Ba Batla ho Thusa
“BANAB’ESO, rea le rapela, hore le ke le . . . tšelise ba pelo li tepeletseng.” (1 Ba-Thessalonika 5:14) Ka mantsoe ana ho phutheho ea Thessalonika, moapostola Pauluse o bontšitse hore phutheho ea Bokreste ke mohloli oa bohlokoa o fanoeng ke Molimo ho tšehetsa ba tepeletseng. Mokreste ofe kapa ofe ea ikutloang a imetsoe ke maikutlo a mabe a ka fumana matšeliso le thuso har’a baena ba hae ba Bakreste.
Morutuoa Jakobo o khothallelitse hore ho kōpuoe thuso ho baholo ba khethiloeng ba phutheho. O itse: “E mong har’a lōna ha a baba, a bitse baholo ba kereke, ’me ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Morena. ’Me thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa.”—Jakobo 5:14, 15.
Haeba motho a le monyebe ho kōpa thuso ho baholo teng? Mosali ea neng a le bothateng bo boholo o ne a le joalo, ’me o hlalosa lebaka: “Kelellong ea ka, ke ne ke ikutloa hore baholo ha ba na ho utloisisa. Ba tla nka hore ke molato oa ka.” Empa kamorao ho tlokotsi e boima ea lelapa a susumeletseha ho ea ho bona. A fumana life? “Baholo ha baa phethahala. Empa ba utloisisa.”
Leha ho le joalo, hopola, hore moapostola Pauluse o khothallelitse phutheho eohle ho ‘tšelisa ba pelo li tepeletseng.’ Baholo ba batla ho thusa. Empa ba tepeletseng ba ka ea ho motho ofe kapa ofe ea hōlileng tsebong eo ba ikutloang hore baa phuthuloha ho eena. Bacha mohlomong ba tla ea ho batsoali ba bona. Basali mohlomong ba ka ikhethela ho bua lintho le bo-khaitseli ba hōlileng tsebong ba ‘rutang tse ntle.’ (Tite 2:3) Ntho ea bohlokoa ke hore: BUA LE E MONG.
Haeba motho ea tepeletseng pelong a tla ho uena bakeng sa thuso teng? Kapa haeba uena u nka boikhathatso ba pele ho thusa motho ea joalo teng? Ho na le lintho tseo u lokelang ho li hopola.
Ho Tšelisa le ho Hauhelana
Hopola hore u se ke ua potlakela ho ahlola boemo ba moea ba batho ba tepeletseng. Pauluse o itse ba batla ho tšelisoa. Kahoo, ke hantle ha re ba bontša litšoaneleho tseo a buileng ka tsona ha a ngolla Ba-Filippi: “Ekare ha tšeliso e le teng ho Kreste, ha ho le khothatso ea lerato, ha ho le kopano ea Moea, ha ho le lereko le mehauhelo, le ke le phethise thabo ea ka, ka ho ba le khopolo e le ’ngoe, le lerato le le leng.” (Ba-Filippi 2:1, 2) Khothatso, lerato, tšeliso, ho ba le moea o le mong, lerato le qenehelo li ka ba le phello e babatsehang ho phekoleng motho ea tepeletseng.
Moapostola Petrose a eketsa ka tšoaneleho e ’ngoe e ntle. O itse: “Le be le khopolo e le ’ngoe, le utloelane bohloko le baena, le be le mohau, le be le mosa.” (1 Petrose 3:8, NW) E mong le e mong ea ‘utloelang ba bang bohloko’ ea ka ipeang boemong ba motho e mong, ka ho hapa tšepo ea hae le ho ’muisa ka mokhoa o tšelisang, o na le mpho e ntle ea ho thusa meea e tepelletseng.
Ho Tepella ho Matla
Ho thoe’ng haeba ho e-na le ea tepeletseng ka matla ka phuthehong? Ha re re mohlomong o ikutloa a se na thuso ho hang, a le molato, a khathetse matla kapa a tsielehile ’me ho bonahala ho se letho leo mang kapa mang a le buang le mo thusang? Pele, a eletsoe hore a fumane keletso ea lingaka, kaha ho tepella ho matla hangata ho bakoa ke ho kula ’meleng.a Empa ho sa tsotellehe hore na o batla thuso ea botsebi kae, ho sa na le karolo ea bohlokoa e nkoang ke phutheho.
Litho tsa phutheho li khaotse ho soma ea tepeletseng kapa ho mo bolella hore ‘a ikimolle,’ kapa a intše boimeng. Monna eo mosali oa hae a tepeletseng o bolela hore nako le nako mosali o bua ka ho ipolaea. Hobane’ng? Monna o lumela hore karolo e ’ngoe ea taba ke ka lebaka la hore eena le ba bang ba ile ba bontša ho se mo utloisise.
Ba bang ba fumane hore ho molemo ho bua le ba tepeletseng ka lintho tseo ba kileng ba li tseba empa mohlomong joale ho le thata ho li lumela hobane ho ba ferekantse kelello. Buang ka Jehova, “Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Ba-Korinthe 1:3) Hopotsa motho hore Jehova o itokiselitse ho “tšoarela haholo.” (Esaia 55:7) Bua ka botle ba pōpo ea Jehova, ’me u mo hopotse ka phihlelo efe kapa efe eo mohlomong a bileng le eona ho sena. Bua ka botsoalle bo thabileng boo a ileng a bo thabela ka phuthehong, kamoo a ratang lelapa la hae le kamoo lelapa la hae le mo ratang. Hatisa hore le hoja u sitoa ho utloisisa ka botlalo hore na o ikutloa joang, phihlelo ea ba bang e bontša hore ho tla loka. Ithaopele ho mamela ka ‘lerato la boena le khauho’ eng kapa eng eo a e buang, ho sa tsotellehe hore na maikutlo a hae a tepeletseng a mo entse ea sa nahaneng hakae.
Haeba a ka bua ka ho ipolaea, ho nke ka botebo. ’Me ha a sa bolele hore a ka ipolaea, empa u e-na le lebaka la ho nahana hore o nahanne ka hona, u se ke ua tšaba ho bua ka hona. Mohlomong u ka ’na ua rata hore: “Kea tseba hore u ikutloa habohloko haholo hona joale, mohlomong hampe ho feta kamoo nka utloisisang. Ua tseba, ha batho ba ikutloa hampe joaloka uena, ka linako tse ling ba ba le maikutlo a hore ntho e molemo ekaba ho ipolaea. Na u kile ua ikutloa joalo?” Haeba ho le joalo, taba joale e tla hlahella pooaneng ’me e tla mo lopolla molatong o tlisoang ke menahano e joalo.
‘Mochine o sa Sebetseng Hantle’
Ngaka eo e bileng e leng moholo oa Mokreste e-ea tlaleha: “Ka nako e ’ngoe ke sebelisa mohlala oa mochine o sebetsang lipalo. Haeba mashala a fela, ha ho tsotellehe hore na u otla lipalo tse kae ho oona u ke ke ua fumana karabelo e nepahetseng. Kahoo ke bolella motho ea tepeletseng ka matla hore ‘mashala’ a hae a sa felile. O tla ba le maikutlo a sa tloaelehang ’me a etse liqeto tse makatsang. Empa hoo ho tla etsahala feela ha a sa ntsane a tšoenyehile. Ha bothata bo tloha, lintho li tla ntlafala.”
Ngaka eona ena e re: “Taba-taba hase seo re se buang ha batho ba le boemong bona. Re leka ka matla kamoo re ka khonang re le Bakreste hammoho, ho utloelana bohloko. Baholo ba ka ’na ba khona ho fumana e mong ea nang le phihlelo e ngata bophelong ’me ba re a lule fatše le ho buisana le bona, kapa a mamele feela. Hangata ke ’nile ka fumana hore motho ea tepeletseng o ile a fumana thuso e khōlō ka khaitseli ea hōlileng oa Mokreste ea kileng a tepella ka matla ka boeena. Mohlomong a ka ’na a lula fatše, a phathatsa ea mahlomoleng lehetleng ’me a re: ‘Kea tseba hore na u ikutloa joang.’”
Ho ka Etsoa
Ke ’nete, ho ea nang le maikutlo a mabe, ho ka ’na ha bonahala e le boiteko bo matla ho a hlōla. ’Me ntho ea ho qetela eo motho ea tepeletseng a ka lakatsang ho e etsa ke ho etsa boiteko ba eng kapa eng. Empa ho ipolaea hase eona karabelo. Mosali e mong o ile a tepella ka nako e telele. O ne a sa batle hoja, a sa robale, a se na matla, a tšohile, a imetsoe ’me a batla ho shoa. Joale o ngola hore: “Tiea matla. Ho sa tsotellehe hore na u ba mahlomoleng halelele hakae le hore na bothata ba hao ke bofe, Jehova a ka u thusa ’me o tla u thusa. Ke paki ea hona.”—Ba-Filippi 4:13.
Ho na le ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ho thusa lipelo tse tepeletseng. Re ka li rapella, re latela mehopolo ea moapostola Pauluse: “’Me Morena oa rōna Jesu Kreste, eena ka sebele, le Molimo, Ntat’a rōna, o re ratileng, o re fileng ka mohau oa oona tšeliso e sa feleng le tšepo e molemo, o tšelise lipelo tsa lōna, ’me o le tiise lipolelong tsohle le mesebetsing eohle e molemo!”—2 Ba-Thessakonika 2:16, 17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le lintho tse bakang khatello le lintho tse ka e phekolang, bona lihlooho “Kamoo u ka Loantšang ho Tepella” ho motlatsi oa makasine oa rōna, Tsoha!. (tokollo ea March 8, 1982). Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng tabeng ea ho thusa ba tepelletseng, bona sehlooho “Le Tšelise ba Pelo li Tepelletseng” (Molula-Qhooa, October 1, 1982) le “Leleme le Rutehileng, ‘le Khothatsang ba Khathetseng’” (Molula-Qhooa, November 15, 1982).
[Lebokose le leqepheng la 10]
Na Ho Na Le eo U Mo Tsebang Ea Nahanang Ho Ipolaea?
Mohlomong haebe a tepeletse ka ho tebileng ’me a boetse a e-na le lipontšo tse latelang:
● A bua kapa a nahana ka ho ipolaea.
● A felloa ke thahasello ea ho phela, ea lelapa kapa metsoalle.
● A sitoa ho robala.
● A se na takatso ea lijo.
● A se na takatso e lekaneng ea botona kapa botšehali.
● A bona a khatholohile hang kamorao ho ho ferekana ka matla.
● A lokisa litaba tsa hae, a fetola tsela eo a phelang ka eona kapa a itlhokomoloha.
● A tepella ha mong ka eena kapa motsoalle a shoa kapa a ipolaea.
● A kula haholo.
● A senyeheloa ke mosebetsi kapa a arohana le lelapa la hae.
E theiloe lethathamong le neng le hlahile makasineng ea “Medical Tribune.”