Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 8/15 maq. 24-28
  • Ho Kopana Borapeling Tlas’a Molisa oa Rōna oa Morena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kopana Borapeling Tlas’a Molisa oa Rōna oa Morena
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopana Borapeling
  • Ho Hlokomela Morena
  • “Selekane sa Khotso” sa Jehova
  • “Ke Tla ba Etsa Sechaba se le Seng”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • “Ba Tla Tseba Hoba Ke ’Na Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ke Tla li fa Molisa a le Mong”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 8/15 maq. 24-28

Ho Kopana Borapeling Tlas’a Molisa oa Rōna oa Morena

“Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ea nka bana ba Iseraele. . . . Eo e tla ba morena oa bona e tla ba morena a le mong.”—EZEKIELE 37:21, 22.

1, 2 (a) Lifate tse peli tsa Ezekiele 37:16 li emela’ng? (b) Ho etsahetse’ng ka “lifate” tsee tse peli?

RE RE bonngoe ba ’Muso. ’Me hona ho lumellana hantle le karolo ea ho qetela ea khaolo ea 37 ea boprofeta ba Ezekiele. Temaneng ea 16 mono, Jehova o bolella Ezekiele hore a nke lifate tse peli. Ho se seng a ngole, “Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le eena.” ’Me ho se seng a ngole, “Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ea Iseraele ba kopaneng le eena.” Lifate tsee li emela eng?

2 Li emela likarolo tse peli tsa ‘muso oa Iseraele, o ileng oa arohela ho Juda ka boroa le Efraime ka leboea. O mong le o mong ka nako ea oona oa ea kholehong—’muso o ka leboea ka 740 B.C.E. ’me ’muso o ka boroa ka 607 B.C.E. Empa ka 537 B.C.E. masala a tsoang melokong eohle e 12 ea Iseraele a khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa borapeli bo kopaneng ba Jehova. Hoo ho bontšoa joang boprofeteng ba Ezekiele?

3. Joalokaha ho bontšitsoe ho Ezekiele 37:19, ho tlameha ho buse eng har’a batho ba Molimo ba tsosolositsoeng?

3 Mamela mantsoe a Jehova ho Ezekiele, temaneng ea 19:

“U re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla nka sefate sa Josefa se letsohong la Efraime, le meloko ea Iseraele e kopaneng le eena, ke li bee ho se seng, e leng sefate sa Juda; ke tla li etsa sefate se le seng, li etse sefate se le seng letsohong la ka.”

Bonngoe bo tlameha ho busa har’a batho ba Jehova ba tsosolositsoeng!

Ho Kopana Borapeling

4. Ezekiele 37:21 e phethahalitsoe joang (a) ka 537 B.C.E.? (b) mehleng ea kajeno?

4 Batho ba Molimo ha ba sa tla hlola ba aroloa lichaba tse peli, ka ba tšepahalang ba arotsoeng pakeng tsa mebuso, o ka leboea le o ka boroa, empa ha e le hantle e ne e tla ba “sechaba se le seng lefatšeng.” Ezekiele o bua mantsoe a tšelisang ho bona, joalokaha a laetsoe ke Jehova:

“’Me u tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ea nka bana ba Iseraele lichabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka ’nqa tsohle, ke ba busetse naheng ea bona. . . . Eo e tla ba morena oa bona e tla ba morena a le mong.” (Ezekiele 37:21, 22)

Feela joalokaha mantsoe ana a ile a phethahatsoa ho masala a kopaneng a Iseraele ha ba khutla kholehong ka 537 B.C.E., le masala a tsosolositsoeng a Lipaki tse tlotsitsoeng a mehleng ea kajeno a ile a latsoa thabo ea ho kopana naheng ea bona ea paradeise ea nala ea moea.—Bona hape Ezekiele 36:33-36.

5. Batho ba Molimo ba hloekisitsoe litšileng joang?

5 Ka nako e tšoanang, batho ba Molimo ba hloekisitsoe litšileng tsohle tsa moea tse bakiloeng ke ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Satane, “Babylona e moholo.” (Tšenolo 17:5; 18:2, 4) Ho lokoloha ha bona lithutong le meetlong ea bolumeli ba bohata ke phethahatso e khōlō kajeno ea boprofeta bo ileng ba sebetsa ka tsela e nyenyane ho Iseraele oa khale ha e khutlisoa kholehong Babylona oa sebele:

“Ha ba sa tla itšilafatsa ka litšoantšo tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikhantšo eohle ea bona; ke tla ba ntša meahong eohle ea bona eo ba sitiloeng ka eona, ke ba hloekise, ’me e tla ba sechaba sa ka, ’na ke be Molimo oa bona.”—Ezekiele 37:23.

6. (a) Ke hobane’ng ha Iseraele oa moea hona joale e thabela botsoalle bo haufi le Molimo oa eona? (b) Re tlameha ho hlokomela bonngoe bofe, esita le haeba e mong a kheloha ’neteng?

6 Batho ba Jehova ba tsosolositsoeng ba lahlile manyala a litšoantšo tsa bolumeli ba Bojakane le ba bohedene. Ha ba sa rapela libōpuoa kapa ho latela meetlo ea bolumeli ba lefatše, e kang ho hlokomela “matsatsi a phomolo” a hlomphollang Molimo. Borapeli ba bona ha bo lebisoe ho melimo e meraro ho o le mong, ho bitsoang hore ke hlooho ea molimo oa sephiri sa Boraro-bo-bong, empa ba kopane e le batho ba le bang ba rapelang Molimo o le mong, Jehova. Ba rorisa Morena ’Musi oa bokahohle ba kopane, ’me hona ho ba tlama hammoho bonngoeng bo sa tsejoeng ke batho bafe kapa bafe holim’a lefatše! (Esaia 52:8) Esita le haeba ea neng a ntse a kopanela a hlahisa letsoalo le khopo, a kheloha sehlopheng sa ’nete se fanoeng ke Jehova, re ema re kopane le phutheho ea Molimo mosebetsing oa eona le kamanong e haufi ea bohlokoa le Molimo oa rōna.—Liproverbia 3:32; Ba-Heberu 10:22, 23.

Ho Hlokomela Morena

7. Ho phaella borapeling ba ’nete, batho ba Molimo ba tšepisitsoe matla afe a mang a kopanyang?

7 Ha Iseraele oa boholo-holo e khutlisetsoa “lefatšeng” la eona, borapeli ba ’nete e bile matla a ba kopanyang. Empa ’muso o ne o sa tsosolosoa. Ke hobane’ng he ha Jehova ho Ezekiele khaolo ea 37, litemana 22 le 24, a bua ka “morena” oa bona? Litemana tsa 24 le 25 li baleha tjena:

“Mohlanka oa ka Davida e tla ba morena oa bona, e be molisa oa bona bohle; ba tla tsamaea ka litaelo tsa ka, ba boloke likomelo tsa ka, ba li etse. Ba tla aha lefatšeng leo ke neng ke le nee mohlanka oa ka Jakobo, leo bo-ntat’a lōna ba neng ba ahe ho Iona: ba tla aha ho Iona, e le bona, le bara ba bona, le litloholo tsa bona ka mehla; ’me mohlanka oa ka Davida e tla ba morena oa bona ka mehla.”

8. (a) Ke hobane’ng ha litemana tsee li tlameha ho sebetsa ho Iseraele oa moea? (b) Re ka qoolla nako ea ho phethahala joang?

8 Karolo eo ea boprofeta ha ho mohla e kileng ea phethahatsoa Iseraeleng oa nama, kapa hona hore e tla ke e phethahatsoe le ka mohla. Ka baka leo e tlameha e be e sebetsa ho Iseraele oa moea. Empa neng? Ke neng morena “eo kahlolo e leng ea hae” a ileng a lula hape teroneng ea Davida? Hona ho etsahetse ha ho fela “mehla ea lichaba” ka selemo sa kajeno sa 1914. Ha ho fela Mehla ea Balichaba, ‘Mebuso ea lefatše ea fetoha ’muso oa Morena oa rōna,’ Jehova, ea “tla busa ka ho sa feleng,” le “oa Kreste oa hae,” Ea neng a tšoantšetsoa ke Davida.—Ezekiele 21:26, 27; Luka 21:24; Tšenolo 11:15.

9. Ke lintho life tse peli tse sebeletsang e le tsa sebele tse kopanyang kajeno?

9 Ka hona, kajeno hase feela hore rōna Lipaki tsa Jehova re kopantsoe ke borapeli ba ’nete le hoja borapeli boo e le ba bohlokoa hakaalo—empa re boetse re kopane ka ho bokanngoa tlas’a “Morena” oa rōna! Borapeli ba rōna le ’Muso ke ntho ea sebele ho rōna. ’Me ka bobeli li sebeletsa ho re kopanya boeneng ba rōna lefatšeng ka bophara.

10. (a) Re nka Molisa oa rōna eo e leng Morena joang? (b) Re etsa “litaelo” tsa Jehova joang?

10 Re rata Morena oa rōna hakaakang! Ho rōna bohle ke ‘molisa a le mong’—Molisa ea molemo ea re isang metsing a bophelo bo sa feleng. O tseba e mong le e mong oa rōna ka lebitso ’me o thahasella ho re bitsetsa kantle le ho re isa makhulong a moea a matala. Empa joaloka linku tsa mohlape, re tlameha ho lula re kopane, ‘re tsamaea ka litaelo tsa Jehova.’ Re tlameha ho ipoloka re arohile likarolong tsena tse latelang tse tharo tsa phutheho ea Satane: lipolotiki tsa eona tse senyehileng, khoebo ea eona e meharo le bolumeli ba eona ba litšoantšo. Bonngoeng bo kang ba Jesu le barutuoa ba hae ba pele, re bontša hore ‘ha re karolo ea lefatše.’ ’Me hona ho akarelletsa ho hanela boitšoaro bo hlephileng ba lefatše. (Johanne 17:14, 16, 20, 21; 18:36) Ha hoa tlameha ho ba le likarohano har’a rōna, ha re ntse re boloka likomelo tsa Jehova ’me ‘re li etsa.’

11. Tsela ea rōna ea bophelo e fapane joang le ea balumeli ba lefatše?

11 Tsela ee ea bophelo e fapane hakaakang le ea bolumeli ba lefatše! Ka bona, hangata, ntho efe kapa efe e lokile. Ba lumella mokhatlo o hlephileng ka boitšoaro ba oona bo litšila. Hangata ba na le litekanyetso tse fapaneng bakeng sa likarolo tse fapaneng tsa lefatše. Ka mohlala, linaheng tse tsoetseng pele, ba batla ba khomarela tokisetsong ea monna a le mong le mosali a le mong; libakeng tse ling ba lumella ba ntseng ba khomaretse ho ba le basali ba bangata, le ba ratang ho ba litho. (Bapisa Mattheu 19:4-6; 1 Timothea 3:2, 12.) Empa rōna ba kopaneng tlas’a Kreste, Molisa eo e leng Morena, re latela likomelo le melao-metheo ea Bibele likarolong tsohle tsa lefatše. ’Me ha lichaba li ea ntoeng, re hana ho bolaea baena ba rōna ba sechaba se seng, hobane mantsoeng a Esaia ho thoe ka rōna: “Ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:3, 4.

12. Re ipontša joang hore re bonngoeng, “joale ka linku tse har’a lesaka”?

12 Bonngoe bona ba masala a Baiseraele ba moea bo boetse bo profetiloe ka bokhabane ke lengolo la Mikea 2:12, moo Jehova a reng: ‘Ke tla ba bea hammoho joale ka linku tse har’a lesaka, joale ka mohlape o har’a makhulo; e tla ba lerata la batho.’ (NW) Sena ke seo re se bonang likopanong tsa batho ba Jehova: Ba likete ba mametse ka hloko, ka khutso, ba thahasella ho utloa lentsoe le leng le le leng ha re ntse re fula tlas’a bolisa ba Jehova le Molisa oa hae oa Morena. Ba bochabela, ba batšo, ba basoeu—masala a tlotsitsoeng le “linku tse ling”—bohle ba kopane tsamaisong ena. Liphutheho tsa rōna, likopano tsa rōna, liboka tsa rōna tsa phutheho, li fana ka bopaki bo ke keng ba latoloa hore bonngoe ba ’Muso ke ntho ea sebele ka kakaretso kajeno!

13. Mohlape o bile le ‘lerata la batho’ joang?

13 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mantsoe a Mikea, ‘e tla ba lerata la batho’? Re ba le phihlelo efe pele le kamor’a liboka le likopano tsa rōna? Lerata la kopano e thabileng, joaloka meqoqong e thabileng re arolelana thabo ea botsoalle ba rōna ba Bokreste le ho bua ka tšebeletso ea rōna ho Molimo oa rōna. ’Me phutheho lefatšeng ka bophara le eona e ba ‘lerata’ kahobane e eketseha e sa khaotse; ha liphutheho tse ncha li hlongoa, pina e lumellanang ea thoriso ho Jehova e hōlisa molumo lefatšeng lohle.—Pesaleme ea 96:1-3.

14. Bontša hore na ke joang lefatše le hlokomelang bonngoe ba rōna.

14 Bonngoe bona bo thabileng, ho tšoana le ba mohlape o ka sakeng, lefatše lea bo hlokomela. Ka mohlala, nakong ea Likopano tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa “Bonngoe ba ’Muso” tsa 1983, mapolesa ho la Taegu, Korea, ka letsatsi la pele a rōmela liofisiri tse 30, empa ka ho bona taolo e ntle le kamoo Lipaki li neng li laola sephethe-phethe kantle, a romela liofisiri tse peli feela matsatsing a mararo a setseng. Taejŏn, motsamaisi oa holo a tlaleha: “Lōna batho ting ho bonahala e ka le bululetsoe ho tsoa leholimong—hona ke ho babatsehang.” Eo ke polelo e fetelletseng, empa o itlhalositse! Rangoon, Burma, e mong oa komiti ea Holo ea Gandhi a hlalosa: “Haeba feela lefatše lohle le ne le e-na le mokhatlo o kang oa lōna, ho ne ho ke ke ha e-ba le mathata lefatšeng.”

“Selekane sa Khotso” sa Jehova

15. Ke khotso efe e lakatsehang e hlalositsoeng ho Ezekiele 37:26?

15 Khotso ea ’nete ke ea bao Molisa eo e leng Morena, Kreste Jesu, a ba isang lekhulong. Ke khotso e tlang le bonngoe, ’me bonngoe boo ka sebele ke ntho ea ’nete ea ’Muso har’a Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle kajeno. Ka ho babatsehang Jehova o hlalosa hona ka mantsoe a hae ho Ezekiele khaolo ea 37, temana ea 26:

“Ke tla ba etsetsa selekane sa khotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, ’me ke tla bea sehalalelo sa ka har’a bona ka ho sa feleng”!

Khotso le Molimo! Khotso e ka hlolang ka ho sa feleng, re leboha sehlabelo se lerato seo Molisa oa rōna eo e leng Morena a se entseng ha a sa le mona lefatšeng!

16. Ho ata ha “linku” ho bakiloe ke eng?

16 Kaha joale Iseraele oa moea e atisitsoe ho ba palo e feletseng ea 144 000, bongata bo boholo ba “linku tse ling” bo kopanela le eona tšebeletsong e halalelang sehalalelong sa Jehova. Ho atisa “linku” ha ho khaotse—li se li baloa ka limillione! Ka bonngoe ho pota lefatše, baboleli bana ba ’Muso ba ea ka ntlo le ntlo. Borapeli bona ba phatlalatsa ke ba sebele le bo nang le morero ho rōna, bo re khetholla re le batho ba le bang lefatšeng lohle ba thahasellang ho tsebahatsa lebitso la Jehova le ka ho bolela ’Muso oa hae ka khotso. Re thabile hakaakang ho kopanela selekaneng sa hae sa khotso!

17. (a) Jehova o fana ka khothatso efe ho Ezekiele 37:27, 28? (b) Re tseba joang hore tlhokomelo ea Jehova ha e-ea lekanyetsoa ho Iseraele oa moea feela?

17 Ho Ezekiele 37, litemana 27 le 28, re bala mantsoe a Jehova a qetellang a khothatsang mohlape oa hae o kopaneng:

“Tabernakele ea ka e tla ba holim’a bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka. Ke hona lichaba li tla tseba hoba ke ’na Jehova ea halaletsang Iseraele, ha li bona sehalalelo sa ka se le har’a bona ka ho sa feleng.”

Re thabile hakaakang hore e be tšireletso ea Jehova e khurumelitse batho ba hae joaloka tente! Kapa hona hore tlhokomelo ea hae e lerato e lekanyelitsoe ho Iseraele oa moea feela, ho bane mabapi le “bongata bo boholo” re bala hore “Ea lutseng teroneng o tla ba sireletsa.” Ha ba sa batoa ke lebatama lefe kapa lefe la khalefo ea Jehova.—Tšenolo 7:9-17.

18. (a) Jehova o ‘halaletsa Iseraele’ joang? (b) Ke joang “bongata bo boholo” le bona bo emang bo lokile ka pel’a Molimo?

18 Re boetse re thabile hakaakang hore ebe Jehova o hahile har’a Iseraele oa moea, a bea sehalalelo sa hae har’a bona “ka ho sa feleng”! Feela joalokaha setsi sena sa borapeli ba hae se halalela, ka hona le ba tlang ho tla rapela moo ba tlameha ho halalela, ba khethehe, ba khetheloe tšebeletso ea Molimo oa bona. Bakreste ba tlotsitsoeng ho buua ka bona e le ba ‘hlatsoitsoeng . . . ba halalelitsoeng . . . ba beiloeng ba lokileng ka lebitso la Morena oa rōna Jesu, le ka Moea oa Molimo oa rōna.’ (1 Ba-Korinthe 6:11) ’Me joalokaha lengolo la Tšenolo 7:9-17 le qotsitsoeng kaholimo le bontša, “bongata bo boholo” bo nang le tšepo ea lefatšeng le bona ‘bo hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, bo li soeufalitse maling a Konyana,’ e le hore bo ka ‘sebeletsa Molimo motšehare le bosiu tempeleng ea oona.’ Ke bopaki bo boholo hakaakang bo hlahang tšebeletsong eo e kopaneng ea lefatše!

19. (a) Lichaba li tla susumelletsoa ho lumela mantsoe a Ezekiele 38:23 joang? (b) Ho fihlela ka nako eo, re tlameha ho ikemisetsa ho etsa eng?

19 Leha ho le joalo, thabo ea rōna e kholohali, ha re ntse re tsoela pele ka bonngoe ba ’Muso, e tla ba ho fihla letsatsing la ho tsebahatsa Jehova. Ka hona lebitso la hae le khanyang le tla halaletsoa—le hloekisoe litšila tsohle tseo e sa leng li phaelloa holim’a Iona. Lichaba li tla susumelletseha ho pakela topollo ea batho ba lebitso la Jehova. Empa habohlokoa ka ho fetisisa, joalokaha Morena ’Musi oa rōna ka boeena a bolela: “Ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.” (Ezekiele 38:23) E se e ka re ka tiea bonngoeng ba rōna ba ’Muso, boo hona joale e leng ba sebele, ho fihlela ha lebitso la Jehova le khanyang le halaletsoa ka sebele bokahohleng bohle!

Ezekiele 37:15-28 e phethahalitsoe joang mabapi le:

◻ Ho etsa batho ba Jehova “sefate se le seng”?

◻ Ho bea ‘morena a le mong le molisa a le mong’?

◻ “Selekane sa khotso” sa Molimo le batho ba hae?

◻ Tabernakele ea Molimo “holim’a bona”?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

“Selekane sa khotso” ea Jehova se har’a batho ba hae ba kopaneng hona joale ’me se ba tiisetsa nala ho ea lefatšeng la Paradeise

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela