Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 3/15 maq. 4-7
  • Harmagedone Hamorao ho Latela Paradeise!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Harmagedone Hamorao ho Latela Paradeise!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela e Isang Harmagedone
  • “Thoteng e Bitsoang Harmagedone”
  • Hamorao—Paradeise ea Khotso!
  • Sebaka sa Tširelo?
  • Armageddone—Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Armagedone—Ke Qaleho ea Nako e Thabisang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ntoa ea Armagedone Ke’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Armagedone e Tla Qala Iseraele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 3/15 maq. 4-7

Harmagedone Hamorao ho Latela Paradeise!

ISERAELE. Lebitso leo ho buuoa ka Iona haholo libōkeng tsa bolumeli ha ho buuoa ka ntoa e khōlō ea Molimo. Ha ho makatse, he, hore mahlo a ba bangata a talimile Bochabela bo Hare! Leha ho le joalo, moapostola Pauluse, Moheberu ka tsoalo, o ile a ngola: “Hase bohle ba tsoileng ho Iseraele e leng ba-Iseraele . . . ke ho re, bao e leng bana ba nama hase bona e leng bana ba Molimo.” Sechaba sa Bajode se ile sa lahleheloa ke tokelo ea ho ba “Iseraele” oa Molimo ka ho hana Jesu Kreste hore hase Messia. (Ba-Roma 9:6-8; Mattheu 21:43) Ka lebaka leo, moprofeta oa Moheberu Moshe o ne a lemositse hore liphello tse bohloko li tla hlahela Baiseraele ba nama haeba ba sa mamele Jehova Molimo.—Deuteronoma 28:58-68.

E be “Iseraele” eo Pauluse a neng a bua ka eona e etsoa ka bafe? O-oa arabela: “Empa mo-Jode ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea.” (Ba-Roma 2:28, 29) Boprofeta ba Harmagedone ha bo sebetse feela sebakeng sa Bochabela bo Hare, empa boemong ba lefatše lohle.

Tsela e Isang Harmagedone

Lintoa tsa lefatše, litšisinyeho tsa lefatše, ngatafalo ea bokhopo—Jesu o bontšitse hore maemo a joalo a tla bōpa “pontšo” ea ‘boteng’ ba hae a sa bonahale le ea “ho fela ha lefatše.” Makasine ona o ’nile oa paka ka Mangolo hore re qalile ho phela mehleng ea qetello ea tsamaiso ena ho tloha selemong sa phetoho e khōlō sa 1914. Bopaki bo bong ba sena ke phethahatso ea kajeno ea mantsoe a Jesu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:3-14) Litho tsa sebele tsa “Iseraele oa Molimo” li etelletse pele mosebetsing ona oa ho bolela linaheng tse 205. Ka baka leo “bofelo” bo tlameha bo be bo le haufi haholo.

Hantle-ntle “bofelo” bo tla joang? Re ka fumana leseli le feletseng ka ho hokahanya boprofeta bo qhalakaneng ka Bibeleng.

Mohlala: Ho ea ka boprofeta ba Daniele, “morena oa leboea” oa bokomonisi le “morena oa boroa” oa sera eo e seng oa bokomonisi hona joale ba tšoarahane tsekisanong ea puso ea lefatše. Joale ho latela eng? Daniele a bona hore “morena oa leboea” oa bokomonisi ka likhoka o tla hapa mehloli ea lintho tsa bohlokoa tse bonahalang, tse tšoantšetsoang ka “gauda,” “silevera” le “tsohle tse lakatsehang.”—Daniele 11:40-43.a

Leha ho le joalo, ka mokhoa o mong baeta-pele ba lefatše ba tla lumellana. Ba tla hoa, ba re: “Ho khotso, ho iketliloe!” (1 Ba-Thessalonika 5:1-3) Leha ho le joalo, khotso ea nakoana e tla qhalana kapele. Baeta-pele ba lipolotiki ba khathetse ke ho ferekanngoa ke bolumeli ba lefatše, ba tla ikopanya ho bo felisa—ka potlako le ka ho feletseng. Empa ke Jehova Molimo ea bonang hore ho felisoa bolumeli ba bohata, karolo ena e nyatsehang haholo ea phutheho ea Satane.—Tšenolo 17:1-18.

Leha ho le joalo, “Iseraele” oa sebele, o tla pholoha, le hoja e se ka ho tlosoa lefatšeng ka ho nkeloa sebakeng ka mokhoa oa mohlolo, joalokaha baboleli ba bang ba kajeno ba bolela. Moprofeta Ezekiele o bontšitse se tla etsahala, a qala ka ho qotsa Satane (mona a bitsoa Gogo) a re: ‘Ke tla nehela bathong [ba Jehova] ba phelang ka khotso.’ Ha Satane a khannoa ke lehloeo la hae le matla bakeng sa “mosali” oa Molimo, o tla hlasela Bakreste ba ’nete. (Ezekiele 38:2, 11, 12) Ntoa, e profetiloeng makholong a lilemo a fetileng, joale e tla fihla tlhorong ea eona.

Ha Jehova a arabela tlhaselo ea Gogo, o tla nka bohato ho sireletsa batho ba Hae. Ba tla bolokoa, ’me lebitso le halalelang la Molimo le tla tlotlisoa. ’Me hoo ho tla etsahala hobane Jehova o tlisitse Harmagedone.—Ezekiele 38:18-23.

“Thoteng e Bitsoang Harmagedone”

Bukeng ea Bibele ea Tšenolo ho hlile ha boleloa hore ‘meea e litšila e bululetsoeng ke bademona’ e tla ea ho “marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona, ho a memela ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” Kahobane “marena’’ a tla be a susumetsoa ke mashano a bululetsoeng ke Satane, a tla phuthehela hammoho “thoteng e bitsoang Harmagedone [“Thaba ea Megiddo”].”—Tšenolo 16:13-16.

Ha ho na thaba e bitsoang joalo. Ke ’nete hore mehleng ea Bibele lintoa tse ngata li ile tsa loanela motseng o bitsoang Megiddo. Empa ho ne ho se thaba moo ’me e sa ntsane e le sieo—ke tutulu feela. Leha e le hore makhotla ’ohle a ntoa a lefatše a ka petetsana Lehoatateng la Esdraelone, tlas’a Megiddo, kamoo ba bang ba nahanang kateng. Le hoja ho bonahala lentsoe “Har-Magedone” le nkiloe ho Megiddo, bohlokoa ba Iona bo tlhalosong ea sebele ea lentsoe, ke hore, “thaba ea moo mabotho a khobokanelang ho loana.” Hona hohle ho bontša hore Harmagedone hase sebaka empa, ho e-na le hoo, ke boemo: ho khobokanngoa kapa ho fola ha lefatše ho loantša Jehova Molimo le batho ba hae.

Mona, ke moo Jehova a tla kena ntoeng. Mekhatlo ea lipolotiki e tla timetsoa ‘e sa ntsane e phela,’ kapa e sebetsa. (Tšenolo 19:21) Ho tšoha ho tla ba teng ha matla a mebuso a heleha! Baahi ba lefatše joale ba tla utloa ho tšoha ho fetisisang ha Jehova a lokolla lihlomo tseo a li bokelletseng tse matla ho feta tlhaho. (Ezekiele 38:18-23; Zakaria 14:12, 13) “Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše.”—Jeremia 25:33.

Jesu Kreste, ea ka sehloohong oa “peō” ea “mosali” oa Molimo, kapa phutheho ea leholimo, o tla etella pele lebotho la mangeloi a lokileng ho ea hlōla. Satane o tla hlōloa ’me a akheloe ka “sekoting” sa thibelo ka lilemo tse sekete. (Tšenolo 20:1-3) ’Me batho ba Jehova ba tla be ba sirelelitsoe le ho pholosoa ke Molimo ntoeng ea oona e khōlō. Mattheu 24:21, 22, 37-39.

Hamorao—Paradeise ea Khotso!

Hang kamorao ho Harmagedone ha ho pelaelo hore lefatše le tla be le sohlokehile. Mosebetsi o moholo oa ho khutlisetsa lefatše Paradeiseng o tla bonahala o le moholo haholo. Empa o tla phethoa tlas’a tsamaiso ea ’muso oa Molimo oa leholimo. Kamor’a nako lefatše lohle le tla ba letle joaloka tšimo ea Edene, lehae la pele la motho, ’me batho ba lokileng ‘ba tla iketla khotsong e kholo’ e tla rena lefatšeng la rōna.—Pesaleme ea 37:11.

Qetellong, lefatše le tla fetoha Paradeise ’me batho ba thabele mahlohonolo a mangata a moea le a nama. E, ‘tabernakele ea Molimo e tla be e le har’a batho’! ’Me ha batho ba latela tsamaiso ea ’muso oa leholimo, Molimo o tla “hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Tšenolo 21:1-4) Phetheho e khanyang e tla nka sebaka sa mahloko, masoabi le Iona lefu.

Sebaka sa Tširelo?

Ka baka leo, u lokela ho ameha haholo ka ho pholoha Harmagedone le ho kena Paradeiseng eo ea khotso. Leha ho le joalo, tširelo e ke ke ea fumanoa har’a mekha e mengata ea bolumeli ba bokhelohi ea lefatše, e akarelletsang ea Bojakane. Ha e lumellane le polelo ea Jesu ea hore balateli ba hae “hase ba lefatše.” (Johanne 17:16) Leha e le hore e bolela ‘Evangeli ea ’muso.’ (Mattheu 24:14) Bolumeli boo ho thoeng ke ba Bokreste bo arohane ka mekha ea bokhelohi e makholo ’me ha bo bontše lerato leo Jesu a itseng le tla tšoaea balateli ba hae ba ’nete.—Johanne 13:35.

E be joale sebaka sa tširelo se hokae? Ho “Iseraele oa Molimo” ka sebele. (Ba-Galata 6:16) Bakreste bana ba tlotsitsoeng ha baa hasana har’a mekha ea bokhelohi e mengata ea Bojakane empa ke karolo ea phutheho e le ’ngoe e momahaneng. Batho ba kopaneng le balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ke batho ba fetang 2 000 000 ba nang le tšepo ea ho pholoha ‘mahlomola a maholo.’ (Tšenolo 7:9, 14) Barorisi bana ba Molimo ba hlophisitsoeng ba ‘bitsa lebitso la Jehova’ ’me ba lebelletse ‘ho phonyoha.’ (Joele 2:32) E, batho bana ba “Iseraele’’ ea ’nete ha ba bitse lebitso la Molimo feela empa hape ba jere lebitso leo e le Lipaki tsa Jehova. Ka thabo ba tla u thusa ho ithuta haholoanyane ka ho pholosoa ntoeng e khōlō ea Molimo ka tšepo ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng ea khotso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa January 1, 1982, maqephe 3-7.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mohoo oa hore “Ho khotso, ho iketliloe!” o tla etella pele ho hlaseloa ha bolumeli!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Harmagedone hase sebaka sena se Megiddo, empa ke boemo ba lefatše ba tšoantšetso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela