Ho Jala Lentsoe la Molimo ka Bophara Lefatšeng le Tšohileng
1. Moprofeta e moholo ho bohle historing ea motho o hlile a bolela boemo bofe boo ho seng bo kang bona ba tšabo ea lefatše?
MABAPI le mehla ea lefatše e fetohileng ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, Jesu Kreste moprofeta e moholo historing eohle ea batho o profetile ka boemo ba likelello tsa lichaba ka tsela ena: “Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng: hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.”—Luka 21:26, 27.
2. Ke bafe ba sa tšohang, hona hobane’ng ha ho le joalo?
2 Leha ho le joalo, le hoja ho ka bonahala ho makatsa, ho na le ba sa tšohang le ho tsieleha ka kutloisiso ea hore ha ho na thuso. Ke Lipaki tsa Jehova tseo hona joale li fumanehang linaheng tse 205. Li etsa se ileng sa phehelloa ke Jesu: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28.
3. Ke hobane’ng ha ’Muso oa Messia o sa hlongoa Jerusalema Iseraele, hona ke hobane’ng ha Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona li sa tlosa mehla ea “nuclear”?
3 Kajeno ho hlakile ho feta neng kapa neng hore “mehla ea lichaba” “mehla ea Balichaba,” e felile ho ea qetellong ea 1914 le hore ka nako eo ’Muso o tšepisitsoeng oa Jehova Molimo ka Jesu Kreste o ile oa hlongoa maholimong ho busa har’a lira tsa oona. (Luka 21:24, Bibele ea Sesotho, NW) Ke kahoo ho tla fihlela kajeno ’Muso oo oa Messia o sa kang oa hlongoa Jerusalema ea lefatšeng. Kahoo, le Selekane sa Lichaba se sitiloe ho ba “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” Mohlahlami oa selekane, Machaba a Kopaneng, kamorao ho tšebetso ea lilemo tse fetang 35, o sitiloe ho atlehisa lithapelo tsa Bojakane: haa thibela mehla ea “nuclear.”
4. Selekane sa Lichaba e ne e hlile e le phetohelo ea eng?
4 Ho tloha nakong eo ho neng ho etsoa tlhahiso ea selekane sa lichaba ho ea qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li boletse ka sebete hore lintho tse joalo tseo motho a iketsetsang tsona bakeng sa puso ea sebele ea borena ba Jehova ka Kreste, li tla hlōleha. Ketso ea tsona e lumellana le boprofeta ba Esaia 8:12: “Le se ke la re phetohelo hohle moo sechaba sena se reng phetohelo: le se ke la tšaba seo sechaba sena se se tšabang, le se ke la tšoha.” Leano leo la motho e hlile ke “phetohelo,” e, ho fetohela lithahasello tsa bohlokoa tsa ’Muso oa Molimo ka Kreste. E be joale le ka tšehetsoa joang le ho hlohonolofatsoa ke Morena oa marena, Jehova Molimo?
5. (a) Ho sa tsotellehe se ka ‘bukeng,’ e ile ea latsoeha joang ho Ezekiele ha a ja ‘buka e phuthiloeng’? (b) Hore lentsoe la Molimo le beoe melomong ea rōna e le hore re ka sebeletsa re le lipaki tsa hae ke phihlelo ea mofuta ofe?
5 Molaetsa oa ’Muso oo Lipaki tsa Jehova li ntseng li o bolela ka sebele ke o phephetsang lefatšeng le nahanang kahosele. Li na le phihlelo e kang ea moprofeta Ezekiele, ha e ne e le motlamuoa naheng ea Babylona, lilemo pele Jerusalema e timetsoa ka Babylona ka 607 B.C.E. Joaloka moapostola hamorao sehlekehlekeng sa Patmose, Ezekiele a neoa “buka e phuthiloeng.” Moprofeta o re ho rōna: “E ngoliloe kahare le kantle, e ngoliloe lipoboli, le koli ea malla, le lifehelo.” (Ezekiele 2:9, 10) Hoba a ee ka litaelo tsa Molimo tsa hore a je ’buka ena e phuthiloeng,’ Ezekiele o-oa hlalosa: “Molomong oa ka ea hlabosa joale ka linotši.” (Ezekiele 3:1-3) Ke tokelo e monate hore kajeno Lentsoe la Molimo le kenngoe molomong oa mang kapa mang ho rōna e le hore re ka sebeletsa re le bajari ba molaetsa oa hae ho sa tsotellehe sohle se ka lentsoeng leo, lipoboli, koli ea malla le lifehelo. (Bapisa Pesaleme ea 19:7-10.) Lipaki tsa Jehova li nka Lentsoe le senotsoeng la Molimo e le la bohlokoa kamor’a ho le ja ho tloha selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919. Le ba tiisitse, joalokaha mahe a linotši a ile a tiisa Jonathane.—1 Samuele 14:26, 27.
6. Ha letsatsi la liphetetso tsa Molimo le atamela, ke hobane’ng ha ho hlokahala sebete, empa Lipaki tsa Jehova li ka tiisa eng?
6 Ha “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” le ntse le atamela ka potlako, ho hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li be sebete ho bua ka “lipoboli, le koli ea malla, le lifehelo” tse haufinyane bakeng sa batho bohle. (Esaia 61:1, 2) Batho ba batlang ho lopolloa ba lefatše lena le tšohileng ha baa sekamela ho mameleng boitsebiso bo joalo melomong ea Lipaki tsa Jehova. Empa kaha Molimo o li rometse ho bolela Lentsoe la hae, li ka kholiseha hore o tla li tšehetsa ho isa letsatsing la liphetetso tsa hae.
7. Jehova o ne a tla etsa hore Ezekiele a tšoanele kabelo ea hae joang?
7 Ha ho monate ha batho ba hana ho mamela, empa re ke re eleng hloko seo Molimo o se boleletseng Ezekiele: “Ha e le ba ntlo ea Iseraele, ba tla hana ho u mamela, hobane ba hana ho mamela ’na; etsoe bohle ba ntlo ea Iseraele e le ba thatafalitseng lifahleho, ba satalalitseng lipelo. Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, joale ka lifahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ea hao, joale ka liphatla tsa bona. Ke thatafatsa phatla ea hao joale ka daemane, le ho feta lehakoe. U se ke ua ba tšaba, u se ke ua tepella ka baka la bona, etsoe e le ntlo ea bahanyetsi. . . . Tloha, u ee ho ba kholehong, ho bana ba sechaba sa heno, u bue le bona, u re ho bona: Morena Jehova oa bua! leha ba ka mamela, leha ho se joalo.”—Ezekiele 3:7-11.
8. Sehlopha sa Ezekiele se ile sa talimana le maemo a sitisang joang kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše, ’me ho ka be ho bile joang hoja baruti ba mamela?
8 Tšitiso e joalo e ile ea talimana le masala a Bakreste a neng a tsoetsoe ke moea oa Molimo ho ba bara ba oona ba moea le a neng a tlotsitsoe ka moea oa hae ho ba lipaki tseo a li khethileng. Ke ona sehlopha sa lekholong la lilemo la bo20 sa Ezekiele. Kahoo, ho tšoana le Ezekiele, ha baa chechela morao ka lebaka la lifahleho tse sitisang tsa baruti ba lefuoang, ba apereng lipura-pera tse khahlang ba Bojakane, ba ka ’nang ba ipolela hore ke Baiseraele ba moea. Hoja baeta-pele ba joalo ba bolumeli ba ne ba nolofalitse lifahleho tsa bona le ho mamela ka kutlo molaetsa oa ’Muso joalokaha o boleloa ke masala a tlotsitsoeng ho tloha ka 1919, Bojakane bo ka be bo sa ka ba kena ntoeng ea lefatše ea bobeli e bileng khōlō ho feta le e sentseng lefatšeng lohle ho feta ea pele.
9. Masala le metsoalle ea oona e ineetseng ba entsoe hore ba tšoanele kabelo ea bona joang?
9 Kajeno, leha ntoa ea “nuclear” e ekelitse matsoalo ho sa tsotellehe mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, baetapele ba bolumeli ha baa fetoha ponong ea bona ka baboleli ba ’Muso. Ka hona masala a tlotsitsoeng e le manqosa a ’Muso, le metsoalle ea oona e ineetseng ea ba ea kolobetsoa lichabeng tsohle, a ile a tlameha ho thatafatsa lifahleho tsa oona joaloka daemane ka lebaka la khanyetso e thata ea bolumeli. A tsoela pele ho bua Lentsoe la Molimo a sa tšabe.
10. Baruti le phutheho ea bona ba ka be ba mametse Lipaki tsa Jehova ka lebaka lefe, ’me balumeli ba joalo ba sa ntsane ba tla tlameha ho lumela nete efe?
10 Ke baruti ba Bojakane le phutheho ea bona ba ka beng ba utloisisitse molaetsa le keletso ea Lipaki tsa Jehova ka ho khethehileng. Lipaki li nka seo li se bolelang ho tsoa Bibeleng eona eo balumeli ba hoo ho thoeng ke lefatše la Bokreste ba ipolelang hore baa e amohela le eo mekhatlo ea bona ea Bibele e e jalang ka bophara ka lipuo tse ngata. Ho ipakile ho tšoana le kamoo Jehova Molimo a ileng a bolella Ezekiele, ho ea ka Bibele ea Sesotho: “Ke bana ba thatafalitseng lifahleho, ba satalalitseng lipelo; ke u romela ho bona. E-re ho bona: Morena Jehova oa bua. Leha ba ka mamela, kapa ho seng joalo, etsoe e le ntlo ea bahanyetsi, ba tla tseba hoba moprofeta o teng har’a bona.”—Ezekiele 2:4, 5.
11. Ke litšoaneleho life tse bonahalitsoeng ke Bojakane ho masala a romiloeng ke Jehova, ’me o nolofalelitse masala ho phethahatsa thōmo ena e phephetsang joang?
11 Ho thatafala ha sefahleho le ho satalla ha pelo ho bonahetse ka lehlakoreng la Bojakane bo ipolelang hore ke Iseraele ea moea, ho masala a tlotsitsoeng ao Morena ’Musi Jehova a a romileng ho bolela molaetsa oa hae oa ho qetela ‘ho feleng hona ha lefatše.’ (Mattheu 24:3, 14) Molimo o matla ’ohle o tsebile hore o ka kenya sebete ho Ezekiele oa kajeno ’me se tla tiisa masala ana a tlotsitsoeng hore a amohele le ho phethahetsa thōmo ena e phephetsang.
12. Ke qoso efe ea bohata eo Jehova a e lelekang kahoo, ’me ke ketsahalo efe e nakong e tla mo sia a e-na le tlaleho e hloekileng?
12 Molimo o ke keng oa rohakoa o rerile ho thibela qoso leha e le efe ea hore ha o tsotelle, ea hore o sitiloe ho fana ka temoso e loketseng ho ba kotsing. Maemo a ntse a phaellana ’me a tla senola seo re leng sona. Joale ba sa eleng hloko ba tla qobelloa ho bolela ’nete ea hore moprofeta ea tsoang ho Jehova o bile har’a bona. Ho tla ba joalo ha Babylona e moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, a oela timetsong e sa feleng matsohong a mebuso ea lipolotiki e neng e feba moeeng le eona. Hona ho tla sia Molimo oa borapeli bo hloekileng ka tlaleho e hloekileng.
13. Ke hobane Jehova a pheletse tšepiso efe ho masala a tlotsitsoeng, ke ntlheng efe moo e sebelelitseng e le mohlala o motle ho “linku tse ling”?
13 Polelo e se nang tšabo e bontšitsoeng ke masala a tlotsitsoeng ho tla fihlela joale ebile ka lebaka la hore Jehova a phelele tšepiso ea hae: “Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, joale ka lifahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ea hao, joale ka liphatla tsa bona. Ke thatafatsa phatla ea hao joale ka daemane, le ho feta lehakoe. U se ke ua ba tšaba, u se ke ua tepella ka baka la bona, etsoe e le ntlo ea bahanyetsi.” (Ezekiele 3:8, 9) Masala a matlafalitsoeng joalo a sebelelitse e le mohlala o khathollang ho bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha ba “linku tse ling” tseo Jesu Kreste, Molisa ea Molemo, a tšepisitseng hore o tla li bokellela ka lehlakoreng la masala a hae a tlotsitsoeng. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9-17) E le Lipaki tsa Jehova, “linku tse ling” tsena li sebete joaloka tau.
14, 15. (a) Ke ka lebaka la phapang efe Lipaki tsa Jehova tse kantle le kahare ho linaha tsa Bojakane li hlokofatsoang ka chankane? (b) Phello ea ho kenngoa chankaneng ho joalo ha Lipaki tse lokolohileng e fapane joang le se neng se ka lebelloa?
14 Lipaki tsa Jehova ha li etsise Babylona e Moholo. Kahoo, kantle le kahare ho linaha tsa Bojakane, Lipaki li na le baena tumelong ea Bokreste ba hlokofatsoang literonkong ka lebaka la ho se nke lehlakore ha bona ho tiileng. Hona ha hoa tšosa Lipaki tse sa ntsaneng li lokolohile le tse sa tlangoang, ho etsisa baena ba Bakreste ba moapostola Pauluse Roma. Nyeoeng e neng e le ka lekhotleng Pauluse o ne a ipilelitse ho Sesare oa Roma, ’me moahloli a laela hore: “U ipeile ho Cesare, u tla ea ho Cesare.” (Liketso 25:10-12) Eaba Pauluse o isoa Roma a tlanngoe ka mahlaahlela ’me a kenngoa chankaneng moo, a emetse nyeoe ea hae. Ke tlas’a maemo ao moo ha a ngolla Bakreste bahabo bao a ba ratang haholo motseng oa Filippi, Greece, a itseng:
15 “Joale, ba bangata ho banab’abo rōna Moreneng ba ekelelitsoe matla a ho bolela lentsoe la Molimo, ba se na tšabo, ka ho khothahala ke litlamo tsa ka.”—Ba-Filippi 1:14.
16. Ho sa tsotellehe ho kenngoa litlamong ha baena ba Bakreste, Lipaki tsa Jehova tse lokolohileng li bontšitse tšoaneleho efe hang kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše, ’me ke hobane’ng ha ho hlokahala tšoaneleho eona eo kajeno?
16 Ka ho batlang ho tšoana le hoo, ha Ntoa ea I ea lefatše e lala ka selemo sa 1918, basebeletsi le litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Watch Tower Bible and Tract Society ba ile a iphumana ba le chankaneng ka liqoso tsa bohata. Kaha khotso e ne e fihlile, baena ba kantle ba nka mehato e sebete ka potlako ho ba fumanela tokoloho. Ba lokolloa chankaneng ka 1919 ’me nyeoe ea bona ea hlakoloa lekhotleng. Liqoso tsohle tsa bohata tsa felisoa. Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng oa Molimo ka Kreste oa nkoa ka sebete se fetang pele, ’me ha nyelisoa Babylona e Moholo le metsoalle ea hae. Kajeno, kahobane Lipaki tsa Jehova tse lichankaneng li le ngata ho feta Ntoeng ea I ea lefatše, ho mahetleng a baena ba bona ba lokolohileng ‘ho bolela lentsoe la Molimo ba sa tšabe.’
Ba Hlabisang Bojakane Lihlong ka ho Mamela
17. (a) Ka ba neng ba tla sekamela ho mamela haholoanyane, Jehova o ile a re’ng ho Ezekiele? (b) Ebile kamor’a ho etsa boiteko bo kopaneng ho bo-mang ho ileng ha lebisoa tlhokomelo ka nako e loketseng ho ba neng ba tla mamela haholoanyane, hona joang?
17 E ne e le potso e monate, Ke bomang ba tla ipaka hore ba ka mamela? Ho sena Jehova a re ho Ezekiele: “Hobane ha u rongoe ho sechaba se puo e tebileng, se leleme le thata, . . . tseo u ka sitoang ho utloisisa puo ea tsona; ha ke re, hoja ebeba ke u romela ho tsona, li ne li tla u mamela?” (Ezekiele 3:5, 6) Moprofeta o ne a tlamehile ho tsoela pele a bolela litaba tsa Molimo ho sechaba sa habo karolong ea meloko e leshome ea Iseraele boemong ba eona ba botlamuoa naheng ea Babylona. Ka ho tšoanang, ho tla fihlela bohareng ba leshome la bone la lilemo la lekholo la rōna la bo20 la lilemo, masala a tlotsitsoeng a Iseraele oa moea a ile a kopanya boiteko ba oona ho bokelleng litho tsa ho qetela tsa Iseraele oa moea ka ‘lesakeng’ la “mohlatsoana,” oo Ntate a lumelletseng ho o nea ’Muso, ho busa le Mora oa hae bakeng sa ho hlohonolofatsa batho ba lopolotsoeng. (Luka 12:32) Joale ka nako e loketseng ha boeloa ha nahanoa ka mantsoe a Mora oa hae ho Johanne 10:16 le kamano ea oona le Tšenolo 7:9-17.
18, 19. Ke hobane’ng ha ho ne ho hloka sebete ka 1935 ho tsebahatsa “bongata bo boholo” le “linku” tse neng li tla etsoa ‘mohlape o le mong’ le masala a tlotsitsoeng?
18 Ho Johanne 10:16, Jesu, Mora oa Molimo, o ne a itse: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.”
19 Hore bao e neng e tla ba ba “linku tse ling” ba mamele lentsoe la ‘molisa a le mong’ nakong ena ho ne ho hloka sebete. Lipaki tsa Jehova li ne li hlorisoa ka matla matsohong a makhotla a bosechaba tlas’a Adolf Hitler, a tšehelitsoe ke baruti ba Kereke ea Roma e K’hatholike eo Hitler oa Bonazi e neng e le setho sa eona. Boemong bo joalo ba lefatše, ho ne ho hlokahala tumelo, kholiseho le sebete ka lehlakoreng la mookameli oa Watch Tower Society hore ka 1935 a totobatse hore “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9-17 bo ne bo tla etsoa ka “linku tse ling” tseo ho hlileng ha boleloa ka tsona le hore li ne li etsoa ‘mohlape o le mong’ le masala a hlorisoang a ka ‘lesakeng lena.’ Leha ho le joalo, o ne a tlameha ho ‘bolela lentsoe la Molimo a sa tšabe.’ ’Me a fela a ho etsa.
20. Karabelo ea bao e bang “linku tse ling” ke efe, e le hore “mohlape” o eketsehile ho fihlela tekanyong efe kajeno?
20 Ho tloha qalehong feela, ba makholo-kholo ba arabela, ba ineela ka ho feletseng ho Jehova Molimo ka ‘molisa a le mong’ oa hae ’me ba tšoantšetsa boineelo boo ka ho kolobetsoa pontšeng metsing. ’Me hona joale, ho sa tsotellehe ho sitisa ha Ntoa ea II ea Lefatše, “linku tse ling” tseo li ipōpile ho ba “mohlape” oa ba limillione tse peli le halofo kapa ho feta, linaheng tse 205. Linaha tse ngata li kantle ho se bitsoang Bojakane, tse kang Japane, moo ho nang le karolelano ea selemo ea baboleli ba ineetseng ba fetang 70 000 ba molaetsa oa ’Muso, Korea e na le ba fetang 30 000 ’me Nigeria e na le ba fetang 100 000.
21. Ke ka ho arabela ha bo-mang pitsong ea ‘molisa a le mong’ Bojakane bo hlabisoang lihlong?
21 Ke ’nete hore Bojakane bo thatafalitseng sefahleho le bo pelo e sataletseng bo hlabisoa lihlong ke karabelo e ntle pitsong ea ‘molisa a le mong’ linaheng tseo mohlomong puo ea tsona e leng thata le e sa utloisisoeng ke batho ba Bojakaneng, haholo puo ea bolumeli ea litsamaiso tsa tsona tsa bolumeli. Ba fetohang “linku tse ling” tsa Kreste ba bontša sebete se babatsehang ha ba hlokomoloha seo lefatše le ka ’nang la se nahana ’me ba bokellana ho ‘molisa a le mong’ e le Moeta-pele le Mopholosi eo ba mo neiloeng ke Molimo. Joaloka Molisa oa bona, ba bua lentsoe la Molimo ba sa tšabe.
22. Lefatšeng le hanyetsang, Lipaki tsa Jehova li lokela ho bolela lentsoe la Molimo ka boikutlo bofe?
22 Matsoalo a lefatše a ntse a eketseha. Ka tlas’a tšusumetso ea bademona lichaba li nkile leoto ho ea lebaleng la ntoa la Harmagedone bakeng sa ntoa ea makhaola-khang. Lipaki tsa Jehova li tla ema li sireletsehile ka thōko ’me li tla shebella ha Molimo oa tsona o hlōla. Li pholohile Ntoa ea lintoa, li tla kopanela le makhotla a thabileng a leholimo ho utloahatsa lithoko tsa tsona tse lebang ho Molimo o sa hlōloeng, Jehova, le Molaoli oa Makhotla a hae ea matla, Jesu Kreste. (Tšenolo 16:13-16) Ena hase nako ea ho checha! Pele-ea-pele, he, lōna mohlape o momahaneng oa Lipaki tsa Jehova, ho ‘boleleng lentsoe la Molimo le sa tšabe’ ho fihlela ha lefatše le tletse tsebo ea khanya ea Jehova joalokaha metsi a aparetse leoatle.—Esaia 11:9; Ezekiele 47:1-5.
Na u hlokometse?
◻ Ezekiele o bile le phihlelo efe Babylona, ’me e fumana tšoantšetso ea eona joang kajeno?
◻ Ka lebaka la boikutlo ba baruti, ke hobane’ng ha batho ba Molimo ho hlokahala ba be sebete ha ba jala Lentsoe la oona?
◻ Batho ba ineetseng ba Jehova ba boletse molaetsa oa bona joang ho ‘lichaba tseo ba sa utloisiseng puo ea tsona’?
◻ Ho hlokahala u bonahatse boikutlo bofe hona joale le kamoso?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lipaki tsa Jehova ha lia tšoha har’a khanyetso le bothata ba baruti