Ho Hlaolela Boinyenyefatso ba Bokreste
1. Ke lipolelo life tse bontšang hore banna ba bang ba lefatše ba ’nile ba ananela bohlokoa ba boinyenyefatso?
BOINYENYEFATSO ke bokhabane bo kileng ba ananeloa ke banna ba bohlale ba lefatše lena. Ke kahoo re bolelloang: “Motho ea inyenyefatsang ke seoelo a sa lakaletsoeng katleho ke bao a qoqang le bona, hobane ha ho motho ea lakatsang ho tšoana le motho eo ho bonahalang a sa ithabele.” ’Me ho ’nile ha thoe: “Boinyenyefatso ke lebone le khanyang; bo lokisetsa kelello ho amohela tsebo le pelo ea ’nete.” Motho ea haelloang ke boinyenyefatso ha ho bonolo hore a be le maikutlo a batsi.
2. Banna ba bang ba hlokomelehang ba bontšitse boinyenyefatso joang?
2 Joale hape, banna ba bang ba tsebisahalang ka lintho tseo ba li sibollotseng ba ’nile ba inyenyefatsa. Ke ka hona Albert Einstein a kileng a bolela hore “moea o senoloa melaong ea Bokahohle—moea o moholo haholo ho oa motho, ’me e le moea oo rōna ba nang le matla a manyenyane re tlamehang ho ikutloa re le tlase.” ’Me Sir Isaac Newton, eo ba bangata ba mo nkang e le mohlalefi ea fetang bohle, o kile a tsota: “Haeba ke bone hojana ho feta ba bang, e bile ka ho ema mahetleng a linatla.” Ho totobetse hore lingaka tse ling tse ileng tsa buoa Lipaki tsa Jehova le tsona li na le maikutlo a joalo. Kamor’a ho atleha ho etsa mosebetsi o kotsi haholo oa ho buoa ho sa tšeloa mali, li ’nile tsa bolella bakuli ba tsona ba Lipaki hore tlotla e lebisoe ho Molimo, e seng ho lingaka tse buoang.
Mehlala ea Boinyenyefatso
3. (a) Ke eng e tla re thusa ho hlaolela boinyenyefatso? (b) Ho ka thoe’ng ka Moshe ka boinyenyefatso ba hae?
3 Ke eng se tla re thusa ha re hlaolela tšoaneleho e lakatsehang haholo, e, eona tšoaneleho e hlokahalang haholo ea boinyenyefatso? Ho totobetse hore ho sebelisa sohle se boletsoeng lihloohong tse peli tse fetileng tse buang ka boikhohomoso le boinyenyefatso ho tla re thusa ho hlaolela boinyenyefatso. Thuso e ’ngoe ea ho hlaolela boinyenyefatso ke ka ho nahana kamoo Jehova a sebelisitseng ka matla bahlanka ba hae ba inyenyefatsang. Molimo o ne o ka sebelisa joang batho ba ipatlelang thoriso le ba ipatlelang ho eloa hloko ho fapana le Moetsi oa bona! Moshe o kile a etsa hona ka lekhetlo le le leng feela—ke ’nete hore e ne e le tlas’a khatello e khōlō le ho khopeha. A lefella habohloko hakaakang! Empa hore Moshe o ne a inyenyefatsa ho bonoa ka ’nete ea hore o qalile a le lihlong ho ea ho Faro. Ho feta moo, Mangolo a re ‘Moshe e ne e le motho ea inyenyefatsang ho feta batho bohle ba kileng ba tsamaea lefatšeng.’—Numere 12:3, NW; Exoda 4:10-17.
4. Elihu le Josefa ba bontšitse boinyenyefatso bo loketseng joang?
4 Mohlala o mong o motle oa boinyenyefatso e ne e le Elihu. Pele a bua, a mamella ka sebete ho fihlela ha baholoane ba hae, Jobo le metsoalle ea hae e meraro, ba buile. Elihu o ne a se na moea oa boiphahamiso empa thoriso eohle a e lebisa ho Moetsi oa hae. (Jobo 32:4-11, 21, 22; 36:9) Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo, le eena a bontša boinyenyefatso ha a tlisoa ka pel’a Faro ea matla ’me a kōpuoa hore a ke a hlalose toro ea morena eo e moholo. Josefa a tlotlisa Jehova ka ho hlalosa litoro.—Genese 40:8; bapisa Daniele 2:26-30.
5. Ke hobane’ng ha boinyenyefatso ba Gideone ebile ba bohlokoa ho Jehova Molimo?
5 Hape nahana ka Gideone. Ha a lumela ho rongoa, ka boinyenyefatso a bolela hore lelapa labo lesikeng la Manasse ke le lenyenyane ka ho fetisisa le hore eena ka boeena ke e monyenyane lapeng la ntat’ae. Kahoo Gideone ke eena eo Jehova a neng a ka mo sebelisa ho felisa Bamediane hobane Molimo o ne o batla ha o tlotlisoa ka tlhōlo. Ke feela motho ea inyenyefatsang ka ’nete ea neng a ka sebeletsa hantle boemong bo joalo.—Baahloli 6:14-16; 7:2-7.
6. (a) Ke hobane’ng Jehova a ile a khahlisoa ke kōpo ea Morena Salomone e monyenyane? (b) Ke mohlanka ofe e mong e monyenyane oa Jehova ea ileng a bontša boinyenyefatso bo loketseng, hona ntlheng efe? (c) Boikutlo ba Elihu e monyenyane, Salomone le Jeremia bo ka ama lipaki tse nyenyane kapa tse seng nang tsebo e lekaneng tsa Jehova joang?
6 Salomone e monyenyane, ha a etsoa morena, le eena o ile a bontša boinyenyefatso. Ha Molimo o mo botsa torong hore na o rata ho etsetsoa eng, ka boinyenyefatso Salomone a arabela: “’Na ke mohlankanyana feela. . . . U nee ke hona mohlanka oa hao pelo e kelello ea ho ahlolela sechaba sa hao, ke tle ke tsebe ho khetha botle le bobe. Hobane ke mang ea ka ahlolelang sechaba sa hao se sekakale?” Jehova a thaba haholo ke boinyenyefatso ba Salomone hoo a sa kang a mo nea bohlale feela empa le maruo a maholo le khanya. (1 Marena 3:4-14) Ka lebaka la boinyenyefatso ba Salomone, Jehova a mo etsa morena ea bohlale har’a marena ’ohle a batho. Jeremia le eena a bontša boinyenyefatso bo joalo ka lebaka la bonyenyane ba hae ha a biletsoa ho ba moprofeta oa Jehova. (Jeremia 1:6-8) Na u paki e nyenyane kapa e se nang tsebo ea Jehova? Haeba ho joalo, ka sebele u tla ipaka u le bohlale haeba joaloka Elihu, Salomone le Jeremia u bontša boinyenyefatso bo loketseng.
7. Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 2:1-5 a fana ka mohlala o motle joang oa boinyenyefatso bakeng sa baboleli ba ’Muso?
7 Boinyenyefatso bo bong bo hlokomelehang ke ba moapostola Pauluse. Le hoja e ne e le Mofarisi ea rutehileng haholo ’me hamorao a sebelisitsoe ka matla ke Jehova Molimo, Pauluse ha a ka a ikhantša ka melemo ea hae. Joalokaha a itse: “Ha e le ’na, banab’eso, mohla ke fihlang har’a lōna, ha kea ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Molimo ka lipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale. Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng har’a lōna ha e se Jesu Kreste, le hona e le ea thakhisitsoeng. Le ’na ke bile har’a lōna ka mefokolo, le tšabo, le thothomelo e kholo. ’Me polelo tsa ka le thuto ea ka ha ea ka ea e-ba lipolelo tse kholisang tsa bohlale ba motho, ea mpa ea e-ba ponahatso ea Moea le ea matla; hore tumelo ea lōna e se ke ea theoa bohlaleng ba batho, e mpe e theoe matleng a Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:1-5) Ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba tsoile har’a ba rutehileng haholo. Empa, joaloka Pauluse ba bontša boinyenyefatso ka ho bolela litaba tse molemo, ba latela ka bohlale mohlala o motle oa moapostola.
