Ntoa ea Rōna ho Loantša Moea oa ho Amohela Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe
“Ntoa ea rōna . . . e loana . . . le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo. Ka baka leo, nkang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho tiea ka tsatsi le lebe le ho ema le setse le hlotse tsohle.”—BA-EFESE 6:12, 13.
1. Boikutlo bo akaretsang ba ba bangata ka lefatše la kajeno ke bofe?
HO NA le ntho e fokang moeeng oa lefatše lena le khopo. Na u-ua e utloa? Ntle ho pelaelo, boholo ba rōna re lumellana hore le haeba ke eng kapa eng e busang monahano le boitšoaro lefatšeng lena, e fana ka bopaki ba hore ha e ntle e bile e kotsi. Litholoana re li bona ka batho ba kulang moeeng le boitšoarong.
2. Pontšo e ’ngoe e totobetseng ea ho kula ha batho ke efe?
2 Pontšo e totobetseng ea ho kula hona ke moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe o khannelang tlōlong ea molao habonolo. Hase hore ba bangata ba batla ho tlohela metheo e tloaelehileng ea boitšoaro ba batho; ho e-na le hoo, ba batla ho lahla melao eohle. Ba loanela tokelo ea bona ea ho etsa eng kapa eng eo ba e ratang, le neng kapa neng ha ba khahloa, le ho lokoloha bolaoling, e-bang ke ba batsoali, babusi kapa melao ea boitšoaro e har’a batho. Ke eng kapa ke mang ea hlohlelletsang moea ona oa ho se mamele? Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlameha ho loana ka sebele ho loantša moea o joalo oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe?
3. (a) Re ka tseba ea ikarabellang ka sehloohong bakeng sa moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe le tlōlo ea molao tse tletseng hakaale lefatšeng joang? (b) Motho o bontša joang hore o tsoa ho Diabolose?
3 Hoa tsebisahala hore ho se mamele ho qalile ka batho tšimong ea Edene. Empa ke mang ea qalileng moea ona oa ho rata ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho chehela Adama le Eva sefi hore e be baitaeli? Jesu o hlalositse eo ha a bolella Bafarisi ba baikakasi hore ba ‘lakatsa ho etsa litakatso tsa ntat’a bona, Diabolose,’ eo hamorao Jesu a ileng a mo hlalosa e le “morena oa lefatše.” (Johanne 8:44; 14:30) Diabolose, ‘ea entseng sebe ho qaleng,’ o ipatletse ho laola batho molemong oa boithati. Ba itloaelitseng tlōlo ea molao ba tsoa ho eena.—1 Johanne 3:8.
4. (a) Tšusumetso ea Diabolose e matla hakae? (b) Moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe le tlōlo ea molao li amana kae?
4 Mangolo a hlakisa hore tšusumetso ea Satane e hohle joaloka moea o potolohileng lefatše la rōna. Moapostola Pauluse o buile ka Diabolose e le “morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.” (Ba-Efese 2:2) Ba tšoasoang habonolo haholo ke tšusumetso ea hae ke ba itlohellang ho foufatsoa ke monahano oa lefatše. Sepheo sa Diabolose le makhotla a hae a bademona ke hore ka mekhoa eohle e matleng a bona, ba khelose batho e le hore ba felise se molemo le se nepahetseng. Kahoo, ba fehla moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hobane’ng? Hobane batho ba nkang maikutlo ana ba thatafala le ho ineela habonolo matleng a thetsang a sebe. (Ba-Heberu 3:13) Ka ho itlohella ho jalla nameng, ‘bana ba ho se lumele’ ba kotula ho bola.—Ba-Galata 6:7, 8.
Bakreste ba Ntoeng
5-7. (a) Satane o sebelisa mekhoa efe ho loantša batho? (b) Mokhoa o thata haholo ho o loantša ke ofe? Bontša.
5 Meea e bolotsana e hlile e ikemiselitse ho khukhunela le ho tšoasa Lipaki tsa Jehova tse loanelang ho boloka melao ea Molimo. Pauluse o lemositse hore “ntoa ea rōna ha e loane le nama le mali, empa e loana le . . . meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Efese 6:12) Ha u tlameha ho loana le litlhaselo tsa ho tšehuoa, mahloriso le litlamo, ntoa ea rōna e pepenene. Ha litlhaselo tse tobileng joalo li ka re etsa hore re eme re tiile, mokhoa o potelletseng le o sa tobang o ka ’na oa re tšohanyetsa re sa ikalosa ka ho ipiletsa mefokolong ea nama ea rōna. Kahoo ho hlokahala hore re hlokomele ka linako tsohle hobane hangata ntoa ea rōna e tlameha ho loantša mekhoa e bolotsana kapa e sa lebelloang e reretsoeng ho senya butle-butle boiteko ba rōna ba ho latela metheo ea bomolimo le ho senya kamano ea rōna le Jehova.
6 Ka mohlala, mohlomong u ile ua ema u tiile tsekong ea mali. Mohlomong beng ka uena ba sa lumelang kapa lingaka ba ne ba u hatella hore u sekisetse. Ha u loanela ho tšepahala, ua utloisisa ho mamella boimo bo boholo. Hobane’ng? Hobane tseko e ne e hlakile. U ne u ikemiselitse hore u ke ke ua tlōla molao oa Molimo. (Liketso 15:28, 29) Hape, nahana ka baena ba Bakreste ba ’nileng ba ikarola lefatšeng ka ho hana ho reka likarete tsa mekha ea lipolotiki leha ho hana ho ne ho bolela ho hlokofatsoa. (Johanne 17:16; 1 Petrose 3:14; 4:12-14) Ba bang ba ’nile ba mamella litlamo ka lebaka la boemo ba bona ba ho se nke lehlakore litsekisanong tsa lefatše. (Esaia 2:4) Ho hana ho khaotsa ho bolela litaba tse molemo ho tliselitse ba bang mahloriso a mofuta o mong.—Liketso 5:28, 29, 40.
7 E, nako le nako batho ba Jehova ba ’nile ba ema ba tiile litsekong tsena, ba fana ka bopaki ba botšepehi ba bona le bokhabane metheong ea Bibele. Empa ho ee ho etsahale joang ka linako tse ling ha re talimane le liteko tse senyang butle ho tšoarella ha rōna litekanyetsong tsa Bokreste? Ba bang ba ee ba thekesele ka lebaka la moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
8. Ke libakeng life moo re sa lokelang ho lumela hore re thetsoe?
8 Ho hlokahala re alose maemo a bonahalang a se na molato empa a re etsa hore re lakatse lintho tsa tsamaiso ena, hobane hoo ho ka pupetsa lentsoe le ka lipelong tsa rōna kapa ha re isa liphosong. (Mattheu 13:22) Hona ho ka fella ka hore re lahleheloe ke mohau oa Molimo le bophelo joaloka ho tlohella hore mahloriso le mekhoa e meng e tobileng ea litlhaselo e re thefule kapa e re hlōle. Re se ke ra ithetsa ka hore litloaelano tse mpe, boithabiso bo bobe, ho noa lino tse tahang ka ho tlōlisa le tse ling tse joalo li ke ke tsa re tšoasa le ho senya boemo ba rōna ba moea. Lintho tsena li nkile ba bangata.
Liphello tse Soabisang tsa ho Amohela Tsohle
9. Boikutlo ba ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe bo ile ba hlahisetsa Baiseraele ba bang mathata joang?
9 Sechaba sa Iseraele ea boholo-holo se bile bohlokong haholo ha boikutlo ba ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe bo kenya ba bang mathateng a tebileng. Hopola kamoo Balaame le Balake ba ileng ba bea “khopiso pel’a bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsoeng melimo ea bohata, ’me ba etse bohlola.” (Tšenolo 2:14) Hona ho qalehile joang? Ka hore ba bang ba amohele memo ea barapeli ba Baale ea hore kamor’a ho ja le ho noa, ho ithabisoe. Ho bontša ho se khotsofalle litokisetso tsa Jehova ka ho khetha ho tloaelana le bana ba ka ntle ho ile ha tsosetsa banna ba Iseraele takatso ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali. Eaba? Ba etsa bohlola le basali ba Moabe le ba Midiane le ho khumamela melimo ea bona. Hona ha etsa hore Jehova a halefele Baiseraele bao. Ha a ba bontša khalefo ea hae, ha shoa ba 24 000. (Numere 25:1-9) Ba lefella haboima hakaakang ka baka la ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe!
10. (a) Boitšoaro ba Dina ba ho amohela sohle ba isa masoabing a mangata joang? (b) Tsela ea Salomone ea ho amohela sohle e ile ea fella ka eng butle-butle?
10 Hape ho na le mehlala ea batho bao moea ona o ileng oa ba kenya khathatsong. Dina, morali oa Jakobo, a etela banana ba Kanana. Ho se tsotelle ha Dina hore na o tloaelana le bo-mang ha fella ka eng? A hobosoa ke e mong oa bara ba Hamore. Booatla bo hlabisang lihlong joalo ba halefisa bara ba Jakobo, bo susumelletsa Simione le Levi hore ba bolaee ba batona bohle ba Sikeme, ha bara ba bang ba Jakobo ba hlasela le ho tlatlapa thepa motseng ’me ba soabisa Jakobo haholo. (Genese 34:1, 2, 7, 25-31) Le Salomone, e mong oa banna ba bohlale haholo, ka boithatelo a inkela basali ba rapelang melimo esele. Bana ba ‘khelosa pelo ea hae’ butle-butle hoo botsofaling ba hae a ileng a latela melimo e meng, a etsa ho hobe mahlong a Jehova.—1 Marena 11:1-6; Deuteronoma 17:17.
11. Re lokela ho hopola eng ka moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le ’ngoe?
11 U fumana mohlala ofe mehlaleng ee ea Bibele? Hase tlhaselo e potlakileng le e tobileng ea Diabolose e ileng ea liha barapeli ba bang ba ’nete. Empa ka monahano oa bona oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, butle-butle Diabolose a furallisa ba bang tsela ea ho loka.
Mekhoa e Sebelisoang Kajeno
12, 13. Ke ka litsela life Mokreste a ka ikalosang mekhoeng ea Satane?
12 Satane, “morena ea busang matla a sebaka,” o sebelisa mekhoa e joalo kajeno. O nanarela pele, joale o furallisa maoatla tsela ea ho loka. Bakreste, ka baka leo, ho hlokahala ba ikalose likhopolong le litšekamelong tsa lefatše lena le lebe. Ho seng joalo, ba ka hloka molato joang har’a “moloko o senyehileng, o khopo.”—Ba-Filippi 2:15; 2 Timothea 3:13.
13 Liproverbia 13:20 e re bolella hore “ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Ke ’nete hakakang! Hangata lipeō tse beoang ke moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe li jaloa le ho hlokomeloa ka lebaka la ho tloaelana le metsoalle e sa haheng le ho ba har’a eona, leha e le ka ntle kapa ka hare ho phutheho ea Bokreste. (2 Ba-Thessalonika 3:14; Exoda 23:2a) Haeba metsoalle ea rōna e sekametse maikutlong a lefatše le a ho batla menate, ruri ho tla hlaha mathata. Ho joalo ka ho khethehileng haeba re ekeha ‘ho lula litenteng tsa ba khopo.’—Pesaleme ea 84:10.
14. Maikutlo a ratehang ke afe ka ho thabela menate?
14 Lefatše, ka kakaretso, le rata seo le nang le sona, ho akarelletsa ho thabela menate e se nang moeli. (2 Timothea 3:4) Maikutlo a bobe bo feteletseng a ipiletsa ho batho ba bangata. Ana ke maikutlo a hore menyaka ke bona botle feela kapa bo boholo bophelong le hore tšoanelo ea boitšoaro e phethoa ka ho khotsofatsa litšekamelo tsa ho batla menate. (1 Ba-Korinthe 15:32) Monahano ona o ka kenella tsela eo Mokreste a phelang ka eona.
15. (a) Re ka thetsoa ke ponahalo ea ka ntle joang? (b) Ke lipotso life tse batlang maikutlo tseo bacha ba lokelang ho ipotsa tsona ka metsoalle?
15 Haeba u kena sekolo, u talima liithuti tse ling tse sa bontšeng ho thahasella ho sebeletsa Jehova Molimo joang? Ba ka ’na ba bonahala e le batho ba batle. Empa, ba bangata ho bona baa tsuba le ho noa lino tse tahang ka thōko ho molao. Ha ba bone phoso ea letho ka ho sebelisa lithethefatsi tse senyang kelello. Ho tloaelana le batho ba joalo ho tla u ama joang? Ba ka u hatella hakae pele ba u hlōla kapa ba u eka hore u tšoane le bona ka bobe? Ha u hana, ha re re mohlomong baa u tšeha le ho u rea mabitso? Na tumelo ea hao e matla hoo u ka tsoelang pele u tloaelane le ba joalo e be ha u amehe? (1 Ba-Korinthe 10:12) Na u tla ineela tekong le ho ‘hla u leka’ ho bona hore na ho ka ba joang? (Liproverbia 1:10) Na u nahana hore u ka lula u le matla, u tiile, u ikemiselitse, u bile u tšepahala ho Jehova le Lentsoe la hae ka ho tsoela pele ka setsoalle se joalo? Haeba u nahana joalo, hlokomela! Ela hloko temoso ea Bibele ea ho “balehela litakatso tsa bocha,” e, ho ‘tšaba bofebe.’ (2 Timothea 2:22; 1 Ba-Korinthe 6:18) Ho loantša moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, “loana ntoa e ntle ea tumelo” ka ho hanela tšusumetso kapa phehello leha e le efe e isang litloaelanong tse mpe.—1 Timothea 6:12; 1 Ba-Korinthe 15:33.
16. Mokreste a ka ’na a talimana le likoti life tse amang setsoalle le bao a sebetsang le bona?
16 Ka masoabi ba bang ba ’nile ba ameha le bao ba sebetsang le bona. Libakeng tse ngata tseo ho sebetsoang ho tsona ho tloaelehile ho ba le meketjana ea liofisi kapa ho keteka matsatsi a tsoalo kapa a phomolo. Hangata ka makhetlo a joalo lino tse tahang li ba teng. Ho ka ’na ha e-ba le ’mino le motjeko. Haeba Mokreste a sa loantše boitaelo libakeng tse joalo, tšenyeho e ka ’na ea qaleha. Ho ithabisa le batho ba lefatše mosebetsing ho khannetse Bakreste ba bangata ho laetsaneng, ho etseng bohlola le liphoso tse ling.
Boithabiso bo Fosahetseng
17. Moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mananeo a thelevishene o ka ama pono ea motho le litakatso joang?
17 Moea oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe o hōla le tabeng ea mananeo a thelevishene. Thelevishene e fetohile molebeli oa bana ba bangata, empa hangata se shebelloang ha se laoloe hantle ke batsoali, hona ho fella ka mathata a mangata. Ho na le batho ba baholo ba lumellang hore tlhokomelo ea bona e hapuoe ke lipapali tsa TV kapa lipale tse tsoelang pele. Lithahasello tsa khoebo li lokiselitse hore motho ea nang le thelevishene a ka lefella le ho bapala mananeo a ikhethang a thelevishene (cable television) kapa li-cassette tsa “video.” Likofuto tsena li ka ’na tsa eba le mosebetsi oa bohlokoa, empa batho ba bangata ba lumela hore ba na le tsona e le hore ba ka bona ka matlung a bona boholo ba boithabiso bo nyonyehang bo lakatsoang ke moloko ona o oeleng. E, pelo le kelello li ka senyeha ka ntlung ea boikhathollo haeba lintho tse joalo li le teng. Le hoja “boithabiso bo joalo” e se e le sejo sa letsatsi bathong ba bangata, ho hloka hore Bakreste ba hopole keletso ea Pauluse ea ho nahana ka ‘tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng le tsohle tse ratehang.’—Ba-Filippi 4:8.
Ho Itlhahloba
18. Ke keletso efe e ntle eo Pauluse a faneng ka eona ho Ba-Efese 5:3, 4?
18 Joaloka Bakreste ba ineetseng, re beela malapa a rōna le phutheho mohlala oa mofuta ofe? Na re itloaelitse se setle le se hloekileng ka kutloisiso ea moea le ea boitšoaro? (2 Ba-Korinthe 7:1) Tekanyetso e phahameng bakeng sa rōna ke hore: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang; ho mpe ho utloahale liteboho.”—Ba-Efese 5:3, 4.
19. Ke hobane’ng ha bolebeli bo hōlileng bo hlokahala libokeng tsa boithabiso?
19 Libokeng tsa boithabiso ke habohlokoa hore bolebeli bo be botle. Ho seng joalo, moea oa ho amohela ntho tsohle o ka ’na oa kenella ho senya se etsahalang. Haeba ho e-na le lino tse tahang, na boitekanelo boa hlokomeloa? Ha ho letsoa lipina, na ke tseo Bakreste ba hōlileng tsebong ba sa li nyatseng? Keletso ea Mangolo ke ‘ho etsa tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.’ (1 Ba-Korinthe 10:31-33) Hona ho re tiisa mooko ntoeng ea ho loantša moea oa ho amohela ntho tsohle.
20. Satane a ka itlhahisa joang hore a hape maoatla, empa Jehova o fane ka tšireletso efe?
20 Ena hase nako ea ho haptjoa habonolo ke moea oa boiphapanyo. (Ba-Roma 13:11-14) Tšenyeho ea ho lahla metheo ea Bibele e tla butle-butle. Satane o sebelisa mekhoa ea bolotsana ho senya tumelo ea rōna. A ka ba a itlhahisa joaloka lengeloi la leseli. (2 Ba-Korinthe 11:14) Ho itšireletsa re hloka “lihlomo tsohle tsa Molimo” e le hore re ka ema re tiile liketsong tsohle tse bolotsana tsa Diabolose. Ntoa ea rōna e “loana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatše lena, le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” Ka hona re hloka lihlomo tsohle tsa moea le tšireletso eo Jehova a fanang ka eona, ho akarelletsa “lerumo la Moea, e leng Lentsoe la Molimo,” e le hore re ka ema re tiile letsatsing lena le lebe.—Ba-Efese 6:11-13, 17.
21. Ba hanelang moea oo oa lefatše ba ka lebella ho thabela eng?
21 Rea tseba hore Jehova o tla tloha a hloekisa moea o mobe oa ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Tšusumetso ea oona e mpe e ke ke ea hlola e e-ba teng. Ba phonyohang bofelo ba tsamaiso ena e mpe ba tla bona meso ea Tsamaiso e Ncha e ntle ea ho loka holim’a lefatše lena tlas’a ’Muso oa Molimo ka Kreste Jesu. Ikemisetse ho ba har’a ba tla thabela tokelo eo. Loanela ho hlōla moea ona oa lefatše lena ka ho tloaelana hamolemo le metheo ea Lentsoe la Molimo ’me u e sebelise.—Pesaleme ea 15:1, 2; 19:7-11.
Na U sa Hopola?
◻ Makhotla a Satane a ka ’na a u hlasela ka litsela life tse peli?
◻ Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang kotsi ea ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe?
◻ Liithuti li ka lekoa joang boikutlong ba ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho alosa boikutlo ba rōna haholo hona joale?
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mohlabani oa Mokreste o lokela ho itebela litlhaselong tse tobileng le likotsing tsa bolotsana tse sa lebelloang