Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 4/15 leq. 3
  • U Ne U Reretsoe ho Phela Paradeiseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Ne U Reretsoe ho Phela Paradeiseng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Na Bibele e Tšepisa Lefatše la Paradeise?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Paradeise Lefatšeng—Na ke Toro Feela Tjee Kapa Ehlile e Tla ba Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 4/15 leq. 3

U Ne U Reretsoe ho Phela Paradeiseng

’MŌPI oa rōna ea lerato o rata hore u thabele Paradeise ea thabo. O etselitse batsoali ba rōna ba pele lehae le joalo. Bibele e re: “Jehova Molimo a hloma tšimo Edene ka ’nģa Bochabela, ’me a bea teng motho eo a ’mōpileng, Jehova Molimo a melisa lefatšeng lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.”—Genese 2:8, 9, 15.

Lehae leo la pele kannete e ne e le Paradeise, lentsoe “paradeise” le bolelang ‘serapa!’ E ne e le “Paradeise ea Thabo,” e leng lebitso le leng bakeng sa ‘tšimo ea Edene!’ U tšoantša lehae le joalo le eng? Na ka leihlo la moea u bona lipalesa tse mebala-bala, lihlahla, lifate tsa litholoana, ponahalo ea naha e ntle, liliba le matamo a hloekileng a khutsitseng? Na u boetse u nahana ka mekhoabo e mengata e metala e potapotiloeng ke lifate tse phahameng, le moea o pholileng o tletseng ka monko o monate oa har’a meru le lipina tsa linonyana?

Mohlomong u ka arabela ka hore, “le ho feta moo. Khotso le tšireletseho le tsona li tla ba teng.” ’Me li bile teng tšimong ea Edene! Le liphoofolo li ne li le khotsong le tse ling le ho batsoali ba rōna ba pele. Molimo o itse: “Lihahabi tsohle tsa lefatše, tse utloang, ke li neile joang bohle bo botala, e be lijo tsa tsona. [Molimo] a ntoo li tlisa [liphoofolo] ho Adama, a tle a bone hore o tla li rea mabitso a joang, . . . Adama a rea makhomo ’ohle mabitso, le tse rurang tsa maholimo, le liphoofolo tsohle tsa naha.”—Genese 1:30; 2:19, 20.

Ke lehae le nyakallisang hakaakang! Ka motho le liphoofolo li le khotsong le ho ’Mōpi oa tsona oa leholimo, ho ne ho phethahetse. Ka sebele u ne u ka nyakalla ho phela Paradeiseng e joalo ea thabo!

Paradeise ea pele e ne e le hokae? Bibele e re e ne e le lefatšeng, e bile e bolela mabitso a linōka tsa eona tse ’nè, ho kopanyelletsa le Eufrate e ntseng e le teng le kajeno. Empa buka e ’ngoe ea lipatlisiso ea bolumeli e bua ka tlhahiso ea morao tjena ea “hore Edene ea pele e ne e le leholimong.” Leha ho le joalo, pono e joalo, ha e hanyetsane le tlaleho ea Bibele feela empa e hanyetsana hape le polelo ea Jesu Kreste ea hore ka kopano ea bona monna oa pele le mosali Edeneng e bile “nama e le ’ngoe.”—Mattheu 19:4-6; Genese 2:21-24; 1 Ba-Korinthe 15:50.

Le hoja Molimo o bōpetse batho hore ba phele lefatšeng la Paradeise, batho ba bangata ba kereke kajeno ba lumela hore paradeise feela e ka thabeloang e tla ba leholimong. Empa ho thahasellisang ke hore, buka ea lipatlisiso ea Bibele e re ka sena: “Ka sebele, motho ka tloaelo o nahana thabo ea leholimo e tšoana, kapa bonyane e batlile e tšoana le thabo ea lefatše lena; ’me e mong le e mong o na le tšepo ea hore ka mose ho lebitla o tla fumana ka sebele a be a thabele seo a nkang e le sa bohlokoa lefatšeng.”

Batho ba tšoantša Paradeise ka lintho tsa lefatše hobane Molimo o bōpetse motho hore a phele holim’a lefatše, le ho thabela lintho tsa Iona. (Pesaleme ea 115:16) Hona ho hlahisa lipotso. Ka mohlala, ha Jesu a tšepisa sesinyi se ileng sa shoela pel’a hae, ‘u tla ba le ’na Paradeiseng,’ Paradeise eo e tla ba hokae?—Luka 23:43.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela