Liboholi, Phahamisang Mantsoe!
“Utloa liboholi tsa hao! Li phahamisa lentsoe.”—ESAIA 52:8.
1, 2. (a) Maloka le Esaia 52:8, ho hlaha potso efe? (b) Moruti o ipolela joang?
LIBOHOLI tse boleloang mona ke life? Na ke liboholi tsa litumelo tsa Bojakane? Ekaba kajeno baruti ba Bojakane ba re’ng ka ’Muso oa Molimo? Mohlala o latelang o ka ’na oa re thusa ho arabela potso eo.
2 Mohlomphehi “Reverend Doctor” oa Univesithi ea Aberdeen, Scotland, o itse:
“Ka lilemo tse fetileng tse leshome le metso e tšeletseng [1963-78] ke hopola makhetlo a mabeli feela ao ke utloileng lipolelo tse hlileng li lokiselitsoeng sehlooho sa ’Muso oa Molimo. . . . Hona ho hlile hoa ‘makatsa hobane ho lumellanoa hohle ke liithuti tsa Testamente e Ncha hore sehlooho se seholo sa lievangeli le thuto ea Jesu e ne e le ’muso oa Molimo. . . . Ke hobane’ng ha batho ba sa bolele ka ’muso oa Molimo? Ke lumela hore ho na le karabelo e le ’ngoe feela e totobetseng, ‘Hobane ha rea rutoa hore na re ho etse joang.’”
3. Mantsoe a Esaia 56:10, 11 a sebetsa joang kajeno?
3 Ka ho totobetseng, baruti ba sitiloeng ho bolela ’Muso oa Molimo ha baa utloisisa bohlokoa ba litaba tse molemo. Ha baa ela hloko khoeletso ea Esaia ea hore ba eme ka maoto, ba tsohe. Ba sitoa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa lintho tse molemo, hobane ha ba tsebe letho le molemo ho feta lithuto le mekhoa ea bolumeli ba lefatše. Ke ‘liboholi tsa lifofu,’ tse hlalosoang hantle ho Esaia 56:10, 11.
4. (a) Liboholi tsa Esaia 52:8 li bapisoa joang le baruti ba kajeno? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha Moruti oa rōna e Moholo?
4 “Ha rea rutoa hore na re ho etse joang.” Lebaka leo le fanoe ke “Reverend Doctor” bakeng sa ho se bolele ’Muso oa Molimo. Empa, ka thabo, ho na le liboholi tse bolelang ’Muso oa Molimo kajeno, ’me li tseba ho bolela ka mokhoa o kholisang, ka lebaka la hore li rutiloe ’me li ntse li rutoa. Ke tsona tseo moprofeta oa Molimo a buang ka tsona ha a re: “Jehova ke Molimo oa kahlolo. Ho thaba bohle ba lulang ba mo lebelletse. . . . Moruti oa hao e Moholo a ke ke a hlola a iphihla, ’me mahlo a hao etlaba mahlo a bonang Moruti oa hao e Moholo. ’Me u tla utloa ka litsebe tsa hao lentsoe kamor’a hao le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona, lōna batho,’ e se re la ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.”—Esaia 30:18, 20, 21, NW.
5. (a) Jehova o entse litokisetso life tsa phutheho bakeng sa batho ba hae? (b) Ke lintlheng life, mabapi le ’Muso, moo Lipaki tsa Jehova kajeno li tšoanang le Jesu le baapostola ba hae?
5 Lipaki tsa Jehova ha li rutoe ka ’Muso oa Molimo liseminaring tsa thuto ea bolumeli tsa mekha ea Bojakane, empa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo le libokeng tse ling tsa beke le beke Liholong tsa ’Muso tsa tsona. Li koetliselitsoe ho bolela ’Muso ka mokhoa o beang ha li e-ea ka ntlo le ntlo le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele le batho ba thabelang ho rutoa ba batlang ho ithuta ka ’Muso. Taeo ena e tsoa ho Jehova ka phutheho ea hae, eo a buileng le eona, a re: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena [Jehova]; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” Lipaki tsa Jehova li tseba sohle ka ’Muso, le hore o tla tlisa mahlohonolo a e-song ho senoleloe batho mona lefatšeng. Ba rapella ’Muso oa Molimo hore o tle ’me ka mafolo-folo ba bolela tšepo ea ’Muso ho tšoana le Jesu le baapostola ba hae.—Esaia 54:13; Mattheu 4:17; 6:10; 10:7; 12:21; 24:14.
Liboholi, Tlerolang!
6. (a) Sehlopha sa seboholi se etsoa ke bafe kajeno, ’me ba etsa tšebeletso efe? (b) Seboholi se utloahatsa temoso efe kajeno, se sebelisa kofuto efe?
6 Mangolong a mangata, baprofeta ba Molimo ba bolela ka liboholi. Mehleng ea boholo-holo li ne li lebela ka linako tsohle, li loketse hore li ka lemosa ka sera se tlang. Ho Esaia 21:8 se seng ho tsona sea tlaleha: “Morena, ke ntse ke eme motšehare oohle toreng, ke ntse ke tiisa ho lebela ka masiu ’ohle.” Sehlopha sa seboholi kajeno, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa batlotsuoa ea emelang Morena Jesu Kreste mona lefatšeng, o etsa tšebeletso e joalo. Seboholi sena se lemoha kamoo liketsahalo li tsoelang pele kateng lefatšeng phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, se utloahatsa molumo oa temoso oa ‘mahlomola a maholo ao ho e-song ho be a kang oona le tšimolohong ’me a ke keng a e-ba teng le ka mohla’ le ho phatlalatsa ‘litaba tse molemo tsa lintho tse molemo.’ Molula-Qhooa, o hatisoang ka likopi tse 10 200 000 tokollo ka ’ngoe bakeng sa lefatše lohle ke kofuto e ’ngoe e khōlō haholo e sebelisoang ke seboholi ho phatlalatseng litaba tsena tse molemo.—Mattheu 24:14, 21,45-47; Esaia 52:7.
7. Ke bo-mang ba sebeletsang ho tšehetsa “liboholi,” ’me ke hobane’ng ha thuso ea bona e hlokahala?
7 Sehlopha sa seboholi sa “mohlanka” se tšehelitsoe ka botšepehi haholo ha se bolela litaba tse molemo. Kamoo sehlooho se fetileng se bontšitseng kateng, ha ho tlalehoa ba bileng teng Sehopotsong ka 1983, masala a batlotsuoa ba “mohlanka” lefatšeng hona joale a ka holimonyana ho 9 000. A hloka ho thusoa ho finyella mosebetsi oa boboleli ka mokhoa o molemo. ’Me thuso ena e bile teng! Metsoalle e limillione e khobokana ka lehlakoreng la oona, ’me le eona e phahamisa mantsoe le “liboholi” tse hlalositsoeng ho Esaia 52:8. Ka kutloisiso ea sebele, mantsoe a bona a nyalana hamonate le a “liboholi” ho hooa litaba tse molemo.
8. (a) Chate e leqepheng la 16 le 17 e bontša eng ka katoloho ea ’Muso? (b) Boemo ke bofe libakeng tseo mosebetsi oa ’Muso o seetsoeng moeli ho tsona?
8 Phetla maqephe 16 le 17 a makasine ona ’me u tla bona hore, lefatšeng lohle, Jehova o hlohonolofatsa liboholi tsena le metsoalle ea tsona e tšepahalang. Li ‘phahamisitse mantsoe a tsona’ hoo keketseho e khōlō ea bahoeletsi e thabeloang hohle. Hona ho ka lebelloa hona joale ha e le mona Kreste Jesu a busa ’Musong oa Ntate oa hae, hobane na Esaia 9:6, 7 ha e bue tjee ka ‘Morena enoa oa Khotso’: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng”? Kamoo chate e bontšang, ho na le linaha tse ling tsa lefatše, ho akarelletsa tse nang le baahi ba bangata haholo, moo mosebetsi oa ’Muso o thibetsoeng ka matla. Lipaki tse libakeng tsena li etsa seo li ka se khonang ka thuso ea moea oa Jehova. (Zakaria 4:6) Baholo ba mebuso ba hanyetsang, le batho ba tšehetsang ba joalo ba tla jara molato o matla oa mali ha mahlomola a maholo a otla.—Bapisa Ezekiele 3:17-19.
Baboleli ba Litaba tse Molemo ba Bo-Pula-Maliboho
9. (a) Ka ho ea chateng, u na le litlhaloso life ka keketseho ea bo-pula-maliboho? (b) Ke litlaleho life tse thabisang tse rometsoeng ke makala a Watch Tower?
9 Chate ea lefatše lohle e boetse e fana ka keketseho ea bo-pula-maliboho lefatšeng ka 1983. Hona ruri hoa hlolla! Joalokaha ho bontšoa ke mehlala ea litlaleho tse ka tlase, makala a Watch Tower lefatšeng lohle a thabela ho bona lenane la ba ithaopelang ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang, ba ka mehla le bo khethehileng (haeba ho hlokahala):
Barbados: Palo ea bo-pula-maliboho ba thusang ka ’Mesa 1981 e ne e le 292, 529 ka 1982 le 740 ka 1983.
Belgium: Likopo tsa bopula-maliboho ba kamehla li eketsehile ka 30 lekholong ka 1983.
Chile: Karolelano ea bo-pula-maliboho ba thusang e ne e le 987—keketseho ea 40 lekholong.
Ivory Coast: Palo ea bo-pula-maliboho ba kamehla ea nyolohela ho 15 lekholong ngohola.
Portugal: Ho neng ho hlolla kannete ke tlhoro ea ’Mesa ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 3 064, keketseho ea 140 lekholong holim’a tlhoro ea nako e fetileng.
Sweden: Tlhoro e fetang tsohle ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 796 ba tlalehileng.
Thailand: Ka ’Mesa, 23 lekholong ea bahoeletsi ba rōna ba 821 ea tlaleha e le bo-pula-maliboho.
Venezuela: Ba fetang 200 ba qalisitse mosebetsing oa bopula-maliboho ba kamehla ka 1983.
10. Ke eng e bontšang hore hloriso e ke ke ea khutsisa liboholi?
10 Linaha tseo ho tsona mosebetsi oa ’Muso o seetsoeng meeli haholo le tsona li tlaleha keketseho ea bahoeletsi le bopula-maliboho. Naha ea Afrika e bileng le mahloriso a tšabehang ka ho fetisisa lilemong tse fetileng tse 15 e ile ea fihlela tlhoro ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 616 le bo-pula-maliboho ba thusang ba 207 ka selemo sa tšebeletso sa 1983. ’Me hona lefatšeng la Afrika, naheng eo baena ba 75 ba leng litlamong, palo ea bahoeletsi e eketsehile ka 35 lekholong ho feta karolelano ea selemo se fetileng, ha bo-pula-maliboho ba thusang ka ’Mesa ba ne ba le 151 lekholong ho feta tlhoro ea nako e fetileng. “Liboholi” le metsoalle ea tsona li tsitlella ho phahamiseng mantsoe a tsona!
11. Tšebetso ea bopula-maliboho e ka tsoela phutheho molemo joang, hammoho le tšimo eohle ea lefatše?
11 Tšebetso ena eohle e chesehang ea bopula-maliboho e chesehisa mosebetsi oa ’Muso haholo. Ka mohlala, e fella ka hore ho koaheloe sebaka se seholo haholo le hore ho sebetsoe lihora tse ngata haholoanyane ho boleleng litaba tse molemo. Kakaretso ea nako e sebelitsoeng lefatšeng lohle ka 1983 ho boleloa ’Muso ke lihora tse 436 720 991, keketseho e tsotehang ea 13,5 lekholong! Ho qalisitsoe lithuto tse eketsehileng—bongata ba tsona li qaloa ke bo-pula-maliboho ba thusang—’me batho ba bangata ba thabelang ba kopanngoa le phutheho ea Molimo.
12. Bopula-maliboho bo tlisa melemo efe ea botho?
12 Bopula-maliboho bo tlisa le melemo ea botho. Khoeling ea bopula-maliboho bo thusang, mohoeletsi o etsa hamolemo ’me o tsoela pele ho bueng ka molaetsa oa ’Muso ho ba bang! Hape, thabo e khōlō e tlisoa ke ho kopanela le ba bang tšebeletsong ena le ho bona limakasine tse tsamaisoang, maeto a ho boela le lithuto tse eketsehileng. Ba bangata ba ’nile ba thabela likhoeli tsena tse tlang ka seoelo ka linako tsa bo-pula-maliboho bo thusang hoo ba entseng litokisetso tse hlokahalang hore e be bo-pula-maliboho ba kamehla. Ba bang ba etsa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang motheong oa kamehla.
13. Ke khothatso efe eo re ka e fumanang liphihlelong tse peli tse tsoang Pakistane?
13 Ho tlalehoa hore ho thata haholo ho sebetsa sebaka sa ma-Mosleme sa Pakistane. Empa leha ho le joalo tlaleho ena e tsoa naheng eo:
Moena e mong ea ileng a kenela bopula-maliboho bo thusang kamehla likhoeling tse fetileng tse 30 o itse: “Ho bonahala hore tšebeletso ena ea imdadi (lentsoe la Seurdu bakeng sa thusa) e nkhomaretse ka matla haholo, ’me ke ikutloa hore ke tla thatafalloa haholo haeba nka rata ho bo tlohela. E se e le karolo ea bophelo ba ka le mosebetsi oa letsatsi le letsatsi ho sebetsa bonyane lihora tse peli ke pakela ba bang.”
“Bonyane lihora tse peli’’ ka letsatsi tšebeletsong ea ’Muso—ke sohle se hlokoang ke bopula-maliboho bo thusang. Na u ka ho etsa? Ho ka ’na ha u etsa hore u phele hantle haholoanyane ’meleng le ho u thabisa, joalokaha phihlelo ena e ’ngoe e tsoang Pakistan e etsa tlhahiso:
Moena e mong ea ileng a phomola mosebetsing oa boipheliso a le lilemo li 58 ’me ho tloha ka nako eo a ikopantse le bo-pulamaliboho ba thusang o re: “Ke bile paki ka lilemo tse fetileng tse 28, empa ha ho mohla nkileng ka thaba le ho ananela ho ba Paki joaloka likhoeling tse fetileng tse robeli tsa ho ba pula-maliboho ea thusang kamehla. Ha ke arabela bao ke neng ke sebetsa le bona lefatšeng hore na ke hobane’ng ha ke shebahala ke le sihatmand (ke phela hantlenyana, Seurdu hape ke le khush (ke thabile hahoaloanyane, Seurdu) hoba ke phomole mosebetsing, ke ba bolella hore ke ho sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova, ka botlalo ho nthabisang le ho nkhotsofatsang haholoanyane le ho etsa hore ke shebahale ke le sihatmand hape ke le khush.”
Na ha u rate ho ba sihatmand le ho ba khush? Joale sebelisa ka botlalo menyetla ea hao ea bopula-maliboho bo thusang!
Ho Hahamalla Mahlohonolo a Bopula-maliboho
14. U supa chateng e maqepheng a 20-23, ho hlokomeleha tsoelopele efe ea bahoeletsi le bo-pulamaliboho, hona libakeng tse ngata hakae?
14 A re shebeng tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso sa 1983 ea Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle joalokaha e hlaha maqepheng a 20-23 a makasine ena. Maqephe ana a mane a re bontša ho hongata ho feta lipalo feela. A pakela boiteko bo boholo boo bahoeletsi ba ’Muso linaheng tse 205 kapa libaka ba bo entseng ho bolela litaba tse molemo. Ak’u theose ka karole e reng “Karolelano ea Bahoeletsi ba Bo-pula-maliboho” ’me u bone hore na linaha tse ngata li tlatselitse hantle hakaakang tšebeletsong ena. ’Me bo-pula-maliboho ba tšehelitsoe ka botšepehi ke bahoeletsi ba phutheho, ba kenetseng moea oo oa tšebeletso e chesehang, le hoja tlatsetso ea ba bang mohlomong e ka tšoantšoa le ‘cheletana ea mohlolohali.’—Mareka 12:41-44.
15. Malapa a ka hlohonolofatsoa joang ha a tlatsetsa boitekong ba ho bula maliboho?
15 Malapa a theileng bophelo ba oona tšebeletsong ea bopula-maliboho a lehlohonolo ruri. Malapa a mang a iketselitse pakane ea ho ba lelapa la bopula-maliboho ’me a finyelletse pakane eo, a kopanela e le lelapa mosebetsing o mong oa ho iphelisa oa nakoana o etsang “hore mosi o ’ne o kubelle lapeng.” Malapa a mang a kopanya matsoho ho tšehetsa setho se seng sa lelapa mosebetsing oa bopula-maliboho ba kamehla, ’me moea oa bopula-maliboho o kenngoang ka tsela eo ka lapeng o tsoela bohle molemo.
16. (a) Batsoali ba ka bontša ho thahasella tsoelopele ea moea ea bana ba bona joang? (b) Ha re hlahloba bophelo ba Jesu ba pele, re fumana mohlala ofe o molemo?
16 Bohle ba bileng teng Likopanong tsa Setereke tsa “Bonngoe ba ’Muso” ba utloile puo e ntle ka ho bea lipakane. Batsoali ba ka koetlisa bana ba bona hore ba be le lipakane tse molemo bophelong kahobane ba e-na le lithahasello tse molemo haholo tsa bana ba bona lipelong tsa bona. (Liproverbia 22:6) E ’ngoe ea tsona e ka ba tšebeletso ea bopula-maliboho. Hopola ka koetliso eo Jesu ka boeena a e fumaneng lilemong tsa bocha ba hae. Ha a le lilemo li 12 o ne a rutehile Mangolong hoo a neng a ka beelana mabaka le baruti tempeleng. (Luka 2:46, 47) Ha a ka a hahamalla mosebetsi oa boipheliso, o kang molao kapa bongaka. Ho e-na le hoo a ithuta ho sebetsa ka matsoho a hae e le ’metli, ha a ntse a itlhomella moeeng bakeng sa mosebetsi o mo emetseng. (Mareka 6:3; Johanne 7:46) Ha ba le sekolong, bana ba Lipaki tsa Jehova kajeno ba ka ’na ba sebeletsa lipakaneng tse molemo ka ho tšoanang. Batsoali ba ka ba khothalletsa sena.
17. Bo-pula-maliboho ba banyenyane ba itetseng ba ka ba le tšepo ea eng ha ba bapisoa le bacha ba lefatše?
17 Ho tlalehoa hore liithuti tse ngata tsa likoleche kajeno ha li na mesebetsi. Empa hangata bacha ba koetlisitsoeng hantle ba Bakreste bao e reng ha ba qeta likolong tse phahameng ba tobang tšebeletsong ea bopula-maliboho ba fumana hore mosebetsi oa nakoana o loketseng o itlhahisa hantle ha o hlokoa. Jehova o na le hona ho hlohonolofatsa le ho lokisetsa ba mo tšepileng ha ba ntse ba ‘batla ’muso pele’ ka moea oa boitelo.—Mattheu 6:19-21, 31-33; Liproverbia 3:5, 6; Malakia 3:10.
18. Ho buisana ka tšebeletso ea bopula-maliboho ho ile ha tsoela phutheho ea Philippines molemo joang?
18 Ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba botsa, ‘Molato ke’ng ha ho boleloa haholo hakaale ka bopula-maliboho. Bo re hlōla ka bongata ’me re ke ke ra bo khona.’ Empa bo-pula-maliboho ba thabileng ba ka tlatsetsa hantle haholo moeeng oa phutheho le ho atolosoeng ha mosebetsi sebakeng ka seng! Molula-Qhooa oa June 1, 1983, o bile le sehlooho se ithutoang se neng se re “Moea oa Tšebeletso ea Bokreste.” Potso ea serapa sa 7 e ne e re: “Mosebeletsi e mong le e mong oa Mokreste o lokela ho ipotsa potso efe?” Hona ho hlokomelisa ka potso e serapeng, e neng e re: “Na nka hla ka lokafatsa ka pel’a Jehova ’nete ea hore ha ke pula-maliboho?” Ha ba hlalosa ka serapa sena thutong ea Molula-Qhooa Philippines, ba bararo ba neng ba le teng, ka lilemo tse sa tšoaneng, ba re, ho nahanisisa ka potso ena ho ba susumellelitse hore e be bo-pula-maliboho. Phutheho ea ba opela mahofi.
19. Ba sitoang ho bula maliboho ba ka tlatsetsa habohlokoa joang ka phuthehong?
19 Ke ’nete, ho na le Lipaki tse ineetseng tseo, ka pel’a Jehova, li seng boemong ba ho bula maliboho. Ba bangata ka liphuthehong tsa rōna ba ka ’na ba e-ba joalo. Leha ho le joalo, batho ba joalo ba ka tlatsetsa hamolemo moeeng oa bopula-maliboho ka phuthehong. Baholo le lihlooho tsa malapa ba ka khothalletsa bacha ho etsa bopula-maliboho pakane ea bona. Phutheho eohle e ka tšehetsa ka pelo eohle bao e seng e ntse e le bo-pula-maliboho. Ka linako tse loketseng, tse kang nakong ea Sehopotso, ketelong ea molebeli oa potoloho kapa nakong ea phomolo ea sekolo, ho na le ba bangata ba ka ’nang ba iteka ho kopanela bopula-malibohong bo thusang. Lumela hore Jehova o tla u matlafatsa ha u iteka. “Le etsetsoe kamoo le lumetseng kateng.” (Mattheu 9:29) Empa haeba ho kula, boikarabelo kapa lintho tse ling li eme tseleng le ea bopula-maliboho bo thusang, u boloke boikutlo bo nepahetseng. Neelana ka nako leha e le efe eo u ka e khonang ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa lintho tse molemo’ ’me u tšehetse u be u khothatse ba bulang maliboho.
20. (a) Re lokela ho falimehela boemo bofe ba lefatše kamehla? (b) E be joale boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka mosebetsi oa pholoho?
20 Hona joale re phela lefatšeng le mabifi le le boitšoaro bo bobe. Jehova o tloha a liha kahlolo, joalokaha a entse mehleng ea khale. (Genese 6:11; 18:20; Luka 17:26-30) Ena ruri ke ’mehla ea qetello. (2 Timothea 3:1-5, 13) Kamoo re nang le sebaka, re kopaneleng mosebetsing o moholo oa ho phatlalatsa poloko ho ba sa ntsaneng ba tla tsoa tsamaisong ea khale hore ba eme ka lehlakoreng la ’Muso oa Jehova. Re leboha hore Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa hae haholo hakana ngohola. Ka 1984, e se eka re ka ikopanya hape le liboholi tsa ’Muso tse hohle ho phahamiseng mantsoe ho roriseng Jehova.—Esaia 62:6.
Lipotsonyana tsa tlhahlobo:
◻ Baruti ba sitiloe ho bolela litaba life tse molemo, hona hobane’ng?
◻ Chate e maqepheng 16 le 17 e bontša eng ka mosebetsi oa liboholi tsa Sione?
◻ Bopula-maliboho bo tlisetsa batho ka bomong le phutheho melemo efe?
◻ Bahoeletsi bohle ba ka phuthehong ba tlatsetsa hamolemo joang moeeng o motle oa bopula-maliboho?
[Lebokose le leqepheng la 24]
Ho ba bangata, bohato bo kenang tšebeletsong ea bopula-maliboho ba kamehla bo ile ba boela ba bolela ho kena bophelong bo enneng haholoanyane. Pula-maliboho oa kamehla Nigeria o boletse sena:
“Joaloka pula-maliboho oa nako e tletseng, ke bile le mahlohonolo a mangata haholo ’me ke tlameha ho pheta a mang a oona: (1) Joale ke tseba ho bala ha phollatsi ka lebaka la ho bolela kamehla. (2) Le hoja ke sa kena sekolo, ke tsamaisa lithuto tsa Bibele habonolo. (3) Ke le moholo, ke atlehile ho tsamaisa thuto ea ‘Molula-Qhooa’ le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo. (4) Nakong ea Likolo tsa Tšebeletso ea ’Muso ke ile ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuoang ka Senyesemane. (5) Haeba mang kapa mang a batla ho qhekella boboleli ba ka ka ho sebelisa puo ea bahlalefi, ke mo etsa hore a utloisise hore kea mo utloa ka lebaka la karabelo ea ka. Hona hohle ho nkentse hore ke fihlele qeto ea hore mosebetsi oa bopula-maliboho ke o neiloe ke Jehova.”
[Chate e leqepheng la 16, 17]
Katoloho ea ’Muso Selemo sa Tšebeletso sa 1983
“Tumelo ea bona e ile ka lefatšeng lohle.”—Ba-Roma 10:18; Liketso 1:8.
Chate ena e bontša lipalo tsa karolelano ea keketseho ea khoeli le khoeli lefatšeng lohle
Amerika Leboea
Bahoeletsi: 690 979; keketseho 6%
Bo-pula-maliboho: 58 381; keketseho: 16%
Europa
Bahoeletsi: 601 918; keketseho: 5%
Bo-pula-maliboho: 38 978; keketseho: 17%
Latin Amerika
(Ho akarelletsa Lihleke-hleke tsa Caribbean)
Bahoeletsi: 472 816; keketseho: 11%
Bo-pula-maliboho: 35 450; keketseho: 23%
Asia
Bahoeletsi: 122 726; keketseho: 12%
Bo-pula-maliboho: 34 586; keketseho: 24%
Lihleke-hleke tsa Pacific
Bahoeletsi: 117 816; keketseho: 8%
Bo-pula-maliboho: 11 386; keketseho: 24%
Afrika
Bahoeletsi: 266 375; keketseho: 6%
Bo-pula-maliboho: 21 690; keketseho: 17%
Linaha tse Nang le Lithibelo
Bahoeletsi: 229 092; keketseho: 4%
Bo-pula-maliboho: 5 627; keketseho: 20%
[Chate e leqepheng la 20-23]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1983 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)