Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 4/15 maq. 4-7
  • Na Bibele e Tšepisa Lefatše la Paradeise?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele e Tšepisa Lefatše la Paradeise?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepiso ea Bophelo ba Leholimo
  • Sesinyi se ile sa Tšepisoa Paradeise Efe?
  • Paradeise ea Lefatše
  • Setšoantšo sa Paradeise
  • Paradeise
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “U Tla ba le ’Na Paradeiseng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 4/15 maq. 4-7

Na Bibele e Tšepisa Lefatše la Paradeise?

THE World Book Encyclopedia e re: “Paradeise ke lebitso la leholimo. Jesu o sebelisitse lentsoe ka kutloisiso ena ha A bua le lesholu le neng le e-shoa sefapanong.”

Empa na Jesu Kreste o kile a tšepisa lesholu le shoang paradeise ea leholimo? Kapa o ile a tšepisa paradeise ea lefatše?

Tšepiso ea Bophelo ba Leholimo

Ha ho pelaelo hore Jesu o buile ka tšepo ea bophelo ba leholimo ho baapostola ba hae ba tšepahalang. Bosiu ba pele ho lefu la hae, a tšepisa: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; . . . ke ea ho le lokisetsa bolulo. ’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ‘na ke leng teng, le lōna le be teng.” Ke tšepiso e khōlō hakaakang ea bophelo ba leholimo!—Johanne 14:2, 3.

Jesu o tla busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo. ’Me Molimo o ’nile a khetha har’a batho batho ba tla busa le eena. Bibele e re bolella hore na Kreste o etsa eng ka bakhethoa bana: “U ba beile marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:10; 2 Timothea 2:11, 12.

Moapostola Johanne o boletse hore bao ba “lopolotsoeng lefatšeng” ho ea busa leholimong le Kreste ba ne ba tla ba 144 000. E ne e tla ba “mohlatsoana” ha ba bapisoa le bohle ba fumanang bophelo bo sa feleng. (Tšenolo 14:1-3; Luka 12:32; Johanne 10:16) Ho bao ba nang le tšepo ea ho amoheloa leholimong, Kreste o tšepisitse: “Ea hlōlang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se ka har’a Paradeise ea Molimo.” (Tšenolo 2:7; Johanne 16:33; 1 Johanne 5:4) ‘Paradeise ena ea Molimo’ ea tšoantšetso e maholimong a sa bonahaleng.

Leha ho le joalo, na ho nepahetse ho etsa qeto ea hore leholimo ke eona paradeise feela e beiloeng ka pel’a balateli bohle ba Jesu? Kaha sesinyi se mohau ha sea ka sa hlōla lefatše ka ho phehella tsela ea bokhabane ho Molimo empa se ne se bolaeloa feela liketso tsa sona tse mpe, Kreste o ile a se tšepisa Paradeise efe?

Sesinyi se ile sa Tšepisoa Paradeise Efe?

Sesinyi se seng se neng se fanyehiloe pel’a Jesu sa re: “Ekare ha e le uena Kreste, u ipholose, le rōna u re pholose.” Empa sesinyi se mohau sa khalemela seo. ’Me, ha se retelehela ho Jesu, sa re: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Eaba Jesu o etsa tšepiso e hlokomelehang; ‘Kannete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.’—Luka 23:39-43, NW.

Paradeise ee e tšepisitsoeng e hokae? Tsela eo temana ena e sebelisitsoeng ka eona liphetolelong tse ’maloa tsa Bibele e susumelitse pono ea batho ba bangata mabapi le sena. Boholo ba Libibele li baleha joaloka ea Sesotho: “Ka ’nete ke re ho uena: U tla ba le ’na kajeno Paradeiseng.” Ka hona, ho ea ka liphetolelo tse joalo, ka letsatsi lona leo Jesu le sesinyi ba shoeleng ka Iona ba ile ba ea Paradeiseng. Empa, ho ka ba joalo joang, kaha Bibele e re Jesu o ile a ea Hades, kapa Sheol, lefung? Moapostola Petrose, ha a bolela ka tsoho ea Hae kamor’a matsatsi a mararo, o re: ‘A ke ke a tloheloa nģalong ea bafu [Sheol, ka Seheberu], . . . Molimo o tsositse Jesu eo.’—Liketso 2:31, 32; Pesaleme ea 16:10.

Kaha ka ho hlakileng Jesu o ne a le Sheol, kapa Hades (lebitla le tloaelehileng la batho), pele ho tsoho ea hae, Commentary on the Holy Scriptures ea J. P. Lange e re: “Leha ho le joalo, ka Paradeise ena, re lokela ho utloisisa hore hase Paradeise ea leholimo . . . empa karolo eane ea Sheol e fapaneng le Gehenna, eo le eona e rehiloeng Paradeise.”

D. D. Whedon bukeng ea hae Commentary on the Gospels o fana ka metheo e meng mabapi le pono ena ea Paradeise, a hlalosa: “Kereke ea Sejode e tlositse lebitso [Paradeise] [Paradeiseng ea pele ea Edene] ho le sebelisetsa karolo ea Hades e hlohonolofalitsoeng, kapa boemo bo pakeng tsa lefu le tsoho. Ha ho pelaelo hore ke seo Jesu a neng a se bolela ka lentsoe Paradeise, ho lesholu le shoang.”

Na Paradeise ke “Karolo e hlohonolofalitsoeng ea Hades”? Ka ho totobetseng ana ke maikutlo a tsoang ho baruti ba Bajode; ka sebele hase ntho e kileng ea rutoa ka Mangolong a Halalelang a Seheberu. Batho ba bangata ba kenang kereke kajeno ha ba lumele maikutlo a hore Paradeise ke karolo ea Hades. The Catholic Encyclopedia e-ea hlokomelisa: “Ho ea ka tlhaloso e tloaelehileng ea liithuti tsa bolumeli tsa K’hatholike le babuelli, tabeng ena paradeise e sebelisitsoe e le lentsoe le bolelang ntho e tšoanang le leholimo la ba hlohonolofalitsoeng leo lesholu le neng le tla ea le Mopholosi ho Iona.”

Bangoli ba bangata ba Maprostanta ba lumellana le maikutlo ana a Mak’hatholike. J. G. Butler, tlhalosong ea hae ho The Bible-Work, o-oa hlalosa: “E bile letsatsi le lekaakang ho monna eo ea shoang! Hoseng hoo mofosi ea tsuong o ne a eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa lefatšeng; pele shoalane e aparela leralla la Sione o ne a eme a amohelehile ka pel’a lekhotla la leholimo.”

Empa a k’u re khefu! Re bone hore, ho ea ka Bibele, Jesu o ile a ea Sheol, kapa Hades, ha a e-shoa, e seng leholimong. O ne a shoele ka matsatsi a mararo, a sa ikutloe lebitleng le tloaelehileng la batho. (Moeklesia 9:5, 10) Ka hona ha a ka a ea leholimong. Bibele e bolela hore Jesu o ile a khutlela leholimong kamor’a matsatsi a 40 hoba a tsohe.—Liketso 1:3, 6-11.

Ka ho hlakileng, habonolo feela Jesu o ne a tšepisa sesinyi hore se tla tsosetsoa Paradeiseng; Jesu o na a sa re o tla phela Paradeiseng hona letsatsing leo. Ka lebaka leo phetolelo e nepahetseng ea mantsoe a Jesu ke ena: “Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” Liphetolelo tsa Bibele tse ’maloa li baleha tjena, eo e ’ngoe ea tsona (Lamsa) botlaaseng ba leqephe e reng: “Litemana tsa boholo-holo li ne li sa beoe matšoao. Feloane e ne e ka tla pele kapa kamorao ho kajeno.”

Kahoo Paradeise eo Jesu a e tšepisitseng sesinyi e tla ba hokae? Hona e tla thabeloa neng?

Paradeise ea Lefatše

Hopola, pejana re buile ka pōpo ea Molimo ea Paradeise ea pele Edeneng hona mona lefatšeng. Ka ho hlakileng e ne e le morero oa Molimo ho ba le lefatše la Paradeise moo batho ba neng ba tla thabela bophelo ka ho sa feleng ka khotso le tšireletseho. Na u nahana hore Molimo o tla lumella hore morero oo oa hae o se phethahale? Le hanyenyane! O re: “Ke tla phetha thato ea ka kaofela. . . . Ke boletse, ’me ke tla etsa.” (Esaia 46:10, 11) E, Molimo o tla etsa seo a se rerileng! ’Me tšepiso ea hae ke ena: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho Iona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Kahoo ha re bala tšepiso ea Jesu ea Paradeise ho sesinyi, re lokela ho nahana ka lefatše lena lohle le etsoa sebaka se setle seo re tla phela ho sona, se kang serapa se beang, hobane ke sona se boleloang ke lentsoe “paradeise.” Na Jesu o tla ba Paradeiseng hona lefatšeng moo le eo e neng e le sesinyi? Che, Jesu o tla be a le leholimong a busa joaleka Morena holim’a lefatše la Paradeise. O tla ba le monna eo ka kutloisiso ea hore O tla mo tsosa bafung ’me a hlokomele litlhoko tsa hae, ’meleng le moeeng.

Ka ho totobetseng sesinyi e ne e se Mokreste ea tšepahalang ea hlōlang ea neng a tšoaneleha bakeng sa bophelo ba ho busa le Kreste leholimong. O ne a entse lintho tse mpe, joalekaha ho entse batho ba bang ba limillione bao Jesu a tla ba tsosa. (Liketso 24:15) Empa ba entse lintho tsena tse mpe hobane ba ne ba sa tsebe thato ea Molimo. Ka hona Paradeiseng ba tla rutoa hore na thato ea Molimo ke eng, ’me ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore ba fela ba rata Molimo ka ho etsa thato ea hae.

Setšoantšo sa Paradeise

Le hoja e etsa qeto ea hore Paradeise ke “sebaka se khethollehileng ho lefatše,” New Catholic Encyclopedia e re: “Khotso le toka e feletseng tse tla tlisoa ke morena oa messia li tla tšoana le tsa Paradeise ho Es[aia] 11:6-11.” Nahana ka Paradeise e ntle e hlalositsoeng mono. Kamor’a ho bolela ka bobusi ba Morena Messia, Jesu Kreste, boprofeta bona bo khathollang pelo ho Esaia khaolo ea 11 bo tsoela pele hore litemaneng Isaiah chapter 11tsa 6 ho ea ho 9:

“Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. Sethole sa khomo le sa bere li tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula joang joale ka khomo. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng oa marabe, ngoana ea khoesoang a kenye letsoho lefarung la qoaane. ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”

Maemo aa a Paradeise a hlalositsoeng ka mokhoa o motle hakale a tla phethahatsoa hokae? Baruti ba bolumeli ba Bojakane ha ba lumele hore a tla hle a phethahatsoe lefatšeng. Moprofesara J. P. Lange o lumetse hore: “Litšobotsi tsohle tsa setšoantšo sa Esaia li na le khatiso ea lintho tse teng tsa lefatše.” Empa oa eketsa: “Sebakeng sena boprofeta bo ke ke ba bonoa. Re tlameha ho nahana ka motheo o mocha oa sebaka sa sebele sa moea, se khanyang se etselitsoeng phethahatso ena.”

Empa na boprofeta bona bo hlalosa ka mokhoa oa tšoantšetso khotso le tšireletseho tse tla thabeloa ke batho paradeiseng ea leholimo? Le hanyenyane! Bo hlalosa maemo hona mona lefatšeng. Har’a phutheho ea Lipaki tsa Jehova kajeno lefatšeng ka bophara ho se ho ntse ho e-na le boemo ba katleho ea moea, khotso le tšireletseho, joalokaha li hlalositsoe ka tsela e ntle hakana ke moprofeta oa Molimo Esaia. Leha ho le joalo, na maemo a joalo a paradeise ha ’mila o ntse o puta a tla atolosoa e le hore a phethahatsoe ka tsela ea sebele?

Ke ’nete, bongata ba baruti ba bolumeli ba Bojakane bo ka ’na ba nyefola ntlha ea hore Molimo o tla etsa hore liphoofolo li be khotsong le tse ling le batho. Empa re ka ba le tšepo hore Molimo o Matla ’ohle o tla tlisa liphetoho tse joalo tse babatsehang sebakeng sa liphoofolo. Joalekaha mohlalosi e mong oa Bibele a hlokometse mabapi le boprofeta bona ba Bibele: “Haeba sohle ke se tšoantšetsang, lebaka la lipolelo tse lokolisang hakaalo ke lefe mabapi le liphetoho tsa liphoofolo? Hape ho ne ho tla bolela mona hore re na le boemo bo tšoanang le ba pele motho a oela sebeng. Pele sebe se kena lefatšeng liphoofolo li ne li thusa motho ’me li reiloe mabitso ke eena. Tsohle tseo Molimo o li entseng li ntle. Bonyane bora pakeng tsa motho le liphoofolo, bo ne bo le sieo.”

Ka ’nete, ke tšoano e ntle hakaakang e pakeng tsa tlhaloso ena ea boprofeta ho Esaia ea puso ea Messia le maemo a bileng teng tšimong ea Edene! Moo, “tsebo ea Jehova” e ne e le ngata, joalokaha Molimo ho se pelaelo o ne o e-na le botsoalle le mor’ae ea phethahetseng oa lefatšeng, Adama. Bibele ka ho khetheha e re ka nako eo liphoofolo li ne li ‘neiloe joang bohle bo botala, ebe lijo tsa tsona.’ Li ne li sa jane. (Genese 1:30) ’Me liphoofolo li ne li ikokobeletsa motho, tsa mamela taelo ea ho tla ho eena ho tla reoa mabitso.—Genese 2:19, 20.

E tla ba thabo e kaakang ho bona boemo bo joalo ba kutloano le tšireletseho bo tsosolosoa lefatšeng ka bophara! E tla ba monyetla o mo kaakang ho thabela Paradeise e khanyang ea lefatše eo ho eona batho bohle ba tla ratana le moo khotso ena e khōlō har’a batho e tla bontšoa ha ho felisoa bora har’a liphoofolo! Ka sebele, Bibele e tšepisa Paradeise ea lefatše!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na maemo aa a tla hle a aparele lefatše?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela