Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/1 maq. 3-4
  • Ho Etsahetse’ng ka Botšepehi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahetse’ng ka Botšepehi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la ho Hloka Botšepehi hona ke Lefe?
  • Na ho Loketse ho Kopitsa e le Hore U Pase Hantle?
    Tsoha!—2012
  • Se Susumelletsang Batho ho se Tšepahale
    Tsoha!—2012
  • Na Botšepehi Boa Putsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/1 maq. 3-4

Ho Etsahetse’ng ka Botšepehi?

FEME e ’ngoe United States e ile ea koaloa. Ebile feme e rekisang lipeō ka lilemo tse fetang 60. E ne e rekisetsoa ke banana le bashanyana ba neng ba ngola ba kōpa lipeō, ba li rekisa ho ba lulang haufi le ho romela karolo ea chelete femeng. Joale, feme ena e ile ea lihuoa ke eng? Ke kahobane bana bao ba rekisang ha baa ka ba tšepahala. Ba bangata ha baa ka ba khutlisa lipeō kapa ba ile ba ipolokela chelete eo ba e fumaneng ha ba li rekisa.

Qeto ea hao ekaba efe ka feme e ileng ea itšetleha ka botšepehi ba bana ka lilemo tse 60 ’me ho se letho le phoso empa joale e qobelloa ho koaloa? Na ha ho bonahale eka bana ba neng ba tšepahala pele ba se ba sa tšepahale? Batho ba baholo ba sa ntsane ba hopola mohlamonene ha ba ne ba siea matlo a bona ka sebete ba sa notlela monyako o ka pele, kapa ba siea baesekele kathōko ho tsela empa ba e fumane e sa le moo, e sa utsuoa. Empa lintho li fetohile libakeng tse ngata.

Phuputsong e entsoeng ke makasine Psychology Today, e senotse hore har’a batho ba likete-kete ba ileng ba botsoa ba bangata haholo ba lumetse hore ba kile ba se tšepahale nthong e itseng e nyenyane kapa e khōlō. Ba 93 lekholong ba lumetse hore ka linako tse ling ba khanna ka lebelo le fetang le lumelletsoeng. Ba 68 lekholong ba lumetse hore ba nkile thepa e itseng ea liofisi. Ba 67 lekholong ba bolela hore ba ile ba qhekella litlhahlobong kapa likabelong tsa sekolo. Ba 45 lekholong ba lumetse hore ba qhekeletse balekane ba bona ba lenyalo. ’Me ba bangata ba ile ba romela boitsebiso bo fosahetseng ha ba tlatsa liforomo tsa lekhetho phahlong e tsoang naheng esele, ba ile ba sebelisa fono-fono ea mosebetsi ka phoso ho bua le batho ba hōle kapa ba qhekella ha ba ngola litšenyehelo.

Lebaka la ho Hloka Botšepehi hona ke Lefe?

Ho ’nile ha fanoa ka mabaka a mangata a ho hloka botšepehi hona. A mang a oona ke ana.

Mohlala oa batsoali: Ha feme ea lipeō e ngolla batsoali ba bana ba neng ba e kolota chelete, hangata e ne e fumana mangolo a reng: ‘Feme ea lōna e ruile; ha le hloke chelete le mpa le ngola feela ho qhekella ngoan’aka.’ Ha ho thata ho bona hore na ke hobane’ng ha bana bao ba ile ba ithuta ho hloka botšepehi.

Hobane ho bonolo: Morutuoa e mong e monyenyane o ile a arabela tjena ha a ngola phuputsong e boletsoeng kaholimo: “Kamehla ho na le khatello ea ho etsa hantle haholo ho fumana lintlha tse phahameng haholo, ’me esita le haeba ke itokiselitse hlahlobo, nka ’na ka qhekella. . . . Liithuti li qhekella li sa ipate ’me matichere a mangata a etsa ho honyenyane kapa ha a etse letho ka hona. Ka bokhutšoanyane: Ke ho etsa hobane ke tseba hore nke ke ka tšoaroa.”

Bofuma: Ha ho pelaelo hore bofuma—kapa tšabo ea bofuma—bo khannela bosholung bo bongata le ho qhekelleng, le hoja ho bonahala hore batho ka kakaretso ba ne ba tšepahala haholoanyane ho sa tsotellehe ho ata ha bofuma, lilemong tsa pele ho ntoa tsa Khaello e Khōlō Moruong. ’Me batho ba bangata ba sa tšepahaleng hase mafutsana. Nahana ka taba e tlalehiloeng Japane. Ho ile ha fumanoa sehlopha sa banna ba neng ba qhekella mokhatlo oa literene. Ba ne ba fumane mokhoa oa ho lefa chelete e fokolang haholo bakeng sa ho khutlela hae kamor’a ho bapala kolofo. Na ba ne ba qhekella ka lebaka la bofuma? Le hanyenyane. E mong oa baqhekelli e ne e le mookameli oa feme!

Meharo: Mongoli oa likoranta o ngotse hore: “Lenyora lena le sa tapeng la chelete ke sesosa sa mathata a mangata a boitšoaro ba sechaba.”

Mohlala o mobe: Mongoli eena enoa oa likoranta a ngola: “Ha u rata, ak’u shebe baeta-pele ba rōna. Baetsi ba melao ea rōna, ka ho amohela tjotjo le ho ‘nyolloa’ ka hona le hoane, ba tlohela seo ba thabelang ho se bitsa ‘tšebeletso ea sechaba,’ ba ruile ka mesebetsi ea ho se tšepahale, ka liphenshene tse khōlō. ’Me ho ka thoe’ng ka baeta-pele ba khoebo ea rōna? Baqhekelli ba ntse ba le teng. Ha ho mookameli leha a le mong oa mokhatlo oa kopanelo ea sa ipokellelang chelete ka ho qhekella Maamerika.”

Moea oa ho se tšepahale: Tlaleho ea makasine ea Newsweek e itse: “Maamerika a mangata a tletlebang haholo ka linokoane tse khōlō ke linokoane tse nyenyane ka booona. Maamerika a futsanehileng a qhekella tsamaiso ea thuso ea mafutsana ’me baahi ba barui ba sebetsa litlaleho tsa litšenyehelo joaloka ‘lipampiri tsa ho qhekelloa’ ’me ba fokotsa meputso ea bona e ntšetsoang lekhetho ha ba tlalehela Tšebeletso ea Pokello ea Chelete ea Sechaba. ‘Tsamaisong ena, e mong le e mong oa kopanela.’”

Ho sa tsotellehe hore na lisosa ke life, u ikutloa joang ka bolotsana? Na u thabela ho thetsoa kapa ho qhekelloa? Na u thabela ho lefa lichelete tse ngata tsa tšireletso ka lebaka la ho qhekella ho atileng ho etsetsoang mekhatlo ea tšireletso, kapa ho reka lintho ka boima ka lebaka la bosholu bo etsoang ke bareki le basebetsi? Na u ka lumela hore monna oa hao kapa mosali a u qhekelle? Mohlomong ha ho joalo. Empa ke sona se etsahalang kajeno, ’me re angoa bohle ka tsela ena kapa eane. Lefatšeng le tjena, u ka tšepa mang? Na lintho li lokela ho ba ka tsela ee?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela