Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/1 leq. 24
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele ‘E sa Khetholleng Botona ho Botšehali’
  • “Khathatsong”
  • Pefo ea Lelapa
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • ‘Mehla ea Rōna e Bohloko’—E Ama Lelapa la Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/1 leq. 24

Ho Nyarela ka Litabeng

Bibele ‘E sa Khetholleng Botona ho Botšehali’

“Hobane Molimo o ratile lefatše hakaalo hoo Molimo o faneng ka Ngoana a ’notši oa Molimo, hore e mong le e mong ea lumelang ho Ngoana eo a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Phetolelo eo e ka ’na ea utloahala e makatsa ho uena. Empa ke tsela eo Johanne 3:16 e ngotsoeng ka eona ho “The Inclusive Language Lectionary,” phetolelo e ncha ea maqephe a 192 ea kamoo litemana tsa Bibele [li ka] baloang [kateng], e lokolotsoeng ke Lekhotla la Sechaba la Likereke.

Kenyeletso ea eona e re, “Buka ena e leka ho bua ka Molimo e le o ka nģane ho botona kapa botšehali.” E le hore babali ba eona ba “se ke ba ba le boikutlo ba botona,” phetolelo ena e sebelisa lipolelo tse kang “Molimo Ntate oa ka le ’Mè” bakeng sa “Ntate,” “Ngoana” bakeng sa “Mora,” “Ea Busang” bakeng sa “Morena,” joalo-joalo. Kahoo, thapelo ea Jesu bosiung boo a tšoeroeng ka bona e qala tjena: “Molimo ’Mè le Ntate, nako e tlile; tlotlisa Ngoana oa hao hore Ngoana oa hao a u tlotlise.”—Johanne 17:1.

Har’a ba hanyetsang phetolelo ena ke moprofesa Bruce Metzger oa Seminare ea Thuto ea Bolumeli ea Princeton, ea itseng: “Ho hlalosa hore Molimo o ka nģane ho botona kapa botšehali ke mosebetsi oa moruti oa bolumeli, e seng oa mofetoleli oa Bibele.” A phaella ka hore, se entsoeng ke buka e ncha se “tšoana le ho ngola Bibele hape.” Hoa bonahala hore, boitekong ba Iona ba ho imatahanya le mokhatlo oa tokoloho ea basali (le ho tšehetsa ho khethoa ha basali), Lekhotla la Sechaba la Likereke le bone ho loketse ho fetola Lentsoe la Molimo.

Bafarisi le bangoli ba mehleng ea Jesu ba ne ba e-na le maikutlo a bona le mabaka a ho khomarela lithuto tsa bona, ’me ka ho etsa joalo ba etsa Lentsoe la Molimo lefeela. Jesu a re ho bona, “Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.” “Bafarisi” ba kajeno ba leka ho etsa ntho e tšoanang. Empa borapeli ba bona bo ntse bo sa amohelehe ho Molimo joaloka ba bafarisi ba boholo-holo bao Jesu a itseng ka bona: “Ba nkhumamella [Molimo] lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”—Mattheu 15:6, 9.

“Khathatsong”

Lilemo tse leshome le metso e ’meli hoba o phatlalatse tlaleho e profetang “Litekanyetso Khōlong,” Mokhatlo oa Roma o hlomphehang o re’ng ka bokamoso? Mookameli oa oona, Aurelio Peccel o re: “Ha e sa le ho tloha ka nako eo, pontšo e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng e mpefetse ntle ho e le ’ngoe; ho ba hlokolosi ha batho. Hona joale batho baa utloisisa hore re khathatsong.”

Ka sebele ho na le lintho tse ngata tse ka hlokomelisang batho haholo hore “re khathatsong.” Monghali Peccel o re, “Batho ba lokela ho tseba hore boemo bo bobe hampe ha bo talingoa ka lehlakore lefe kapa lefe—tikoloho, khotso le ntoa, ho hloka mosebetsi, botsoalle le kutloisisong ea maemo.” Le hoja a ikutloa hore “re na le mekhoa eohle ea ho bo lokisa,” o tšoenyehile ka hore batho ba bea tšepo ea bona haholo ho seo Mokhatlo o se bolelang. “Ba nahana hore bohlale ba rōna, tšusumetso ea rōna le tsebo ea rōna ke tse phahameng ka ho fetisisa.”

Empa ho na le Eo re ka beang tšepo ea rōna ho eena. Ke mang? Eo ‘ha e sa le ho hlaheng, a bolelang tse tlang ho tla, le khale a boletseng tse e-song ho hlahe. Ea reng: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.’ E, Enoa, Jehova Molimo, o reretse batho bokamoso bo babatsehang. O re: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”—Esaia 46:10; Tšenolo 21:5.

Pefo ea Lelapa

“Mohlomong, bonyane palo e nepahetseng ea bana ba tšoeroeng hampe le ba lahloang ka selemo U.S. ke 1 000 000,” kamoo ho bolelang tlaleho e entsoeng ke Setsi sa Sechaba sa Tšoaro e Mpe le ho Lahloa ha Bana. “The New York Times” e tlaleha hore United States basali ba limillione tse peli ho ea ho tse tšeletseng baa shapuoa ’me bonyane halofo ea millione ea batho ba tsofetseng e tšoaroa hampe ke litho tsa lelapa; ho tlalehoa hore “karolo ea 20 lekholong ea mapolesa a shoang a le tšebetsong le karolo ea 40 lekholong ea likotsi,” li bakoa ke likhang tsa lelapa tse befileng.

Lipalo tse kang tsena li se li tloaelehile, hoo batho ba bangata ba ke keng ba utloisisa seo li se bolelang. Ka lebaka le le leng, lipalo-palo tse joalo li bontša hore ntho ea bohlokoahali likamanong tsa batho—lelapa—e-ea tsekoloha. Ho phaella moo, li phethahatsa boprofeta ba Bibele bo sa foseng ba hore “batho e tla ba baithati, . . . ba sa utloeng batsoali a bona, . . . ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō.” Pefo e phahameng ka lapeng le hohle, hammoho le mathata a mang a thata ho pota lefatše, e paka hore re phela “mehleng ea qetello” ha ‘linako tse thata ho sebetsana le tsona’ ka sebele li le mona.—2 Timothea 3:1-3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela