Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 leq. 11
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bibele e Tšepisa Lefatše la Paradeise?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Paradeise
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Tšepo ea Sebele
    Tsoha!—2000
  • Na Jesu o Ile a Tšepisa Sesenyi Hore se Tla Phela Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 leq. 11

Na u sa Hopola?

Na u thabetse litokollo tse ngata tse fetileng tsa “Molula-Qhooa?” Bona hore na u ka hopola lintlha tse latelang:

◻ Ho ameha eng ho ‘lumeleng ha rōna ho Morena Jesu Kreste le ho bolokeha’? (Liketso 16:30, 31)

Hona hase phihlelo e khutšoanyane e amang maikutlo. Ho ama ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo, ho ithuta Mangolo kamehla le ho a sebelisa bophelong ba rōna. (Liketso 2:41, 42; 17:11) Hape ho ama ho amohela Jesu Kreste e le Molopolli oa rōna le ho mo utloa, ho mo hlokomela e le Morena le Mophahamisi oa Jehova. (1 Timothea 2:5, 6; Ba-Heberu 5:9; Tšenolo 7:10)—2/1, maqephe 6-8

◻ Re ka bontša kananelo ea rōna e tlohang pelong joang bakeng sa ’Mōpi?

Lerato la rōna le teboho bakeng sa ’Mōpi li lokela ho re susumelletsa ho mo sebeletsa ka boithatelo bo botle. Hona ho bolela ho fetang ho phela bophelo bo hloekileng le ho se etse lintho tse mpe mahlong a Molimo. Boitšoaro ba bomolimo ke ba bohlokoa, empa ho sebeletsa Jehova ho akarelletsa ho mo rorisa ka mafolo-folo le ka thabo, ho bolella ba bang ka liketso tse khōlō tsa Jehova le merero e meholo. (Pesaleme ea 96:2-4)—2/15, leqephe 7

◻ Batho ba ikarotse ka lihlopha tse kae tsa bolumeli?

Ho hakantsoe hore ho na le litumelo tse khōlō tse 10 le mekha e khelohileng e 10 000.—3/1 maqephe 3, 4.

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova e se mokha oa bokhelohi?

Lipaki tsa Jehova ha se barutuoa ba moeta-pele kapa moruti oa motho. Jehova Molimo le Kreste Jesu ke baruti ba tsona. Kahoo, Lipaki tsa Jehova hase mokha oa bokhelohi.—3/1, maqephe 9.

◻ Ho hlokahala eng hore lefatše e be Paradeise?

Paradeise e hloka ho fetang tikoloho e ntle ea tlhaho le pōpo eohle ea liphoofolo e phela khotsong eona ka boeona le batho. Paradeise e ama le batho ba hlaoletseng botho bo kang ba Molimo ka botho ka khotso, bohle ba sebetsana ka lerato.—4/1 maqephe 3, 4.

◻ Paradeise e teng ka kutloisiso efe lefatšeng kajeno?

Ha ho bapisoa le qhoebeshano, karohano le boitšoaro bo bobe tse teng lefatšeng kajeno, khotso, lerato le bonngoe har’a Lipaki tsa Jehova li etsa paradeise ea moea bakeng sa tsona. Hona ke tatso e tlang pele ea kamoo batho ba tla phela hammoho ka khotso lefatšeng lena Paradeiseng ea sebele Pusong ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste. (Esaia 11:6-9)—4/1 maqephe 4-7.

◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho sesinyi: “U tla ba le ’na kajeno Paradeiseng”? (Luka 23:43)

Sesinyi e ne e se mōhlōli ea tšepahalang oa Mokreste ea tšoaneloang ke bophelo e le ea ka busang leholimong le Kreste. Ka baka leo Jesu o ne a sa tšepisi lesholu le shoang paradeise ea leholimo. Mantsoe a Jesu a ne a bolela hore o tla ba le sesinyi ka ho se tsosa bafung ho kena paradeiseng ea lefatšeng e be joale o hlokomela litlhoko tsa sona, nameng le moeeng.—4/15 maqephe 4, 5.

◻ Lintho tse ling tseo re ka ithutang tsona bukeng ea Exoda ke life?

Bukeng ea Exoda Jehova o tšoantšetsoa e le eena ea phelisang batho ba hae, e le Molopolli eo ho seng ea kang eena hape e le Molimo oa phutheho e busoang ke Molimo. Hona ho tiisa tumelo ea Lipaki tsa Jehova kajeno hore o tla etsa ka ho tšoanang maloka le tsona.—4/15 maqephe 31.

◻ Hantle-ntle lentsoe Harmagedone le bolela eng?

Tlhaloso ea lentsoe ke “thaba eo makhotla a ntoa a subuhlellanang ho eona.” Kahoo Harmagedone, kapa Armageddone, e hlile hase sebaka se itseng se lefatšeng, empa ke boemo ba babusi ba lefatše ba bokelleloang ho ea loana le Molimo O matla ’ohle. (Tšenolo 16:13-16)—3/15 maqephe 3-6.

◻ Mokreste a ka boloka ho thabela menyaka sebakeng se ho loketseng joang?

Ho thabela menyaka ho ka bolokoa sebakeng se ho loketseng ka ho ineela melaong ea motheo e tataisang ea Bibele ka tšoaneleho, tekanyetso, nako le tšenyehelo.—3/15 maqephe 25.

◻ Nchafatso eo Jesu a buileng ka eona ho Mattheu 19:28 ke eng? Tšimolohong Jehova o ne a rerile hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng ba thabela khotso ea ’nete le tšireletseho. Morero ona o tla phethahala Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, e tla fella ka ho tsosolosoa ha maemo a Edene. Ka mantsoe a mang, tsamaiso ea puso ea leholimo eo batho ba qalileng bophelo ka eona lefatšeng lena e tla nchafatsoa.—6/15 maqephe 8, 9.

◻ Ke melemo efe e teng ho lateleng mehlala ea Bibele ea ho sebelisa lebitso la Molimo?

Ho etsa joalo ho re thusa ho talima Molimo e le Boleng, e seng feela matla. Ho re thusa ho atamela haufi le oona, ’me ho felisa pherekano, ho leotsa monahano oa rōna ka oona, ho atametsa mehopolo ea rōna ho seo Bibele e hlileng e se rutang.—6/15 maqephe 10-13

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela