Lithuso Tsa Bibele: Na Hase Tsa Mangolo?
KA SONTAHA se seng hoseng Connecticut, U.S.A., monna a arabela ea kokotang lemating la hae ’me a fumana e mong oa Lipaki tsa Jehova a eme setupung sa monyako. Paki ea bua le eena ka Bibele ’me ea mo fa buka e ’ngoe e hlalosang litaba tsa bohlokoa ka Bibeleng. Leha ho le joalo, monna eo, a e hana. A supa Bibele e neng e le ka pele koloing ea hae ea teraka ’me a re: “Ke hloka Bibele feela.”
Na u ne u tla lumellana le monna eo? Koana, haeba o ne a bolela hore ha ho letho le ka nkelang Bibele sebaka e le mohloli oa ’nete, Bakreste bohle ba ne ba tla tlameha ho lumellana le eena. Empa buka e neng e nkiloe ke Paki eo e ne e sa rereloa ho nkela Bibele sebaka. E ne e reretsoe ho hlalosa Bibele, ho totobatsa likarolo tsa eona tse ka ’nang tsa e-ba le thuso bophelong ba monna eo ’me kahoo li haha tlhompho le tsebo ea buka ea bohlokoa. Na ha ho hlokahale kapa ho bile ho phoso ho bala buka e joalo?
Na Mangolo a Lekane ka Booona?
Na Mangolo a hlahisa hore ho bala Bibele—le hoja e le habohlokoa hakaalo—ke sohle se hlokahalang ho fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete? Che bo. Ka mohlala, morutuoa Jakobo o ile a re ka Bajode: “Hobane ha e le Moshe, ha e sa le le mehleng ea khale, o na le ba ’molelang metseng eohle, ’me o baloa masynagogeng ka matsatsi ’ohle a sabbatha.” (Liketso 15:21) Empa ho sa tsotellehe ho bala Bibele hoo hohle, boholo ba Bajode ha ho mohla ba kileng ba lemoha hore Jesu e ne e le Messia.
Leqhalaha la Moethiopia le boletsoeng ho Liketso khaolo ea 8 le lona e ne e le ’mali oa Bibele. Morutuoa Filippi a le utloa ha le bala ka lentsoe le phahameng bukeng ea Esaia ha le ne le leba hae ka koloing ea Iona. Na hoo ho ne ho lekane hore le fumane tsebo ea ’nete? Filippi a le botsa: “Na u utloisisa seo u se balang na?” La arabela: “Nka utloisisa joang ha e mong a sa nkenye tseleng?” (Liketso 8:30, 31) Ka boikokobetso la hlokomela hore le hloka ho thusoa ho utloisisa Bibele.
Hape, hopola taelo eo Jesu a ileng a e siela balateli ba hae pejana a nyolohela maholimong: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang: ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Ka ho hlakileng, ho ne ho hlokahala ho fetang feela ho memela basokolohi ba bacha palong ea Bibele phatlalatsa kapa ho ba fa Bibele ’me ba siuoa le eona hore ba e bale. Mokreste o ne a boetse a tlameha ho ba ruta.
Hape, moapostola Pauluse o ile a bona ho hlokahala ntho e ’ngoe e fetang feela ho khothaletsa ho bala Bibele ha a ne a re ho Timothea: “U ineele ho bala, le ho khothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle.” (1 Timothea 4:13) Ho bala Bibele e ne e le habohlokoa haholo—Pauluse o bea ho bala phatlalatsa pele lethathamong la hae. Empa hape ho neng ho hlokahala e ne e le ho thusa bamameli ho utloisisa se baliloeng (ho ruta) le ho ba khothaletsa ho se sebelisa bophelong ba bona (khothatsano).
Qetellong, bukeng ea Liketso re fumana setšoantšo se hlakileng sa hore barutuoa le baapostola ha baa ka ba balla batho Bibele feela. Ba ile ba ba thusa hore ba e utloisise. “Juda le Silase le bona, e neng e le baprofeta, ba khothatsa baena ka lipolelo tse ngata, ’me ba ba tiisa. Ha e le Pauluse le Barnabase, ba hlola Antioke, ba ntse ba ruta, ba bolela lentsoe la Morena, ba e-na le ba bang ba bangata.”—Liketso 15:32, 35.
Lithuso tse Ngotsoeng
U ka ’na ua re, ‘Empa hoo hase buka e ngotsoeng.’ Ke ’nete. Leha ho le joalo, na ho na le phapang e khōlō pakeng tsa puo e ngotsoeng le e buuoang? Ha e le hantle, le hoja ba ne ba se na mechine ea ho hatisa, baapostola le Bakreste ba bang ba pele ba ile ba sebelisa lentsoe le ngotsoeng ho hasa litaba tse molemo. Ba ngolla liphutheho tse fapaneng mangolo a mangata e le hore ba ka kopana le tsona ha ba tlohile ho tsona. Ha e le hantle a mangata a oona a fetohile karolo ea Bibele, empa a mangata ha ho joalo ka oona.
Lengolong la pele la Pauluse le eang ho Ba-Korinthe le bolokiloeng ka Bibeleng ea rōna, re bala mantsoe a latelang: “Ke le ngoletse lengolo la ka, hore le se ke la kopana le bafebi. . . . Empa joale ke le ngolla hore le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi.” (1 Ba-Korinthe 5:9-11) Mona, ka ho hlakileng Pauluse o bua ka lengolo la pejana le eang ho Ba-Korinthe, leo re se nang Iona kajeno. Na Bakreste ba Ba-Korinthe ba ile ba ikutloa hore ha ba hloke lengolo leo e sa kang ea e-ba karolo ea Bibele? Ka ho hlakileng che. Ba ile ba le ananela e le thuso e ngotsoeng ho ba thusa ho utloisisa linnete tsa Mangolo le ho sebelisa melao-metheo ea Mangolo bophelong ba bona.
Ha a ngolla phutheho ea Kolosse, moapostola a bua ka lengolo le leng le seng le le sieo, le neng le rōmetsoe Bakreste ba Laodicea. A re: “Etlere ha lengolo le baliloe ha heno, le bone hore le baloe le kerekeng ea Laodicea; ’me le Iōna le bale le tsoang Laodicea.” (Ba-Kolosse 4:16) Ka lebaka leo, hase feela hore mangolo a ne a ngolloa liphutheho tse fapaneng empa mangolo ao a ne a potolohisoa le liphutheho. Haeba mehleng eo mechine e hatisang ea morao tjena e ne e le teng, na u ka nahana kamoo baapostola ba neng ba tla nka monyetla oa eona ho tlatsa lefatše la mehleng ea bona ka litaba tse buang ka Jesu?
Khatiso ea morao tjena e teng kajeno, ’me Lipaki tsa Jehova lia e sebelisa ho tlatsa lefatše ka Libibele le lithuso tsa ho ithuta Bibele tse hatisitsoeng. Ho ke ke ha e-ba le khanyetso ea Mangolo ho sena. Joaloka Bakreste bao Timothea a ileng a ba sebeletsa, rōna kajeno re hloka ho bala Bibele. Empa re boetse re hloka ho e rutoa e le hore re ka e utloisisa le ho khothatsoa e le hore re ka tseba mokhoa oa ho e sebelisa bophelong ba rōna.
Lithuso tsa ho ithuta Bibele li ka ba molemo ha feela li sa sothe Lentsoe la Molimo ’me ho feta moo li tlotlisa Molimo, li tataisetsa ’mali borapeling ba ’nete, li mo thusa ho aroha lefatšeng le ho mo thusa ho atamela haufi le Molimo ha a ntse a tsamaea mehlaleng ea Jesu Kreste. Re lumela hore u tla fumana hore libuka tsa Bibele tse abjoang ke Lipaki tsa Jehova li khahlametsa litlhokahalo tsena tsohle.