Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/1 maq. 12-17
  • Boinyenyefatso ba Bokreste—Bopaki ba Tlhalefo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boinyenyefatso ba Bokreste—Bopaki ba Tlhalefo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boinyenyefatso le Boikokobetso Lia Fapana
  • Malimabe a Bakoang ke ho se Inyenyefatse
  • Boinyenyefatso ba Bokreste bo Bohlale!
  • Ho Hlaolela Boinyenyefatso ba Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/1 maq. 12-17

Boinyenyefatso ba Bokreste—Bopaki ba Tlhalefo

“Hobane ka mohau oo ke o neiloeng, ke bolella motho e mong le e mong har’a lōna, hore a se ke a itekanya boholo bo tlōlisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikhopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ea tumelo eo Molimo o mo abetseng eona.”—BA-ROMA 12:3.

1. Ke linnete life tse bontšang hore boinyenyefatso ha bo ananeloe kajeno?

KE METHOAELA feela e ananelang tšobotsi ena ea boinyenyefatso le ho bo bontša kajeno: Mehla ena ke ea bora bo bohloko le tlhōlisano e fetisang. Merabe, lichaba, meloko, mekhatlo le batho ka bomong lefatšeng, kaofela ba batla ho ba ba molemo ho feta bohle, ba be kaholimo-limo. Ha ho ea batlang ho inyenyefatsa. Moea ona o se o kene le ka malapeng, joalokaha ho bonoa ka bofetoheli ba bacha le mokhatlo oa tokoloho ea basali.

2. Ke hobane’ng ha boikutlo ba Lipaki tsa Jehova ka boinyenyefatso bo sa lokela ho ba ba lefatše?

2 Empa tsela ea lefatše ha e-ea lokela ho ba tsela ea Bakreste ba ’nete. Che, Lipaki tsa Jehova li lemoha tlameho ea tsona ea ho latela Jesu Kreste, Mora oa Molimo—mohlala o moholo ho feta eohle oa boinyenyefatso o kileng oa ba teng lefatšeng lena. Ho totobatsang boinyenyefatso ba Jesu ke lipolelo tsa hae: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši.” “U mpiletsa’ng ea molemo. Ha ho ea molemo, ha e se a le mong, e leng Molimo.” (Johanne 5:19; Luka 18:19) E, bohle ba tla hata moo Jesu a hatileng ba tlameha ho inyenyefatsa joalo. Ho feta moo, bohle ba etsang joalo ba ke ke ba lahleheloa, empa ba tla fumana hore tsela ea boinyenyefatso ba Bokreste e-ea putsa ’me ruri ke bopaki ba tlhalefo.

3. Lentsoe boinyenyefatso (modesty) ka kakaretso le sebelisoa ka litsela life?

3 Lentsoe “boinyenyefatso,” e leng modesty, le ka ’na la bolela “boholo bo lekanyelitsoeng, tekanyo kapa katoloho.” Kapa le ka ’na la supa ntho e hloekileng, “e lokolohileng litšileng le ho hlokeng hlompho.” Hape, le ka ’na la supa “hore motho o lemoha meeli ea hae,” kapa “hore o lokolohile maikutlong a botho kapa boikakaso.”a Moapostola Pauluse, ka pululelo ea Molimo o ile a phehella balumeli bahabo hore ba bontše boinyenyefatso, hobane o ile a ngola: “Hobane ka mohau oo ke o neiloeng, ke bolella motho e mong le e mong har’a lōna, hore a se ke a itekanya boholo bo tlōlisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikhopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ea tumelo eo Molimo o mo abetseng eona.” (Ba-Roma 12:3) E, hoa hlokahala hore re ikhopole hore re ho hong. Empa re se ke ra tlōlisa tekanyo, re nkela holimo mahlale a rōna a tlhaho kapa melemo eo re e fumaneng.

Boinyenyefatso le Boikokobetso Lia Fapana

4. (a) Lentsoe la Seheberu le ngotsoeng e le “boinyenyefatso” le hlaha hakae ka Mangolong? (b) Re ka fihlela qeto efe ka seo le se bolelang ho Liproverbia 11:2?

4 Liphetolelong tse ngata tsa Bibele, ho ferekanngoa boinyenyefatso le boikokobetso. Lentsoe la Seheberu le ngotsoeng e le “boinyenyefatso” le hlaha feela ho Liproverbia 11:2 le Mikea 6:8 (NW). Le bolela eng? Le ka bontša ho ba khabane, ho hlompheha, ho hloeka. Leha ho le joalo, hape le ka bontša hore motho o hlokomela meeli ea hae. Ho Mikea 6:8 lentsoe lena la Seheberu le ka ’na la bolela ho hong ho tseo, hobane mono re mpa re phehelloa feela hore ‘re inyenyefatse ha re tsamaea le Molimo oa rōna.’ Empa ha ho joalo ho Liproverbia 11:2, e balehang tjena: “Ha ho hlaha boikhohomoso, eba lihlong lia hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (NW) Mona ho bapisoa boinyenyefatso le boikhohomoso. Mona ho bontšoa hore boinyenyefatso bo fapane le boikhohomoso ka kutloisiso ea hore ha bo itlhahise haholo, motho o hlokomela meeli ea hae.

5, 6. Phapang pakeng tsa boikokobetso le boinyenyefatso e ka bontšoa joang mabapi le Jehova Molimo?

5 Ho na le phapang pakeng tsa ho ikokobetsa le ho inyenyefatsa. Ka mohlala, ka Jehova Molimo, mopesaleme Davida o itse: “Ke phahamisitsoe ke boikokobetso ba hao.” (Pesaleme ea 18:35, NW) Ka sebele ke hobane Jehova o ne a utloisisa ho ikokobetsa, kapa a itheola hore a hlokomele Davida le ho sebelisana le eena hoo e bileng morena e moholo oa Iseraele. Ke kahoo re boetseng re balang ka Jehova: “Ke mang ea tšoanang le Jehova, Molimo oa rōna? O ahile nģalong tse holimolimo; o inamela ho nyarela maholimong le lefatšeng.” (Pesaleme ea 113:5, 6) Ha ho pelaelo—’Mōpi o phahame hoo a tlamehang ho kokobela e le hore a ele hloko lintho tse maholimong le lefatšeng.

6 Empa na re ka bua ka Jehova e le ea inyenyefatsang ka kutloisiso ea hore o hlokomela meeli ea hae? Che. Re ka re Molimo o na le meeli joang kaha bohlale ba oona le matla ha li na moeli, ha a na sekoli ho hang ’me toka ea hae e phethahetse, ke lerato le phelang? Ho hang ha ho motho ea ka tšoantšoang le Molimo.—Esaia 40:12-31.

7. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe motho o ikokobelitse empa a haelloa ke boinyenyefatso? (b) Hona ho ka bonoa joang tabeng ea moapostola Petrose?

7 Ka lehlakoreng le leng, ho bonolo hore batho ba ikokobetse empa ba haelloa ke bokhabane kapa boinyenyefatso. E ka ’na ea e-ba baikokobetsi, ba pelo li robehileng, empa ba sa nahane ka ho hlakileng hore ba hlokomele meeli ea bona. Ka mohlala, moapostola Petrose e ne e le motho ea ikokobelitseng. Ha a bona Jesu a etsa mohlolo o neng o bontša hore o tseba le ho laola libopuoa tse phelang leoatleng, Petrose a oela maotong a Jesu, a re: “Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna oa moetsalibe.” (Luka 5:8) ’Me re bala hore Jesu le moapostola Pauluse ba ile ba nyatsa Petrose. Empa ha ho moo re balang hore Petrose o kile a khentšoa ke ho nyatsuoa hoo. (Mattheu 16:21-23; Ba-Galata 2:11-14; 2 Petrose 3:15, 16) Ha ho pelaelo hore Petrose e ne e le moapostola ea ikokobelitseng, a le khopolo e robehileng. Empa na o ne a inyenyefatsa ka kutloisiso ea ho hlokomela meeli ea hae? E seng kamehla. Hoja o ne a hlokomela likhaello tsa hae, o ne a ke ke a hatella hore le hoja baapostola ba bang ba ne ba ka lahla Morena oa bona eena o ne a ke ke—empa ha fella ka hore a hlōlehe habohloko hakaalo, a latola Jesu ka makhetlo a mararo!—Mareka 14:29, 30, 66-72.

Malimabe a Bakoang ke ho se Inyenyefatse

8. Ke hobane’ng ha ho ka thoe khathatso eohle e bokahohleng e qalile ka ho hlokeha ha boinyenyefatso?

8 Ho se inyenyefatse ha hoa ka ha tlisetsa moapostola Petrose feela bomalimabe empa ho ka boetse ha boleloa hore bomalimabe bohle bo lefatšeng—e, bokahohleng bohle—bo qalile ka ho hloka boinyenyefatso. Joang? Ke ka lebaka la ho se inyenyefatse ha sebopuoa se seng sa lengeloi se ileng sa fetoha Satane Diabolose. Diabolose a sitoa ho hlokomela meeli ea hae joaloka ea bōpiloeng. O ne a sa khotsofalla sebaka seo Jehova a mo abetseng sona, a batla ho lekana le Molimo. Hamorao, boikutlo bona ba boikhohomoso ba bontšoa ha Diabolose a re a ka nea Jesu mebuso eohle ea batho bakeng sa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli. Empa joalokaha Jesu a ile a hopotsa Moleki eo, borapeli ke ba Jehova Molimo feela. Ho se inyenyefatse ha Satane, hoo e neng e le tsela ea boikhohomoso ’me e ntseng e le eona, ho mo hlomphollotse ’me ho tla qetella ka hore a timetsoe.—Mattheu 4:8-10; Ba-Heberu 2:14.

9. Ke ka lintlha life Eva a ileng a bontša ho haelloa ke boinyenyefatso?

9 Eva, “’m’a ba utloang bohle,” le eena ka ho tšoanang o ile a qetoa ke ho se inyenyefatse. (Genese 3:20) Khopolo ea ho tšoana le Molimo, ea ho itsebela botle le bobe, ea ipiletsa ho eena. Hobane’ng? Hobane ha a ka a inyenyefatsa. Ha e le hantle, hoja a inyenyefatsa, a ka be a itse ho Moleki: ‘Nka rata ho tšoana le Molimo hobane’ng? Ke khotsofetse ka ho feletseng ka tokisetso ea Molimo, hore ke be mothusi oa Adama ea phethahetseng. Ntle ho moo, ho molemo ke botse Adama ka taba ena kaha ke eena ea mpoleletseng ka molao oa ho se je tholoana ena.’ Empa ha hoa ba joalo. Eva a hloka boinyenyefatso, a itlosa kamanong le moetsi oa hae le monna oa hae. ’Me boikhohomoso ba tsoalla Eva lefu le ho susumelletsa monna oa hae hore a nke tsela ea ho ipolaea. Na e be joale boinyenyefatso ke ntho ea bohlokoa? E, ke ba bohlokoa haholo!—Genese 3:1-19.

10. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re ho fumana ho le thata ho inyenyefatsa ka ’nete?

10 Kaofela ha rōna ho bonahala hore re futsitse ho batsoali ba rōna ba pele tšekamelo ea ho se inyenyefatse. Kamorao ho Moroallo Molimo o itse, ‘mehopolo ea motho e mebe le bocheng ba hae.’ (Genese 8:21) Kahoo, eitse ha Morena Davida a imetsoe ke libe tse tebileng, o ne a ka ithapella ho Molimo: “Bona, ke tsoaletsoe bokhopong, ’mè o nkemoletse sebeng.” (Pesaleme ea 51:5) ’Me ke ka lebaka leo Jehova Molimo a neng a ka bua tjena ka moprofeta oa hae Jeremia: “Pelo e mano e fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?”—Jeremia 17:9.

11. Ke maemo afe a lefatšeng lohle a bontšang ho hloka boinyenyefatso?

11 Boholo ba likhathatso tse lefatšeng bo tsoaloa ke boikhohomoso! Bo ama merabe, lichaba, meloko eohle le tsona litho tsa malapa. Lichaba tsa Bochabela kapa tsa Bophirima ha li hlokomele meeli ea tsona. Tse ling li ipatla li le kaholimo. Batho ba morabe o mong ba ikutloa ba phahametse ba o mong. Ha e le hantle, ho tlalehoa hore likhohlano pakeng tsa merabe e meng ea Afrika li atisa ho qaloa ke hobane morabe o mong le o mong o batla ho ipaka hore o phahame.

12. (a) Ke kotsi efe e hlahang ka lebaka la ho hloka boinyenyefatso ho banna ba bang? (b) Ke eng e hlahisoang ke ho haelloa ke boinyenyefatso ha basali ba bangata?

12 Ho thoe’ng ka bosieo ba boinyenyefatso tikolohong ea lelapa? Mabakeng a mangata, banna le basali ba ’nile ba baka likhang ka baka la ho haelloa ke boinyenyefatso. Banna ka lebaka la kaheho ea ’mele ea bona le ho ba le chelete, ba atisa ho hlonamisa malapa haholo ka ho ipontša hore ke banna kapa ho iketsa marena. Ha ho pelaelo hore hona ho jara molato o mong oa ho theoa ha mokhatlo oa tokoloho ea basali, ka qoso ea oona bompoling ba banna. Basali bona ho thoe’ng ka bona, haholo-holo basali ba nyetsoeng? Ba haelloang ke boinyenyefatso ba atisa ho kotula masoabi, a akarelletsang malapa a qhalanang. (Ba-Galata 6:7, 8) Basali ba joalo ba hlokomolohile tlhokahalo ea sehlooho ea Mangolo ea hore ‘ba ikokobetse ka tlas’a banna ba bona joalokaha ba ikokobeletsa Morena.’ (Ba-Efese 5:21-23, 33; 1 Ba-Korinthe 11:3, 7-10) Har’a basali ba lefatše, bokhabane le bohloeki li haella ka mokhoa o totobetseng le o atileng. Ba bonahatsa botle ba ’mele ea bona ka tsela eo ba buang, ba aparang le ho itšoara ka eona, basali bana ba lokela ho jara karolo ea molato oa ho ata ha bootsoa, ho se tšepahale lenyalong le malapa a qhalanang.

13. Ke tholoana efe e hlahisitsoeng ke ho haelloa ke boinyenyefatso har’a bacha ba kajeno?

13 Le hoja ho e-na le mehlala e mengata ea boinyenyefatso har’a bacha ba kajeno, ba bang ba bontša ho haelloa ke bona ka tsela e sisimosang. Ka lebaka la ho hlōleha ho bontša tšoaneleho ena, bacha ba bangata ba sitoa ho mamella baholo ba bona kapa ba tenoa ke liphoso tse etsoang ke batho ba baholo. Empa, ba bang ho bacha bana ba bontša bohlale bofe mabapi le ho lemalla lithethefatsi, botahoa, ho khanna habohlasoa kapa ho kena bophelong ba boitšoaro bo bobe? Haeba bacha ba joalo ba ne ba inyenyefatsa, ba ne ba tla mamela baholo ba bona ’me ba rue molemo keletsong e ntle e fanoang ke ba nang le tsebo e joalo.

Boinyenyefatso ba Bokreste bo Bohlale!

14. Ke hobane’ng ha boinyenyefatso bo loketse hakana kamanong ea rōna le Jehova Molimo?

14 Ho bontšoa ha boinyenyefatso ba Bokreste ruri ke tsela ea tlhalefo. Pele ho tsohle, bo fella ka likamano tse ntle le Jehova. Ha e le hantle, Molimo o batla hore re inyenyefatse ha re tsamaea le oona. (Mikea 6:8) Ho feta moo, boinyenyefatso ke tšoanelo eo re ka tlamehang ho ba le eona ha re nahana ka lekhalo le leholo le pakeng tsa rōna le Moetsi oa rōna ea matla ’ohle le oa ka ho sa feleng. E, ho eena lichaba li tšoana le lerōlenyana sekaleng le lerotholi la metsi le lutlang nkhong! (Esaia 40:15) Boinyenyefatso bo tla re bakela hore re tšabe ho soabisa Jehova Molimo, ’me hoo ruri ke “qalo ea bohlale.”—Pesaleme ea 111:10.

15. Boinyenyefatso bo ka thusa moena oa Mokreste joang?

15 Boinyenyefatso bo boetse bo hōlisa likamano tse ntle le lipaki tse ling tsa habo rōna tsa Jehova. Bo tla thibela moena oa Mokreste hore a se ke a iketelletsa pele mabapi le litokelo tsa tšebeletso. Bo tla mo thusa ho bona meeli ea hae, hore lintlheng tse itseng o haelloa ke tsebo le phihlelo ha a bapisoa le ba bang. Hape ho tla mo etsa hore a amehe ka ho ntlafatsa litšoaneleho tsa hae tsa moea ho e-na le ho ameha ka ho ba mohlanka ea sebeletsang kapa moholo. Ha a sebelisa monyetla o mong le o mong ka botlalo hore a hōle tsebong le ho thusa balumeli hammoho le eena, ho ka ’na ha tla e le mohlolo ho eena ha a buelloa a bile a khetheloa setulo sa boikarabelo ka phuthehong. Hoo ho etsahetse hangata.

16. Ke hobane’ng ha basali ba Bakreste ba bontša tlhalefo haeba ba inyenyefatsa?

16 Boinyenyefatso e boetse ke tsela ea tlhalefo ho bo-khaitseli ba ka phuthehong. Hona ke habohlokoa le ho feta taba ea bohloeki, le hoja e le ea bohlokoa hakaalo. (1 Timothea 2:9, 10; Tite 2:3-5) Ha mosali oa Mokreste ea hlalefileng, ea inyenyefatsang a hlokomela meeli ea hae le karolo eo a e abetsoeng ka phuthehong, o tla laola puo ea hae. O tla qoba ho bebera le ho bontša ho nyatsa tsela eo baholo ba khethiloeng ba sebetsang litaba ka eona.—Bapisa Juda 8, 9, 16.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha bacha ba lokela ho inyenyefatsa ho batsoali ba bona? (b) Ke mohlala ofe oa Mangolo o fanoang mona ho bontša hore ke bohlale ho ela hloko keletso ea batho ba baholo?

17 Ka ho tšoanang, bacha ba inyenyefatsang ke bopaki ba tlhalefo. Bacha ba iketsa ba ratehang ho ba bang ha ba inyenyefatsa. Lentsoe la Molimo le laela hore ba hlomphe ntat’a bona le ’m’a bona le ho ba utloa “nthong tsohle.” (Ba-Kolosse 3:20; Ba-Efese 6:1-3) Ho hlokahala boinyenyefatso ho etsa joalo le ho se nahane hore bacha ba bohlajana ho feta batsoali ba bona. Hona na ha u kolote batsoali ba hao teboho? Ba u tlisitse lefatšeng. Ho tloha nakong eo ho tla fihlela joale, batsoali ba hao ba u fepile, ba u apesa, ba u bea ka tlung, ba u ruta, ba u thabisa le ho u laea moeeng. Ka lebaka leo, na hlompho ka boeona e ke ke ea u khanna hore u inyenyefatse ho bona?

18 Haeba ka boinyenyefatso u itšeba le batsoali ba hao le ho amohela keletso ea bona ke tsela ea bohlale. Ka lebaka la phihlelo ea bona, ruri ba hlalefile ho u feta. Lefatše le tletse mofere-fere, e seng hobane le haelloa ke tsebo empa ka lebaka la ho haelloa ke bohlale bo botle. “Ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?” (Jeremia 8:9) Leha e le hona tabeng ea botho ea ho khetha molekane oa bophelo, u tla be u hlalefile haeba ka bokhabane u nahanela kahlolo ea batsoali ba hao, kaha baa u rata ’me ba u hopoletse se molemo feela lipelong tsa bona. Ba ka u eletsa hamolemo haholo ho feta lithaka tsa hao. Ke ’nete, keletso ea bona e ke ke ea e-ba qekiso, empa e tla ba molemong oa hao. Bibele e senola hore Morena Roboame oa Iseraeleng ea boholo-holo o ile a lahleheloa ke boholo ba ’muso oa hae ka lebaka la ho haelloa ke boinyenyefatso. A lahla keletso ea banna ba baholo ba neng ba eletsa ntat’ae ’me a ikhethela ho latela keletso e qekisang ea lithaka tsa hae, banna ba bacha bao a hōtseng le bona. Ba ne ba se na tsebo ba bile ba bonela haufi joaloka eena.—1 Marena 12:1-24.

19. Boinyenyefatso bo ka re sebeletsa hamolemo joang mosebetsing oa rōna oa bopaki?

19 Boinyenyefatso ba Bokreste bo tla boela bo re sebeletse hantle ha re paka ka lebitso la Jehova Molimo le ’Muso oa hae, ka tšohanyetso kapa morero. Haeba re ka bua ka boikhantšo bo boholo, re ka ’na ra hohela bamameli ba bang empa ra leleka ba bang ba bangata. Ka linako tsohle, re hlokomelise ka Jehova Molimo le Lentsoe la hae, e seng rōna. Keletso ena e opa khomo lenaka, ha e re: “Le mpe le tšabe Morena Jesu lipelong tsa lōna, ’me le itokisetse ka mehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ea le botsang tšepo e ho lōna.” (1 Petrose 3:15) Boinyenyefatso bo tla nolofatsa haholoanyane ho bontša bonolo le hlompho e tebileng.

20. (a) Ho tla fihela mona, re ithutile eng ka boinyenyefatso le ho haella ha bona? (b) Ho sala potso efe?

20 Ka ho hlakileng, taba ena e re bontša hore batho ba oetsoe ke kotsi e khōlō ka lebaka la ho hloka boinyenyefatso. Hape re bone hore ntle ho pelaelo boinyenyefatso ke bohlale. Lintlha tsena li lokela ho re thusa ho bo hlaolela. Empa ke eng e eketsehileng e ka re thusang ho hlaolela boinyenyefatso ba Bokreste?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Webster’s Third New International Dictionary.

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa lokela ho ba le boikutlo ba lefatše ka boinyenyefatso?

◻ Motho e ka ba moikokobetsi empa a sa inyenyefatsa joang?

◻ Ke hobane’ng ha bohle re ho fumana ho le thata ho inyenyefatsa ka ’nete?

◻ Ke hobane’ng ha ho tšoaneleha haholo hore re inyenyefatse kamanong ea rōna le Jehova?

◻ Boinyenyefatso bo ka re thusa joang mosebetsing oa rōna oa bopaki?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ka boinyenyefatso Jesu a etsa se laetsoeng ke Ntate oa hae oa leholimo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Boinyenyefatso ba Bokreste bo fella ka likamano tse ntle le Molimo le lipaki tsa habo rōna tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela