Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 4/1 maq. 27-31
  • Ho Thusa ba Hlokofalitsoeng ke ho Robala le Beng ka Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa ba Hlokofalitsoeng ke ho Robala le Beng ka Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Ho Thuso Ho Re . . .
  • Ho Ka ’Na ha Thusa Ho Re . . .
  • Pono ea Sebele
  • Pheko ea Kamehla
  • “Nako ea ho Fola”
    Tsoha!—1991
  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana
    Tsoha!—1991
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Nka Itšireletsa Joang ho Batho ba Hlekefetsang ba Bang ka Thobalano?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 4/1 maq. 27-31

Ho Thusa ba Hlokofalitsoeng ke ho Robala le Beng ka Bona

Ho hlokofatsa ngoana ka likamano tsa botona le botšehali ke ntho e etsoang ke mong ka eena e moholo ho eena. Hangata, e etsoa ke mong ka eena e motona—ea kang ntate, monna oa bobeli oa ’m’ae, malome, rangoane kapa khaitseli ea moholo. Ka linako tse ling, empa e le seoelo haholo, e etsoa ke mong ka motho e motšehali. Ho ea ka buka “The Silent Children,” ho hlokofatsoa ka likamano tse litšila tsa botona le botšehali ho ka ’na ha nka litšobotsi tse kang ho tšoara litho tsa ngoana ka mokhoa oo e seng oa tšoanelo kapa ho li thetsisa tsa motho e moholo kapa ka ho hla li kopana kamanong ea botona le botšehali. Koana, ho thetsana ka lerato pakeng tsa ngoana le batho ba baholo ho loketse. Empa ha motho e moholo a ho fumana ho tsosa takatso, kapa ha a etsa lintho a le mong ha a e-na le ngoana tseo a ke keng a li etsa ha ’mè oa ngoana a le teng, hona ho ka ’na ha khannela ho sebeliseng ngoana hampe ka ho robala le eena.

“RACHEL bophelong bohle ba hae o ne a tšoenngoa ke letsoalo le molato, a khotsoe hore ha a na thuso, ’me a tšoasitsoe ke boikutlo ba hore a ikarole ho batho ba bang hobane a feletsoe ke tšepo.” Ekaba ke eng e neng e ka qaphaletsa bophelo ba mosali enoa oa lelapa le ’mè oa Brithani?

Ngoanana ea lilemo li 16 oa California o itse: “Hona joale ke na le lehlaba le sa feleng pelong, ’me le hlaba habohloko haholo.” Ekaba ke eng e neng e ka mo bakela mahlomola hakaalo?

Karabelo litabeng tsena ka bobeli e-ea tšoana: O ile a robala le mong ka eena. Basali bana ka bobeli ba ile ba robala le bo-ntat’a bona bongoaneng. Ka masoabi, ba bangata ba tšoanang le bona. Liphuputso tsa United States li fana ka maikutlo a hore ngoanana a le mong ho ba bahlano le moshemane a le mong ho ba leshome o qobelloa ho ba le likamano tsa botona le botšehali pele a hōla. Mabakeng a mangata, tlōlō ea molao e etsoa ke e mong eo ngoana a mo tsebang, ’me mabakeng a mangata e le mong ka eena ea haufi. Litlaleho tse tsoang linaheng tse ling li pheta pale e tšoanang.

Ha boitšoaro ba lefatše bo ntse bo hlepha ho ea pele, bothata bona ho ka ’na ha etsahala hore bo je setsi. Le hona joale, basali ba bangata ba tlang ka phuthehong ea Bokreste ba na le mathata maikutlong ka lebaka la ho robala le beng ka bona bongoaneng. Ba bang ba ile ho baeletsi ba tsoang likolong le liithuti tsa kelello hore li ba thuse, empa ba bangata ba retelehela phuthehong, ba lebelletse hore baena ba bona le bo-khaitseli ba Bakreste ba ba thuse. Na ho na le tsela eo ka eona ba ka phuthehong, leha e se litsebi tsa lekala la bophelo ba kelello ba ka ba thusang ka eona? Hangata e teng.—1 Ba-Thessalonika 5:11.

Haeba u belaela ka kotsi e tlisoang ke ho robala le mong ka uena, nahana ka lipolelo tse ling tsa mahlatsipa a mang a hona kamor’a lilemo tse telele: “Ke ile ka bupetsa lintho tsena kaofela ka hare ho ’na ka lilemo tse 15, kahoo ke ne ke aparetsoe ke lilemo tsa letsoalo le molato . . . Ke ne ke hloile banna hakaakang!”

“Ho hobe le ho feta ho hlokofatsoa ka likamano tsa botona le botšehali ke ho ikutloa u le molato.”

“Ka ’nete nka bolela hore nka be ke se ke ipolaile hona joale ha ke ntse ke ho hopola.”

“Ha ke hopola ka likamano tsa botona le botšehali, ha ke batle ho nyaloa. ’Me ha ke batle bana ho hang.”

Liphuputso tse entsoeng ke Lingaka Bruce A. Woodling (oa Univesithi ea South California ea Sekolo sa Bongaka) le Peter D. Kossoris (motlatsi oa ’muelli oa molao oa setereke) li tiisa se seng se boletsoe, li re: “Basali ba baholo ba ileng ba hlokofatsoa ke ho robala le beng ka bona ha e le bana kapa ha ba le lilemong tsa bocha hangata ba tepeletse le maikutlo a bona a tletse lipelaelo.” Phuputso ea Univesithi ea Washington e hatisitsoeng ho Medical Times e phaella ka hore: “Mathata a tlalehiloeng a ne a akarelletsa: boikutlo ba ho ba molato le ho tepella; ho inahanela bobe; bothata likamanong le batho ba bang ho tsamaeang le boikutlo ba ho se tšepe banna, ho se amane hantle le ho se phuthulohe har’a batho, le mokhoa o sa tšoaneleheng oa likamano tsa botona le botšehali.”

Ke hobane’ng ha ho robala le mong ka motho ho le kotsi hakaale? Makasine o bitsoang Child Welfare o hlokomelisa ka boemo ba morali ea ileng a robala le ntat’ae: “Morali ea robetseng le ntat’ae o itšetlehile ka eena bakeng sa tšireletso le tlhokomelo. . . . O tšaba ho itlhalosa kapa hona ho ntša botebo ba khalefo ea hae hore e be o sebelisoa joalo. O tlameha ho lumellana le se hlokoang ke ntat’ae kapa ho seng joalo a lahleheloe ke lerato la botsoali leo a le hlokang.”

Ka nepo lehlatsipa le leng le hatella hore ho robala le mong ka uena “ke boithati le ntho e nyatsehang . . . le ho siteloa ka matla a tšabehang tšepo ea ngoana le ho itšetleha ha hae ka motsoali.”

Bananyana ba bang ba ileng ba hlokofatsoa ke ho robala le beng ka bona ba ne ba nahana hore tsela feela ea hore banna ba u rate ke ka likamano tsa botona le botšehali, ka hoo ba ne ba le seli haholo ho banna ba bang ntle ho ba ba hatakelang. Ba bang ba hataketsoeng, ha ba kena lilemong tsa bocha, ba thahasella likamano tsa botona le botšehali ho tlōla tekanyo, ba bile ba fetoha liotsoa. Ba bangata ba tlala bohale bo tebileng, ba ikutloa ba se na thuso, ’me, haholo-holo ba le molato. Ba ikutloa ba le molato ka lebaka la se etsahetseng, ba le molato hobane ba sa ka ba ho hanela, ba le molato ka lebaka la maikutlo a molato, ba le molato haeba ba ile ba utloa monate oa letho nakong ea ketsahalo eo, ’me, haeba ho hatakeloa hona ho ile ha ama lenyalo la batsoali, ba le molato ka lebaka leo.

Na ho na le tsela eo ba ka thusoang ka eona hore ba lokise pherekano e joalo ea maikutlo?

Ha Ho Thuso Ho Re . . .

Mosali e mong ea neng a e-na le mathata hobane o ne a ile a robala le mong ka eena ka lilemo tse ngata a ea ho baholo ka phuthehong ho buisana ka bothata le bona. O tlaleha hore, “Ba re ke ho lebale.” Lebaka le nang le morero o motle le neng le hlohlelletsa keletso e joalo ntle ho pelaelo e ne e le hore kaha liphihlelo tseo tse mpe li fetile ’me ha ho letho le ka etsoang ka tsona hona joale ntho e molemo ke ho li hleka mohopolong oa motho le ho nahana ka lintho tse molemo. (Ba-Filippi 4:8) Ka masoabi, ha ho bonolo hakaalo.

Hobane’ng? Nahana ka motho ea holofetseng letsoho kotsing. Metsoalle ea hae e mo etela ho ea mo thusa. Na ho ka thusa letho hore ba re ho eena: ‘Oho, mp’o ho lebale!’ Ho ke ke. Ha ho tsela eo a ka ho lebalang ka eona.

Ka ho tšoanang, basali ba bangata ba robetseng le beng ka bona ho hang ba sitoa ho ho lebala. Ho ba bang, ho bona ho tlapisitsoe likelellong tsa bona joaloka letheba maikutlong. Lehlatsipa le leng le hataketsoeng joalo le ngotse: “Ntate-moholo o ile a ntlhasela ha ke le lilemo li supileng, e seng hanngoe empa hangata. Ho hloka kelello ha ntlhokisa boitšireletso. Joale ke tleloa ke mehopolo ena e bohloko nako le nako. Ke bohlōko boo ke phetseng ka bona ho tloha ka nako eo. Nka bo lebala ka nakoana empa ha bo khutla bo mpherosa libete. Ke ikutloa ke le lihlong ke bile ke le litšila, empa hase le molato oa ka.”

Ke ’nete, matheba a maikutlo a ho robala le eo u amanang le eena (le liphihlelo tse ling tse bohloko) ha li bonahale. Empa ke lintho tse phelang joaloka matheba a ’meleng. E be joale ba nang le oona ba ka thusoa joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho mamela ea hlasetsoeng le ho mo khothalletsa hore a “tsoe ka litaba.”

Ho Ka ’Na ha Thusa Ho Re . . .

Moeletsi o lokela ho thusa, e seng a ahlole. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore: “Le rekolohelane, le hauhelane.” (Ba-Efese 4:32) Maemong a boeletsi, litšoaneleho tsena ke tsa bohlokoa.

Ka hona, mosali ea ileng a hlaseloa esale ngoananyana ke ntat’ae lilemong tse ngata tse fetileng o re: “Baholo (kapa mang le mang ea atameloang) ba be mosa ka ho fetisisang.” E mong eo le eena a ileng a robala le ntat’ae o re: “Ntho e kholo ke hore u se ke ua hakala. Khoba matšoafo ’me u be ea utloisisang, u se ke ua phenya-phenya ho fumana ntlha e ’ngoe le e ’ngoe empa u be ea utloisisang ho mamela eng kapa eng eo u e bolelloang. Leka ho utloisisa maikutlo a lehlatsipa.”

Ha ho bonolo kamehla ho khoba matšoafo le ho utloisisa. Mosali e mong o lumela hore hangata o ne a bua ka ho tleroha, le ka ntoa, ha a bua ka bothata ba hae. Na boitšoaro bo joalo ke ho hloka hlompho? Mohlomong. Empa Mokreste ‘ea hauhelang’ ea hōlileng tsebong, o tla phakisa a hlokomele hore ha hoa tobisoa ho eena. Ke pontšo ea pherekano e ka ho motho eo.—Ba-Filippi 2:1-4.

Ho phaella moo, ba eletsang mahlatsipa a hlokofalitsoeng ke ho robala le beng ka bona ho hlokahala ba mamele, joalokaha Jehova Molimo a mamela. (Pesaleme ea 69:33) Ba se ke ba potlakela ho fana ka litlhaloso kapa ho ahlola. (Liproverbia 18:13; Jakobo 1:19) Na ho mamela le ho fana ka matšeliso ruri hoa thusa? E, ka sebele. Lehlatsipa le leng lea tlaleha: “Ke ile ka ho buisana le khaitseli e mong ea moholo ho ’na, ’me ka ikutloa ke lopolohile hakaakang! Ra lla ba babeli.” E mong a re: “Ke nahana hore ho buisana le e mong feela ke hona ho ileng ha nthusa haholo.”

Haeba lehlatsipa le ferekane haholo maikutlong, moeletsi ea nang le tsebo haholoanyane a ka ’na a thusa ho lekanya lebaka la pherekano eo le hore na lehlatsipa le ka e sebetsa joang. Lipotso tse kang tse latelang li ka ’na tsa thusa ho ntša maikutlo a patiloeng: “Na u rata ho bua ka se etsahetseng? U ikutloa joang? U ikutloa joang ka ntate oa hao [kapa rangoane, malome kapa mang kapa mang ea entseng ketso eo]? Na u ipona molato bakeng sa se etsahetseng? Na u nahana hore ho u etsa ea mobe ho feta batho ba bang?” Moeletsi ea lerato o tla bontša hore ha a tšosoa ke likarabelo. Ho e-na le hoo, o tla hlalosa hore boikutlo bo joalo bo tloaelehile. Ba bang ba ’nile ba ikutloa hamolemo ha ba tseba hoo.

Ho thoe’ng haeba lehlatsipa le senola hore le ikutloa le se na thuso ka lebaka la phihlelo eo? Mosali e monyenyane ea ileng a tlatlapuoa ke ntat’ae moholo, ntat’ae le monna oa bobeli oa ’m’ae, o re:

“Bona [baeletsi] ba mo thusa hore a ikutloe hore ke motho oa bohlokoa. Ke ne ke ee ke ikutloe ke fapane le metsoalle ea ka sekolong. Ke ne ke ikutloa ke le litšila ha ke bapisoa le eona. Ha ke le lilemong tsa bocha ka kena likhathatsong ka makhetlo a seng makae. Empa joale kea tseba hore Jehova ha a mpalla phihlelo ena. O nkuka ke le motho oa bohlokoa.”—Pesaleme ea 25:8; 1 Johanne 4:18, 19.

Mahlatsipa le oona hangata a tlala bohale. Bukeng ea hae The Silent Children Linda T. Sanford o hlalosa lebaka, a re: “Ha ngoana a ntse a hōla, o ithuta se hlileng se boleloang ke ketso ea likamano tsa botona le botšehali ’me o elelloa tlatlapo e mpe ka ho fetisisa ea motho e moholo. Ka lebaka leo o ikutloa a ekiloe. O ne a shebile ho motho enoa e moholo ’me a bile a mo tšepa. O ithuta hore litiiso tseo a ileng a mo etsetsa tsona e ne e le mashano a maholo haholo.”

Karolo e ’ngoe ea khalefo ena . . . le karolo e ’ngoe ea ho ikutloa molato ha mahlatsipa—e ka ’na ea theoloa haeba mohlekefetsi a lumela ntle ho tika-tiko seo a se entseng ’me a ikopela tšoarelo. Lehlatsipa le leng, leo ntate oa lona a ileng a tšoaroa kamor’a hore litšila tsena li pepesoe, le itse: “Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse tharo, ntate o ile a mpha mpho e ntle ’me a re: ‘Ke rata feela ha u ka tseba hore ke hlile ke soabetse boholo ba lintho tse etsahetseng lipakeng tsa rōna.’ Ke ne ke tseba hore na o bolela’ng ’me ka amohela ho kōpa tšoarelo ha hae. Hona joale ke na le kamano e ntle le eena.”

Ka masoabi, leha ho le joalo, bahlekefetsi ba bangata ba latola bosehla seo ba se entseng kapa ba lumela karolo e nyenyane feela. Ka nako eo mosali ea tšoenyehileng a batlang thuso, mohlomong mohlekefetsi o se a bile a shoele. Empa khalefo e ntse e le teng. Ba eletsang, leha ho le joalo, mohlomong ba ka mo thusa. Ka mosa ba ka totobatsa hore hoa utloahala hore e be o halefile. Le eena Jehova o halefela baetsalibe ba sa bakeng.—Johanne 3:36.

Leha ho le joalo, ka bohlale ba ka ’na ba supa likotsi tsa ho lumella khalefo ho imela motho. (Ba-Efese 4:26) Ba ka ’na ba mo thusa ho nahana ka ho mo botsa lipotso tse kang tsena ka bonolo, “Na khalefo ea hao e-ea u thusa kapa e u ntša kotsi? Ha u lumella khalefo ho u ama hakana-kana na u sa ntsane u mo lumella ho susumetsa bophelo ba hao? Na u nahana hore ho na le hoo a hlileng a ho fumaneng? Na Jehova hase eena moahloli oa ba etsang tlōlo ea molao le sephiring?”—Pesaleme ea 69:5; Luka 8:17; Ba-Roma 12:19.

Ho bea mabaka, empa e seng ka ho emella motho, ka Ba-Roma 12:21 ho ka ’na ha thusa. Sepheo sa keletso ke ho thusa, e seng ho hatella kapa ho khalemela. Ho e-na le ho bolella lehlatsipa hore na le lokela ho ikutloa joang, ho molemo haholo ho mamela le ho fumana hore na le hlile le ikutloa joang, ’me, ka hore ka bonolo a khannoe ka lipotso, ho mo thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha a ikutloa ka tsela eo.

Haeba lipuisano li senola boikutlo bo tebileng ba ho ikutloa molato, ho totobetse hore ho robala le mong ka motho ho etsoang ho ngoana e monyenyane ha ho mohla e leng molato oa ngoana. Ke ’nete hore bana ba banyenyane ba bontša hore ba rata batho ba baholo. Empa ha baa hopola letho ka likamano tsa botona le botšehali tsa batho ba baholo. Joalokaha buka The Silent Children e totobatsa: “Ho hang ngoana o ne a sa rera katamelano e haufi le mofuthu oa likamano tsa botona le botšehali. Litšila tsa likamano tsa botona le botšehali le ngoana ke kamoo motho e moholo a etselletsang litakatso tsa ngoana—tlhaloso e khabisitsoeng haholo ka se hlokoang ke motho e moholo.”

Ka sebele ea ileng a hlokofatsoa ke ho robala le mong ka eena ha e le ngoana a ka tiisa hore Molimo o-oa utloisisa le ho amohela ka lerato. E, Jehova o tšoarela le bona bao, ho fapana le ngoana ea hataketsoeng, ba etsang libe tse mpe haholo—haeba ba baka ’me ba fetola tsela eo ba sebetsang ka eona!—1 Ba-Korinthe 6:9-11.

Pono ea Sebele

Ho thusa batho ba ferekaneng maikutlo ha ho bonolo. Ho ke ke ha sebetsoa ka metsotsoana Holong ea ’Muso e tletseng batho. Ho hloka mamello, lerato, mosa, boiteko bo pheta-phetoang ’me, haholo-holo, nako. Ha ho lipheko tsa mohlolo. Ho hloka puisano e telele—le thapelo—pele lehlatsipa le tšoenyehileng le tsitsa maikutlong. Ha ho mohla ho lebaloang phihlelo e mpe. Empa lehlatsipa le ka ithuta ho phela le mohopolo oo.

Ke ka hoo lehlatsipa le leng le itseng: “Ke sa ntsane ke fumana maikutlo a hore ha ke na thuso. Empa ke ipolelle hore hase ’nete. ’Me mohlomong kamorao ho letsatsi, boikutlo boa fela.” Lehlatsipa le leng la re: “Ke ithutile ka Mangolo hore ke tšoarele, ke thuse ba bang e seng ke ikhauhele.” Le leng la phaella: “Ba nthusa hore ke bone hore Jehova o ntse a nthata . . . Ke tla hlōla mathata a ka kaofela ka thuso ea Jehova.”—Pesaleme ea 55:22.

Pheko ea Kamehla

Jesu ha a le lefatšeng, o ile a phekola ka mohlolo ba neng ba e-na le likoli ’meleng, ‘lihlotsa le lihole.’ (Mattheu 15:30) Taolong e Ncha e atamelang, mohlolo oo o tla phetoa hangata haholo ha ho tlosoa ho kula hohle ha ’mele.—Esaia 33:24.

Tabeng ea ba hlokofatsoang ke matheba a maikutlo, hangata thuso e lerato le e sebete ea banna le basali ba Bakreste ba hōlileng tsebong ba sebelisang tšusumetso e thobang ea Lentsoe la Molimo e ka thusa hore ba sebetse mathata a bona hape ba ntse ba thabile tšebeletsong ea Jehova. (Jakobo 5:13-15) Leha ho le joalo, Tsamaisong e Ncha rea tšepisoa: “Litsietsi tsa pele li tla lebaloa.” (Esaia 65:16) Kahoo, bahlanka bohle ba Molimo ba lebelletse ka tšepo nako ea ha Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Hona etlaba pheko ea ho qetela ea maloetse ’ohle, ho akarelletsa a maikutlo.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 28]

“Nka bo lebala ka nakoana, empa ha bo khutla bo mpherosa libete”

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 29]

‘Ke thusitsoe haholo ke ho buisana le motho e mong’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela