Ba Pelo li Ratang ba Spain ba Etsa “Mohlolo”
LIPAKI TSA JEHOVA li ’nile tsa bolela Spain ho tloha ka 1919. Ka 1936 ha qhoma ntoa ka har’a naha ’me mosebetsi oa tsona oa emisoa ho tu. Ba boholong ba nka ofisi ea lekala e nyenyane ea Watch Tower Society e Madrid ’me ba nka mechine e hatisang ka likhoka. Bopula-maliboho, kapa baboleli ba nako e tletseng, ba tsoang linaheng lisele ba tlameha ho baleha naheng e le ho qoba ho ea teronkong. Mathoasong a selemo sa 1939 General Franco o ne a hlōtse ntoa ’me puso ea bohatelli ba K’hatholike ea sebelisoa. Phutheho feela ea bolumeli e neng e lumelletsoe ho sebetsa ka molao le phatlalatsa e ne e le Kereke ea Roma e K’hatholike. Tokisetsong e joalo, na Lipaki tsa Jehova li ne li tla ke li khone ho ema hape ka maoto a tsona?
Ho lihlopha tse qalikaneng tsa Lipaki tsa Maspanishe morao koo, ho khutla ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala. Empa ka 1970, kamor’a lilemo tse 34 tsa mosebetsi oa sekhukhu, “ho tsamaea ka tlas’a lefatše,” qetellong Lipaki tsa Jehova tsa fuoa tokelo ea molao Spain. Kamor’a phuputso e khutšoaane, tsa fumana moaho o monyenyane Barcelona o neng o tla sebeletsa e le ofisi e bohareng le lelapa la Bethele bakeng sa basebetsi ba tsona ba ntlo-khōlō. Lelapa la Bethele la pele le ile la qala ka litho tse 12 feela. Ka 1972, ha moaho o nchafalitsoeng o ne o neheloa ke N. H. Knorr (eo e neng e le mookameli oa Watch Tower Society ka nako eo), ho ne ho e-na le palo-hare ea Lipaki tse 15 668 tse bolelang khoeli le khoeli Spain. Lilemo tse ’ne hamorao, palo eo e ile ea imena habeli ho feta 36 000! Meaho ea Bethele Barcelona e ne e se e le menyenyane haholo bakeng sa litlhokahalo tse teng. Empa ke hokae moo ho neng ho ka fumanoa setša se seholo bo lekaneng?
Bothata bo bong e ne e le melao ea sebaka. Ka tloaelo, sebaka se itseng se sebelisetsoa mesebetsi e meholo ea khoebo kapa bolulo. Ho neng ho hlokahala e ne e le sebaka se neng se ka sebelisetsoa merero eo ka bobeli, kaha litho tsa lelapa la Bethele tse sebetsang fektring, moo ho teeloang le liofising le tsona li lula sebakeng seo. Ha fuputsoa hohle ka har’a naha bakeng sa sebaka se loketseng seo ho ka hahuoang ho sona kapa mohaho o seng o ntse o le teng o ka lokelang ho atolosoa kamoso. Likhoeli le lilemo tsa ’na tsa feta ho se katleho ea letho.
Qetellong ka 1980 lefito la fasolloa. Moaho o moholo oa fektri e mapheo a mahlano oa fumanoa hoo e ka bang lik’hilomithara tse 24 hole le Madrid, mathōkong a motse oa Ajalvir. Mohaho o ne o ntse o batla o le mocha ’me o felile ka lehlakoreng le leng, ’me ba boholong moo ba ne ba rata ho lumella sebaka sa bolulo le sa mesebetsi e meholo moo. Empa pharela e le chelete.
Baena ba ne ba tla Arabela Joang?
Ka lilemo tse fetang 30 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, U.S.A., e ne e thabetse ho thusa Spain ka lichelete tse sa lefuoeng bakeng sa mosebetsi oa ho bolela. Empa ka baka la litšenyehelo tse boima, ka baka la katoloso e ntlo-khōlō Brooklyn ka nako eo, Mokhatlo o ne o sitoa ho thusa mehaho ea Bethele e mecha e Spain ka lichelete. Haeba Spain e ne e tlameha ho ba le moaho o mocha oa lekala, Lipaki tsa Maspanishe li ne li tlameha ho itšehetsa ka lichelete. Ena e ne e le teko e ncha ea tekanyo e khōloanyane ho feta ntho leha e le efe eo ho kileng ha kopanoa le eona pele tšimong ea Spain. Bonneteng, ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala hore baena ba Maspanishe, ka meputso ea bona e fokolang haholo, ba ka nehelana ka lichelete tse lekaneng ho lefella mohaho ona.
Empa u ka ’na ua hopola se ileng sa etsoa ha Baiseraele ba mehleng ea Moshe ba ne ba fuoa tokelo ea ho haha tabernakele bakeng sa borapeli ba Jehova. Moshe o ne a itse ho Baiseraele: “Ntšang ho tsa lōna seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ea hae e ratang, a ke a tlise se abetsoeng Jehova.” Ka boithaopo ba fana ka gauda, silevera, mahakoe a bohlokoa le lintho tse ling. (Exoda 35:5-9) Ka ho tšoanang, taba ena e ile ea tekoa ka pel’a liphutheho tse 751 Spain. Tlhokahalo e ne e hlalositsoe ka ho hlaka naheng eohle likopanong tsa setereke tsa 1980. Karabelo e bile efe?
Qetellong ea likopano, batho ba ne ba entse mekoloko ho ea nehelana ka mabenyane a bona, gauda le masale a silevera le lipetja, e le hore tsena li ka fetoloa chelete e tla lefella mohaho ona o mocha. Kopanong e neng e le San Sebastián naheng ea Basque, khaitseli ea tsofetseng a tlisa sepetja se boima sa gauda. Ha a botsoa hore na o tiile o nehelana ka ntho ea bohlokoa hakaalo, a arabela: “Moena, se tla etsa mosebetsi o molemo o moholo bakeng sa Bethele e ncha ho feta seo se se etsang letsohong la ka!”
Banyalani ba bacha ba nehelana ka chelete eo ba neng ba e reretse leeto la bona la pele ba nyalane. Khaitseli ea tsofetseng a tlisa qubu ea chelete ea lipampiri e mongobo le e nkhang hlobo eo a neng a e patile ka lilemo tlas’a fuluru ha hae.
Ha libeke li ntse li feta, banna le basali, bana le maqheku, barui le mafutsana, ba nehelana ka pelo e ratang e le hore Spain e ka ba le mehaho e mecha e hlokahalang ea Bethele. Esita le bo-pulamaliboho ba khethehileng, ba fumanang litsianenyana feela ka khoeli, ba etsa meneelo. Ka mohlala, banyalani ba bang ba tela leeto la bona la ho ea United States ’me ba nehelana ka chelete ea tekete ea bona. Bana le bona ba ile ba rōmela meneelo ea bona ofising ea lekala. E mong ea lilemo li leshome o itse: “Ke letsibolo la bana ba bahlano, ’me re utloile tlhahiso ea ho rōmela chelete bakeng sa Bethele e ncha. Re rata ho nehelana ka seo re se bolokileng lebokoseng la rōna la chelete. Le hoja e le nyenyane, re lumela hore e tla sebeletsa ho reka ho hong.”
Bacha le bona ba iketsa khokanyan’aphiri ka litsela tse fapa-fapaneng e le hore ba ka fumana chelete eo ba ka e rōmelang Mokhatlong. Ba bang ba etsa lipopi ’me ba li rekisa. E mong a thonaka maratha a lilepe mabenkeleng a babetli ba mapolanka ’me a a rekisa. Mocha e mong ea neng a bolokela ho reka katara a nehelana ka chelete eo bakeng sa mohaho oa Bethele.
Liphephetso tse Ncha tse Lokelang ho Khahlametsoa
Baena ba Maspanishe ba ile ba arabela hamolemo hoo ba ileng ba hlōla bothata. Moaho oa fektri o ile oa rekoa ka Mphalane 1980. Empa ho ne ho e-na le liphephetso tse ncha. Moaho o sa felang joale o ne o hloka ho nchafatsoa le ho phethoa. Matlo a arohileng a moo ho luloang a ne a lokela ho hahuoa. Konteraka ea lebotho la baithaopi e ne e lokela ho theoa. Ho ne ho hlokahala litsebi bakeng sa ho etsa lipolane, boenjeniere, moaho, motlakase le tsa mosebetsi oa ho kenya lipompo. Pele, hona hohle ha bonahala ho ke ke ha etsahala. Empa e ne e le teko e tšoanang le eo Moshe a ileng a tobana le eona ha ho hahuoa tabernakele. Ka hona ha tsoa pitso ena bakeng sa baithaopi: “Banna bohle ba masene ba har’a lōna ba tle ba tle, ba sebetse tsohle tseo Jehova a li laetseng.” (Exoda 35:10) Joale ho ne ho hlokahala litsebi bakeng sa ho hahuoa ha Bethele, ’me ha bitsoa joalo basebetsi ba ratang.
Pula-maliboho e mong ea khethehileng oa moenjeniere, a bitsoa le mosali oa hae le ngoana, ho tla sebetsa ka lilemo tse ’maloa. Moena ea tsoang Madrid eo e leng setsebi sa meaho le eena a nehelana ka litšebeletso tsa hae boemong bo botle ba ho laola konteraka. Setsebi sa meaho Barcelona seo e seng Paki sa utloa ka mohaho ona o moholo ’me se ile sa susumelletseha ho ithaopela ho sebetsa ka mafelo-beke a itseng. Leha ho le joalo, ke litsebi tse seng kae feela tse joalo tse fumanehang har’a Lipaki tsa Jehova Spain. Empa thuso ea litsebi ea boetse ea hlaha kantle ho Spain. Baena ba tla ba e-tsoa linaheng tse ngata—Greece, Jeremane, Sweden, Great Britain, le United States, ho bolela tse seng kae feela.
Leha ho le joalo, ho ne ho sa hlokahale litsebi tse pelo li ratang feela, empa baithaopi ba makholo ba tlang ho tla lula le ba nakoana ba ne ba hlokahala bakeng sa ho hlokomela mosebetsi o moholo oa lipotomane, esita le mosebetsi oa lehae—ho pheha, ho hlatsoa le ho hloekisa. Lipaki tsa arabela joang? Feela joalokaha Baiseraele ba ile ba arabela ka lipelo tse ratang—Exoda 35:20-35.
Nakong ea lilemo tse tharo tse neng li hlokahala hore ho phethoe morero ona, Lipaki tse likete tse tsoang hohle Spain tsa ithaopela ho ea thusa Ajalvir ka nako e tletseng kapa ka mafelo-beke le ka matsatsi a phomolo. ’Me thuso ea tsona e ntle le mohlala li sebelelitse ho fana ka bopaki. Joang? Ka nako ea likhoeli tse leshome, beng ba fektri ba pele ba ne ba ntse ba sebelisa mapheo a mabeli a mohaho ha Lipaki li ntse li sebetsa setšeng sohle. Beng ba sona ba pele ba ne ba hlolletsoe ke cheseho le boitšoaro ba baena hoo ba ileng ba amohela leano la feme la hore bahiruoa bafe kapa bafe nakong e tlang e tlameha hore e be Lipaki—’me ba le khomaretse.
Ho Finyelletsoe “Mohlolo”
Mafelong a 1982 ho ile ha beoa letsatsi bakeng sa ho phethoa ha mehaho e mecha ea Bethele—la 9 Mphalane, 1983. Ha likhoeli li feta ka potlako, pelaelo ea e-ba teng. E ne e le ntho e ’ngoe ho fumana sebopeho sa mohaho le mohaho oa bolulo hore li shebahale joaloka moaho oa Bethele, empa ho qeta makolopetso a likete e ne e le taba e fapaneng. Ho fihlela bosiu ba Moqebelo, la 8 Mphalane, baithaopi ba ne ba ntse ba sebetsa ho ala ’mabole phasejeng le ho e koahela ka siling e benyang. Empa, hoseng ha la 9 Mphalane—letsatsi la khakolo—moo, holim’a leralla ho bohiloe pono ea sebele ea Castilia ka bofubelu ba eona ba hoetla ba tšepe e mebala-bala, ho ne ho eme moaho oa Bethele o khanyang ka bosoeu le ka boputsoa har’a mohloa o motalana le lipalesa tse mebala-bala.
Makholo a baeti ba tšolohang ba tsoa Spain le linaheng tse ling a ne a maketse. Ke mang ea neng a ka lumela hore phutheho eo ho neng ho bonahala e timelitsoe le e neng e sebetsa ka sekhukhu ho fihlela ka 1970 e ne e ka ba le ntlo-khōlō e ntle hakaalo kamorao ho lilemo tse 13 feela! Ntle ho pelaelo, Jehova o ne a phethahalitse mantsoe a hae ka moprofeta Esaia: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”—Esaia 60:22.
Lenaneo la qala hantle haholo ka liphihlelo le lipolelo tsa mehoke e phetseng har’a liteko tsa bo-1930 le baromuoa ba kileng ba sebeletsa Spain. Ha hlahlama mookameli oa Watch Tower Society, F. W. Franz, a fana ka puo ea khakolo le khalaletso, puo ena e ne e sa mameloa ka hloko feela ke ba 956 ba neng ba le teng Bethele e ncha empa hape ke ba fetang 62 000 mabaleng a lipapali a fapaneng a 12 a hokahantsoeng ka mehala ho potoloha naha. Ka menehelo ea bona le mosebetsi oa bona oa boithaopo, boholo ba ba neng ba le teng ba ne ba ntšitse menehelo moahong ona oa Bethele o mocha o motlehali. Nakong ea lilemo tsa mosebetsi o thata, ka ’nete ba ne ba e-na le boikutlo bo botle ba mantsoe a Morena Salomone ea bohlale: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” (Pesaleme ea 127:1) Ka tlhohonolofatso ea Jehova ba bile har’a ba pelo li ratang ba entseng mohlolo ’ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Bethele ea Spain e nkuoe foto moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Makasine oa pele oa “Tsoha!” ka Sepanishe o hatisoa mochining oa M.A.N.