Paradeise e Bolela Eng ho Uena?
U KA thabela ho phela paradeiseng joang—hona joale? U re: ‘Sek’a iketsa sethoto! Ha ho paradeise lefatšeng lena!’ Kapa na e teng? Karabelo ea potso ena e itšetlehile ka hore na “paradeise” ke eng.
Lentsoe leo le bolela eng ho uena? Na le bolela botle ba tlhaho ba naha? Linōka tse khōlō le liphula tse khutsitseng tse sa silafatsoang ke lichefu? Liphoofolo—litau, linkoe, likonyana le likhama—kaofela li phela ka khotso? Ke ’nete, e ka ba ho thabisang haholo ho phela maemong a joalo a paradeise. Empa ’nete e soabisang ke hore, leha ho ntse ho e-na le libaka tse ntle haholo lefatšeng lena, re hole le ho phela paradeiseng. Kapa ha re hole?
Nahana sena: Lentsoe “paradeise” ka kutloisiso e tletseng le kopanyelletsa ho fetang lifate le limela—tikoloho e ntlehali. Ho hlokahala ho fetang naha e ntle hore bophelo bo thabise. Ho fetang moo hole. Ho etsa mohlala: Ha re re mohlomong u khetha sebaka lefatšeng seo u ka phelang ho sona—sebaka se setlehali haholo sa naha e bulehileng kapa sehlekehleke se ratehang le se futhumetseng. Na ruri u ka thaba haeba baahelani ba hao ba u hloile, e le lithoto, e le baikhabi, e le ba khopo, ba sa hlompheng botho ba hao le thepa ea hao? Le hanyenyane u ke ke ua thaba! Batho ba joalo ba ka u sulafaletsa bophelo ho sa tsotellehe hore na u phela tikolohong e thabisang hakae!
Ka ho totobetseng, “paradeise” ha e ea itšetleha ka libaka feela empa le ka batho. Hobane ha u nahana ka paradeise, na ha u nahane le ka batho ba thabileng, ba nang le botho ba khotso, ba sebelisanang ka lerato? Ka baka leo, pele sebaka se setle se lefatšeng se ka bitsoa paradeise ka kutloisiso e tletseng, batho ba tla phela ho sona ba tlameha ho hōlisa botho bo kang ba Molimo.
Bibele e fana ka letšoao la phetoho e joalo bothong ba batho, ha e hlalosa boemo ba batho ba moea—batho ba ntlafatsang botho ba bona le bophelo ba bona. Empa mohlomong u-ua ipotsa: ’Na ka sebele paradeise e joalo ea tšoantšetso e teng kajeno? Haeba e teng, e hokae?’