Ho Botsa Molimo
Ha u ne u ka neoa sebaka, ke lipotso life tseo u neng u ka li botsa Molimo? Potso ena e botsitsoe patlisisong ea morao ea “Gallup” ho banna le basali metseng le litoropong tse 300. Ho ea ka tlaleho “Daily News” ea New York, moevangeli Pat Robertson o ile a etsa qeto ea hore a etse patlisiso tabeng ena, hore a fumane hore na ebe batho ba bang ho la United States ba lumellana le potso eo a neng a rata ho e botsa Molimo haeba a ne a ka neoa sebaka: “Lefatše le tla fela neng?” A makatsoa ke liphello. Robertson a re, batho ba khathatsehile haholo ka se etsahalang hona joale ho e-na le se tla etsahala isao.”
“Na ho tla ke ho be le khotso e sa feleng lefatšeng.” eo e bile potso eo batho ba bangata ba neng ba ka rata ho e botsa. Lipotso tse ling tsa latellana: (2) “Nka ba motho ea molemo joang?” (3) “Ke eng seo bokamoso bo se tšoaretseng ’na le lelapa la ka?” (4) “Na ekaba ho tla ba le pheko maloetseng ’ohle?” (5) “Ke ka baka la’ng ha ho e-na le mahlomola lefatšeng?” (6) “Na ho na le bophelo kamor’a lefu?”
Leha ho le joalo, Molimo ha o-oa sia batho lefifing lipotsong tsena. Ka lerato, o fane ka likarabo tse hlakileng, Lentsoeng la hae, Bibele. Ka sebele, bongata ba lipotso tsena bo arabetsoe ho e ’ngoe ea litemana—karolong ea pono e bululetsoeng ea moapostola Johanne ka “lintho tse tla etsahala haufinyane.” Johanne a ngola: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. (Tšenolo 1:1; 21:4) Likarabo tse feletseng, lipotsong tse theiloeng Bibeleng li ka fumanoa litokollong tsa makasine ona.