Na Botšepehi Boa Putsa?
BATHO ba pelo li tšepahalang ba tepeletse ke bolotsana boo ba bo bonang lefatšeng. Ba bang ba bile ba tepeletsoa ke bolotsana boo ba iponang ba le ho bona. Mosali e mong a ngola: “Ke batla . . . ke soabile ha ke hlokomela hore ha ke sa tšepahala joaloka pele.” E mong a re: “Morao tjena ke sekisetsa habonolo.”
Empa na hoa hlokahala hore re be bolotsana hobane feela ba bang ba bangata e le balotsana? Che. Ho sa ntsane ho e-na le batho ba bangata ba hanang ho ba balotsana, ’me ba bang ba neng ba le bolotsana pele ba fetohile. Leha ho le joalo, ke hokae moo re ka fumanang lebaka le letle la ho lula re tšepahala lefatšeng lee le bolotsana? Ka Bibeleng.
Bibele e re thusa hore re tšepahale hobane e bululetsoe ke Motho ea tšepahalang ho feta bohle, Jehova Molimo. E-ea re khothatsa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle.” (Liproverbia 3:5) Lietsahala li bontša hore kamehla lintho li sebetsa molemong oa motho ea tšepang Molimo ’me a latela keletso ea Oona, joaloka tabeng ena ea botšepehi.
Kamoo u ka Tšepahalang
Bala lintho tse ling tseo Molimo o li buang ka botšepehi. E be joale u nahana hore na lefatše le ne le tla ba joang haeba e mong le e mong a ne a li latela.
“Le ke le tele leshano, ’me e mong le e mong a bolele ’nete ho oa habo; hobane re litho ba bang tsa ba bang.”—Ba-Efese 4:25.
Haeba e mong le e mong a ne a bua ’nete feela, bophelo bo ne bo tla ba joang? Mapolotiki a sa tšepahaleng a ne a ke ke a e-ba teng, le bona baqhekelli, leha e le tsona litšebo tse kotsi!
“Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa.”—Ba-Efese 4:28.
Ho utsoa ho akarelletsa liketso tse kang ho tlatsa liforomo tsa lekhetho ka bolotsana, ho hana ho lefa melato e loketseng, ho nka lintho tsa mosebetsi ntle ho tumello, le ho batla melemo ea thuso ea mafutsana ka bolotsana, hammoho le ho etsa lintho tse kang ho utsoa mabenkeleng le ho hleka-hleka. Khakanyo e ’ngoe e tlaleha hore lichelete tsa sechaba tsa United States li ne li tla ema hantle haeba e mong le e mong a ne a ka khaotsa ho utsoetsa ’muso.
“Sekala sa bohata se hloiloe ke Jehova.”—Liproverbia 11:1.
U ne u tla ikutloa joang haeba u sebeletsoa hantle nako le nako ha u ile mabenkeleng ho ea reka? Nahana feela ka lefatše le se nang mekhoa ea bolotsana ea khoebo, lefatše leo u ka rekang ka sebete koloi e sebelisitsoeng kapa ntlo e ncha!
“Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena.”—Ba-Roma 13:1.
Ho jaha, ho hlokomoloha melao ea tsela, ho romella liforomo tse tlatsitsoeng ka bolotsana tsa makhetho le ho qhalla lithole kae le kae ke mekhoa e mene ho e mengata eo batho ba sitoang ho ikokobeletsa mebuso ea bona. Lintho li ne li tla ba kahosele hakaakang haeba e mong le e mong a ne a ka ikokobeletsa “borena” ka tšoanelo!
“Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.”—2 Ba-Thessalonika 3:10.
Bolotsana le bonokoane li bakoa haholo ke botsoa. Mokreste o lokela ho utloisisa ho sebetsa, e seng a itšetlehe ka ba bang bakeng sa ho phela.
“Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila.”—Ba-Heberu 13:4.
Phuputsong e boletsoeng pejana, hoo e ka bang halofo ea batho ba lenyalong ba ileng ba botsoa ba ile ba lumela hore ha ba tšepahale ho balekane ba bona ba lenyalo. Ka sebele, u ka bona hore na ho mamela molao ona ho ne ho tla etsa phapang e kaakang mabapi le likamano tsa batho.
Na Boa Sebetsa?
Litekanyetso tsena li babatseha ka ho hlakileng. Empa na lia sebetsa kajeno? Karabelo ke e. Molimo o ne o ke ke oa re hloka hore re etse ntho e sa sebetseng le e kotsi ho rōna. Nahana ka melemo e seng mekae ea botšepehi.
Pele, botšepehi bo re sia ka letsoalo le hloekileng. Ntho ena hase e ka hlokomolohuoang. Ntle leha re thatafalitsoe ke ho itloaetsa liphoso, rea tseba ha re fositse ’me hoa re tšoenya. Letsoalo la rōna ha le re tšoenye ha re tšepahetse.
Joale, ha re tšepahetse re ke ke ra otleloa bolotsana. Motho ea tšepahalang ha a tšoaroe a fetisa lintho ka bolotsana meeling, a qhekella makhethong kapa a hleka-hleka bao a ahisaneng le bona ho ba utsoetsa.
Hape, bophelo bo ba monate haholo ho ba re potileng ha re tšepahala. Ho ba thusa hore ba tšepahale. Kamor’a ho batlisisa har’a basebetsi mabenkeleng a maholo, makasine ea Psychology Today ea re: “Haeba basebetsi ba nahana hore baokameli ba ka sehloohong baa tšepahala, ba tla nahana hore mohlomong ba lebelletsoe ho tšepahala . . . Empa haeba basebetsi ba lemoha (ka nepo kapa ka phoso) hore bookameli bo ka sehloohong bo bolotsana, ba tla sekamela haholo ho itokafatseng le ho emela bolotsana ba bona.” Boholo ba rōna ha bo na tšusumetso e matla joaloka bookameli bo ka sehloohong. Empa bohle re na le tšusumetso eitseng ho ba re potileng. ’Me ha re etsa ka botšepehi, tšusumetso eo e molemo.
Ho feta moo, botšepehi bo etsa hore re hlomphuoe. Mosebeletsi oa Mokreste ofising ea lifofane Liberia o fumane hore hona ke ’nete. A amohela molaetsa oa fono-fono bakeng sa mookameli oa hae, eare ha mookameli a mo bolella hore a re ha a eo, a hlalosa hore a ke ke a qala leshano. Ka bohale mookameli a re a isoe lefapheng le leng. Mookameli oa hae e mocha a phakisa a mo kōpa hore a pate khaello e neng e le teng cheleteng. A hana, ’me mookameli enoa e mocha le eena a halefa. Leha ho le joalo, matsatsi a seng makae hamorao, ho ne ho hlokahala motho ea ka isang lidolara tse baloang ka likete bankeng. Ha khethoa mang? Mosebeletsi enoa ea tšepahalang! Ha e le hantle, baokameli ba hae ba mo hlomphela botšepehi ba hae. Ha e le hantle, linakong tse thata Bakreste ba tšepahalang ba ’nile ba fumana mosebetsi ha ba bang ba hlōleha.
Ho hotle ho hlomphuoa, ho ba le letsoalo le hloekileng le ho natefisetsa batho ba u potileng bophelo. Empa ho na le lebaka le molemo la ho tšepahala.
Lebaka le Molemo Haholo la Botšepehi
Bibele e re bolella hore Molimo o ke ke oa thetsa. (Tite 1:2) E, Jehova Molimo o-oa tšepahala, ’me o lebelletse hore le rōna re tšepahale. “Leleme le mano” le “paki e bohata, e bolelang mashano” li thathamisitsoe har’a lintho tseo Molimo o li hloileng. (Liproverbia 6:16-19) Molimo o hloile ha batho ba qala mashano ho fokotsa makhetho a bona, hore ba utsoetse benghali ba bona kapa hore ba tlatlape batho ba bang ka tsela efe kapa efe.
Mohlomong le uena u hloile lintho tsena. Haeba ho joalo, u tla thabela ho tseba hore Molimo o ka etsa ho hong mabapi le bolotsana ’me o tla ho etsa. Ha e le hantle, o tla tloha a nka mehato e matla. O-oa tšepisa: “Ba bolotsana [ho akarelletsa le ba khopo] ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo.”—Pesaleme ea 37:9, 10.
Jehova a ke ke a lumella lefatše lena hore le busoe ke bolotsana ka ho sa feleng. O tla tlosa ba tsitlelletseng bolotsaneng, hammoho le ba bang bohle ba ‘babe.’ Leha ho le joalo, ba nkang botšepehi le ho loka e le lintho tsa bohlokoa le ba loanelang ho etsa thato ea Molimo ba na le bokamoso bo khanyang. Mopesaleme o ile a botsa: “Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao? E tla ba mang ea tlang ho aha thabeng ea hao e halalelang.” Karabelo? “Ke ea phelang ka bokhabane, a etsa ho lokileng, a bolela ’nete kamoo e leng pelong ea hae kateng. Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse oa habo hampe, ha a nyefole ngoan’abo.”—Pesaleme ea 15:1-3.
Kajeno, ho tšepahala ke phephetso ea sebele. Empa Molimo o batla ba tla lula ba tšepahetse har’a meleko le likhatello. Ba tla lumellana hantle le ‘maholimo a macha le lefatše le lecha tsa ho loka tseo re li lebelletseng ka pallo ea oona.’ (2 Petrose 3:13) Ba bangata kajeno ba sebeletsa Jehova Molimo ’me ba leka ka matla ho boloka litekanyetso tsa hae. Koana, batho bana ha baa phethahala. Empa ba kholoa tšepiso ea Molimo ea “lefatše le lecha” la ho loka. ’Me ka tsela eo ba phelang ka eona hona joale ba bontša takatso ea bona e tiileng ea ho ba karolo ea “lefatše le lecha” leo, kapa mokhatlo o mocha oa batho lefatšeng.
Haeba u nka botšepehi e le ntho ea bohlokoa, ke eng ha u sa batle ho tseba batho baa? Bahatisi ba makasine ona ba tla thabela ho u teanya le bona.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
Tsebo ea Bibele e hōlisa botšepehi, ’me hona ho khahlisa Molimo
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Botšepehi boa sebetsa. Empa ka litsela life?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Lebaka le molemo haholo la botšepehi ke lefe?