Bonngoe ba ’Muso ke Ntho ea Sebele Kajeno
“Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.”—LUKA 21:31.
1. Jesu o ile a profeta ka eng ho Luka khaolo ea 21?
MANTSOE a kaholimo a builoe ke moprofeta ea moholo ho bohle, Jesu Kreste. ’Me Jesu o ne a bua ka lintho life mona? Tsona lintho tse re pota-potileng lefatšeng la kajeno le arohaneng! Lefatše lea heleha. Sena ke seo Jesu a se profetileng e le karolo ea pontšo “ea ho fela” ha tsamaiso ea lefatše, ha a ne a bua ka ‘lintoa le mefere-fere, . . . le lefatšeng lichaba li tsieleha, li e-ba le matsoalo.’ (Mattheu 24:3, 7, 8; Luka 21:9, 25) Karohano e hohle! Empa na Lipaki tsa Jehova li lokela ho tšoenyeha ka baka la karohano ea lefatše?
2. Re lokela ho itšoara joang maemong a lefatše, hona hobane’ng?
2 Morena oa rōna oa re arabella. Jesu o itse: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Topollo ho eng? Lefatšeng le arohaneng le kulelang lefu.—1 Johanne 5:19.
Tsieleho ea Lipolotiki
3. Batho ba nang le tsebo ba utloela mekha ea lipolotiki bohloko joang?
3 Esita le Machaba a Kopaneng a hanyetsana le lebitso la oona, kahobane Machaba a Kopaneng ha a kopana. Ha mongoli-kakaretso a utloela Lekhotla la Tšireletso bohloko ka ho hlōleha ha Iona ho boloka khotso le tšireletseho, o itse: “Re haufi le kotsi ea ho hloka taolo ho hocha machabeng.” Karohano eo e-ea tšosa. Mongoli oa Washington Post o-oa hlalosa: “Liketsahalo li tsoile taolong.” Moeletsi oa lipolotiki le mothusi oa nakong e fetileng Ntlong ea Bopresidente, o-oa ngola: “Ha esale ho tloha ka bo1960 mebuso hohle, Bophirimela le Bochabela, e ile ea qala ho se sebetse. “ ’Me eo e neng e le moemeli oa U.S. Machabeng a Kopaneng o hlokometse hore Seboka sa Kakaretso “se fetoha Holo ea lipuisano tse se nang sepheo.”
4. Ke ka litsela life tse tsotehang Luka 21:26 e phethahatsoang hona joale?
4 Leha ho le joalo, lintho li ka senyehela pele, kahobane ntoa ea molomo e ’nile ea tsoela pele, le matla a libetsa tsa “nuclear” a ntse a phaellana ho feta matla a sebetsa sa Hiroshima ka makhetlo a iphetang ha 1 600 000. Eo e neng e le moemeli oa U.S. ho la Moscow o bona linaha tsena tse peli tse matla ka ho fetisa li le “tseleng ea ho thulana,” ’me o bolela hore “ho tlameha hore ho be le ho qhoma ho itseng tseleng ea tsona.” Litholoana tsena li hlahisoa ke karohano lefatšeng la rōna kajeno. Tšoso ke ea sebele. Ho joalokaha Jesu a boletse hore ho tla ba joalo nakong ea “ho fela ha lefatše”: “Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng: hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.” (Luka 21:26) E, esita le maholimo a tla sisinyeha ha lichaba li itokiselletsa ho romela sebakeng lifofa-sebakeng tse jereng libetsa tse matla tse kotsi!
Khoebo e Khōlō E-ea Thekesela
5. Lefatše la khoebo le aparetsoe ke tšabo le lerootho life?
5 Karohano le tšabo li ata haholo lefatšeng la khoebo. Mookameli oa Banka ea Lefatše o-oa hlalosa: “Ha ke nahane hore ho na le ntho e sireletsehileng lilemong tse leshome tse tlang.” Sebokeng sa 1982 sa linaha tse 24 tse khōlō tsa khoebo, ho ile ha etsoa boprofeta bo lerootho tabeng ea hore batho ba limillione tse 30 ba tla hloka mesebetsi ka 1983. Boprofeta boo e bile ’nete!
6. Lentsoe la Molimo le re’ng ka tsietsi ea moruo ea bolumeli le liphello tsa eona?
6 Mohapi oa Moputso oa Tlotla oa “Nobel” litabeng tsa moruo o akarelletsa boemo ba lefatše tjena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e-ea tšosa.” Ho sena, bolumeli ba lefatše bo ameha ka ho teba. “Metsi a mangata” a Tšenolo 17:1, 15—batho “ba merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo” ba lefatše lena le se nang Molimo—ha a sa tšehetsa bolumeli, ’me kahoo chelete e tšehetsang bolumeli e-ea psha. (Bapisa Tšenolo 16:12.) Empa tsietsi e teng hona joale moruong oa likereke ha se letho ha e bapisoa le tsieleho eo likereke li tla e utloa ha Morena ’Musi Jehova a liha kahlolo phethahatsong ea mantsoe a hae: “Bona, kotsi, kotsi e bohloko ea tla. Ba lahlela silevera ea bona literateng, ’me gauda ea bona e tla ba litšila feela; silevera le gauda tsa bona ha li na matla a ho ba pholosa tsatsing la khalefo ea Jehova.” (Ezekiele 7:5, 19) ’Me batsamaisi ba meharo ba khoebo e khōlō ba tla kopanela tsielehong ena ea bolumeli ba lefatše!—Tšenolo 18:2, 3, 16.
Karohano e sa Feleng ea Bolumeli
7. Bok’hatholike bo hlōlehile ho tlisa bonngoe joang?
7 Joale ha re ke re shebisiseng lefatše la bolumeli. Mona ka sebele karohano ke ’nete e kulisang. Bok’hatholike bo arohane ka baprista ba loanelang bokhukhuni ho ea ho babishopo ba tsoileng letšolo bakeng sa phokotso ea libetsa tsa “nuclear.” Mopapa o itse 1983 ke Selemo se Halalelang. Na hoo ho thusitse? Ntoa ea mantsoe ea tiisa matla a eona. Hopola hore selemo sa 1933 le sona e bile Selemo se Halalelang sa mopapa, ’me se ile sa finyella eng? Hitler a nka puso, a qala letoto la liketsahalo tse ileng tsa isa Ntoeng ea II ea Lefatše.
8. Ke maemo afe a ferekaneng a ka bonoang Boprostanteng?
8 Lekhotla la Lefatše la Likereke, le tšehelitsoe ke mekhatlo e 301 ea Boprotestanta le litho tsa likereke tsa “Orthodox” tse hakanngoang ho ba limillione tse 400, le fana ka monehelo oa liranta tse makholo a likete mekheng e fetohelang lipolotiki tsa linaha. United States feela ho teng malumeli a fetang 1 200. ’Me molumo oa terompeta ea oona ha o khetholloe hakaakang! Karohano ea ’ona e koleketse haholo ‘mofere-fereng’ le ‘bokhopong’ tseo Jesu a itseng e ne e tla ba ’nete feela nakong ea “ho fela ha lefatše.”—Luka 21:9; Mattheu 24:3, 12.
9. Phutheho ea ’nete ea Bokreste e ka khetholloa joang?
9 Karohano e sa feleng e bonahalang kajeno malumeling a Bojakane e fapana haholo le kamoo moapostola Pauluse a hlalosang phutheho ea Bokreste ea ’nete e le eo ‘ka matla e lakatsang ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.’ Pauluse o itse: “ ’Melo o mong, le Moea o mong . . . Morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe, Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle, ea ka holimo ho bohle, ea har’a bohle, ea ka ho bohle.”—Ba-Efese 4:3-6.
Moo Bonngoe bo leng Bongata
10. ‘Tlamo e kopanyang ea khotso’ e ka fumanoa hokae hona joale, ’me ke hobane’ng ha e le moo feela?
10 Re ka fumana ‘bonngoe boo ba tlamo ea khotso’ hokae? E seng lefatšeng, hobane topollo ea rōna ke ho tsoa lefatšeng la Satane le karohano ea Iona lipolotiking, moruong le bolumeling. Re le Bakreste ba theiloeng ka Bibele, ha re ba lefatše lena le arohaneng. Ke ka lebaka lena Jesu ha a rapella balateli ba hae ba tlotsitsoeng, a itseng: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” ’Me a phaella: “Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba tlang ho lumela ho ’na ka polelo ea bona, bohle ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena; le bona ba be bang ho rōna, hore lefatše le tle le lumele hoba u nthomile.”—Johanne 17:16-21.
11. Bakreste ba ’nete e bile ‘mohlape o le mong’ joang?
11 Bonngoe bo babatsehang joalo kajeno re bo bona mokhatlong oa machaba oa Lipaki tsa Jehova. Ka thabo, limillione tse tsoang lefatšeng li hlokometse bonngoe bona, ’me ba bangata ba bana ba ithutang Lentsoe la Molimo hona joale ba bokana e le “linku tse ling” tsa Morena. Ha bana ba kopana le “mohlatsoana” oa Bakreste ba tlotsitsoeng, bohle e ba ‘mohlape o le mong’ tlas’a Molisa ea Molemo. (Johanne 10:16; Luka 12:32) Bohle ba thabela ho bitsoa Lipaki tsa Jehova, ba bokana bonngoeng ba ’Muso ba sebele-bele!
Lebaka la Bonngoe ba “ ’Muso”
12. (a) Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo e lokela ho ba sehlooho se kopanyang bophelong ba rōna? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho thaba ho sa tsotellehe ho eketseha ha karohano ea lefatše?
12 Ke hobane’ng ha re re, bonngoe ba ’Muso? Koana, na ’Muso oa Molimo ha se sehlooho sa Bibele eohle? Ka hona he, na ’Muso ha ea lokela ho ba sehlooho se kopanyang bophelong ba rōna? E bile ho hlollang ho bona phethahatso ea pontšo ea Jesu e bontšang hore ’Muso o ile oa hlongoa maholimong ka selemo saane se hopolehang sa 1914. ’Me Jesu o re bolelletse hore re thabe ha re bona maru a sefefo a matšo a Harmagedone a bokellana ho tloha ka nako eo. O re bolelletse hore “moloko” oa 1914—selemo seo pontšo e qalileng ho phethahala ka sona—“o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.” (Mattheu 24:34) Ba bang ba “moloko” oo ba ka phela ho fihlela qetellong ea lekholo lena la lilemo. Empa ho na le lipontšo tse ngata tsa hore “bofelo” bo haufi haholo ho feta moo!
13. Ke hobane’ng ha re sa kopanele tšabo ea lefatše le arohaneng?
13 Moprofeta oa Jehova o bua ka kotsi e tlang, o re: “E lebelle, . . . hobane e ke ke ea fela [“lieha,” NW].” (Habakuke 2:3) Khabareng, ha re kopanele tšabong ea lefatše le arohaneng, hobane esale re ntse re kopane lefatšeng ka bophara tlas’a ’Muso. ’Muso oa Molimo, oo re o rapellang, e bile oa sebele. (Mattheu 6:9, 10) ’Me bonngoe ba rōna bo khanyang ke ba sebele. Hona ho etsahetse joalokaha ho profetiloe ke baprofeta ba Jehova ba boholo-holo.—Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44; 7:13, 14, 27.
“Masapo a Omelletseng” a Tsosoa
14. Ke pono efe e tsotehang e hlalositsoeng ho Ezekiele 37:1-4?
14 Boemong bona, ha re hlahlobeng Ezekiele khaolo ea 37. Moprofeta o re’ng?
“Letsoho la Jehova la e-ba teng ho ’na, ’me Jehova a ntlosa ka moea, a mpea har’a thota, ’me e ne e tletse masapo. A mpotisa ’ona ka ’nqa tsohle, ’me ka bona hoba a manga ta haholo holim’a thota; hape, ka bona hoba a omeletse haholo. Eaba o re ho ’na: Mor’a motho, na masapo ao a ka tsoha na? Ka re: Morena Jehova, ho tseba uena. A re ho ’na: Profetela masapo ao, u re ho ’ona: Oho, masapo a omeletseng mamelang lentsoe la Jehova!”—Ezekiele 37:1-4.
15. Ke boemo bofe ba kajeno bo hlalositsoeng mona?
15 Na u ka ho nahana? Thota eohle e tletse liqubu tsa masapo a omeletseng! Leha ho le joalo, ena hase pono ea ntho e ’ngoe kamor’a Harmagedone. E hlalosa liketsahalo mathoasong a lekholo la rōna la lilemo. Hobane masapo ao a emela boemo ba ho se phele, ho se sebetse ha bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng lefatšeng ka nako eo.
16, 17. Jehova o tšepisitse ho etsa eng, ’me hoo e ne e tla ba mohlolo joang?
16 Leha ho le joalo, Jehova o ile a etsa ho hong ka hono. Utloa mantsoe a hae:
“Morena Jehova a re ho masapo ao: Bonang, ke tla kenya moea oa ka ho lōna, le tle le tsohe; ke le apese ka mesifa, le ho melisa nama ho lōna, le ho le apesa ka letlalo, le ho kenya moea ho lōna, le tle le tsohe; ’me le tla tseba hoba ke ’na Jehova.”
Kahoo a phela, ‘e le lebotho le leholo haholo-holo.’—Ezekiele 37:5-10, NW.
17 Mona Jehova o finyelletse ntho eo ho seng ramahlale ea ka e etsang. Ha ho bothata ho bo-ramahlale ho kopanya masapo a motho joalokaha re bona kajeno moo ho bokelloang lintho tsa khale. Empa ke ramahlale ofe ea kileng a khona ho eketsa methapo, nama le phefumoloho ea bophelo masapong a motho?
18. (a) Ke hobane’ng ha pono ea batho ba Molimo e ne e shebahala e sena tšepo ka 1918 le mathoasong a 1919? (b) Tumellanong le boprofeta, Jehova o ile a hopola baa ba tšepahalang joang?
18 Empa oona mohlolo ona Jehova Molimo o kile a o etsa paleng ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova. Ho tšoana le masapo ao a omeletseng, batho ba Molimo ba ne ba qhalantsoe nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ntlo-khōlō ea bona e Brooklyn ea koaloa, balaoli ba mokhatlo oa bona o hatisang ba kenngoa teronkong ka nako ea lilemo tse 20 ka bomong le tšebeletso ea bona ea tšimo ea emisoa. Morao koo ka 1918 le mathoasong a 1919, boemo ba bona bo ne bo bonahala bo se na tšepo. Empa Jehova a hopola baemeli bao ba tšepahalang ba ’Muso. Ka 1919 a ba tsosolosa, feela joalokaha a ne a profetile ho Ezekiele 37:14:
“’Me ke tla kenya moea oa ka ho lōna, le tle le phele: ke tla le busetsa naheng ea lōna, ’me le tla tseba hoba ke ’na Jehova ke boletseng hoo, ke ho etsang: ho rialo Jehova.”
19. (a) Ke joang hona ka morero ofe Jehova a ileng a tsosolosa batho ba hae? (b) Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore ho atolosoe meaho ea Mokhatlo lefatšeng ka bophara?
19 Kahoo Jehova a khutlisetsa batho ba hae ba hlorisitsoeng naheng ea nala ea moea ’me a ba lokisetsa mosebetsi o hasaneng lefatšeng lohle ho fana ka bopaki ba ’Muso. Hona joale, letsatsi le leng le le leng, ho sebetsoa lihora tse fetang millione ho boleleng litaba tse molemo. Bopaki bona bo boholo bo entse hore ho hlokahale katoloso e khōlō meahong ea Watch Tower Society e Brooklyn le Wallkill, New York. Ena e sebetsa kamanong le lifektri tse mashome-shome le liofisi lefatšeng lohle ho lokisetsa Libibele, libuka le limakasine, esita le tšusumetso, ho etsa hore ‘Evangeli ena ea ’muso e . . . boleloe lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e be hona bofelo bo hlahang.’—Mattheu 24:14.
20. Ke ntho efe e fetohang ea sebele hona joale, ’me tlotla e-ea ho mang bakeng sa eona?
20 Ke mang eo tlotla e eang ho eena bakeng sa ho khutlisetsa lipaki tsee e le batho ba hlophisitsoeng, kahoo a etsa hore bonngoe bona bo hlollang bo be teng? ‘Ke ho entse, ho rialo Jehova.’ ’Me ka hona e bile ntho ea sebele ea ’Muso!
Bopaki bo Atolohang
21. (a) Lipaki tsa Jehova li ipakile li tšoana le Bakreste ba lekholo la pele la lilemo joang? (b) Ho ile ha etsoa memo efe, ’me e le ka liphello life?
21 Bopaki bo boholo bo tsoela pele ho atoloha lefatšeng lohle, ka baromuoa, bo-pula-maliboho le basebetsi ba phutheho ba limillione ba tšepahalang ba kopanelang ho bona. Joaloka Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li ’nile tsa bolela tšepo ea litaba tse molemo ho “babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.” (Ba-Kolosse 1:23) Ho ananela hore “Jehova ke Molimo o moholo, ke Morena e moholo ea fetang melimo eohle,” re mema bohle ba pelo li tšepahalang: “Tlong, re khumameng, re inameng, re oe ka mangole pel’a Jehova, ’Mōpi oa rōna!” Ke thabo e kaakang ho tseba hore ka karolelano ho kolobetsoa ba bacha ba 3 000 ka beke ’me ba tlisoa bonngoeng ba mohlape oa Molisa ea Molemo! Bana joale ba “rapela Ntate ka moea le ka ’nete.”—Pesaleme ea 95:3-6; Johanne 4:23, 24.
22, 23. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa bakeng sa batho ba kang linku hore ba kopane? (b) Mangolo a hlalosa bonngoe ba rōna joang le lebaka la bona?
22 Letsatsing lena la kahlolo ea Jehova lefatšeng le arohaneng la Satane, ke habohlokoa haholo hore bohle ba joalo ba kang linku ba tsoang lichabeng tsohle ba kopane ho mameleng molaetsa oa lengeloi le nang le “evangeli ea ka mehla le mehla” eo le e bolelang, le re ka lentsoe le phahamileng: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi.” Na u e mong ea tlisitsoeng bonngoeng boo ba ’Muso?—Tšenolo 14:6, 7.
23 Ke sehlopha se kopaneng hakaakang sa baboleli ba ’Muso ba 2 500 000 bao hona joale ba sebeletsang linaheng tse 205! Moea o halalelang oa Molimo o sebetsa holim’a bona, ’me ba bea litholoana tsa oona. (1 Ba-Korinthe 2:12; Ba-Galata 5:22, 23) Le hoja ba tsoa mekheng ea lichaba tse fapaneng tse ngata, ba bua puo e le ’ngoe e hloekileng ea ’nete. (Sofonia 3:9) Ba sebeletsa bonngoeng ba ’Muso ka pelo e le ’ngoe!
24. Litemana tsa 17 le 22 tsa Esaia khaolo ea 60 li phethahalitsoe joang?
24 Karohano efe kapa efe e ka ’nang eaba e bile teng nakong e fetileng, e batalalitsoe, haholo-holo ho tloha ha Jehova a tiisa batho ba hae tlas’a tokiselletso ea puso ea leholimo ho tloha ka selemo sa 1938. Hona e ne e le phethahatsong ea tšepiso ea hae ea boprofeta bo ho Esaia 60:17: “Ke tla u fa khotso e be ’musi oa hao, ’me ho loka e be moahloli oa hao.” Ho sa tsotellehe le tšenyo ea Ntoa ea II ea Lefatše, ka mahloriso a eona a sehlōhō ho Lipaki tsa Jehova, mosebetsi oa ’Muso oa batho ba kopaneng ba Molimo o ’nile oa tsoela pele ho hōla le ho atoloha, e le hore naheng e ’ngoe le e ’ngoe ho pota lefatše e ka ba ’nete joalokaha ho boletsoe ho Esaia 60:22: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”
25. Ke eng e pakang bonngoe ba ’Muso ka ho babatsehang?
25 Ke mang ea neng a ka nahana hore nakong tse thata mathoasong a ntoa ea bobeli ea lefatše, ha ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlase ho 100 000 lefatšeng ka bophara, hore mathoasong a bo-1980 u ne u ka fumana Lipaki tse fetang 70 000 tse sebeletsang li kopane Canada le palo eona eo France, tse 80 000 Japane, tse 90 000 Brithane, tse fetang 100 000 Italy, Repabliking e Kopaneng ea Jeremane le Nigeria tse fetang 130 000 Mexico le tse fetang 140 000 Brazil, esita le Lipaki tse tšepahalang tse 250 000 linaheng tseo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng ka botlalo kapa hanyenyane? ’Me United States haufinyane e tlalehile Lipaki tse mafolo-folo tse 643 170. Ntle ho pelaelo, Jehova o bile le ’nete tšepisong ea hae ea hore o tla etsa batho ba lebitso la hae “sechaba se seholo.” Ka sebele, bopaki bo babatsehang bonneteng ba bonngoe ba ’Muso!
U ka arabela joang?
◻ Ke karohano efe e bonoang likarolong tse tharo tse khōlō tsa phutheho ea Satane ea lefatše?
◻ Ke hokae moo bonngoe ba ’nete bo ngatafalang, hona hobane’ng?
◻ Ezekiele 37:1-14 e phethahalitsoe joang?
◻ Bonngoe ba ’Muso bo isitse bopaking bofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Karohano e sa feleng lipolotiking tsa lekholo la bo20 la lilemo, khoebong e khōlō le bolumeling e etella pele kahlolo ea Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Pono ea Ezekiele ea “masapo a omeletseng” a tsositsoeng e tšoantša ho tsosolosetsoa ha batho ba Molimo naleng ea moea