Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 4/1 maq. 31-32
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Bafu ba Tla Phela Hape!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Bontša Tumelo Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Tla ba le Tsoho ea ba Lokileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 4/1 maq. 31-32

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Na tšepiso ea Jesu ea bophelo bo sa feleng, joale ka ha e fanoe ho Johanne 11:25, 26, e sebetsa ho batlotsuoa feela, kapa mantsoe aa a kopanyelletsa le “bongata bo boholo,” be lebelletseng bophelo lefatšeng le Paradeise?

Linakong tse ling tse fetileng “Molula-Qhooa” o ne o hlahise hore tšebeliso ea lengolo lena e lekanyelitsoe ho Bakreste ba fumanang bophelo ba leholimo. Ka ho totobetseg pono ena e ne e nkoe hobane moo Jesu o ne a bua le batho bao hamorao ba neng ba tla fuoa tšepo eo. Empa tlhahlobo e hloahloa ea mangolo ana e bontša hore Jesu o ne a sa etse tekanyetso e joalo. Joale ka ha lihlooho tse ithutoang tokollong ena ea “Molula-Qhooa” li tiisa, pono ea rōna ka Johanne 11:25, 26 e tlameha ho ba e batsi e kopanyelletsang batho bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. Ke hobane’ng ha re etsa polelo ena?

Tšoaea seo Maretha a se bolelang ka Lazaro ea shoeleng ho Johanne 11:24: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.” O ne a hopotse tsoho efe? Tsoho eo Abrahama, le Bajode ba bang ba tšepahetseng ba neng ba e lebelletse ka tumelo—tsoho ea lefatšeng! E be mantsoe aa a latelang a Jesu a ne a ka ipiletsa joang ho Maretha? A ne a tla fetisetsa ho eena boemo bo amanang le tsoho ea lefatšeng.

Hape Jesu a ikhetholla e le ea tla tsosa bafu. Empa ha a ka re o ne a bua feela ka bafu ba bang ba neng ba lumela ho eena. Ke “tsoho le bophelo” ho bohle ba fumanang bophelo bo sa feleng leholimong le lefatšeng. Tsohle tseo Jesu a tsoelang pele ho li bolela, temaneng ea 25 le 26, li ka sebelisoa lihlopheng ka bobeli, leha e le ka litsela tse fapaneng. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘tla bophelong’ ka hore ba tsosetsoa bophelong ba leholimo ba ho se shoe. Bafu bao ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng baa tsosoa ’me ba tlisoa phethehong butle-butle.—Bapisa Tšenolo 20:4.

Ka sebele ho joalo ka batlotsuoa, joale ka ha ho boletsoe temaneng ea 26, hore ba ‘ke ke ba shoa le ka mohla o le mong’ hoba ba tsosoe. Ke moo joale ba ‘tla bona kamoo Molimo o leng ka teng,’ ’me ha ba sa tla “tsamaea ka tumelo.” (1 Johanne 3:2; 2 Ba-Korinthe 5:7) Ka hona ha Jesu a re, “e mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na” o ne a hlahisa ntlha ea bohlokoa ka ho khethehileng mabapi le bao kajeno tšepo ea bona e leng ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng. Toka e se e balletsoe “bongata bo boholo” hobane “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” Ba se ba ntse ba phela nameng ba e-na le tšepo ea ho pholoha mahlomola a maholo, ’me bophelo ba bona bo talingoa e le bo lokileng, joale ka ba Abrahama oa boholo-holo. Bona, hammoho le batho ba tsositsoeng, ba tlameha ho tsoela pele ba e-na le tumelo pusong ea Kreste ea lilemo tse sekete e le hore ba ka fumana bophelo bo sa feleng phethehong ea botho.—Tšenolo 7:9, 10, 14, 15; 21:3, 4.

Ha e le hantle, pono ena ha e ncha ka ho feletseng. Nako le nako ho theosa le lilemo, litokollo tsa Watch Tower Society li ’nile tsa hlahisa tšebeliso e batsi ea Johanne 11:24-26. Ka mohlala, “The Watchtower” ea June 1, 1959, leqephe 337, eitse ka Lipaki tsa Jehova tse tsoang lichabeng tsohle: “Ba lebelletseng ho phela lefatšeng lena hape ba na le tšepo ea ho pholoha bofelo ba lefatše lena, ’me ba tsoele pele ho phela lefatšeng le lecha ba sa shoe.” E boletse Ba-Heberu 11:1, 6 le Johanne 11:26 ho tšehetsa taba. “Molula-Qhooa” oa April 15, 1976, leqephe 185, ka ho tšoanang o kenyellelitse tsoho ea batho hammoho le baphonyohi ba Harmagedone ka mantsoe oona ana a Jesu a reng: “E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong. Na u lumela hona na?”

Na ua ho lumela?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela