Ho Qoba ho ‘Phela ka Sabole’—Ke Tšireletso
“BUSETSA sabole ea hao selateng sa eona”! Taelo ena e tiileng ea Jesu e tlile nakong eo tšebeliso ea likhoka e neng e bonahala hore ke oona mokhoa feela o nepahetseng. Ka pel’a Jesu ho ne ho eme “sehlopha se seholo, se tšoereng lisabole le melamu,” se batla ho mo tšoara le ho mo bea tlas’a molao o sothiloeng. E mong oa barutuoa ba Jesu a hula sabole, a ikemiselitse ho mo sireletsa ka likhoka. Na u ne u ka mo bea molato ka hoo?
Leha ho le joalo, Jesu o ne a ke ke a ba le karolo pefong e joalo. Ha a laela Petrose hore a bee sebetsa sa hae, a hlalosa: “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole. Kapa na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ’nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetang?”—Mattheu 26:47, 52, 53.
Ka ho tšoanang le kajeno Bakreste ba ikhula ho tšepeng libetsa tse kang lithunya le lithipa—esita le ‘mehleng ena e kotsi e thata ho sebetsana le eona.’ (2 Timothea 3:1) Ba nka taelo ea Bibele ka ho teba ea ho ‘tea lisabole mehoma,’ ’me ha ba batle ho ntša bahabo bona kotsi. (Esaia 2:4) Kaha ha ba nke libetsa ka merero ea ho itšireletsa, ho e-na le ho befa ba sekametse haholo ho lekeng ho beelana mabaka le batho ba neng ba ka ba ntša kotsi. Ba latela keletso ena: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Ba-Roma 12:18) Leha ho le joalo, ka mehla ha ho bonolo ho hana ho ‘phela ka sabole.’ Ho ka ’na ha hlaha maemo a lekang ka matla takatso ea Mokreste ea ho ‘lula ka khotso le batho bohle.’
Sena ke se etsahetseng sechabeng sa Afrika lilemong tse seng kae tse fetileng. Sechaba sa tsekisana puso. Sechaba sa loantšana, ka litlhaselo tse aparetseng tsa likhukhuni. Ka baka leo baahi ba qobelloa ho kenela sesole sa tšireletso. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba hatelloa ka matla ke batho bahabo bona hore ba kenele bokhukhuni. Ka sebele, ka linako tse ling baahi ba ne ba tsieleha pakeng tsa lithaothe tsa likhukhuni le masole a ’muso a neng a hlokofatsa mang le mang ea thusang likhukhuni.
Pefo ea qala ho senya naha. Banyalani ba bo-pula-maliboho ba hopola hore kotsi ea ho hlaseloa e ne e le haufi hoo, ha ba ne ba tsamaea ka koloi tšebeletsong ea tšimo, ba ne ba bea mekotlana ea bona ea libuka lifubeng tsa bona le lemati la koloi e le mokhoa oa ho thibela likulo. Empa ha ba qobile kotsi, banyalani ba tsofetseng bao ba neng ba ile ba ba etela ba oeloa ke kotsi. Monna o ile a thunngoa a shoa. Lelapa le leng leo ba ileng ba le etela, ntlo ea Iona le lintho tse kahare li ile tsa chesoa ke likhukhuni ka bosiu bo bong. (Lelapa lena hamorao le ile la ngolla Watch Tower Society ’me la kōpa buka ea eona, e loketseng e nang le sehlooho, Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?)
Moeeng o joalo o qholotsang maikutlo, ha ho makatse hore ba bangata ba ne ba rata ho nka mehato ea ho hlasela hore ba itšireletse. Ba joalo ba bea mabaka, ‘Na motho o lokela ho ema feela ’me a itlohelle kapa a tlohele lelapa la hae le bolaoe?’ Ba bangata ba qala ho nka libetsa. ’Me Lipaki tsa Jehova sechabeng se joalo se harasoantsoeng ke ntoa tsa ipotsa hore na li lokela ho etsa eng.
Ho Tobana le Tšoso ea Teronko
Lipaki tsa Jehova hohle tsa fihlela qeto e kopaneng: ho ema li sa nke lehlakore ka ho feletseng ntoeng e loantšanang le ho khaotsa ho nka libetsa tse kotsi. Empa na qeto ee e ne e se ea booatla—e kotsi? Liphihlelo tsa tsona li hatisa ho nepahala ha qeto ea tsona.
Mohlankana e mong ea bitsoang Tony pele o ne a sebelelitse sesole. Leha ho le joalo, hoba e be Mokreste, a etsa qeto ea hore a ke ke a ‘phela ka sabole’ ka letsoalo le khutsitseng ’me a ntše batho ba bang kotsi. Ka hona ha a biletsoa hape sesoleng a hana, ’me a ahloloa. Nakoana kamor’a moo a bitsoa hape, ’me lekhetlong lena a ahloleloa likhoeli tse tšeletseng teronkong. A bitsoa hape ka lekhetlo la boraro ’me a ahloleloa likhoeli tse leshome teronkong. Leha ho le joalo, a ipiletsa ka kahlolo ena lekhotleng le phahameng. Ka lilemo tse peli tse latelang o ne a kena a e-tsoa lekhotleng, nako le nako a itokisetsa ho arohana le mosali oa hae ka likhoeli tse leshome. A hlalosa: “’Na le mosali oa ka re ile ra lumelisana ka makhetlo a 13 ka lilemo tse peli, empa nako e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho etsahala ntho e ’ngoe ho liehisa ho phethahala ha kahlolo.”
Khabareng, eena le mosali oa hae ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me a fuoa litokelo tsa boruti. Empa molao oa ’na oa mo hloka hore a sebetse kahlolo ea hae ea likhoeli tse leshome. Qetellong a amohela lengolo le mo fang kahlolo e fanyehiloeng haeba a ka lumela hore o molato. Tony a hlalosa: “Ka ba bolella hore nke ke ka ho etsa hoo, kaha ke ne ke se na molato.” A itokisetsa ho ea teronkong. Ho makaleng ha hae ha tla lengolo le bolelang hore baahloli ba Lekhotla le Phahameng ba qhalile nyeoe ka mabaka! Tony a ikutloa a hlohonolofalitsoe ka ho qoba ho ‘phela ka sabole.’
Bakreste ba bangata, leha ho le joalo, ba ne ba le tlas’a letoto le bonahalang le sa fele la likahlolo tsa teronko. Ha ba qeta ho lokolloa feela ba ne ba biletsoa sesole hape, ’me lebili la nyeoe tsa lekhotla le teronko le qale hape. Nahana feela hore na e ne e le bothata bo bokaakang ho banna ba nyetseng ba nang le bana! Leha ho le joalo, ba bolokileng ho se nke lehlakore ha bona ha ba ka ba sireletsoa feela pefong e sehlōhō ea ntoa e loantšanang ka har’a naha empa hape ba ne ba khona ho ba “le letsoalo le letle” pel’a Jehova.—1 Petrose 3:16.
Ho Sireletsa Lelapa la Hao—Ntle ho Libetsa!
Ho hana ho kopanela pefong ho ipakile e le lehlohonolo lapeng la monna ea bitsoang Will. Eena, mosali oa hae le bana ba bahlano ba ne ba e-na le polasi lik’hilomithara tse ka bang 64 ho tloha toropong. Ho ea libokeng le ho ea khoebong e ’ngoe ha pepesetsa lelapa lena kotsing e khōlō. Ho ne ho bonahala e le teko ho tšepa ho itšireletsa ka lihlomo. Leha ho le joalo, Will o ne a se a ile a latsoa mahlohonolo a ho itšetleha ka Jehova. Lilemong tse fetileng e ne e le molemi oa koae ea atlehileng. Ha a ithuta ka har’a maqephe a Molula-Qhooa hore mosebetsi o joalo o ne o sa loka bakeng sa Mokreste, a nka bohato bo sebete ba ho retelehela lijalong tse ling. Baahisani ba ile ba tšoha qeto ena e bonahalang e le bothoto. Leha ho le joalo, boemo bo botle ba leholimo—esita le nakong e mpe ea selemo—ba mo thusa ho atleha mosebetsing oa hae o mocha. Baahelani ba makala! ’Me Will le lelapa la hae ba latsoitse tšepiso e tsoang ho Molimo ka ho toba ea hore o ne a ke ke a ‘tlohela kapa a lahla’ bahlanka ba hae.—Ba-Heberu 13:5.
Ha ntoa e qala, Will a tobana le teko e ’ngoe ea botšepehi ba Bokreste. Empa a matlafalitsoe ke phihlelo ea hae e fetileng, a etsa qeto ea hore a ke ke a nka sethunya. Ho e-na le hoo, a khetha ho ea hirela mosali le bana ba hae ntlo toropong e le hore sekolo le liboka tsa Bokreste har’a beke li be haufi, ’me ba ne ba ke ke ba tsamaea lik’hilomithara tse 177 tsatsi le leng le le leng har’a sebaka se kotsi joalo.
Ka bosiu bo bong ha ba le sieo sehlopha sa likhukhuni sa pshatla ntlo ea bona ea polasi ’me sa utsoa lintho tse ling tsa bona. Empa, ka ho makatsang, ha lia ka tsa chesa ntlo kapa tsa etsa tšenyo e mpe ea thepa. Hobane’ng? Likhukhuni li ile tsa bolella basebetsi ba polasi ea Will hore lia tseba hore “Base Will” ke e mong oa Lipaki tsa Jehova le hore ke monna ea molemo ea tšoarang basebetsi ba hae hantle! Boitšoaro ba hae ba Bokreste bo ipakile e le bo matla hakaakang ho feta ho itšetleha ka libetsa tse kotsi!
Mohloli oa Sebele oa Tšireletso
Liphihlelo tse kang tsena li totobatsa ’nete ea hore Jehova o hlohonolofatsa Bakreste ba sa nkeng lehlakore le ba qobang ho ‘phela ka sabole.’ Ke ’nete, ka linako tse ling Jehova o lumella e mong oa bahlanka ba hae hore a shoe, joalokaha molebeli oa potoloho naheng eo a ile a bolaoa. Leha ho le joalo, ho molemo ho shoa u bontša ho itšetleha ka Jehova ka ho tletseng ho feta ho lumella ho tšaba motho hore ho buse tsela ea rōna. (Mattheu 10:28) Linako tsena tse mpe ha lia lokela ho re etsa hore re ‘phele ka sabole’ kapa ho tšepa ho ipholosa ka libetsa tse kotsi ka tsela efe kapa efe. Bibele e-ea re tiisetsa: “Ho tšaba batho ho isa sefing; empa ea tšepang Jehova o beiloe phahameng [“o tla sireletsoa,” NW].”—Liproverbia 29:25.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 16]
Bakreste ba nka taelo ea Bibele ea ho ‘tea lisabole mehoma’ ka ho teba
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 17]
“Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle”