le “mohlanka” oa Hae. Le hoja a ne a sebelisitsoe ho senya “motse oa morena e moholo,” Jerusalema, leha ho le joalo, ka lebaka la ho phethahala ha toro ho eena, Nebukadnezare o ile a tlameha ho lumela hore Jehova ke “Mookameli ea phahameng” le “morena oa leholimo.” (Mattheu 5:35; Daniele 4:34, 37) Ka “mohlanka” enoa oa hae, Molimo o Holimo-limo le Morena oa leholimo a qalisa “mehla ea Balichaba” ka 607 B.C.E.

14. Har’a tsoelopele ea ntoa Bochabela bo Hare ka 1917, baruti ba robeli ba ile ba bolela eng Mohoong oa bona o ntšitsoeng London?

14 Ho khahlisang, ho ea qetellong ea 1917, selemo seo ka sona Jerusalema ea kajeno e ileng ea nkuoa ke mabotho a Manyesemane Ntoeng ea I ea Lefatše, baruti ba robeli ho ba tsebisahalang haholo ba England ba kopana London, England, ’me ba ntša mohoo o nang le lipolelo tse supileng tse tobileng, tse akarelletsang tse latelang:

“EA PELE. Hore tlokotsi ea hona joale e supa ho fela ha Mehla ea Balichaba. . . .

“EA BONE. Hore Iseraele e tla tsosolosoa naheng ea habo eona ho se ea ho kholoang, ’me kamorao ho moo e sokolloe ke ho bonahala ha Kreste lebitsong la eona.

“EA BOHLANO. Hore mano ’ohle a batho a ho tsosolosa a tlameha ho nka sebaka sa bobeli ho ho tla ha Morena oa rōna, hobane lichaba tsohle li tla ikokobeletsa puso ea hae. . . .

“EA BOSUPA. Hore linnete tse kenyellelitsoeng polelong ena ke tsa bohlokoa haholo ho lekanyetsa sebopeho sa Bokreste le bohato bo buang ka mathata a petelitseng hona joale.”

15. (a) Torong ea Nebukadnezare, ke eng e ileng ea emeloa ke sefate se namileng haholo? (b) Nakong ea bohlanya ba Nebukadnezare, taba e ne e le efe ka borena ba lefatše ba ’Muso oa Babylona? (c) Puso ea lefatše e ile ea ntšetsoa pele joang ha Babylona e se e se ’muso oa lefatše?

15 Torong eo Jehova Molimo a ileng a e romella “mohlanka oa hae,” Morena Nebukadnezare, ho ne ho e-na le ‘mengoaha e baloang hasupa’ e ileng ea laeloa e tsoa leholimong. E amana joang le “mehla ea Balichaba” kapa e oelana joang le eona le ho tšoana le eona? Ka tsela e latelang: Torong ea boprofeta sefate se selelele, se makala a nammeng se tšoantša puso ea lefatše ka kutloisiso ea tšoantšetso. Hobane ka nako ea toro ea Nebukadnezare, “mohlanka” oa Jehova Molimo, o ne a nkile matla a joalo a lefatše, sefate se amana le eena, hoo ho ka boleloang hore sefate se tšoantšetsa eena. Empa na borena ba hae ba lefatše bo ile ba rengoa ha a hlanya ’me a tloha teroneng ea ’muso oa hae? Na ho busoa ha lefatše ke ’Muso oa Babylona ho ile ha emisa? Che, ho ’nile ha tsoela pele ho fihlela a khutlisetsoa teroneng le ka ho busa ha bahlahlami ba hae, Evile-Merodake, Naboniduse le Belshatsare. Kamorao ho moo, ho busoa ha lefatše ke Balichaba ha ntšetsoa pele ka ho latellana ha mebuso ea lefatše ea Persia, Greece, Roma, hammoho le lehlomela la eona la ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika.

16. Ke ’muso oa lefatše oa mang o neng o hlile o renngoe nakong eo eohle ea ho hlahlamana ha mebuso ea lefatše ea Balichaba, ’me ke ‘mengoaha’ e mekae e neng e lokela ho feta holim’a kutu ea sefate sa tšoantšetso?

16 Ka nako ena eohle e telele, ke ’muso oa mang oa lefatše, haholo joalokaha o ne o emeloa ke Jerusalema e le “motse oa morena e moholo,” o ileng oa hla oa rengoa le ho sala o rapaletse? Ke oa Eo Nebukadnezare a ileng a mo bitsa “Mookameli ea phahameng” le “morena oa leholimo,” Jehova. Kutu ea sefate, e tlamiloeng ka mahlaahlela a koporo le tšepe, li ne li emela puso ea hae ea lefatše ha e sa fanyehiloe. Jehova Molimo a laela hore ho fete ‘ngoaha hasupa’ bakeng sa kutu ea tšoantšetso.

17. (a) Ho e-na le ‘mengoaha e baloang hasupa,’ bafetoleli ba bangata ba ngola polelo ea Seheberu joang? (b) Ho ka tla joang hore, le kamor’a hore Jerusalema o tsosolosoe, e ’nile ea hatakeloa ke Balichaba?

17 Ho e-na le ‘ngoaha e baloang hasupa’ ho sebelisoa polelo “lilemo tse supileng” ho The Living Bible, Moffatt, Today’s English Version, An American Translation. Taba ea bohlanya ba Nebukadnezare, mohlomong boemo bo tsejoang e le ho kang motho o fetohile phoofolo, e ile ea nka lilemo tse supileng. Ha a hlaphoheloa a bua ’nete ka Molimo o mo phekotseng, empa ha a ka a busetsa batho ba Molimo naheng ea habo bona. Jehova Molimo o ne a laetse hore Jerusalema le naha ea Juda e be lesupi ka lilemo tse 70. Eaba ho hatakeloa ha Jerusalema ke Balichaba ho tsoela pele, leha Jerusalema e se e tsosolositsoe ke Bajode ba khutlileng botlamuoeng ho tloha ka 537 B.C.E. Joang? Hobane e ’nile ea e-ba bafo ba puso ea Balichaba, ho se ngoana oa leloko la borena la Davida ea lutseng teroneng e Jerusalema joaloka morena ea ipusang. Kahoo ho hlakile hore tabeng ea Jehova Molimo, ‘ngoaha e baloang hasupa’ ke tšoantšetso, kahoo, e telele ho feta lilemo tse supileng ha ho baloa ho tloha ho 607 B.C.E.—Daniele 4:16, 23, 25, 32.

18. ‘Mengoaha eo e baloang hasupa’ e bile melelele hakae ka tšoantšetso, ’me e ile ea fela neng?

18 Ka tsela eo boprofeta ba Bibele bo balang nako ka eona, selemo se baloang ka khoeli e holimo se nka matsatsi a 360. Ka hona selemo sa tšoantšetso, kapa ‘ngoaha’ e ne e tla ba lilemo tse 360 tsa almanaka. ‘Mengoaha’ ea tšoantšetso e baloang hasupa, ka baka leo e ne e tla ba 7 x 360, kapa lilemo tse 2 520. Ha ho baloa ho tloha ka selemo sa 607 B.C.E., ha Jerusalema, “motse oa morena e moholo,” o timetsoa ke “mohlanka” oa Jehova, Nebukadnezare, ’me kahoo ho hatakeloa ha Jerusalema ke Balichaba ho qala, lilemo tseo tse 2 520 li ne li tla fela hoetla selemong sa 1914 sa Mehla e Tloaelehileng ea rōna.

19. (a) Selemo sa 1914 se ile sa tšoauoa joang lefatšeng? (b) “Morena oa leholimo” o ne a lokela ho etsa joang ka selemo seo moo a lulang teng?

19 Lefatšeng, selemo seo sa tšoauoa ka ho qhoma ha ntoa ea I ea Lefatše ka khang ea puso ea lefatše. Leha ho le joalo, holimo koana moo ho lulang “Morena oa leholimo,” e ne e le nako ea hore a bontše hore “Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona.” (Daniele 4:17) Joale e ne e le nako ea hore eo “kahlolo e leng ea hae” a tle le hore Mookameli ea phahameng a mo ‘nee eona.’ (Ezekiele 21:25-27) Eo e ne e le Messia ea tsoselitsoeng bophelong ba leholimo. (Pesaleme ea 2:1-7) E ne e le nako ea hore Morena oa leholimo a re ho eena: “Busa har’a lira tsa hao.” (Pesaleme ea 110:1, 2) Hona ruri ho ne ho bolela hore “mehla ea Balichaba” e ne e fela e felile.

[Monogolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hlokomela ho Genese 14:1, tlotla “Tideale, morena oa Gojime.” (Bibele ea Sesotho, The Holy Scriptures [1952]. The Jewish Publication Society of America) The Authorized Version e e ngola tjena: “Tideale morena oa lichaba.” Bakeng sa tšebeliso ea lentsoe Goiim, bona le Genese 14:9; Joshua 12:23. Hlokomela le The Jerusalem Bible.

Na U ka Arabela?

□ Ho bonahala ho emisitsoe eng ka ho nka marapo ha Jerusalema ea lefatšeng ka 1967, empa na hona ho ile ha felisa ho “hatakeloa” ha “Jerusalema” ke Balicnaba?

□ “Mehla ea Balichaba” e qalile neng, hona ka ketsahalo efe?

□ Ho tiisitsoe joang hore Mehla ea Balichaba e ne e tla tsoela pele ka lilemo tse 2 520, kapa ho fihlela ka 1914 C.E.?

□ Ke eng e emeloang ke sefate se namileng sa boprofeta ba Daniele, hona bohlokoa ba ho rengoa ha sona le ho hlomela hape ke bofe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela