Pulo e Khōlō
“HO SA phatlalatsoa har’a batho, ka Moqebelo ho tla buloa mohaho o mocha oa ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova tsa Australia, oo mohlomong e leng mohaho o nang le kelello ka ho fetisisa o kileng oa hahuoa ke sehlopha sa bolumeli Australia . . . Lipaki tsa Jehova tsa liqapi, lienjiniere, ba sebetsang ka tšepe, lihahi—li entse mosebetsi ona kaofela ka boithatelo bo botle.” Ke kamoo ho ileng ha hlalosa The Sydney Morning Herald ea la 16 Tlhakubele, 1983.
O hahiloe mothipoloheng, o moholo o qapiloe ka mehaho e meraro e kenyang moea o batang le o chesang e kopantsoeng hammoho ke liphaposi tse nang le liofisi. Ho boetse ho na le matlo ao ho sebeletsoang ho oona mosebetsi oa matsoho le mehaho ea polasi. Mohaho oo ho kenoang le ho oona o nang le mokato o le mong o na le liofisi tsa tsamaiso le Holo ea ’Muso e nang le sebaka sa ba 200.
Fektri e mekato e ’meli e na le sebaka sa limithara tse imenneng habeli tse 5 400 fatše, sebaka se sengata se lekaneng hore ho ka atolosoa kamoso. Sebaka sa bolulo se mekato e ’meli ho isa ho e mene se ka sebelisoa ke batho ba 135. Hape se na le ntlo eo ho jeloang ho eona, moo ho bolokoang ba kulang, moo ho hlatsoetsoang, ngakeng ea meno, moo ho lokisoang moriri le moo ho bolokoang lijo. Mohaho ona kaofela o hahiloe ka halofo ea chelete e neng e ka sebelisoa haeba ho hiriloe batho ka lebaka la boiteko bo sa khathaleng ba basebetsi ba likete, ba ineetseng ba baithaopi.
Ho Atolosa ka Lebaka la Keketseho
Ha ofisi ea lekala ea Australia e tlosoa Melbourne ho ea Sydney ka 1929, lelapa la lekala le ne le e-na le litho tse 11 feela le Lipaki tse ka bang 340 tse mafolo-folo Australia kaofela. Ka 1971 palo ea Lipaki e ne e phahame ho feta 23 000, ’me ha fihleloa qeto ea hore ho hatisoe limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! mona. Hore hona ho etsahale, ha hahuoa mohaho o moholo o mekato e meraro oa khatiso le liofisi hona setšeng seo se Sydney.
Le pele ho feta lilemo tse hlano, keketseho ea bahoeletsi ba ’Muso ea bolela hore ho tlameha hore ho hahuoe hape. Leha ho le joalo, lipolane tsa mohaho oa mekato e mene hona setšeng seo se Sydney tsa hanoa ke lekhotla la moo. Ka lebaka leo, sebaka se molemo haholo bakeng sa ho atolosa ha bonahala se le polasing eo lekala le neng le bile le eona ka lilemo tse fetang 40, sa lihekthare tse 40; e hole le motse o moholo ka lik’hilomithara tse 48. Na ho ne ho tla lumelloa mehaho ea fektri sebakeng see se ka thōko? Kōpo ea beoa ka pel’a lekhotla la moo ’me karabelo ea khutla e re: “Ho lokile!”
Taba ea tiisoa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ka Tšitoe, 1978, ’me boqapi le tokiso ea mosebetsi tsa tsoela pele ka potlako. Ho sa le joalo ha mengoa baithaopi ba tla tla thusa ba lula setšeng selemo kapa ho feta. Ho nahana ka qeto eo batho bana ba ileng ba talimana le eona, ho hlokahala motho a tsebe ho hong ka Australia.
Phephetso ea Bohole ba Sebaka
Australia ke naha ea botšelela e khōlō ea lefatše. Ka boholo e lekana le United States (ntle ho Alaska le Hawaii). Leha ho le joalo, e na le baahi ba limilione tse 15 feela, ’me karolo ea 90 lekholong ea bona e phela haufi le leoatle hoo e ka bang lik’hilomithara tse 120 feela ho tloha leoatleng. Sebaka se kenellang hare ho naha se seholo, se lehoatata se na le baahi mona le mane, se bitsoa ka ntle (outback). Boholo ba batho ba Australia bo phela metseng e meholo e tšeletseng ea naha, ’me e arohane haholo. Ka mohlala, ho tloha Perth, Australia Bophirima, ho ea Sydney ke leeto la lik’hilomithara tse fetang 4 000.
Empa leha ho le joalo Lipaki li ile tsa nka maeto a joalo ho tla thusa. Ka nako eohle ea ho haha ba ka bang 3 000 ba ile ba tla, boholo ba tsamaea bonyane lik’hilomithara tse 1 600. Ba itefella maeto a bona, ba tla ho tla sebetsa libeke, likhoeli le tsona lilemo. Ba bang ba rekisa matlo, ba koala mesebetsi ea bona ba nka phomolo ba etsa le boitelo bo bong. E ne e le mohlala oa sebele oa batho ba Molimo ‘ba ineelang ka mafolo-folo.’—Pesaleme ea 110:3.
Basebetsi ba bang e ne e le ba nang le tsebo mesebetsing eitseng, ha ba bang ba ne ba e-tla ho tla sebelisoa moo ho hlokahalang. E mong, ea neng a tseba ho fepa, o ile a tla ka makhetlo a mabeli ho tla thusa kamoo ho jelloang, kahoo a lokolla mohlankana e mong ho ea sebetsa mohahong. Ka lekhetlo le leng ha rekoa khofu e khōlō, empa ho se motho ea ka e khannang. Le pele e fihla setšeng mokhanni oa khofu a be a letsitse mohala sehleke-hlekeng sa Tasmania ho bolela hore a ka fumaneha ka libeke tse tharo—na a ka sebelisoa?
Thuso e ’ngoe e ne e le ea lihlopha tsa litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tse neng li tsamaea libaka tse telele, hangata ka lekhetlo le fetang le le leng, ha tsebo ea bona e hlokahala. Ba tšelang konkreiti ba tsoang hole ka lik’hilomithara tse 1 000 ba ne ba tla feela ha ho tšeloa konkreiti libakeng tse khōlō; ba khokhothelang siling ba ne ba tsoa hole ka lik’hilomithara tse 1 500. Ho phaella moo, Lipaki tsa moo tse tsoang hole ka lik’hilomithara tse 200 li ne li tla ka Moqebelo, hangata ho tla eketsa mosebetsi o etsoang ke lebotho la mehleng la ba ka bang 200 ho ea ho kaholimo ho 300.
Ho Lipaki tse ling tsa Queensland Leboea tse nang le moo ho betloang mapolanka bohole ba lik’hilomithara tse 3 200 ha tla literaka tse ngata tsa mapolanka a matle a moo, ao, ha a se a ferefiloe hantle le ho hlakoloa setšeng mona a ileng a fetoha tšobotsi e hapang mahlo ea mohaho. Mapolanka a ne a akarelletsa a sa fumaneheng habonolo a Rosewood, Calophyllum, Red Tulip Oak le Feathertop.
’Me Australia eohle ha tla menehelo e babatsehang ho koala litšenyehelo tsa mohaho. Ngoana ea lilemo li tšeletseng a ingolla ka letsoho la hae, “Ke rata hore le fumane chelete e tsoang bankeng ea ka ea sekolo. Ke e bolokile selemo kaofela.” A kenya $41, 00! Pampiri-chelete e tsoang Queensland ea tla le lengolo le hlalosang hore e tsoa ho “e mong oa bokhaitseli ba lōna tumelong ea lakatsang hore a se ke a tsejoa. Ke mohlolohali, ’me joaleka mohlolohali oa Bibeleng, ke sohle seo a nang le sona. O tšepile Jehova.” Chelete e ne e le $6 283, 94! Ka ho hlakileng, Jehova o ne a susumetsa ho fana ‘ka boithatelo kamoo pelo e lekantseng.’—1 Likronike 29:9.
Ho Lokela Mosebetsi oa Kamoso oa ’Muso
Mehaho e mecha ea lekala e fana ka motheo o motle oa ho sebeletsa mesebetsi ea boboleli ea lipaki tse 36 000 tsa Jehova tse tšoarehileng liphuthehong tse 571 lefatšeng le leholo la Australia. Karolo e khōlō lekholong ea baahi ba Australia ke batho ba tlileng ba tsoa linaheng tse ling kapa bana ba bona. Ho sebeletsa merabe ena ho bolokoa lingoliloeng ka lipuo tse 52. Ho phaella moo, ho hatisoa ka lipuo tse 14 bakeng sa lihleke-hleke tse ngata tsa Pacific tse kang Papua New Guinea, Solomon Islands le Fiji.
Khatiso ea makasine ea Senyesemane ea tse fetang 750 000 ka khoeli e etsoa ka mochine o mocha oa khatiso o lebelo haholo o fihlileng ka ’Mesa, 1983, o tsoa ntlo-kholo ea Brooklyn. Ho thusa hore mosebetsi o ka etsoa ka khatiso e lebelo haholo ha etsoa liphapusi tse fifalitsoeng tse nang le se-nka-lifoto se tsoetseng pele sa “computer” le moo ho hlatsuoang lifilimi, le lekala le etsang litšoantšo.
Ka likhoeli tse fetileng tse 18 Lipaki tse mafolo-folo li eketsehile ho feta 4 000 kapa ka 13 lekholong. Ka lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang 16 200 tse tsamaisoang hona joale, le ka ba 72 457 ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1983, ho lebeletsoe ka matla hore keketseho e tla ba teng ka potlako Australia.
Letsatsi la Pulo
Ka Moqebelo oa la 19 Tlhakubele, 1983, beke ea pula e ile ea kenoa ka lehare ke letsatsi le futhumetseng hantle, ’me bamemuoa ba fetang 2 000, boholo ba tsoa har’a lipaki tse neng li le mafolo-folo pele ho 1945, ba bōkana mehahong e mecha bakeng sa Letsatsi la Pulo. Joalokaha molula-setulo a ile a supa, kaofela ba emela lilemo tse fetang 65 000 tsa tšebeletso e khabane. Ho ipakile e le kopano e khōlō hakaakang! Baeti ba fetisa litumeliso le liphihlelo tse tsoang United States, Fiji, New Zealand le Papua New Guinea.
Lekala la Australia ke la boraro le ileng la theoa ke Watch Tower Bible and Tract Society ka ntle ho United States. Ka nako e ’ngoe le ne le alositse hoo e ka bang karolo ea bone ea lefatše, ho akarelletsa hoo e ka bang lihleke-hleke tsohle tsa Pacific Boroa, hammoho le seo joale e leng Thailand, Vietnam, Laos, Cambodia, Malaysia, Indonesia, Hong Kong, Singapore le China eohle. Hona joale ho na le makala a arohaneng a 13 a alositseng mosebetsi oa boboleli ba ’Muso linaheng tsena. Empa, boholong ba taba, mosebetsi o ile oa qaloa ho tsona khale ka bo-1930 ke bo-pula-maliboho ba tsoang Australia. Boholo ba bona ba ne ba le teng pulong ’me litho tse 88 tsa lelapa la Bethele la Australia tsa thabela ho bula menyako ea ho amohela baholo-holo ba joalo ba moea!
Thapama, Lloyd Barry, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova le eo e neng e le karolo ea lelapa la Bethele la Australia ka bo-1940 a bula ka molao mehaho, a sa e neele ho motho mang kapa mang kapa mokhatlo, empa ho Jehova Molimo.
Ka letsatsi le hlahlamang, Sontaha, la 20 Tlhakubele, pula ea boela ea tšoloha. Leha ho le joalo, ba 10 468 ba bōkana haufi le moo lebaleng la mabelo la Warwick Farm ho mamela lenaneo le khothaletsang ho tsoela pele le ho atoloha ha mosebetsi oa Jehova ‘mehleng ena ea qetello.’ Libaka tse ling tse leshome tsa hokelloa ho se etsahalang ka mehala ea fono-fono, ho etsa hore palo-khōlō ea ba bileng teng ka Sontaha e be 36 757!
Ha kopaneloa liphihlelo tse ngata tse ntle ’me lenaneo la tlohela ba bangata ba ikemiselitse haholoanyane ho ‘etsa ka matla’ ho boleleng ‘Evangeli ea ’muso’ karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše le leholo la Australia. Ke oona mosebetsi ona o entseng hore mohaho o mocha oa lekala e be e tla ba o molemo ka ho tsoetseng pele ’me o tla ’ne o etse joalo!—Luka 13:24; Mattheu 24:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]
Lekala le lecha la Australia le butsoeng ka la 19 Tlhakubele, 1983
[Lebokose le leqepheng la 15]
NGOANA O TŠEHETSA MOSEBETSI OA HO HAHA