Litšoanelo kapa Menate—U Etelletsa Hofe Pele?
’MŌPI, Jehova Molimo, o re entse re le batho ba lokolohileng. Ke ho re, o re neile matla le bolokolohi ba ho khetha seo re tla se etsa. Ka linako tse ling hona ho bolela ho khetha pakeng tsa litšoanelo le menate.
Ka polelo e tloaelehileng, ho thoe, “Ha tšoanelo le monate li hohlana, monyaka o ke o emelle thōko.” Le hoja tšoanelo le monate li hohlana hangata, ha ho hlokahale hore ho be joalo. Empa ha tšoanelo le monate li hohlana, re etelletsa hofe pele? Tšoanelo e hlalosoa e le ‘ntho eo motho a qobelloang ke litlameho tsa botho ho e etsa kapa hore a se ke a e etsa.’ Monate ‘ke boemo ba ho ikhotsofatsa; thabo; monyaka’ boikutlo ba ho khahlisoa.
Litšoanelo tsa Rōna
Joalokaha Jesu Kreste a bontšitse, litšoanelo tsa rōna tse ka sehloohong le litlameho ke tse mabapi le Moetsi oa rōna, Jehova Molimo. (Mareka 12:29, 30) Morero o moholo har’a merero ea Molimo bakeng sa bahlanka ba oona kajeno ke ho paka ka lebitso la oona le ’Muso le ho etsa barutuoa. (Esaia 43:10-12; Mattheu 10:7; 24:14; 28:19, 20) Hore ba phethe litšoanelo tsena ka nepo, nako le nako Bakreste ba lokela ho fumana tsebo ea Bibele, ba kopanele kamehla le barapeli ba bang le ho ‘tiea thapelong.’ Ke kamoo litšoanelo tse ka sehloohong tsa Mokreste li amang litšoanelo tsena tse ling.—1 Timothea 4:16; Ba-Heberu 10:23-25; Ba-Roma 12:12; Moeklesia 12:13.
Hape re tlanngoe ke batho ba bang. Haholo-holo ka sebopeho sa lintho tsa nama, kapa tsa lefatše. Re ‘tlameha ho sebetsa haeba re tla ja,’ hobane re ke ke ra lebella ho phela ka ba bang. Ke hantle hore re nee malapa a rōna lintho tse hlokahalang. Re tlameha ho utloa melao ea naha, e kang melao ea sephethe-phethe, ’me re tlameha ho lefa makhetho a rōna.—Ba-Roma 12:17; 13:1-7; 2 Ba-Thessalonika 3:10; 1 Timothea 5:8.
Re na le litšoanelo ho Molimo, litšoanelo ho malapa a rōna, litšoanelo ho bao re ahisaneng le bona, e, le tse amang rōna. Litšoanelo, litšoanelo, litšoanelo! Na hona ho bolela hore ha ho nako kapa monyetla oa ho thabela menate ea botho? Che, ho mpa ho bolela hore re tlameha ho bea menate sebakeng sa eona. Re se ke ra tšoana le batho ba bangata ba ‘mehleng ena ea qetello,’ ba “ratang menate ea nama e seng Molimo.”—2 Timothea 3:1, 4.
“Menate” e Haneloang
Ha re bea menate sebakeng sa eona, re tlameha ho hlokomela hore mefuta e meng ha e lumellane le litšoanelo tsa rōna, hobane ha e na sebaka bophelong ba Mokreste. Kajeno ho na le batho ba tlōlang melao ea sephethe-phethe, ba itloaelitseng ho utsoa mabenkeleng kapa ba tlōlang molao ka mekhoa e meng lebitsong la ‘monate feela’ kapa ‘ho iqabola,’ kamoo ba bolelang. Ho totobetse hore liketso tsohle tse joalo ke “menate” e haneloang.
Batho ba bang ba phehella menate ka lithethefatsi, ba fetoha makhoba a tahi. Ba bang ba thabisoa ke ho sebelisa koae ka mefuta ea eona. Mekhoa e joalo le eona e hanana le litšoanelo tsa rōna ho Molimo le bao re ahisaneng le bona. Bakreste e lokela ho ba batho ba lokolohileng, ba rate bao ba ahisaneng le bona ’me ba eletsoa ho ‘itlhatsoa litšila tsohle tsa nama le tsa moea.’—2 Ba-Korinthe 7:1; Mattheu 22:39; Ba-Roma 6:6, 16; 13:10.
Ntle ho pelaelo monate o haneloang o tloaelehileng haholo o etsoang kajeno ke ho kena likamanong tsa botona kapa botšehali tseo e seng tsa molao. Ho ‘lakatsa ho khotsofatsa menate ea nama’ ho joalo ho hanana le litšoanelo tsa rōna ho Molimo le moahisane. (Jakobo 4:3; Liproverbia 6:20-35) Hape re se ke ra qoba ho kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali feela empa hape le ho bapala ka tsona. Kahobane menate e joalo ea boitšoaro bo bobe e-ea haneloa, ho bonahala e fetoha e lakatsehang haholo le ho nyakallisa. Joalokaha letekatse le re: “Metsi a utsuoang a monate, le bohobe bo jeoang ka sephiri boa hlabosa.”—Liproverbia 9:17.
Ke hobane’ng ha menate e joalo e eka ’mele oa sebe? Hobane ‘mehopolo ea motho e mebe le bocheng ba hae.’ Ka hona Mokreste o tlameha ho ‘laea ’mele oa hae le ho o tšoara joale ka mohlanka,’ joaloka moapostola Pauluse. (Genese 8:21; 1 Ba-Korinthe 9:27) Re se ke ra ineela menateng ena e sa lokang haeba re lakatsa ho amoheloa ke Molimo.—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Metheo e Laolang ho Thabela Menate
Ho na le menate e mengata e ka thabeloang ke Bakreste. Empa hore re e boloke sebakeng se e loketseng, ho e thabela ha rōna ho tlameha ho tataisoa ke mofuta, tekanyo, nako le tšenyehelo. Ka mohlala: Ntle ho pelaelo monate o thabeloang haholo le ka bophara ke batho ke oa ho ja. Ruri ho etsa hore ho ja e be ntho e monate ke mosa o lerato oa Molimo. Ho ka boleloa hore monate ona o seeloa moeli ke motheo oa hore ‘re ja hore re phele, ha re phelele ho ja.’
Kaha metheo e lokela ho laola ho ja ha rōna, re ke ke ra khetha feela lijo tse re natefelang empa hape le tse molemo ho rōna. Hape re tla ba seli hore re se ke ra ja ho tlōla, ho se je ho feta kamoo ho leng molemong oa rōna. Ho feta moo, re alose nako ea rōna. Hoa tsebahala hore ho ja haholo ho khathatsana le ho nahana ka botebo le mosebetsi o motle. Joalokaha sebini se etsang chelete se ke ke sa rata ho ja nama haholo kapa ho ba moketeng oa lijo pele se bina moketeng oa lipina, le rōna re se ke ra etsa joalo pele re sebetsa kabelo e thata kapa re fana ka puo ea Bibele. Ha e le hantle, lijo tse ngata li ka ba tsa khathatsana le ho thabela ha rōna puo ea motho e mong ea Bibele. Koana, batho ba hanoang ke lijo tse itseng kapa ba lefu la tsoekere, kapa ba nonneng haholo, ba na le mabaka a mangata haholo a ho alosa mofuta, tekanyo le nako ha ba thabela monate oa ho ja. Hape, re batla ho hlokomela hore na re senyeheloa hakae monateng.
Monate o mong o thabeloang ke batho ba bangata ke ho shebella mananeo a thelevishene. Joaloka Bakreste re tlameha ho tiisa hore mananeo ao re a shebellang ke a monate le a hahang, le a rutang. Joale, hape, re tlameha ho lekanyetsa, re sa senye lihora tse ngata haholo re shebelletse TV, e se re ra sitoa ho fumana boroko bo lekaneng, kapa ho phetha litšoanelo tsa rōna. Nako le eona e nahaneloe, hobane ha re batle ha mananeo a TV a kena-kenana le hore re fumane phomolo e hlokahalang kapa lintho tsa Bokreste tse kang ho ba teng libokeng tsa phutheho.
Taba e amang monate oa ho shebella TV e boetse e ama libaesekopo kapa lipapali. Haeba re lokela ho ea mamela puo ea Bibele, ka sebele ha ho tšoanelehe hore re be lebaleng la lipapali ho ea shebella papali ea bolo, na ha ho joalo? Leha e le hore re ka lumella lerato la rōna la ’mino ho re etsisa phoso eo.
Re ka ’na ra ithabisa ka ho etsa mosebetsi o mong o tlosang bolutu. Empa le hona mona, re tlameha ho itšoara le ho etsa lintho ka tatelano. Ho thoe’ng haeba mosebetsi oo re itlosang bolutu ka oona o re bea har’a batho ba babe ba tsubang le ba lipuo li mpe? Teng haeba o senya chelete, o le kotsi bophelong ba rōna kapa o imetsa lelapa la rōna? Haeba ho le joalo, na ha ho molemo ho etsa mosebetsi o mong oa ho itlosa bolutu?
Empa le haeba mosebetsi oa rōna oa ho itlosa bolutu ho se moo o nyatsehang, re be seli ho o boloka sebakeng sa oona. Monna ea nyetseng a ka ’na a thabela bolo. Empa haeba lelapa la hae le sitoa ho e thabela le eena, ekaba bohlale le lerato haeba a fokotsa papaling ena. A ke ke a rata ho ea lebaleng la bolo haeba ka ho etsa joalo a tla hlokomoloha ho ba teng kopanong ea Bokreste. Taba e amang bolo e boetse e ama mesebetsi e meng ea boikhathollo e kang ho bapala tenese, kapa “rugby.”
Linako tsa phomolo li nkoa e le linako tsa monyaka. Empa, joaloka Bakreste, le hona mona re batla ho ba seli ka boitšoaro ba rōna har’a basele kapa ha re e-na le nako e ngata. Leha e le hore re ka ea bona libaka kapa ra etela litsi tsa boikhathollo re tlohetse ho ea likopanong tsa Lipaki tsa Jehova.
Monate oa ho Phetha Litšoanelo
E, ho phetha litšoanelo ho thabisa haholo. Le hoja batho ba bangata ba nahana hore litšoanelo le menate lia hanana, ha ho hlokahale hore ho be joalo. ’Nete ke hore re ka fumana monate o mongata ka ho phetha litšoanelo—ha re e-na le maikutlo a nepahetseng. Ha ho pelaelo hore monna oa pele, Adama, o ile a natefeloa haholo ke ho hlokomela lehae la hae, serapa se setle sa Edene se kang tšimo ea lipalesa le lifate. Hape o tlameha e be o ne a thaba haholo ke ho tloaelana le liphoofolo tsohle tse tšimong le ho li rea mabitso. ’Me eare ha Jehova Molimo a nea Adama mosali Eva, thabo ea hae le nyakallo tsa khaphatseha, joalokaha ho bontšoa ho Genese 2:15, 18-23.
Monna a ka thabisoa ke ho etsa mosebetsi o molemo, ho sa tsotellehe hore na ke oa mofuta ofe, haeba a hlokomela hore o fella ka molemo—hore a itlhokomele le lelapa la hae. Ho joalo le ka mosali ea nang le maikutlo a nepahetseng. A ka thaba haholo ka ho boloka ntlo ea hae e hloekile e le makhethe, a lokisetsa lijo tse hlabosang le tse matlafatsang bakeng sa lelapa la hae.
Mohlala o motle oa ho thabisoa ke ho phetha litšoanelo o fumanoa tabeng ea Lipaki tsa Jehova. Li thaba haholo ka ho ithuta Bibele le ho ithuta linnete tse ncha. Ho sena, li ikutloa joaloka mopesaleme ea itseng: “Ke ithabisa ka lentsoe la hao, joale ka motho ea ithabisang ka khapo e kholo.”—Pesaleme ea 119:162.
Lipaki tsa Jehova li boetse li thabisoa ke ho phutheha hammoho libokeng tsa tsona tsa phutheho le likopanong tse tšoaroang nako le nako. Ho feta moo, Bakreste bana ba fumana mantsoe a Jesu e le ’nete. “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35) Ka ho ea ka ntlo le ntlo li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, li phetha tšoanelo eo li nang le eona ka pel’a Molimo le motho. Ha Lipaki li fumana motho ea mamelang ka kutloisiso ’me ba buisana le eena ka Bibele, haholo-holo haeba motho enoa a ipaka a ‘falimehetse litlhoko tsa moea,’ li thabela mosebetsi oa tsona.—Mattheu 5:3.
Ho Leotsa Kutloisiso ea Rōna Mabapi le Tšoanelo
Ke eng e tla thusa ho leotsa kutloisiso ea rōna mabapi le tšoanelo le ho boloka menate sebakeng sa eona se e loketseng? Toka le ho nahana li tla thusa. Ka mohlala, re tlameha ho iponahatsa re e-na le toka e le hore re ka ba ba fanang ka ’nete. Ka sebele, ekaba ho hloka toka ho thusa ba bang ho isa moo re amohang malapa a rōna se hlokahalang. ’Me ho nahana ho re hlokomelisa hore tsela eo re hlokomolohang ho phetha litšoanelo tsa rōna ka eona, ke tsela eo re iphosetsang le ho sitela le ba bang ka eona. Kaha ha re batle ha batho ba bang ba re siteloa, re qobe ho ba siteloa.—Luka 6:31.
Lerato le tla hle le re thuse ho etelletsa pele tšoanelo ka pel’a menate. Ho rata Molimo ho bolela ho boloka litaelo tsa oona, ho phethahatsa litšoanelo tsa rōna ho Molimo. (1 Johanne 5:3) Lerato bakeng sa bao re ahisaneng le bona le tla re etsa hore re amehe ka boiketlo ba bona, e seng ba rōna feela.—1 Ba-Korinthe 10:24.
Ha ho pelaelo, he, hore menate e na le sebaka sa eona bophelong ba rōna. Re ka natefeloa haholo ke ho phethahatsa litšoanelo tsa rōna. ’Me re ka thabela le menate e meng, haeba re e laola ’me re qoba e hananang le litšoanelo tsa rōna. Ka hona re ke re aloseng mofuta, tekanyo le tšenyehelo ea menate ea rōna, hammoho le nako eo re e senyang ho eona. Hona ho bolela ho etelletsa tšoanelo ka pel’a monate.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lipaki tsa Jehova li thaba ka ’nete ho phetha tšoanelo ea tsona ea ho bolela litaba tse molemo