8. Jesu o lokiselitse mohlala o motle haholo le o moholo oa boinyenyefatso joang?
8 Mohlala o moholo ho eohle le o motle ho eohle oa boinyenyefatso, ke Jesu Kreste. Ke phapang e kaakang pakeng tsa Mora oa Molimo le ea ileng a fetoha Satane Diabolose! Ha ho mohla Kreste ka boikhohomoso a kileng a batla ho lekana le Jehova Molimo. (Mattheu 4:8-10; Ba-Filippi 2:5-8, NW) Ho e-na le hoo, Jesu o khotsofetse ka ho feletseng ho ba mothusi le ’muelli oa Ntate oa hae. (Liproverbia 8:30; Johanne 1:1) Ha a le lefatšeng o buile khafetsa ka ho ikokobeletsa Molimo. (Johanne 5:19, 30; 7:28; 8:28, 42) O hanne ho tlotlisoa, a lebisa tlhokomelo ho Jehova. (Mareka 10:18) ’Me nakong ea teko e matla ea Jesu, o ne a ikutloa hore: “Ntate, ekare ha ho ka etsoa, ak’u fetisetse senoelo sena hole le ’na! Empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao.” (Mattheu 26:39) Ntle ho pelaelo, Jesu o re beetse mohlala o motle oa boinyenyefatso. Ka sebele, libopuoa tsohle tsa Molimo tsa moea le batho bohle li lokela ho inyenyefatsa.
Boinyenyefatso bo na le Kelello
9. Ho ea ka 1 Ba-Korinthe 4:6, 7, ke hobane’ng ha boinyenyefatso ba bahlanka ba Molimo bo e-na le kelello?
9 Re etsa ntho e ntle ha re inyenyefatsa; ho na le kelello. Taba ea pele, na hase ’nete hore bohle ha rea phethahala? Ke mang ea ka ho latolang? (1 Marena 8:46) Bohle rea fosa. Tsebo ea rōna e lekanyelitsoe ’me phihlelo ea rōna e na le moeli. Ho feta moo, sohle seo re nang le sona re se fuoe. Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a phehella balumeli hammoho le eena hore ba se ke ba tlola moeli oa se ngotsoeng “hore” joalokaha a bolela, “ho se ke ha e-ba e mong har’a lōna ea ikhantšang ho e mong ke ho emela e mong. Hobane ke mang ea u khethang ho e mong? ’Me u na le eng eo u sa kang ua e fuoa? ’Me ekare ha u e filoe, u ka ithorisa joang, joale ka hoja u sa ka ua e fuoa?” (1 Ba-Korinthe 4:6, 7) Ka ho totobetseng, boholo ba seo re leng sona bo itšetlehile ka lefutso, tikoloho eo re leng ho eona ’me haholo-holo ka mohau oa neo ea Molimo.
10. Katleho tšebeletsong e halalelang e itšetlehile ka eng, ’me ho hlokomela ntlha eo ho lokela ho re ama joang?
10 Ho feta moo, na hase ’nete hore ho sa tsotellehe katleho eo re ka ’nang ra ba le eona tšebeletsong e halalelang ea rōna, sohle se itšetlehile ka tlhohonolofatso ea Jehova? Ka mohlala: Ho sa tsotellehe hore na molemi o sehla ka thata hakae, boemo ba leholimo ke ntho ea bohlokoa haholo khōlong ea lijalo. Hantle joalokaha mopesaleme a ile a hlokomela, “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare ha e se Jehova ea bolokang motse, molebeli o falimehela lefeela.” A bua ka ntlha eona eo mabapi le mosebetsi oa basebeletsi ba Bakreste, moapostola Pauluse o ile a ngola: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng. Ha ho le joalo, ea nang le taba hase ea hlomang, leha e le ea nosetsang, empa e le Molimo o melisang.” (Pesaleme ea 127:1; 1 Ba-Korinthe 3:6, 7) E, haeba re nahana ka taba ena, re tlameha ho lumela hore boinyenyefatso boa hlokahala ho rōna bohle, ho sa tsotellehe hore na re na le matla, seo re se finyellang kapa matlotlo.
Lithuso Tsa ho Hlaolela Boinyenyefatso
11. Ho rata Jehova Molimo ho tla re thusa ho inyenyefatsa joang?
11 Tšoaneleho e ’ngoe e tla re thusa ho inyenyefatsa ke lerato, lerato le se nang boikhabi. Haeba re ananela sohle seo Jehova Molimo a se entseng, a se etsang le seo a sa ntsaneng a tla re etsetsa sona, ruri re tla mo rata ka sohle sa rōna, pelo, moea, khopolo le matla. (Mareka 12:30) Joale ke moo re ke keng ra ithorisa. Ha e le hantle, boithoriso bo fapane le boinyenyefatso. Ho e-na le hoo, kamehla re tla bua le ho nka bohato ka tsela e bontšang boinyenyefatso bo loketseng e le hore re se ke ra ikhapela mahlo empa re lebise tlhokomelo ho Jehova, re etsa hore khanya eohle le hlompho li ee ho eena. Joale re tla be re ela hloko keletso: “Ea leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ea matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae. Empa ea ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke ’na Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatšeng, hobane ke khahlisoa ke tseo, ho bolela Jehova.”—Jeremia 9:23, 24.
12. Kamano e ntle le Molimo e tla re thusa joang hore re be ba inyenyefatsang?
12 Ho hlaolela kamano e haufi le Jehova ho tla boetse ho re thusa ho inyenyefatsa ka linako tsohle. Re lebelletsoe ho inyenyefatsa ha re tsamaea le Molimo oa rōna. (Mikea 6:8) Hore na ’Mōpi, boholo ba hae, botle ba hae le litšoaneleho tsa hae ke tsa sebele hakae ho rōna, ho tla bonahala ka hore na re inyenyefatsa hakae. Re batla ho ba le maikutlo a kang a Moshe, ea ileng a “tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.” (Ba-Heberu 11:27) Ho joalokaha eka re bana ba banyenyane ba tšoereng letsoho la Ntate oa rōna oa leholimo. Ho iphepa ha rōna kamehla ka Lentsoe la Jehova le ho ‘tiea thapelong,’ e, ‘ho se phetse ho rapela,’ ho tla re thusa ho ba le kamano e ntle e haufi le Molimo.—Ba-Roma 12:12; 1 Ba-Thessalonika 5:17.
13. Ke ka tsela efe takatso ea rōna ea ho etsisa Jesu Kreste e ka re thusang hore re inyenyefatse?
13 Ho rata le ho ananela sohle seo Morena oa rōna, Jesu Kreste, a re etselitseng sona le ho tseba hore na ho hata moo a hatileng ho bolela eng le hona ho tla re thusa ho inyenyefatsa. Ke mohlala o motle, o khabane, oo e seng oa boikhabi le o phethahetseng hakaakang oo Jesu a re beetseng ona! Hore na re latela ka botebo hakae tlamo ea rōna ea ho hata moo a hatileng teng, ke hona ho tla re thusa ho inyenyefatsa. Joang? Hobane re tla ananela kamoo re haelloang ho mo etsisa ka botlalo. Re ka ’na ra ikutloa re khahloa ha re ipapisa le ba bang. Empa na re na le motheo oa ho ikutloa re khahloa joalo ha re bapile le Jesu Kreste? Ho e-na le hoo, re lokela ho ikutloa joaloka moapostola Pauluse—ka bohloko re hlokomela hore re sitoa ho etsa seo re hlileng re batlang ho se etsa ’me hangata re etsa seo re hlileng re sa lakatseng ho se etsa. Ha ho Mokreste ea hlileng a hlokomelang ka matla kamoo a haelloang kateng ho etsisa Jesu Kreste ea ka ikutloang a ka ithorisa.—Ba-Roma 7:15-25.
14. Lerato la boena le ka re thusa joang hore re inyenyefatse?
14 Ka ho tšoanang, ho rata lipaki tse ling tsa Jehova le litho tsa malapa a rōna ho tla re thusa ho inyenyefatsa. Joalokaha pina ea ’Muso e bolela: “Lerato le na le mahlo a ho bona botle. Lerato le haha boena.” E, lerato le tla re etsa hore re ananele litšoaneleho tse ntle tse ho ba bang. Empa hona ho ka re thusa joang hore re inyenyefatse? Ho hloka boinyenyefatso ho khopisa ba bang, ho ba etsa hore ba se ke ba phuthuloha. Kaha ha re batle ho khopisa bao re ba ratang, lerato la sebele la boena le tla re etsa ba inyenyefatsang. Ho haella ha boinyenyefatso ho fehla tlhōlisano, bora, kapa ho etsa hore ba bang ba ikutloe ba fokola ha ba e-na le rōna. Empa lerato “ha le na boikhantšo; ha le ikhohomose.” Ho e-na le hoo, lea inyenyefatsa.—1 Ba-Korinthe 13:4.
15. Boitšoaro bo ka re thusa joang hore re inyenyefatse?
15 Boitšoaro, tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, le bona bo re thusa ho hlaolela boinyenyafatso. (Ba-Galata 5:22, 23) Na ka ’nete kamano e teng pakeng tsa boitšoaro le boinyenyefatso? Ruri e teng. Hangata motho o sekamela ho bueng kapa ho etseng lintho tseo a itšebeletsang ka tsona kapa tseo a iphoqang ka tsona, ka linako tse ling ka lebaka la ho phosumela. Hang feela ha motho a buile kapa a entse sena, a ka ’na a lemoha phoso eo a e entseng. Lebaka ke hobane pelo ea motho e bohata, e mano, e bolotsana. (Jeremia 17:9, The Jerusalem Bible; NE) Empa ho itšoara, ho re khefu, ho nahana, ho busa maikutlo ka hore na mantsoe a rōna kapa liketso li tla ama ba bang joang, ho tla re thusa ho bontša boinyenyefatso bo loketseng. Ka mohlala, ka lebaka la ho se nahane hantle, re ka ’na ra ekeha ho khetha ntho e monate haholo kapa likarolo tse khōlō tsa nama, kuku kapa litholoana ha li fetisoa ka pel’a rōna kapa ha re neoa sejana hore re ikhethele. Empa boitšoaro le ho inahana li tla re thusa ho hanela tšusumetso eo. Ke ’nete hape ha ho fihloa ho ikhetheleng sebaka se molemo moketeng re sa inyenyefatse. Joalokaha Jesu a entse mohlala, re ka ’na ra kōpuoa hore re suthele sebakeng se tlase. Leha ho le joalo, ha re ka ra nahana ho se hokae le ha re ka inyenyefatsa ho tla re thibela ho itlontlolla linthong tsena.—Luka 14:8-11.
16. Tumelo ho Jehova e ka re thusa ho inyenyefatsa hobane’ng?
16 Tholoana e ’ngoe ea moea e tla re thusa ho hlaolela boinyenyefatso ke tumelo ho Jehova, e tsoaloang ke kamano e ntle le eena. Ka baka la sebe re tšaba haholo ho lahleheloa ke lintho tse ntle bophelong, leha e le tse bonahalang, tsa kelello, tsa maikutlo kapa tsa moea. Empa ho lumela ho Jehova ho tla re thibela ho iketelletsa pele ka boikhohomoso kapa ka ho hloka boinyenyefatso. Ho e-na le hoo, re tla tlohela litaba matsohong a Jehova. Haeba re inyenyefatsa, re tla tseba ho ema ho fihlela ha Jehova a otlolla litaba kapa a bona hore re eloa hloko kapa re tsoela pele. Pele Davida e e-ba morena, o ile a bontša bokhabane bona. A ka be a ile a inkela litaba matsohong, hobane o ne a tlotselitsoe borena. Davida o ne a ka fetoha ’musi oa Iseraele hang-hang ka ho fenetha Morena Saule, empa che, Davida a letela Jehova ka boinyenyefatso hore a mo nee borena, ’me Jehova a ho etsa, ka nako ea Hae e loketseng.—1 Samuele 24:2-6; 26:10, 11.
17. Ke ka litsela life ho nahanela ho ka re thusang ho inyenyefatsa?
17 Thuso e ’ngoe ea boinyenyefatso ke ho nahanela, e leng ho bolelang ho ipea boemong ba motho e mong. Ka mohlala, ho haelloa ke boinyenyefatso ho ka ’na ha etsa moholo ka phuthehong hore a tlōle nako hangata ha a neela likabelo tsa hae libokeng tsa phutheho. Empa haeba a nahanela, o tla tseba ho ipea boemong ba baholo ba bang ba amehileng ka ho ba le nako e lekaneng bakeng sa likarolo tsa bona lenaneong. Moholo ea inyenyefatsang o tla boetse a nahanele baena le bo-khaitseli ba hae moeeng, ba sa ho ananeleng ha seboka se tlōloa ke nako ntle ho mabaka. Ha e le hantle, ho nahanela ho tla etsa hore motho a inyenyefatse likamanong tsohle tsa hae, e seng feela ka phuthehong ea Bokreste. Ho nahanela ho ile ha etsa hore moapostola Pauluse e be ’Mojode ho ba-Jode, ea tlas’a molao ho ba leng tlas’a molao, ea fokolang ho ba fokolang,’ le tse ling—hona hohle ka lebaka la litaba tse molemo. Hoo ho ne ho bolela ho inyenyefatsa, a bontša bamameli ba hae hore ha a inahane e le motho ea molemo ho ba feta.—1 Ba-Korinthe 9:19-23.
18. Ho ka thoe’ng ha ho emeloa boinyenyefatso ba Bokreste?
18 Ka sebele, boinyenyefatso ba Bokreste bo na le ho hongata ho bo buellang. Ke tšenyo e kaakang e entsoeng paleng ka lebaka la ho haelloa ke boinyenyefatso! Ho bontša boinyenyefatso ruri ho na le kelello ho Mokreste. Ho fella ka likamano tse ntle le Molimo, lipaki tsa habo rōna tsa Jehova, malapa a rōna le ba bang. Boinyenyefatso bo ka ba ba re thusa ka borōna, hobane bo tla re etsa ba khotsofetseng le ho re thibela ho nyahama. Ka bohlale, Lentsoe la Molimo le re thusa haholo ho ba ba inyenyefatsang. E se e ka ka lebaka leo re ka fana ka bopaki ba bohlale ba sebele ka ho hlaolela le ho bontša boinyenyefatso ba Bokreste.
U ka Arabela Joang?
◻ Bacha ba bang ba tlalehiloeng ka Bibeleng ba bontšitse boinyenyefatso joang?
◻ Jesu Kreste o fane ka mohlala o moholo le o motle haholo oa boinyenyefatso joang?
◻ Ke ka litsela life ho rata Jehova le kamano e ntle le eena li ka re thusang ho hlaolela boinyenyefatso?
◻ Takatso ea rōna ea ho etsisa Jesu Kreste e ka re thusa ho bontša boinyenyefatso joang?
◻ Lerato la boena le ka re thusa ho inyenyefatsa mabapi le borapeli ba Jehova joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Elihu ka boinyenyefatso a qoba moea oa boiphahamiso, a lebisa tlotla eohle ho Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho iphepa kamehla ka Lentsoe la Molimo le ‘ho se phetse ho rapela’ ho tla re thusa ho hlaolela boinyenyefatso