Buang Lentsoe la Molimo Le sa Tšabe Mehleng ea “Nuclear”
‘Buang lentsoe la Molimo le sa tšabe’—BA-FILIPPI 1:14, “NW.”
1. ’Mōpi oa athomo le bohare ba eona o entse hore ho boleloe eng ka sebete lilemong tse fetileng tse 48?
RE MEHLENG ea “nuclear.” Hona joale lefatše lohle le matsoalong a ntoa ea “nuclear.” ’Mōpi ea Matla ’ohle oa athomo le bohare ba eona o tsebisisa hoo. Lentsoe la hae bakeng sa mehla ea rōna, le hlokang ho boleloa lefatšeng lohle ke lefe? Nakong ea rōna o na le ‘monna oa tšoantšetso ea apereng line ea nang le lenaka la mongoli lehlakoreng la hae’ ea etsang mosebetsi oa ho tšoaea.
2. Ke mosebetsi ofe oa ho tšoaea o tsoetseng pele, hona ka sepheo sefe?
2 “Monna” enoa o ’nile a tšoaea liphatla tsa batho ba bobolang le ba feheloang ka lebaka la manyala ’ohle a etsoang, haholo-holo bolumeling ba Bojakane, bo ipolelang hore bo rapela Molimo. (Ezekiele, khaolo ea 9) Ha batho bana ba hopola boitšoaro ba baruti ba bolumeli ba Bojakane Lintoeng tsa Lefatše ea I le ea II, ba ikutloa ba tepella ka lebaka la seo ba nang le lebaka la ho lumela hore baeta-pele bao ba bolumeli ba tla se etsa ntoeng ea “nuclear” e ka ’nang ea loanoa lefatšeng lohle. Kahobane ba ne ba lebelletse lintho tse molemo ho bao ho thoeng ke baeta-pele ba Bokreste, ba tšoenyehile haholo ke seo joale baruti ba se lumellang lefatšeng lena le tletseng boitšoaro bo bobe haholo, le mabifi le le arohaneng bolumeling. Tsamaisong ea lintho e ahloletsoeng ho timetsoa haufi, batho bana ba lipelo li lokileng ba tšoaeloa ho pholosetsoa tsamaisong e ncha le e lokileng ea lintho.
3. Ke ho hlomoha ka eng hoo e leng habohlokoa ho feta ho hlomoha ka timetso eo ho lebeletsoeng hore e timetse ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ho etsoa ha mosebetsi oa ho tšoaea ho hloka eng?
3 Ha ho bonahale lintho tsa lefatše li ntlafala. Tabeng ea batho ba bangata hakaalo ba lipelo li lokileng ba kahare le kantle ho Bojakane, ke eng se tla khutsisa matsoalo a bona a hore ba ka felisoa kaofela ka mabifi haufinyane? Mohlomong ba mahlomoleng ke boemo ba lintho. Empa, habohlokoa haholo, na ba hlomohile hobane lebitso la Molimo oa Bibele e Halalelang le ameha ’me le rohakoa ka lebaka la tsela eo batho ba ipolelang hore ba bitsoa ka Iona ba itšoereng ka eona? Leha ho le joalo, ‘monna oa tšoantšetso ea apereng line’ ea ntseng a tšoaea batho ba bangata ba hlomohileng ke mang, hona o ho etsa joang? Baruti ba Bojakane ha ba ananele mosebetsi ona oa ho tšoaea ’me ba o hanyelitse ka matla. Ka lebaka leo ho hlokahala hore ba tšoaeang ba be sebete haholo hore ba etse mosebetsi.
4. Monna ea tšoaeang o ile a tšoantšetsoa ka mang, ’me ho hlokoa litšoaneleho life bakeng sa ba tšoaeang hona joale?
4 Empa leha ho le joalo o tsoetse pele ka matla a maholo ho tloha ka 1935. O entsoe ke sehlopha sa Bakreste ba ineetseng ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste, le ba ileng ba tšoantšetsoa ka moprofeta Ezekiele, moprista oa Iseraele ea boholo-holo. Ke eena ea ileng a bona ‘monna ea apereng line ea nang le lenaka la mongoli lehlakoreng la hae.’ Ba ineetse ho Molimo o le mong le Ezekiele, ’me joaloka eena, ke Lipaki tsa Jehova. Ezekiele oa kajeno ka 1984 ke sehlopha sa boprista, sa Iseraele oa moea, eo moapostola Petrose a mo ngoletseng mantsoe a fumanoang ho 1 Petrose 2:9: “Ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.”
5. Ke baprista ba bakae ba tla ba tlas’a eo Jehova a mo hlapanyelitseng bopristeng bo boholo?
5 Kahoo, re hlokomela sehlopha sa Ezekiele sa kajeno ho ba se entsoeng ka ba sebeletsang ka tsela ea moea e le baprista ba tlase, tlas’a Moprista e Moholo, Jesu Kreste, eo Jehova Molimo a mo hlapantšitseng bopristeng “ka mokhoa oa Melkisedeke,” eo e neng e le morena oa Salema ea boholo-holo le “moprista oa Molimo o holimo-limo.’ (Pesaleme ea 110:4: Genese 14:18; Ba-Heberu 5:10; 6:20; 7:10, 11, 15-17) Ho tloha lekholong la pele la lilemo, leo moapostola Petrose a ngotseng lengolo la hae ka Iona, Jehova Molimo o khethile litho tsa “marena le baprista,” tse tla qetella li le 144 000 tlas’a moprista e Moholo, Jesu Kreste.—Tšenolo 7:1-8; 14:1-4.
6. “Baprista le marena” ba nameng ba bakae lefatšeng, ’me ba sebeletsa joaloka motho ofe oa tšoantšetso?
6 Kajeno, ho ea ka tlaleho ea lefatše ea sehopotso sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka la 29 Tlhakubele, 1983, ho na le masala a fokolang feela a litho tsa “marena le baprista” a ntseng a le nameng lefatšeng. Masala ana a sebeletsa hammoho e le monna ea apereng line oa tšoantšetso, ea etsang mosebetsi oa ho tšoaea batho ba tšoanelehang liphatleng tsa bona.
7. Ba neng ba tšoantšetsoa ke monna ea apereng line ea nang le lenaka la mongoli ba lokela ho tšepa hore Jehova a ba etsetse eng?
7 Moprofeta Ezekiele oa khale o ne a tlameha ho betefala ka ’nete hore a se ke a tšaba Baiseraele ba bahanyetsi ba mehleng ea hae. Empa Molimo o matla ’ohle oa tšepisa hore o tla tiisa sefahleho sa Ezekiele joaloka lifahleho tsa lira tsa hae, e, le ho li feta. Kahoo a se ke a tšaba bahanyetsi bana ba batho. (Ezekiele 2:4; 3:8; Esaia 51:12) Ka ho tšoanang, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea a etsang sehlopha se hlileng sa tšoantšetsoa ka monna ea apereng line le ea nang le lenaka la mongoli lehlakoreng la hae ho hlokahala a tšepe Molimo oa Ezekiele hore a tiise lifahleho tsa oona hore a thulane a sa cheche le lifahleho tse tiisitsoeng tsa bahanyetsi ba kantle le kahare ho Bojakane.
8. Jesu o fane ka litaelo life tse loketseng kajeno?
8 Lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong Lenqosa le Leholo la Jehova, Jesu Kreste, le ile la roma barutuoa ba Iona ho ea bolela Lentsoe la Molimo ba sa tšabe lira naheng ea habo bona. Pele a ba roma, a re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ba mpa ba se na matla a ho bolaea moea; le mpe le tšabe ea nang le matla a ho bolaea moea le ’mele liheleng.” (Mattheu 10:28) Ho phaella moo, bukeng ea ho qetela ea Bibele o bolella masala a tlotsitsoeng a mehleng ea rōna hore: “U se ke ua tšaba letho la tseo u tlang ho tšoenngoa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ea kenya ba bang ho lōna teronkong, hore le lekoe; ’me le tla ba le matšoenyeho a matsatsi a leshome. U tiee ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšenolo 2:10) Mantsoe ao a khothatsa hakaakang!
9. (a) Ho kenngoa litlamong ha Lipaki tsa Jehova tse ngata hakana kajeno ho bontša hore li mamela litaelo life tse fanoeng ka holimo? (b) Ke phello efe e fapaneng e bontšoang tabeng ea Pauluse?
9 Ha re hopola hore kajeno ho na le Lipaki tsa Jehova linaheng tse fetang 40 moo mosebetsi oa tsona o thibetsoeng ka molao—ruri ke palo ea Bakreste ba fetang ba neng ba kentsoe litlamong makholong a lilemo la pele le la bobeli—Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ha li matsoalong a se lokelang ho li utloisa bohloko, ho akarelletsa ho kenngoa litlamong. Ho kenngoa litlamong ha Bakreste ho ka ama Bakreste ba bang ka tsela e fapaneng le e neng e reriloe ke sera. Moapostola Pauluse o ile a ngola a le sebakeng seo a neng a koaletsoe ho sona: “’Me joale, ba bangata ho banab’abo rōna Moreneng ba ekelelitsoe matla a ho bolela lentsoe la Molimo, ba se na tšabo, ka ho khothahala ke litlamo tsa ka.”—Ba-Filippi 1:14.
10. (a) Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li khetheloa ho bua molaetsa o tsoang mohloling ofe? (b) Ke boemo bofe bo kang ba baapsotola lilemong tse makholo a 19 tse fetileng boo li lokelang ho bo nka?
10 Kajeno, joaloka mehleng ea Pauluse, Lipaki tsa Jehova ha li bolele ka sebete molaetsa o tsoang ho batho. Ke molaetsa o nakong o tsoang ka Bibeleng e Halalelang, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo o Holimo-limo, Jehova. Lentsoeng leo o bolella batho ba hae ba ineetseng le ba kolobelitsoeng hore e tlameha e be lipaki tsa hae, ba pake bomolimo ba hae le Borena. (Esaia 43:10, 12) Kaha o ba bolella hore ba bolele Lentsoe la hae le sa foseng, ke sebopuoa sefe, se boemong bo holimo kapa bo tlase se nang le tokelo kapa matla a ho li laela kapa ho li qobella hore li thole? Ho tlameha hore ho nkuoe boemo ba baapostola ba Bakreste ba lilemong tse fetileng tse 1 900, ha ba ne ba re ho baholo: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
11. Na batho ba ikentse melimo ka ho qapa seqhomane sa “nuclear,” hona ho thoe’ng ka matla a bona a ho hanyetsa ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso?
11 Batho ha baa iketsa melimo ka ho qapa seqhomane sa “nuclear,” ’me ba tla tlameha ho ikarabella ho Molimo o Holimo-limo ka hore na ba se sebelisa joang. (Hlokomela Pesaleme ea 82:6, 7.) Ka ho etsa seqhomane sa “nuclear” e le tšitiso e tšosang, mebuso e batla ho lelefatsa ho busa ha eona lefatše, ho e-na le ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste. Mebuso e nyatsa le ho kena-kenana le ho boleloa ha kajeno ha ’Muso oo ho etsoang ke balateli ba ’nete le ba ikokobelitseng ba Jesu Kreste. Mehla ena ea “nuclear” ha e-ea ntša kapa ho etsolla ho sebetsa ha mantsoe a boprofeta a Kreste: “Tseo ke qalo ea tlokotsi. Empa lōna le iponele; hobane ba tla le isa makhotleng le masynagogeng; le tla otloa, le emisoe pel’a babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be lipaki ho bona. E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele. Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, ’me le se ke la se nahana, empa seo le tla se neoa [ho se bolela] nakong eona eo, le bolele sona; hobane e ke ke ea e-ba lōna le buang, empa e tla ba moea o halalelang.”—Mareka 13:8-11.
12. Ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi, ke eng e neng e lokela ho boleloa pele, ’me hona e ne e lokela ho ba pontšo e totobetseng haholo ea eng?
12 Tlokotsi ea lefatše e qalile ka 1914. Matšoenyeho a hlileng a boleloa a balateli ba khabane le ba mamelang ba Jesu Kreste a ile a latela ’me a tsoela pele ho tla fihlela kajeno. Bopaki bohle bo bontša hore re phela ‘ho feleng ha lefatše,’ e, re haufi le tlhoro ea hona mehleng ena ea “nuclear.” (Mattheu 24:3; Mareka 13:3, 4) Empa pele bofelo bo feletseng bo e-tla, ‘litaba tse molemo’ li lokela ho ‘boleloa pele.’ Kahoo ‘ho bolela lentsoe la Molimo ho se tšabo’ lebitsong la ’Muso ke bopaki bo bong bo totobetseng ba hore re phela ‘ho feleng ha lefatše.’—Mattheu 24:14.
Ho Ja Lentsoe la Molimo le ho le Bolela Lefatšeng Lohle
13. Ke phihlelo efe e kang e hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 10 eo masala a tlotsitsoeng a bileng le eona kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše, ’me hoba a khatholloe, a neoa taelo efe?
13 Johanne, morutuoa oa ho qetela ho ba pholohileng ba khethiloeng ke Jesu e le baapostola, o phethile tšebetso ea hae ea lefatšeng ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo. Nakong ena ea ‘ho fela ha lefatše’ ho tloha ka 1914 ho bile le masala a Bakreste ba ineetseng, ba kolobelitsoeng ba tlotsitsoeng ka moea oa Jehova. Masala ana a ile a tšoantšetsoa ka Johanne, mongoli oa Tšenolo, buka e qetellang ea Bibele. Selemong sa pele sa kamorao ho ntoa sa 1919, masala ana a bile le phihlelo e kang eo Johanne a itlhalosang ka eona ho Tšenolo khaolo ea 10. Phihlelo ena e ne e tla etsahala haufi le nako ea ha “sephiri sa Molimo” kapa “sephiri se halalelang” sa oona, se neng se tla phetheha. (Tšenolo 10:7, Bibele ea Sesotho, NW) Hoba litho tsa kajeno tsa sehlopha sena se neng se tšoantšetsoa ke Johanne li khatholloe moeeng ka hore li je “bukana” e monate eo li neng li e neoa, tsa bolelloa hore: “E ka khona u boele u profete holim’a lichaba, le mefuta, le lipuo, le marena a mangata.”—Tšenolo 10:10, 11.
14. Thōmo e neng e tobile moapostola Johanne Patmose e phethahalitsoe ke bo-mang?
14 Ha re na tlaleho ea hore na e be sehleke-hlekeng sa Patmose moapostola Johanne o tsebile ho phethahatsa kabelo ea hae ea tšebeletso e khōlō hakaalo a bile a tsofetse joalo. Empa ho thoe’ng ka batlotsuoa ba kajeno ba neng ba tšoantšetsoa ke Johanne? Sehlopha sena ke sona se phethahatsang boemo ba hae ba boprofeta le ho bona hore thōmo e neng e mo tobile e phethahatsoa ka botlalo. Polelo, “u boele u profete” e bontša hore ho phethahatsoa ho lokolohileng ha mosebetsi oa hae oa bopaki ho ne ho sitisitsoe ke ho lelekeloa ha hae Patmose. Ho totobetse hore seo a ileng a se bolelloa mono se ne se hlile se reretsoe bao a neng a ba tšoantšetsa kajeno. Ha ho le joalo, re tlameha ho botsa: Lipaki tsa Jehova li bolela linaheng tse ngata hakae le ka lipuo tse kae ha li bua Lentsoe la Molimo li sa tšabe li leka ho bolela ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho Iona e le bopaki’?—Mattheu 24:14, NW.
15. Ho bolela ho entsoe ho fihlela hokae kajeno?
15 1983 Yearbook of Jehovah’s Witnesses e tlaleha linaha tse 205, ka lingoliloeng tsa Bibele li hatisoa ka lipuo tse ka bang 190. Linaha tseo li akarelletsa batho ba batšo, ba basoeu, ba basehla, ba bafubelu, le ba basootho, hape le merabe e sa tšoaneng, meloko le mekha hammoho le maleme. Ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše palo ea “marena” a literoneng e theohile haholo, empa ho na le babusi ba bang ba bangata ba lipolotiki ba pusong hona joale. Ho sa tsotellehe hore na ba bitsoa joang, molaetsa oa Lipaki tsa Jehova kajeno o ba ama kaofela ’me o sebetsa ho bona kaofela. Ho thibeloa ha Lipaki tsa Jehova linaheng tse ngata hakana ho fana ka bopaki ba ’nete ena.
16. Ka hona ke polelo efe e tsoetseng pele e sa hanyetsoe, ho sa tsotellehe lithapelo tsa bolumeli tsa baeta-pele ba lefatše bakeng sa eng?
16 Ka hona ho sa tsotellehe Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng, tse ileng tsa hlongoa e le mokhoa oa ho ntšetsa pele le ho boloka bonngoe ba lefatše, ho bolela ka sebete ’Muso oa Molimo ka Kreste e le oona tšepo feela bakeng sa batho ho tsoetse pele ho sa sitisoe. ‘Litaba tse molemo tsa ’muso’ ha lia bonahala li le “molemo” ho baeta-pele ba lefatše, kaha li fapana le seo ba nahanneng hore se molemo haholo bakeng sa batho ba mahlomoleng. Ba ikutloa hore ke bona ba ka hlokomelang litaba tsa lefatše. Haeba ba ikutloa hore ho hlokahala thuso e phahametseng matla a motho, ruri lithapelo tsa bona tsa bolumeli li fella feela ho “molimo oa lefatše lena,” e seng ho feta moo. Moqapi ea halalelang oa “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” ha a khahloe ke “lefatše lena,” leo Satane Diabolose e leng molimo oa lona.—2 Ba-Korinthe 4:4.
17. (a) Ke hobane’ng ha Lentsoe le ngotsoeng la Molimo le sitiloe ho ripitlelloa ke bahanyetsi? (b) Lentsoe leo le utloahalitsoe ka molomo ke bomang ho tloha ka 1919?
17 Bibele ea boprofeta e bolela ka sebete hore lentsoe la Molimo ke la ka ho sa feleng le hore le tla hlola ka mehla le mehla. (1 Petrose 1:23-25) Lipolelo tseo ha lia hanyetsoa ho tla fihlela kajeno. Bibele, Lentsoe le bululetsoeng le ngotsoeng la Molimo, ha e-ea felisoa, ho sa tsotellehe boiteko bohle ba batho ba ho e senya ka lithibelo tsa bolumeli le ka litetema tsa mello. Kahoo, ho boleloa ha Lentsoe leo le ngotsoeng la Molimo ho ne ho hloka ea ka etsang hore le utloahale le ho mameleha. Ho boleloa ho sebete ha Lentsoe la Molimo ho etsoang ka melomo e eketsehang ho tsoetse pele feela ka Lipaki tsa Jehova ho tloha selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919, ho sa tsotellehe boiteko ba bahanyetsi ba halefisitsoeng ba ho bupetsa baboleli ba sebete.
18. Ke ho fihlela neng Jehova a tlang ho tsoela pele ho thatafatsa liphatla tsa ba joalo?
18 Na ho na le sebaka sa ho belaela hore Mofani oa leholimo oa Lentsoe leo o tla tsoela pele ho thatafatsa joaloka daemane liphatla tsa sehlopha sa kajeno sa Ezekiele le tsa metsoalle ea sona e sebete hore se talimane le bahanyetsi ba pelo li sataletseng ho fihlela ha timetso e hatella khanyetso ea bona? Ha se eo ho hang! O atlehisitse tsela ea Lipaki tsa hae ho fihlela joale. O tla ’ne a atlehise tsela ea tsona ho fihlela ha ‘ho profetela lichaba le batho le lipuo le marena hape’ ho phethiloe ka sebete. A ka lebelloa hore a etse joalo, ho itlotliseng le ho phahamiseng borena ba hae ba bokahohle.
Na U Ka Hopola?
◻ Hore na ho ne ho tšoantšetsoa eng e sa le pele bakeng sa mehla ea rōna ka ‘monna ea apereng line ea nang le lenaka la mongoli,’ ’me o sebetsa eng hona joale?
◻ Hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li be sebete?
◻ Hore na ha moapostola Johanne a e-ja “bukana,” joale o ne a tla etsa joang, ’me ke eng e tšoanang le eo mehleng ea kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mehleng ena ea “nuclear” monna oa tšoantšetso ea apereng line o etsa mosebetsi o sebete. Na u kenelletse mosebetsing oo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha Johanne a amohetse buka ea tšoantšetso ’me a laeloa hore a ‘boele a profete,’ Bakreste ba kajeno ba bolela molaetsa oa Molimo ka sebete